Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/1 maq. 11-13
  • Latela ’Mei-mohlala e Moholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Latela ’Mei-mohlala e Moholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mei-mohlala e Moholo oa Rōna
  • ‘Ha se ba Lefatše’
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Hanyetsa Satane, ’me o Tla Baleha!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Hantle-ntle Lefatše le Busoa ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/1 maq. 11-13

Latela ’Mei-mohlala e Moholo

HANGATA batho ba susumetsoa ke seo ba bang ba se buang le ho se etsa. Le haeba ke ka botle kapa bobe, mohlala o beoang ke hloho ea lelapa, moeta-pele oa bolumeli kapa motho ea tsebisahalang haholo sechabeng o ama batho ka bomong. Na boikutlo ba hao le tsela ea bophelo li amiloe ke bao u ba shebang e le mehlala?

Liphello e bile tse kotsi tsa ho latela mehlala e mebe ea baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki. Haufi, Jim Jones a etsa hore ba fetang 900 ho balateli ba hae ba bolumeli ba ipolaee Jonestown, Guyana. Mathoasong a lekholo lena la lilemo lefatše lohle la ba mahlomoleng ha Adolf Hitler le balateli ba mokha oa hae ba hohlometsa lefatše tšollong ea mali. Liketso tse ngata tsa kajeno tsa boferekanyi lefatšeng lohle li bakoa ke tšusumetso ea batho ba batlang ho phatlalatsa tsela ea bona kapa seo ba se habileng. Palo e ntseng e eketseha ea batho ba batlang botumo e re hopotsa ka boprofeta ba Bibele: “Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.”—2 Tim. 3:13.

Tšekamelo kajeno, ho ea kamoo batho ba lonya le seo ba se habileng ba amehang kateng, e leba hona ntlheng eo—‘ba tsoela pele tšenyong.’ Empa ke mang ea hlileng a ikarabellang bakeng sa boemo bona ba litaba? Ke Bibele feela e fanang ka karabelo e tšepahalang. Ka kōpo hlokomela hore ho 2 Timothea 3:13, e sa tsoa qotsoa, moapostola Pauluse o boletse hore batho ba lonya ha ba thetse ba bang feela empa le bona baa “thetsoa.” Haholo-holo ke mang? Moapostola eena eo o qoolla “molimo oa lefatše lena” e le eena ea ikarabellang haholo bakeng sa ho foufatsa ba bangata. (2 Ba-Kor. 4:4) ’Me ke mang? Satane Diabolose, ea sebelisitseng matla a hae a ho thetsa ka makholo a lilemo, ho tloha nakong eo ka eona batho ba ileng ba oela sebeng, ha mothetsi enoa e moholo a thetsa libopuoa tse peli tsa pele tsa batho. Joale a sebelisa noha e le kofuto ea hae e bonahalang. (Gen. 3:1-7) Ho tloha nakong eo, Diabolose o sebelisitse batho ba sa tšoaneng le mekhatlo, ho akarelletsa ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata oa Babylona e Moholo. ’Me ho ka boleloa hore “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.”—Tšen. 17:1-5; 1 Joh. 5:19.

Ntlheng ena paleng, Diabolose o tseba hore nako ea hae e khutšoanyane. Hona ho eketsa likotsi tseo re phelang har’a tsona. Re le batho ka bomong, re tlameha ho tiisa hore ha re oele lerabeng la hae, hobane ‘o thetsa lefatše kaofela.’ Kamor’a ho senola pono ea hae ea ntoa leholimong, moapostola Johanne o ngolile: “Drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng le mangeloi a eona.” Re nakong e qetellang ho thibelloa ha hae ha nakoana lefatšeng. Hona ke hona ho ikarabellang bakeng sa thetso, khathatso le malimabe tse tletseng hohle, ka ba lonya ba thetsoa ’me le bona ba thetsa, hohle ho etsoa tlas’a tšusumetso ea sera se seholo sa Molimo, Satane Diabolose.—Tšen. 12:7-12.

’Mei-mohlala e Moholo oa Rōna

Ho teng moeta-pele eo ho seng mohla a kileng a ba tlas’a taolo le tšusumetso ea ‘molimo oa lefatše lena’ ’me a ke keng a ba tlas’a eona. Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong, Moeta-pele eo o fane ka mohlala o susumelitseng balateli ba hae ka tsela e molemo le e pholosang bophelo. Nakonyana hoba a kolobetsoe Nōkeng ea Jordane le hore a tlōtsoe ka moea o halalelang, Eo a oelana le Diabolose. Bala tlaleho ea Bibele ea hona ho Mattheu 4:1-11. Ke mang ea tsebahatsoang moo e le ea ileng a hana boiteko bo mano ba Diabolose ba ho mo furallisa ho sebeletsa le ho rapela Molimo? E, hase mang kapa mang ha e se Jesu Kreste, Mora oa Molimo o Holimo-limo, Jehova!

Jesu ha a ka a itlohella hore a susumetsoe ke meleko ea Diabolose, empa a hana o mong le o mong. Ka ho sebelisa Mangolo hamolemo, Jesu a leleka o mong le o mong oa meleko ea Diabolose. Ha a hlōle-hile boitekong ba hae bo lonya, Diabolose joale o ne a habile ho ‘loma’ Jesu ka ho mo bolaea.—Gen. 3:15.

Ha ho pelaelo ka hore Jesu Kreste o ne a fapane le Baeta-pele ba batho ba baetsalibe. Bophelo bohle ba hae bo ne bo neetsoe ho finyelleng thato ea Ntat’ae, e seng ea hae. (Joh. 5:30) Ka ho bolela ’muso oa Molimo le ka ho tsebahatsa lebitso la Ntat’ae le morero oa hae, Jesu Kreste o ne a utloisisa hore a ka rohakoa, a nyelisoa le ho hlorisoa. (Matt. 26:67, 68; Joh. 15:20, 21; Ba-Roma 15:3) Qetellong, a kokobela tlas’a lefu le lihlong sefateng sa tlhokofatso. (Ba-Fil. 2:8) Jesu Kreste ruri e bile ’Mei-mohlala e moholo bakeng sa bohle ba lakatsang ho khahlisa Ntate oa leholimo, Jehova.—Ba-Heb. 12:1-3.

‘Ha se ba Lefatše’

Ha a eme ka pel’a ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato, Jesu o hlakisitse hore ’muso oa Hae ‘ha se oa lefatše.’ (Joh. 18:36, 37) Ka ho loketseng, ho e-na le ho loana ka lihlomo tsa nama le ho tsohela taolo e teng matla, balateli ba Jesu ba lula ba sa nke lehlakore ho ea kamoo likhohlano tsa lefatše li amehang. Ke kahobane bona, joaloka ’Mei-mohlala e Moholo oa bona, “e se ba lefatše.” (Joh. 15:19; 17:14, 16) Hore ba hle ba susumetsoe ke se rutiloeng ke Morena oa bona le ho se etsa, ba tlameha ho qoba moea oa lefatše ’me ba se ke ba itohella litabeng tsa lona.—1 Joh. 2:15-17.

Hona ha ho bonolo, ’me ho ke ke ha etsoa ka matla a morutuoa. Ka ho loketseng, ka baka leo, Jesu a rapela Molimo lebitsong la bona, a re: “Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng.” (Joh. 17:15) Jesu o ne a tseba hore o tla tloha a tloha lefatšeng le hore balateli ba hae ba ne ba tla hloka tlhokomelo ea leholimo le tšireletso. Ho feta moo, ho ne ho tla hlokahala ho bona nako le nako hore ba ikalose ho Sera.—Jak. 4:7, 8.

Le hoja a le sieo ka baka la ho tela bophelo ba ’mele oa hae oa nama lefung la sehlabelo, Jesu Kreste o sa ntsane a tla ba boemong ba ho susumetsa le ho tsamaisa mehato ea balateli ba hae ba ’nete, a etsa joalo a le sebakeng sa hae se phahameng ka letsohong le letona la Molimo. (Ba-Heb. 10:12, 13) Ho phaella moo, ba tla thusoa ke moea o halalelang.—Joh. 14:25, 26.

Hona hohle ke matšeliso a makaakang ho Bakreste bohle ba ’nete kajeno! Ho sa tsotellehe maemo a rōna le liteko tseo re ka talimanang le tsona, ka ho latela Mei-mohlala e Moholo oa rōna re ke ke ra thetsoa ke batho ba lonya, bathetsi, kapa Satane ka boeena. Ho e-na le hoo, ka tumelo e feletseng re tla itšetleha ka tšehetso ea Jehova Molimo le ea Mora oa hae, ea ileng a tšepisa hore: “Bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.”—Matt. 28:20.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela