Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa keteke matsatsi a tsoalo?
Haholo-holo, ke hobane li hlonepha Lentsoe la Molimo ’me li thahasella ka matla ho arabeleng ho seo le se supang.
Mekete ea matsatsi a tsoalo e-ea rateha lefatšeng lohle ’me ho bile joalo ka lilemo tse likete-kete. Hangata ho etsoa mokete, ka ho fana ka limpho. Empa na ho teng seo Bibele e se buang ka matsatsi a tsoalo?
Re hle re bolele hore Bibele ha e nyatse ho fana ho motho ea ratoang. (Gen. 33:10, 11; Luka 15:22; 2 Ba-Kor. 8:19) Leha e le hore e nyatsa ho thabela mokete, ho ja le ho noa ka boitekanelo li khothalletsoa e le o mong oa mekhoa ea ho thabela bophelo. (Moek. 3:12, 13) Jesu o ile a kopanela moketeng oa lenyalo. Bana ba Jobo ba etsa hoo mohlomong e neng e le mekete ea kotulo e neng e etsa hore lelapa le kopane hammoho. Abrahama a etsa mokete ha ho khoesoa Isaaka. (Joh. 2:1, 2; Jobo 1:4, 5, 13; Gen. 21:8) ’Me le hoja ho ne ho sa laeloa ke Molimo, Bajode ba ne ba e-na le mokete oa selemo le selemo mohla letsatsi leo tempele e neng e khakoloe ka lekhetlo la bobeli ka lona, e leng mokete oo Jesu a neng a be ho oona.—Joh. 10:22, 23.
Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho hlokahala hore ho hlokomeloe ka mokhoa o itseng, hobane e ke ke ea e-ba ho loketseng ho kopaneng moketeng ofe kapa ofe ho sa tsotellehe hore na o entsoe ka lebaka lefe kapa na ke oa eng. (Ex. 32:1-6; 1 Pet. 4:3; 1 Ba-Kor. 10:20, 21) Ho thoeng ka ho ngola le ho keteka matsatsi a tsoalo?
Ka ho totobetseng, barapeli ba bangata ba ’nete ba ne ba ngola litlaleho tsa matsatsi a tsoalo. Baprista le ba bang ba ne ba tseba lilemo tsa bona. Taba e joalo e ne e sa tlohelloe monahanong. (Num. 1:2, 3; 4:3; 8:23-25) Empa ha ho letho ka Mangolong le fanang ka maikutlo a hore barapeli ba ’nete ba ne ba keteka matsatsi a tsoalo selemo le selemo.
Bibele e tlalehile mekete e ’meli feela ea matsatsi a tsoalo, eo ka bobeli e neng e le ea batho bao e seng bahlanka ba Molimo oa ’nete.
Oa pele ke oa Faro oa Egepeta. Oa tšoauoa ka ho fanyehoa ha ea neng a phehela Faro, ea neng a le chankaneng le Josefa. (Gen. 40:18-22) Ha a hlalosa ka Genese 40:20, Dr. Adam Clarke oa hlokomela: “Ho khetholloa ha letsatsi la tsoalo ka mokete ho bonahala e bile mokhoa oa khale haholo sebakeng sena. Mohlomong ho simolohile maikutlong a hore moea ha o shoe, kaha ho qaleha ha bophelo ho tlameha ho bonahala e le ntho e khōlō ho motho eo ea neng a lumela hore o tla phela ka ho sa feleng.”
Oa bobeli, lilemo tse ka bang 1 800 hamorao, e bile oa Heroda Antipase. Tlaleho e ho Mareka 6:21-24 e baleha tjena:
“Empa ka tsatsi le loketseng, leo Heroda a etsetsang mahosana a hae, le balaoli ba sekete, le baholo ba Galilea, mokete oa tsoalo ea hae, morali oa Herodiase eo a kena, a etsa chao, a khahlisa Heroda le ba lutseng lijong le eena. Morena a re ho moroetsana: Kōpa ntho eo u e ratang, ke tla u fa eona. A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo u ka e kōpang, ke tla u fa eona, leha e ka ba le ho u arolela ’muso oa ka ka lehare. Eaba moroetsana o tsoa, a ea re ho ’m’ae: Ke tla kōpa’ng na? Eo a re: Kōpa hloho ea Johanne Mokolobetsi.”—Bona hape Mattheu 14:6-11.
Ka tlaleho ea letsatsi la tsoalo la Heroda, Dr. Richard Lenski oa hlalosa: “Bajode ba ne ba nyonya ho bolokoa ha matsatsi a tsoalo hore ke mokhoa oa bohetene, empa bo-Heroda ba ne ba bile ba fetisisa Baroma meketeng ena, hoo ‘letsatsi la tsoalo la Heroda’ (Herodis dies) e bileng polelo ea maele ea ho bolela mokete o etsoang ka ho fetella.”
Re ka talima mekete ee e ’meli ea matsatsi a tsoalo joang? Na e bile ka tsietsi feela e ileng ea boleloa le hore ka bobeli e ne e le ea batho ba sa amoheleheng ho Molimo? Kapa na ke hore ke ka morero Jehova a entseng hore lintlha tsee li ngoloe ka lentsoeng la hae, leo a reng le “na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho holisa ka kholo ea ho loka”? (2 Tim. 3:16) Bonyane ho ka boleloa hore litlaleho tsena tse peli tsa Bibele li bea mekete ea matsatsi a tsoalo leseling le lebe, e le mokhoa oa ba ikarotseng ho Molimo.
Hape, ho hotle ho lemoha hore Molimo ha o ka oa tlaleha letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu, hoo ka sebele e ka beng e bile letsatsi la tsoalo la bohlokoa ka ho fetisisa haeba bahlanka ba Molimo ba ne ba lokela ho keteka matsatsi a tsoalo. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša letsatsi la lefu la Jesu ’me e laela Bakreste ho le boloka e le boikhopotso selemo le selemo. (Luka 22:19; 1 Ba-Kor. 11:23-26) Hona ho lumellana le ’nete ea hore Bibele e re letsatsi la lefu la motho ke la bohlokoa ho feta letsatsi la ho tsoaloa ha hae haeba a iketselitse lebitso le letle ho Molimo bophelong ba hae.—Moek. 7:1, 8.
Tumellanong le se supuoang ke Mangolo, Bakreste ba pele ha baa ka ba etsa mekete ea matsatsi a tsoalo.
“Maikutlo a mekete ea matsatsi a tsoalo a ne a le hole haholo khopolong ea Bakreste ba nako ena ka kakaretso.”—The History of the Christian Religion and Church During the First Three Centuries, ea Augustus Neander.
Ha nako e ntse e tsamaea ’me ho oa Bokresteng bo hloekileng ho kenella, ho ileng ha qala hore ho ketekoe ke lefu e seng tsoalo.
“Hlompho e ileng ea etsetsoa bashoela-tumelo ea isa kamanong e sa lokelang ponong le letsatsi la lefu la bona. Ka khopolo e thabileng letsatsi la lefu la moshoela-tumelo le ne le bitsoa letsatsi la ho tsoaloa ha hae. Libaka tseo bashoela-tumelo ba shoetseng ho tsona li ne li hlomphuoa ka khalalelo. . . . Mohla matsatsi a boikhopotso litšebeletso [likerekeng] li ne li neeloa haholo ho ikhopotseng ka litšebetso tsa hae le litšobotsi. . . . Ho ke ho hopoloe, leha ho le joalo, hore litšebeletso tsena tsa boikhopotso [tsa selemo le selemo] e ne e se karolo ea taolo e akaretsang ea lintho ea Kereke.”—History of the Christian Church, ea Dr. John F. Hurst, Moqolo 1, maq. 350, 351.
Kahoo le hoja Bibele e se na thibelo e tobileng ea mekete ea matsatsi a tsoalo, Lipaki tsa Jehova ke khale li hlokometse tse supuoang ke Mangolo ’me ha lia keteka matsatsi a tsoalo. Ho sena, li tumellanong le mohlala oa Bakreste ba pele.
Hape, le hoja ho se teng tokelo ea Bibele e etsang hore ho lokele hore letsatsi la lefu la Mokreste le ketekoe, re ka lumela hore letsatsi la lefu le molemo ho letsatsi la tsoalo ea hae. Kahoo re lokela ho bea maikutlo a rōna, e seng letsatsing la ho tsoaloa empa letsatsing le leng le le leng re etsisa Kreste le ho bontša ho tšoana le Molimo. Haeba re ka shoa, joale re tla be re tlotlisitse Molimo ka tsela eo re phetseng ka eona, ’me ruri o tla re hopola.—Ba-Heb. 5:9; 11:6; Ba-Fil. 3:8-11.