Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 maq. 3-4
  • Telekiso ea Tšireletseho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Telekiso ea Tšireletseho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Karabo ke matla a Sesole
  • Takatso ea Tšireletseho e Tloaelehile ho Bohle
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ho Ikutloa U Sireletsehile Hona Joale—Ho Sireletseha ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tšireletseho Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 maq. 3-4

Telekiso ea Tšireletseho

Mong. le Mof. B—— le bana ba bona ba tlase lilemong ba bararo ba ne ba phela Afrika. Ka lilemo tse 20 ba ntlafalitse polasi ea bona e ntle ’me chelete ea bona ba e sebelisitse ka ho e etsa letsete ntlong ea bona, lijalong, liphoofolong le mechining ea temo. Hona ha fetoha qhobosheanenyana ea bona, setšabelo sa bona nakong ea likhathatso le masoabi. Mohloli oa khatholoho ea bona le phomolo kamor’a letsatsi la mosebetsi o boima. Ba ikutloa ba sireletsehile.

Ka bosiu feela, lintho tsa fetoha. Ka nakoana makhotla a bopolotiki a ne a ipha matla naheng eo. Batho ba ikemiselitseng ho tlisa liphetoho ka likhoka ba ne ba etsa liketso tsa boferekanyi ’me ba epetse liqhomane litseleng tse tsoelang ka thōko tse eang mapolasing. Ha Mong. B—— a khutla ka koloi ea hae a tsoa leetong la beke le beke toropong, a hata se seng sa liqhomane tsena ’me a shoa ka ho panya ha leihlo.

Mof. B—— le lelapa la hae ba ikutloa ba se ba sa sireletseha. Ka litšoso tse ntseng li phahama tsa litoantšano libakeng tseo, lipelaelo tsa ho hlokomela polasi ’me ho se monna lapeng, a ikutloa a qobelloa ho tlohela polasi eo ka nako e ’ngoe e neng e le tšireletso. Lelapa la ea naheng e ’ngoe ka tšepo ea ho fumana tsela e sireletsehileng haholo ea bophelo.

Hona naheng ena ea Afrika, ponahalo ea fetoha haholo ka lilengoana feela. Matlo a matle a lipolasi a potolohiloeng ke limela tse ntle tsa linaha tse futhumetseng le tse nang le letšoao la “kamohelo” tsa kopeloa ka makhoakhoa a tšepe e likalikelitsoeng ka térata e meutloa. Marako a matlo a pota-potisoa mekotlana e tšetsoeng lehlabathe, ’me lifenstere tsa sireletsoa ka literata.

Bophelo litoropong le bona ba fetoha ha ka bongata batho ba ntse ba kenya litšepe tse hlokomelisang ka masholu, liheke tse boima li kenngoa linotlolo le liketane ’me ba e-ba le lintja tse lebelang ho leleka masholu. Lifenstere tsa mabenkele li kenngoa likhole tse khethehileng tse li thibelang ho choatleha. Balebeli ba beoa ho batla lintho ho ba rekang ha ba kena ka har’a li-supermarket. Ba eang phomolong ba hira mapolesa a tla sireletsa matlo a bona ha ba le sieo.

Libakeng tse ngata, ho khanna ho neng ho etsoa har’a naha e tletseng khotso ea Afrika ha fetoha ho khanna ho tetetsang ho tloha motseng o mong ho ea ho o latelang. Baeti ba laeletsoa hore ba bonane le sepolesa pele ba tloha, ’me ba bangata ba tsamaea ka mokoloko o sirelelitsoeng ke likoloi tse hlometseng. Melao ea ntoa le boemo ba tsietsi tsa fetoha hoo batho ba ileng ba li nka e se e le karolo ea bophelo ba tsatsi le leng le le leng.

Ntle ho mehato ena ea tšireletso, ba bangata ba neng ba le boemong ba ho etsa joalo ba etsa litokisetso tse eketsehileng bakeng sa ho itšireletsa bobona ka ho kenya gauda, silevera, mabenyane le lintho tse betliloeng tsa bohlokoa e le letsete kapa ka ho kenya chelete ea bona libankeng tsa linaha lisele. Ba etsa joalo e le hore, haeba lintho li sa ntlafale, ba ka ’na ba e-ba le matlotlo a mang.

Liphetoho tse joalo ha li naheng eo feela. Mohlomong hona sebakeng sa heno u bone tse ling tsa litokisetso tsona tsena tsa tšireletso le tlhokomelo e hōlang ea batho ba bangata bakeng sa matlo a bona le malapa. Potso ke hore na, Na boiteko bona bo hlile bo tlisa khotso ea kelello le tšireletseho tseo re li lakatsang kaofela?

Na Karabo ke matla a Sesole

Kameho e joalo bakeng sa tšireletseho e bontšoa liketsong tsa mebuso. E mengata e nka mehato eo ho seng mohla e kileng ea e nka ea ho sireletsa meeli ea eona le ho sireletsa baemeli ba eona ba linaheng lisele. Ho etela ha mofumahali oa England ka boroa ho Afrika le ho etela ha mopapa Ireland ho ile ha ama ho bokelloa ha banna ba makholo ka morero feela oa tšireletso. Ho tsamaea ha likepe, lifofane kapa mabotho ho ea libakeng tse nkoang e le tsa bohlokoa ntoeng ho hlalosoa ke linaha tse ling e le kotsi tšireletsehong ea tsona ea bosechaba ’me hangata ho thuloa ka liphetoho tsa sesole.

Mebuso e mengata e na le tumelo e akaretsang ea hore tšireletseho ea eona e itšetlehile ho lokeleng ha eona ntoeng. Ha e bapisa sena, UNESCO (mokhatlo oa machaba oa thuto, mahlale le tsoelo pele) o sa tsoa tlaleha hore tšenyehelo ea lefatše lihlomong e ‘haufi haholo le $1 tsa limillione ka motsotso’ le hore karolo ea 75 lekholong ea eona e sebelisoa ke linaha tseo e leng hona li hlahang. (The Courier, ’Mesa 1979, leq. 19) Empa na chelete ena e boimahali e sebelisoang lihlomong e tlisetsa batho ba phelang linaheng tseo tšireletseho leha e le efe moo ba bonang tlala le maloetse a bakoang ke metsi a sa hloekang a bolaea ba likete ka letsatsi?

Hape rea botsa, Na matla a sesole a hlile a bolela tšireletseho? Ke ’nete, motho a ka ’na a itebatsa menahano e joalo. Empa na a ka ikutloa a sireletsehile ha a nahana ka botebo ’nete ea hore mebuso lefatšeng lohle e na le thepa e lekaneng ea liqhomane hore e ka re bolaea kaofela ka makhetlo a mangata? Ho etsa papiso: Na u ka phomola ka khotso bosiu ka mochine-kane tlas’a bethe ea hao ha u tseba hore eo u ahileng le eena o na le o tšoanang le oona a o shebisitse ntlong ea hao le hore o hlohloneloa ke hore na a ka fumana monyetla neng oa ho o sebelisa ha a ikutloa hore ho ke ke ha hlola ho e-ba le kotsi e mo shebileng?

Takatso ea Tšireletseho e Tloaelehile ho Bohle

Ke tlhaho hore rōna bohle re ikutloe re lakatsa ho sireletseha. Le har’a liphoofolo ho teng takatso e hahelletsoeng ea tšireletseho. Linonyana li haha lihlaha tsa tsona ka tsela e ikhakantseng haholo kapa libakeng tse tšopholi. Mesha e bokella lijo tseo e tla li ja nakong ea ha ho bata ea selemo. Likatse tse tla tloha li tsoala li hlahloba liraka tsohle ka tlung ho batlisisa sekhutlo se sireletsehileng seo li ka hōlisetsang malinyane a tsona.

Potso e re talimileng kaofela ha rōna kajeno ke hore na, Tšireletseho re ka e batla hokae? Liphoofolo ka tlhaho li bea motheo oa tšireletseho ea tsona linthong tse bonahalang. Motho eena? Na tšireletseho ea rōna e lula linthong tse bonahalang, ho re etsa hore ho se be moo re fapaneng le liphoofolo? Na ho itšetlehile ka mosebetsi oa rōna kapa, mohlomong, leruo le bokelletsoeng ka sebopeho sa gauda, silevera kapa chelete ea banka? Na lihlomo li ka sireletsa tsela ea rōna ea bophelo? Kapa, na tšireletso e fumanoa tlas’a ’muso oa mofuta o itseng o ka bonahalang o tsitsitse haholoanyane ho feta e meng?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela