Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/15 maq. 3-5
  • Ba Sebete ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Sebete ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO TSAMAEA LE MOLIMO
  • MOHLOLI OA SEBETE
  • SEBETE SA BOMOLIMO KAJENO
  • Molimo o Ile a Pholosa Noe ka Lebaka Lefe?—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hore re Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Topollo e Haufi Bakeng sa Batho ba Boinehelo ba Bomolimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/15 maq. 3-5

Ba Sebete ke Eng?

SELEMO e ne e le 1909. Basali ba bane ba ne ba nkile leeto la koloi ho pota Linaha tse Kopaneng tsa Amerika—e le leeto la pele la mofuta oa lona le khanneloang ke mosali. Ba ne ba tšela Nevada ha ho hong ho etsahala hoo ba lumelang hore ho ile ha tšosa moqhobi. Lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e robeli hamorao, o re:

‘Maindia a ka bang leshome le metso e ’meli a tla a re tobile ka tšohanyetso a palame lipere . . . kaofela a nkile liqha le metsu. A ne a bua ka lipuo tse tloaelehileng tse tšosang tsa ntoa.’

Na bophelo ba basali baa bo ne bo le kotsing? Ho bonahala ba ile ba nahana joalo. Eaba joale ba lopoloha matsoalong. “Ka tšohanyetso” kamoo ho bolelang Alice Huyler Ramsey, “ka mose ho tsela ho ne ho tlōla pela e neng e balehisa bophelo ba eona ka potlako . . . Maindia ha a ka a theola lebelo kapa hona ho re tsotella ka letho. Ea e-ba letsatsi la mohlolo.”

Basali bao ba se ke ba senya nako ho betefala. ’Me ba ne ba tšohile ntle ho lebaka. Mohlomong ba bangata ho rōna ba ’nile ba belaela ntle ho mabaka ka linako tse ling. Ka makhetlo a mang, leha ho le joalo, mohlomong re ile ra thulana le maemo a ileng a re hloka hore re be sebete kannete le ka nako e telele. Ka sebele, ho ’nile ha e-ba joalo hangata ho Bakreste. Nako le nako ba ’nile ba talimana le liteko tsa tumelo, tse ling li le matla hoo li ileng tsa tsosa tšabo kapa ho tšoha ho batho ba bangata.

Bakreste ba ’nete ba tsebile joang ho emellana le liteko tse khōlō tsa tumelo? Ba betefatsoa ke eng?

HO TSAMAEA LE MOLIMO

Mohloli o ke keng oa belaelloa oa sebete ke ‘ho tsamaea le Molimo,’ ke hore, ho phehella tsela ea ho loka e tumellanong le ’nete e senotsoeng ea Jehova Molimo. Hona ho bolela ho etsa hore bophelo ba motho bo lumellane le thato le morero oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang bohle ba etsa joang. Pele-pele paleng ea motho, Henoke oa morapeli o ile ‘a tsamaea le Molimo.’ Ho entse joalo le Noe ea tsebisahalang.—Gen. 5:24; 6:9.

Babali ba bangata ba Bibele ba tla hopola hore Noe o ile a laeloa ke Molimo hore a hahe areka e khōlō bakeng sa ho pholosa bophelo ba batho le ba liphoofolo. Kamor’a lilemo, monna enoa ea ineetseng le lelapa la hae ba phetha mosebetsi oa ho haha tlas’a mahlo a batho ba basomi. Empa mopatriareka ea tšepahalang le lelapa la hae ba ba sebete ka ho hlokahalang hore ba phethe mosebetsi oo ba o neiloeng ke Molimo.—Gen. 6:13-22.

Leha ho le joalo ho ne ho hlahile ntho e ’ngoe e neng e hloka sebete se sengata. Pele ho mosebetsi oa Noe oa ho haha areka, “bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ’me ba inkela basali har’a bohle bao ba ikhethetseng bona.” (Gen. 6:2) Ka ho totobetseng, “bara ba Molimo” ba boleloang mona e ne e se batho ba nama ba batona, hobane kannete e ne e le khale ba ‘bone barali ba batho’ pele ho mona, ba ba nyala ’me kahoo ka tlhaho ba tlatsetsa ho tsoeleng pele ha moloko oa motho. ‘Bara bana ba Molimo’ e ne e le mangeloi a sa utloeng a neng a tlohetse sebaka sa oona se a loketseng leholimong, a iphetoletse ’meleng ea nama, ’me joale a phela le basali. Ha e le hantle, Septuagint Version ea Segerike e fumanoang ho “Alexandrine Manuscript” e baleha ka hore “mangeloi a Molimo” bakeng sa “bara ba Molimo” ho Genese 6:4. Hona ho lumellana le mantsoe a moapostola Petrose ka “mangeloi a sitiloeng” le polelo ea Juda ka “mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ’ona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ’ona.”—2 Pet. 2:4; Juda 6.

Ho neng ho etsa hore e be ha bohlokoa hore Noe a be sebete ke ’nete ea hore kopano ea mangeloi a sa utloeng le basali e ile ea hlahisa moloko oa Lifonthoane. Ka Seheberu, lentsoe lena ho lumeloa hore le bolela “balihi,” kapa, “ba etsang hore ba bang ba oe.” Ntle ho moo ba bitsoa “linatla,” Lifonthoane tsena e ne e le batlatlapi ba tsoalo e kopakaneng, ba ileng ba phaella toantšanong e neng e ngatafetse lefatšeng la pele ho Moroallo.—Gen. 6:4.

Har’a maemo a joalo, Noe a ikhetholla e se ea hahang areka feela empa hape e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) E, o bile sebete hore a bue feela le ho bolella ba neng ba phela le eena hore Molimo o rerile ho tlisa timetso ea ba khopo moroallong oa lefatše lohle. Ho bolela ha Noe ho loka ka ho totobetseng ho ne ho akarelletsa ho biletsa pako le temoso ka timetso e tlang, hobane Jesu Kreste o boletse matsatsi ao ’me a bolela hore batho “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.”—Matt. 24:37-39.

Empa nahana ka bokhutšoanyane ka maemo a Noe le lelapa la hae mehleng eo ea pele ho Moroallo. Ntle ho pelaelo e ne e le litšeho ho batho ba banna, basali le bana. Ho seo phaella boikhantšo ba Lifonthoane, mohlomong linatla tse neng li tsebahala ka mabifi. Hona ho thoe’ng ka mangeloi a sa utloeng a iphetotseng nama? Na ho ne ho sa hlokahale sebete ho talimana le oona?

MOHLOLI OA SEBETE

Ntle ho pelaelo, ho ‘tsamaea le Molimo’ e bile oona motso oa sebete sa Noe. Ha e le hantle, tsela feela eo ka eona Noe le lelapa la hae ba neng ba ka tsoela pele ka sebete har’a maemo a joalo e ne e le ka ho tšepa Molimo oa ’nete ka ho feletseng. Ba ne ba tlameha ho kholiseha hore Jehova, o tla tlisa bofelo ba lefatše leo la banyefoli joalokaha a hlile a bolela. (Gen. 6:3) Hape, mopatriareka eo le lelapa la hae ba ne ba na le tiiso ea hore areka ha e-ea hahuoa feela ntle ho morero. Qetellong e ne e tla sebelisoa. Ho feta moo, sebete sena se ne se tla khothalletsoa ke lebaka la hore ba be le kamano e haufi haholo ea botho le Jehova, haholo ka thapelo. ’Me ruri Noe le lelapa la hae ba ne ba ka kholiseha hore ha ho letho le tla lumelloa hore le ba etsahalle le seng mohaung oa Molimo.

Ka nako e tšoanelang ea Molimo, Moroallo oa etsahala, ’me basomi bohle le bahanyetsi ba tlosoa. Batho ba banyefoli ba timela metsing a moroallo, joalokaha ho entse joalo Lifonthoane. Mangeloi a sa utloeng a tlameha ho lahla ’mele ea nama hore a pholose bophelo ba oona. Empa, ho tloha ka nako eo ho ea pele, a ne a tla thibeloa, a be feela boemong ba ho se amohelehe ho Molimo ho fihlela ho phethahatsoeng ha nakong e tlang ha kahlolo e iphetetsang ea Molimo ho oona. (2 Pet. 2:4) Ke Noe ea sebete feela le lelapa la hae ba ileng ba pholosoa lefatšeng, e le baamoheli ba mohau oa Molimo ka nako eo.

SEBETE SA BOMOLIMO KAJENO

Joaloka Noe, Lipaki tsa Jehova kajeno ke ‘baboleli ba ho loka.’ Oa bona ke molaetsa oa temoso le boipiletso ba pako le poelano le Jehova Molimo. Leha Noe le lelapa la hae ba iphumane ba talimane lifahleho le mangeloi a sa utloeng, batho ba barapeli kajeno ba na le lira tse sa bonahaleng. Empa Bakreste bana ba ’nete ba na le lihlomo tsa moea tse sireletsang tse tsoang ho Molimo ’me kahoo li ka tsoela pele ka sebete mosebetsing o fanoeng ke Molimo oa ho bolela.—Ba-Ef. 6:10-18; Matt. 24:14.

Batho ba bangata ba soma le ho hanyetsa bahlanka ba Molimo ba kajeno, ka linako tse ling ba bile ba sebelisa mahloriso a sehlōhō ka boiteko ba ho khutsisa melomo ea barorisi ba Jehova. Empa Lipaki tsa Jehova ha li thijoe. Joaloka Noe, li ‘tsamaea le Molimo’ ’me li kholisehile hore haufinyane Jehova o tla etsa seo a se tšepisitseng—ho felisa lefatše lena la banyefoli, ha a boloka ba ratang ho loka. (2 Pet. 3:5-13) Hape, sebete sa Bakreste ba ’nete se khothalletsoa ke kamano e haufi ea botho le Jehova ka thapelo. Ho feta moo, ba hlokomela hore ha ho letho le tla ba etsahalla le sa lumelloeng ke Molimo.—Bapisa Ba-Roma 8:28.

Ke matšeliso a maholo ho tseba hore “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae.” (Pes. 94:14) Batho ba ke ke ba sitisa merero ea Molimo kapa ba felisa ba mo ratang. Kholiseho litšepisong tsa Jehova, ho mo tšepa ka ho feletseng le ho boloka kamano e haufi ea botho le Ea Holimo-limo—ana ke mabaka a maholo a neang barapeli sebete sa bona. ’Me sebete sena se ba phahamisa linakong tsa mathata a maholo le mahloriso, joalokaha ho totobala tlalehong e latelang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela