Tau e Rorang
HO RORA ha tau ke molumo o tšosang. O ka ’na oa utloahala hole ka lik’hilomithara tse 8. Lebaka la molumo ona o matla le habeli. Ke mokhoa oa ho buisana le litho tse hole tsa moikhohomosi hape o sebeletsa e le ho itlhalosa hore na e rena sebakeng se sekae. Ho fapana le tumelo e tloaelehileng, hase ka tloaelo tau e rorang ha e tsoma liphoofolo tse hlaha. Leha ho le joalo, ha e leka ho tsometsa liphoofolo tse thapileng tse kentsoeng ka har’a ho hong hangata tau e ea rora. Molumo o tšosang o lokisetsoa ho baka pherekano ea ho hatana holimo o tla liha terata ’me kahoo phofu e tšoaroe.
Hona ho re hopotsa ka mantsoe a moapostola Petrose. O ile a ngolla Bakreste bahabo, a re: “Sera sa lōna [Diabolose], o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Pet. 5:8) Joaloka “linku” tsa Bakreste, tse sireletsehileng tšireletsong e lokiselitsoeng ke “molisa ea molemo,” Kreste Jesu, ke hantle ha re ela hloko mantsoe a Petrose. (Joh. 10:14, 15) “Le tsohe masene, le falimehe,” kamoo ho bolelang moapostola, e se re ho rora ho tšosang ha Diabolose ha etsa hore mang kapa mang a thothomele ’me a balehele sebakeng se kotsi moeeng.