Thabo ea ho Sebeletsa Molimo o Hopolang
E NE e le mantsiboeeng a la 24 Motšeanong, 1971. Mokreste ea ineetseng o ne a le lijong le ba bang ntlong ea lijo. Ha a tloha, a theoha le literapising tse telele. A leka hore o itšoarella ka ntho e itšoarellang, athe ha e eo—ka ho panya ha leihlo feela a be a lelemela ho leba tlase. Ka matla a mohlolo, hloho ea hae ea otla ntho ea tšepe e khabisitseng.
Alex Henderson o ne a tsoile kotsi e mpe. Ha e le hantle, litebello tsa hore o tla phela li ne li fokola hoo mosali oa hae a neng a se a tšelisitsoe ke ngaka. Leha ho le joalo, monna oa hae a phela. Ho oa ha hae ha fella ka eng? Lehata le tsoileng kotsi haholo, matetetso a mararo a tletseng mali, le ho shoa lehlakore le letšehali. Ke kamor’a ho ea le maili-ili ka likhoeli tse telele a ileng a qala ho ikutloa hamolemonyana.
Kajeno, kholofalo e matla e thibela Alex Henderson ho etsa ho hongata joaloka pele tšebeletsong ea Jehova Molimo. Leha ho le joalo o thabile, a hlokomela hore “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng bakeng sa lebitso la oona.” (Ba-Heb. 6:10) Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore mesebetsi ea tumelo le lerato bakeng sa lebitso la Molimo li hopoloa ke ntate oa rōna oa leholimo!
Empa Bakreste ba ka loantšana ka katleho joang le masisa-pelo a kotsi e sehlōhō joalo? Ke eng se ka ba matlafatsang? Pele re arabela lipotso tse joalo—ho hetla hamorao hanyenyane. Alex a fana ka lintlha tsena.
BOLUMELI LAPENG LE’SO
“Glasgow ke hona moo ke boneng leseli la motšehare ka lekhetlo la pele ka 1921. Lelapa le’so le ne le kena Kereke ea Scotland. ‘Mè e ne e le mosali ea ineetseng, empa ka bomalimabe a re lahlehela ka sera lefu ha ke le moshanyana ea lilemo li 12 feela. (1 Ba-Kor. 15:26) Ho hlokomela serapa sa meroho se atlehileng ho bonahala ho ile ha fetoha tsela e khōlō ea hore ntate a atamele haufi le ʼMōpi. Ha e le hantle, le leng la makhetlo a ʼmaloa ao ka oona a bileng teng ka kerekeng e bile ka la 11 Phuptjane, 1943, ha ʼna le Janet re nyalana.
“Ntoa ea II ea Lefatše ea mpona tšebeletsong ea sesole ka lilemo tse hlano. Moruti e mong a ithaopela hore a ka lokisetsa hore ke lokolloe, ha feela ke kenela seminari ʼme ke ba moruti. Empa ka ikhethela ho lula le sesole sa moeeng.
“Ka ho lala ha ntoa, ʼna le mosali oa ka ra tšoareha bophelong ba boithabiso. Janet o ne a ruta sekolo sa Sontaha, ʼme re ne re bina hammoho meketeng e neng e entsoe ke kereke, pina ea sechaba e bolelisang Scotland. Kahoo, le hoja ho le teng sefela sa Maskoche se reng ‘Ntataise Uena Jehova e Moholo,’ ha ke hopole nkile ka utloa lebitso la Molimo mehleng eo.”—Pes. 83:18.
HO ITHUTA KA MOLIMO O HOPOLANG
“Ka Pulungoana 1947, rōna le mora oa rōna ea lilemo li tharo ra fallela motseng oa New York. Thahasello ea Janet bolumeling ea phakisa ea hlahella. O ne a tsebile ka Lipaki tsa Jehova re sa le Scotland, empa joale a qala ho ithuta Bibele le tsona. ʼMe ka 1950 a tšoantšetsa boineelo ba hae ho Molimo ka kolobetso ea metsing.
“Kaha mosali oa ka o ne a sebetsana le ‘Lipaki tseo tsa Jehova,’ ha bonahala ho loketse ho ʼna hore ke ee ho se seng sa liboka tsa tsona. Nka lebala sa pele joang—sehopotso sa 1951 sa lefu la Jesu? (Luka 22:19, 20) Hohle e ne e le khutso. Empa mosali-moholo e mong a tlakoloha: ‘A re bineleng Jesu pina!’ Eaba ke phetho. Ka ikutloa hore nke ke ka hlōla ke ea hape. Koana, mosali eo e ne e le moeti, e seng e mong oa Lipaki tsa Jehova, ʼme liboka tsa tsona li na le molao ho motho ea sa lumelang ea eang ho tsona a ka re, ‘Molimo o na le lōna.’ (1 Ba-Kor. 14:23-25) Empa u ne u ke ke ua nkholisa ka hoo ka nako eo.
“Janet o ne a atisa ho mema Lipaki tse seng kae ho ea tlung ea rōna kamor’a liboka ka Lisontaha. Ho qoba ho kopana le tsona, ke ne ke atisa ho lulela libaesekopo tse peli ntlong e ʼngoe ea boithabiso, kapa ke ʼne ke solle feela ke sa tsebe hore na ke batla eng ho fihlela ha baeti ba tsamaile nka khutlela lapeng ka ‘khotso,’ ke khathetse maoto a opa. Kannete ba bang har’a rōna re hana ho phetlehela ʼnete ea Mangolo!
“Butle-butle, leha ho le joalo, ho ‘hana’ ha ka ha qhaleha. Boitšoaro bo botle ba bosali, mantsoe a khethiloeng hantle—le limakasine tse kang ena tse beiloeng ka masene—tsa nkholisa hore Lipaki ha ‘li mpe hakaalo.’ (1 Pet. 3:1-6) Ho hlaseloa ke lefuba le ho kenngoa sepetlele ka likhoeli tse ʼmaloa ha ʼnea nako ea ho inahana. Ka lengolo, Janet a arabela lipotso tsa ka tse ngata tsa Bibele, ʼme kamor’a nakoana ka nka tumelo ea ʼnete ho tloha botebong ba pelo. Ha etsa joalo le mora oa rōna Adam, kajeno ke molebeli oa Mokreste. Ka bobeli ra kolobetsoa ka letsatsi le le leng—Loetse 9, 1957.”
“Ke le seli haholo ka likhaello tsa ka tsa hona joale, ke leboha menyetla ea nakong e fetileng ea ho sebeletsa Molimo o hopolang. Tokelo ea ho sebeletsa ke le molebeli ea okamelang ea phakisa ea ntlela. Ntle ho ho kopanela mosebetsing oa boevangeli le mesebetsi e meng ea phutheho, e bile thabo ho ʼna ho nka karolo ho haheng Holo ea ʼMuso moo Bakreste ba ntseng ba kopanela ka mehla.
“Mehleng eo, batho ba bang ka moea o motle ba ne ba re ke ‘Henderson oa lehehle.’ Har’a lintho tse ling, e ne e le ho amang ho tšoara litšebeletso tsa manyalo le ho hlokomela thabo e bontšoang lifahlehong tsa ba kenang tlamong ea lenyalo. Ho ne ho le teng le linako tse bohloko—nako ea ha ho tlameha hore ho fanoe ka lipuo tsa lepato. E ʼngoe ke sa e hopola hantle ka baka la bothata ba puo. Inahanele—bamameli ba buang Spanishe ba mametse puo ea Senyesemane e fanoang ka leleme la Skoche. Empa toloko e ne e le teng, ʼme kea tseba hore ba ne ba utloisisa, hobane lifahleho tseo tse saretsoeng li ʼnile tsa ela butle-butle ha li utloa ka tšepo e tsotehang ea tsoho. Empa tokelo ea ka e ntle ea ho bua e bile ea ho fana ka puo ha phutheho e hopola Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka 1959, kaha e ne e fana ka monyetla oa ho bolela ho tloha botebong ba pelo topollo e khōlō e entsoeng hore e fumanehe ke Jehova Molimo ka Mora oa hae ea ratoang Jesu Kreste.—Matt. 26:26-29; Joh. 3:16; 5:28, 29.
“Ka 1963, ra qala ho kopanela le phutheho e ʼngoe ʼme ruri ra thaba joaloka lelapa la ba ineetseng ho Jehova. Empa joale ha tla kotsi ea ka e bohloko ka 1971. Ke holofetse ʼmeleng ho tloha ka nako eo, empa thabo ea ka e khōlō ke ho tsoela pele ke sebeletsa Molimo o hopolang.”
BALUMELI BA BANG BA KENYA LETSOHO
Ho hopola ha Alex Henderson ka kotsi le se hlahileng hang kamor’a moo ho lerootho haholo. Kahoo ho bonahala ho loketse ho lumella ba bang ho bolela litaba . . . ʼme kahoo ba thuse ho arabela lipotso tse kang tsena: Mokreste a ka loantšana ka katleho joang le tlokotsi? Ke eng se ka ba bolokang? Ba bang ba ka thusa joang? Hona na Mokreste ea holofetseng a ka thusa balumeli ba bang?
Ho Mokreste, kotsi e tebileng e ka ʼna ea biletsa boikemisetso bo tebileng ba ho ‘tela mali.’ (Lik. 15:28, 29) Ho bile joalo bakeng sa ba ha Henderson, ʼme tsela ea bona e ikemiselitseng ea ama ba bang, hobane motsoalle ea haufi o re: “Ho bona Bakreste ba bang ba bea bophelo ba bona kotsing ba ema ba tiile ba sa sekisetse khahlanong le tšelo ea mali ke ho tiisang tumelo.” E, le har’a litlokotsi, re ka hahana moeeng ka ho nka boemo bo sa thekeseleng ba hore ‘leha re ka phela kapa ra shoa, re ba Jehova.’—Ba-Roma 14:7, 8.
Balumeli ba bang ba ka ʼna ba tseba ho thusa. Likhoeling tseo ka tsona Alex a neng a le maili-iling, o ne a hloka tlhokomelo e hlokolosi haholo e lefelloang haboima ea baoki motšehare le bosiu. “Phutheho (baena le likhaitseli moeeng ka bomong) ba thusa ho jara moroalo oo,” kamoo ho hlalosang moholo e mong. Ke mona moo ho entsoeng pontšo e le ʼngoe e tebileng ea lerato le khethollang balateli ba ʼnete ba Jesu.—Joh. 13:35.
Lerato la Bokreste, koana, le ka bontšoa ka litsela tse ngata. Ntlheng eo, molebeli e mong o re: “A buuoa ka katleho. Alex a isoa tlhokomelong e matla ʼme a hlola moo ka matsatsi a mangata. Ke ne ke mo etela tsatsi le leng le le leng . . . Maetong ao, ke ne ke ee ke tšoare Alex ka letsoho ʼme ke rapele. Hore na o ne a utloa, ke sitoa ho hlalosa. Empa, ho makatsang, baoki ba ne ba khutsa ʼme ba sa tsamaee ba tlatsitse lerata.”
Moholo e mong o eketsa ka hore: “Butle-butle Alex a qala ho arabela ʼme kelello ea hae ea khutla. Empa ho ne ho tla butle haholo. Empa kamor’a nako a tseba ho bua. Ha nako e ntse e tsamaea, kholofalo ea ʼmele oa hae ea totobala—ho shoa ha lehlakore le letšehali la ʼmele oa hae le ho se bone hantle. . . . Mohopolo oa hae le oona, o ne o amehile haholo, haholo ka liketsahalo tsa ho kena ha hae sepetlele le nakoana pele ho moo. Empa ho hopola ha hae lintho tsa moea le tsebo ha bonahala ho sa ameha. Tsoelopele ea hae moo e le e tsotehang.”
Ho bonolo hakaakang ho batho ba holofetseng hore ba tele, hore ba tetebele ke tsieleho! Empa ke bothoto bo bokaakang ho etsa joalo, haholo haeba motho a sebeletsa Jehova, ‘Molimo o fanang ka tšepo’! (Ba-Roma 15:13) “Alex a tšoarella, ka sebete seo a ka se khonang,” kamoo ho bolelang molumeli e mong oa habo. “Butle-butle kelello ea hae ea khutlela malulong. A tseba ho bala, ho bua le ho etsa lintho hantle, empa a ʼna a sala ka lehlakore le letšehali le shoele. A hlaphoheloa butle-butle, a qala ho ba teng libokeng ʼme hamorao a kopanela ho tsona, sethalleng le ka ho hlalosa.”
Alex Henderson qalehong o ne a tlameha ho thusoa ho ea libokeng tsa Bokreste ka setulo se mabili. Hamorao, a tseba ho tsamaea ka leoto le tšehelitsoeng le molamu tseo a ntseng a li sebelisa le joale. Ha a botsoa hore na o matlafalitsoe ke eng, lebaka le leng leo a hlileng a le bolelang ke “ho ba teng libokeng.” Ke habohlokoa hakaakang hore Bakreste ba kopane ka mehla ʼme ba ‘isane leratong le mesebetsing e metle’!—Ba-Heb. 10:24, 25.
Ho bina kamehla e ne e bile karolo ea bohlokoa bophelong ba lelapa la Henderson. “Ka mehla ke rata ho utloa Alex le Janet ba bina Holong ea ʼMuso,” kamoo ho bolelang likhaitseli tsa bona moeeng. Empa ka ho se bone hantle mahlong, Moena Henderson o ne a ke ke a bona khatiso e bukeng ea lipina ea phutheho. Joale khaitseli enoa a fumana tsela ea ho thusa. “Ka ngola buka kaofela ea lipina ka mongolo o moholo,” o re, “ʼme ka thaba ha ke mo utloa a bina lithoko tsa Jehova hape.”—Ba-Ef. 5:18-20.
MENYETLA E MENG EA HO SEBELETSA
“Ha ho bonahale eka lelapa la rōna le tla lebala seboka se seng se khethehileng ho ea mafelong a 1975,” kamoo ho hopolang Alex. “Re ile ra thaba haholo ha e mong oa balebeli a bala lengolo le bolelang hore ke khethiloe ke le moholo! Hona ha tla e le mohlolo oa ʼnete, hobane baena ba ne ba sa buisana le ʼna ka taba ena, le hoja ba tsebile hore ho sebeletsa balumeli hammoho le ʼna ka tsela ena ho tla amoheloa e le tokelo e ratehang haholo. Bohato ba ka ba pele ea e-ba bofe? “Na! Nka etsa eng?’ Ka boikokobetso, ke tlameha ho lumela hore ho bonolo ho jara boikarabelo bona ka thuso ea Jehova feela, hobane hona joale nka ithorisa ka’ng ka matla a ka?”—Bapisa 1 Ba-Korinthe 1:28-31; Ba-Filippi 4:13.
Na ho hlile ho bonolo hore motho ea holofetseng a ka thusa ba bang? E, ʼme ʼnete eo e ka sebeletsa hantle e le khothatso ho thusa batho ba litlokotsing ka baka la kholofalo ea ʼmele. Mocha e mong o re: “Ke ananela lintlha tse ngata tse hapang maikutlo ka ʼnete tseo Moena Henderson a nōkang litlhaloso tsa hae le lipuo.” ʼMe e mong o re: “Ho totobetse hore o na le letlotlo le lengata la tsebo leo a chesehelang ho le arolelana le rōna bohle. . . . Hoa tsotisa hore na o cheseha hakaakang le ho khothatsa har’a mathata ana a ʼmele!”
Kahoo ho se be Mokreste ea ikutloang hore boiteko ba hae ba ho rorisa Jehova le ho haha balumeli ba bang ka boikokobetso hase tsa molemo oa letho. Moholo e mong o re: “Ke haufinyane ha Moena Henderson a qala ho ema lerakoaneng ha pele ho mona a ne a lula ʼme a bua le phutheho. . . . ʼNete ena e bonolo e bile e tiisang tumelo le khothatso ho ʼna, hobane ke bona hore motho ea tšepahalang tšebeletsong ea Jehova, ea kopaneng le kotsi e holofatsang e khathatsaneng le tšebeletso ea hae, o hlōtse lintho tsena ka thuso ea moea oa Jehova.”
HO THUSOA KE MOLIMO O HOPOLANG
Ka sebele, ke ka thuso ea Jehova feela Bakreste ba ka talimanang le tlokotsi ka katleho, leha e le eng kapa eng e tlang. “Thuso ea ka e tsoa kae?” ke mopesaleme ea botsitseng joalo. “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, ea entseng maholimo le lefatše.” (Pes. 121:1, 2) “Jehova o nthusitse hore ke be sebete—ke mamelle,” kamoo ho bolelang Alex. “O fane ka thuso e lerato ʼme a ʼmatlafatsa hore ke tšepahale tlas’a maemo a thata.” Janet o eketsa ka hore: “Ha mathata a hlaha, ke ne ke a isa ho Jehova ka thapelo, ke mo kōpa hore a se ke a etsa mohlolo empa hore a mpontše tsela eo ea hore ke loane ka katleho le hore ke khotsofalle se tla hlaha, ho sa tsotellehe hore na ke sefe.”—1 Pet. 5:6, 7.
Bakreste ha ba sebeletse Molimo o lebalang. Jehova ha a lahle ba mo sebeletsang ka lerato, ’me ka pel’a bona o tekile tšepo e thabisang ea bophelo bo sa feleng. (Pes. 94:14; Joh. 3:16; 2 Pet. 3:13) Kahoo, a e-na le tšepo ho sa tsotellehe likhoreletseho tsa hae, Alex oa phehella:
“U thabe, ‘mamella thapelong’ ʼme u tsoele pele ka tumelo. Haufinyane lifofu li tla bona, ba sa utloeng litsebeng li thibolohe, maleme a limumu a hoe ka thabo—ʼme, e—ba holofetseng ba tla tlōla joaloka khama. Koana, ke hlolohetsoe nako eo e khabane. Ho sa le joalo, ke mohloli oa thabo ea sebele ho sebeletsa Jehova, Molimo o hopolang.”—Pes. 100:2; Esa. 35:5, 6; Ba-Roma 12:12.