Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/1 maq. 10-16
  • “Mehleng ea Bofelo” Ho Tloha Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mehleng ea Bofelo” Ho Tloha Neng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘MEHLA EA BOFELO’ EA SELEKANE SA MOLAO LE TSAMAISO EA SEJODE
  • BOLELELE BA ‘MEHLA EFE EA BOFELO?’
  • Kamor’a ‘Mehla ea Bofelo’ Ke ʼMuso oa Molimo oa Messia!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Ke Mang ea Tla “Bolokeha”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/1 maq. 10-16

“Mehleng ea Bofelo” Ho Tloha Neng?

“Tseba hona: mehleng ea bofelo ho tla ba le linako tsa bothata.”—2 Tim. 3:1, phet. e ncha.

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho le hotle haholo ho rōna hore re kene ka ho teba “mehleng ea bofelo”? (b) Bibele e re’ng ka see ho 2 Petrose 3:13, 14?

‛MEHLA EA BOFELO’ ba eng? Kaha e bolela mehla ea bofelo ea tsamaiso ea lintho ea khale, e sa khotsofatseng, e se nang katleho, le e se nang tšepo, ho hotle hore ebe re fihlile “nakong ea bofelo” ea eona. (Dan. 12:4) Ka thabo ho rōna, bofelo bo feletseng ba tsamaiso ea khale ea lintho bo ke ke ba tlohela lefatše la rōna e le lefeela le tšosang, le se nang letho le le se nang bophelo. Bo tla hleka tsela bakeng sa ho qaleha ha tsamaiso ea lintho e ncha, ea ho loka le khotso e tšepisang katleho e phahameng haholo. Kahoo, ho hotle haholo ho rōna hore re kene ka ho teba “nakong ea bofelo.” Ka mantsoe a khanyang Bibele, Buka e bululetsoeng e hlileng ea bolela ‘nako ea bofelo’ ea hona joale, e re:

2 “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng. Ka baka leo, baratuoa, ereka ha le lebeletse tse joalo, itiiseng hore le tle le fihleloe ke eena le e-na le khotso, le se na letheba le sekoli.”—2 Pet. 3:13, 14.

3, 4. (a) Ke hokae, hona neng le hobane’ng ha moapostola Petrose a ile a bua ka ‘mehla ea bofelo,’ hona ho bo-mang? (b) Tlhalosong, Petrose o qotsitse boprofeta bofe?

3 Hoo e ka bang lilemo tse 30 pele a ngola mantsoe ao, moapostola oa Mokreste Petrose o buile ka ‘mehla ea bofelo.’ Hoo ho etsahetse ka letsatsi la mokete la Pentekonta (la 6 Sivan) selemong sa 33 C.E. O buile motseng oa Jerusalema, empa e seng tempeleng ea Heroda e motseng oo. O buile lapeng la motho, moo barutuoa ba ka bang 120 ba Jesu Kreste ea neng a sa tsoa khokhotheloa ba neng ba bōkane kamoreng e ka holimo, hoseng, pele ho 9. Seo ba neng ba se lebelletse sa phethahatsoa ka tšohanyetso. Moea o halalelang oo Jesu Kreste a neng a ba tšepisitse ho ba tšollela oona hoba a khutlele leholimong oa theohela ho bona ka pontšo e bonahalang. Ba bululeloa hore ba bue ka maleme a sele ka “limakatso tsa Molimo.” (Lik. 2:1-11) Baketeki ba Bajode ba baloang ka likete ba bōkana ho tla bona se etsahalang le ho fumana hore na se bolela eng. Moapostola Petrose a bululelloa ho buisana le bona, a hlalosa:

4 “Empa hona ke taba e neng e boleloe ke moprofeta Joele, ha a re: Mehleng ea bofelo, ho bolela Molimo, ke tla tšela nama eohle ka Moea oa ka; bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta; ba bacha ba lōna ba tla bona lipono, ʼme maqheku a lōna a tla lora litoro. Mehleng eo, ke fela ke tla tšela bahlanka ba ka ba batona le ba batšehali ka Moea oa ka, ʼme ba tla profeta. Ke tla etsa mehlolo holimo leholimong, le meeka tlase lefatšeng, mali, le mollo, le mouoane oa mosi. Letsatsi le tla fetoloa lefifi, le khoeli e fetoloe mali, tsatsi la Morena le leholo, le khanyang, le e-so ho tle. ʼMe e mong le e mong ea tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.”—Lik. 2:16-21.

5. (a) Ho ea ka Petrose, ‘mehla eo ea bofelo’ e ne e qalile neng? (b) Ho ka thoe’ng ka hore na ka nako eo Petrose o ne a bolela ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea lintho ea lefatše la khale?

5 Molimo o ne o buile ntho e joalo neng? Makholo-kholo a lilemo pele ho Joele 2:28-32. Ka Seheberu boprofeta bo qaleha bo re: “ʼMe kamor’a moo ho tla etsahala hore ke tšolle moea oa ka holim’a nama ea mefuta eohle,” joalo-joalo. Tlas’a pululelo ea Moea oa Molimo moapostola Petrose o ile a fumana hore na “kamor’a moo” e ne e sebetsa kae nakong ka hore a re “mehleng ea bofelo.” Kahoo hoo e ka bang lilemo tse 850 hoba ho phethoe boprofeta ba Joele, ‘mehla eo ea bofelo’ e ne e qalile, ʼme Petrose a phela ho eona. Empa joale rea botsa, na Petrose o ne a phela “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ea lefatše lohle ea lintho? Ha ho joalo, hobane ke rōna bana re phela lilemo tse makholo a 19 kamor’a hore Petrose a bolaoe e le moshoela-tumelo oa Mokreste. (Joh. 21:18, 19; 2 Pet. 1:14) Ho ka boleloa joang ka Mangolo hore ‘mehla ea bofelo’ e sebetsa nakong ena eohle ho tloha mehleng ea Petrose ho tla fihlela le ho akarelletsa mehla ea rōna e likhathatso, e e-song ho fele? Ho ke ke ha thualo, le hoja ka makholo ana ʼohle a 19 a lilemo ho tla fihlela joale Molimo ka ho totobetseng o ʼnile oa tšollela moea oa oona ho balumeli ba nama eohle, o ba etsa bara le barali ba moea ba Jehova Molimo ka Jesu Kreste.

6. ‘Mehla ea bofelo’ eo Petrose a neng a phela ho eona e qalile neng?

6 Na Mangolo a bua ka Petrose e le ea phelang “mehleng ea bofelo” ea ntho e ʼngoe morao koo? E! ‘Mehla eo ea bofelo’ e khethehileng e ne e qalile ka ho kolobetsoa ha Jesu ke Johanne Mokolobetsi le ho tlotsoa ha Jesu ka moea o halalelang kamor’a hore a tsoe ka metsing. Kahoo ea e-ba Kreste, kapa Motlotsuoa.—Lik. 10:37, 38.

7. Pauluse, ho Ba-Heberu 1:1, 2 o bontša joang hore ‘mehla eo ea bofelo’ e qalile ha Jesu a le lilemo li 30?

7 Kahoo ‘mehla ea bofelo’ morao koo e qalile hoetla ka 29 C.E., ha Jesu oa Nazaretha e ne e le motho ea moholo ea lilemo li 30. (Luka 3:21-23) Ha a supa nako ea sena, moapostola Pauluse o ngoletse Bakreste ba Baheberu (ho bonahala ba leng Jerusalema) ʼme a re: “Molimo, ha o no o buile hangata mehleng ea khale, le ka mekhoa e mengata, le bo-ntat’a rōna ka baprofeta, joale [neng?] mehleng ena ea qetello o buile le rōna ka Mora, eo o ʼmeileng mojalefa oa ntho tsohle, eo hape o entseng ka eena tse bōpiloeng kaofela.”—Ba-Heb. 1:1, 2.

8. (a) Johanne Mokolobetsi a re’ng ho bontša hore ‘mehla ea bofelo’ e ne e le haufi? (b) Ke hobane’ng ha temoso eo Petrose a faneng ka eona ka Pentekonta e ne e le nakong bakeng sa Bajode?

8 E, nako ea ipaka e le ‘mehleng ena ea qetello’ ea tsamaiso ea lintho ea Sejode, koana Bochabela bo Hare. Kahoo ha ho makatse hore Johanne Mokolobetsi o ile a re ho Basaduse le Bafarisi ba neng ba tla ho eena ho tla kolobetsoa: “Malinyane a marabe, le tšositsoe ke mang ho balehela bohale bo tlang? Ha ho le joalo he, beang litholoana tse tšoanelang pako.” (Matt. 3:7, 8) Ke ka tsela eo feela ba neng ba ka ba le tšepo ea ho balehela mollo oa khathatso e timetsang o neng o tla chesa litho tse kang mooko tsa sechaba sa habo bona, ka 70 C.E. ha re bolela ka tšoantšetso. Kahoo, ka letsatsi la Pentekonta la 33 C.E., moapostola Petrose a re ho Bajode ba bakileng ba ileng ba itlhahisa ho kolobetsoa ka metsi: “Ipolokeng mofuteng ona o khopo.”—Lik. 2:37-40.

‘MEHLA EA BOFELO’ EA SELEKANE SA MOLAO LE TSAMAISO EA SEJODE

9. Ho kolobetsoa ha Jesu le ho tlotsoa ka moea o halalelang ha bolela ‘mehla ea bofelo’ ea selekane sefe, hona hobane’ng?

9 Jesu o tsoaletsoe tlas’a selekane sa Molao oa Sejode se neng se buelletsoe ke moprofeta Moshe. Ha Jesu a kolobetsoa le ho tlotsoa ka moea o halalelang, e bile ʼMuelli oa selekane se secha se entsoeng le Bajode kapa Baiseraele ba moea. Hona ha bolela ‘mehla ea bofelo’ ea selekane sa Molao sa Sejode le tsamaiso ea Sejode tse neng li likoloha tempeleng ea Heroda e neng e le moo Jerusalema. Ha Jesu a nyolohela leholimong e le ʼMuelli pakeng tsa Molimo le barutuoa ba hae, selekane se secha sa tiisoa ka molemo oa mali a sehlabelo sa hae se phethahetseng sa botho. Bopaki ba sena bo ile ba fanoa ka letsatsi lane le tsotehang la Pentekonta ka ho tšolloa ha moea o halalelang, o ileng oa hlahisa Baiseraele ba moea bao ho neng ho tla etsoa selekane se secha ka bona. Ka nako eo hona ha hlakola, ha felisa, selekane sa khale sa Molao le Iseraele oa nama. (Ba-Ef. 2:15, 16; Ba-Kol. 2:13, 14) Empa mohau o khethehileng oa Molimo ho Bajode oa lelefala ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hape, ho tla fihlela hoetla ka 36 C.E. Hobane’ng?

10. (a) Ke hobane’ng ha mohau oa Jehova o ile oa tsoela pele ka nakoana ho Bajode hoba ho fete Pentekonta ea 33 C.E.? (b) Ke neng, leha ho le joalo, tsamaiso ea Sejode Bochabela bo Hare e ileng ea felella?

10 Kaha boprofeta bo ne bo qaqisitse hore mohau o khethehileng oa Molimo o ne o tla tsoela pele le batho ba oona ba selekane ka “liveke tse mashome a supileng tsa lilemo,” ʼme nako eo e lilemo li 490 e ile ea felella ka 36 C.E., Jesu Kreste ka boeena a bolaeloa tumelo bohareng ba beke eo ea bo70. (Dan. 9:24-27) Empa Jerusalema le tempele ea eona ha lia ka tsa timetsoa ka selemo seo, leha e le hore Bajode ba ile ba tlosoa Judea selemong seo. Ha hona ho etsahala ka 70 C.E., tsamaiso ea Sejode ea lintho Bochabela bo Hare ea fela. Hoo e bile “bofelo” boo Jesu a neng a bo hopotse ha a profetela barutuoa ba hae.

11. (a) Ke eng se bontšang hore Jesu o ne a hopotse ka “bofelo” ba tsamaiso ea lintho ea Jerusalema ea lefatšeng ha a fana ka boprofeta ho barutuoa ba hae Thabeng ea Mehloare? (b) Na moo Jesu o ne a bolela hore “mehla ea lichaba” e tla qala kamor’a hore Jerusalema e timetsoe, e leng ho neng ho tla etsahala lilemo tse 37 kamor’a puo ea Petrose ka Pentekonta?

11 Petrose le Andrease, Jakobo le Johanne ba botsa Jesu: “Lintho tsee li tla etsahala neng?” Lintho life? Ha Jesu a ntse a tsamaea le tempele, o ne a itse: “Na tsee kaofela lea li bona? Ruri kea le bolella hore ha ho na lejoe le tla sala holim’a le leng mona; a tla heletsoa kaofela.” (Matt. 24:1-3, phet. e ncha; Mar. 13:1, 2; Luka 21:5, 6) Boprofeteng boo Jesu a faneng ka bona kamorao ho moo Thabeng ea Mehloare, o itse: “Tsietsi e tla ba kholo lefatšeng, ʼme bohale bo tla oela sechaba sena. Ba tla oa ka bohale ba sabole, ba isoe kholehong lichabeng tsohle; ʼme Jerusalema o tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba.” (Luka 21:23, 24) Mono Jesu o ne a sa bolele hore “mehla ea lichaba” e ne e tla qala ka 70 C.E., ka ho timetsoa ha Jerusalema le ho hlokisoa baahi ha Judea eohle. Bofelo bo sehloho boo ba tsamaiso ea Sejode ea lintho Jerusalema le mathōko a eona le tempeleng ea eona bo etsahetse lilemo tse 37 kamor’a puo ea Petrose ka letsatsi la Pentekonta, hoo e leng hore o ne a nepile ha a bolela hore ho tšolloa ha moea oa Molimo ho ne ho etsahala “mehleng ea bofelo”—ea tsamaiso ea Sejode ea lintho.

12. Ntle ho bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata, ke eng hape e neng e tla kenella ‘pontšong’ ea hore barutuoa ba hae ba Bajode ba phela “mehleng ea bofelo” ea bona?

12 Boprofeteng ba hae ba Mattheu 24:4-22 Jesu Kreste o bontšitse hore ho tla ha bo-Kreste ba bohata le baprofeta ba bohata e ne e ke ke ea e-ba eona “pontšo” feela ea hore barutuoa ba hae ba Bajode ba phela “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ea Sejode ea lintho. Jesu a eketsa: “Le tla utloa lintoa le melumo ea lintoa; le mpe le bone hore le se ke la tšoha; tseo tsohle e ka khona li etsahale, empa le moo ha e e-so ho be bona bofelo. Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ʼmuso o mong o loantše ʼmuso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nqa tse ngata. Empa tseo e tla ba qalo feela ea tlokotsi.

13. Ke liketso life tsa batho tseo e neng e tla ba karolo ea “pontšo”?

13 “Mohlang oo, le tla neeloa ho tšoenngoa, le tla bolaoa, me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la ka. Ke moo ba bangata ba tla khopjoa, ʼme ba tla ekana, batla hloeana. Ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata. ʼMe lerato la ba bangata letla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong ke eena ea tla bolokeha. Evangeli ena ea ʼmuso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; me e tla ba hona bofelo [tèlos] bo hlahang. Joale, etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang—ea balang a lemohe!—mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng.”—Matt. 24:3-16.

14. Ho ea ka Pauluse, ho fihlela nakong eo, taba e ne e tla ba efe ka Bajode?

14 Ho fihlela nakong eo, ho tla etsahala sefe? Ha a ngola hoo e ka bang selemong sa 50 C.E., Moapostola Pauluse o bua ka Bajode, a re: “Ba ntse ba tlatsa joalo ka mehla tekanyo ea libe tsa bona. ʼMe bohale ba Molimo bo ba thootheletsoe ka ho phetheha.” (1 Ba-Thess. 2:16) Ntho e joalo e ne e tla lebelloa “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ea Sejode ea lintho moo Bochabela bo Hare.

15. Na boiteko ba Bajode ba ho qhela “bofelo” ba ‘mehla ea bofelo’ ea bona bo ile ba atleha kapa che, hobane’ng?

15 Bajode bao e seng Bakreste ba ile ba leka ho qhela bofelo ba ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea lintho ea bona ea Palestina. Ka 65 C.E. ba futuhela marena a bona a Baroma. Hona ha fella ka ʼmuso o ipusang oa Bajode ka lilemo tse ka bang hlano. Le chelete ea tšepe ea Bajode e ile ea tšoauoa ho tšoaea lilemo tseo tsa mahlomola. Empa ka masoabi bofelo (télos) ba tla ka 70 C.E. matsohong a Baroma ba itlosang lihlong.

16. (a) Ho 2 Timothea 3:1-5, 12 na Pauluse o ne a bua ka ‘mehla ea bofelo’ bakeng sa Bajode ho tloha ka 29 ho ea ho 70 C.E., kapa che, hona hobane’ng? (b) Na ho bile le ‘mehla ea bofelo’ e meng e neng e ka hlaha phethahatsong ea boprofeta ba Pauluse?

16 Hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., ha a le litlamong ka lekhetlo la bobeli le la ho qetela pele a shoela tumelo, moapostola Pauluse o ile a ngolla motsoalle oa hae ea tšepahalang oa moromuoa Timothea. Ho 2 Timothea 3:1-5, 12, Pauluse a mo ngolla ka maemo a boitšoaro le bolumeli a neng a tla bonahala nakong eo a e bitsang ‘mehla ea qetello.’ Ho ka ʼna ha etsahala hore ebe Timothea o ile a pholoha ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Ka ho totobetseng, Pauluse o ne a sa ngolle Timothea ka ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ea Sejode ea lintho, nako ea ho tloha ka 29 ho ea ho 70 C.E. Pauluse o ne a mo ngolla ka nako ea mehla ea qetello e neng e tla tla kamor’a ho timetsoa ha Jerusalema e bile e le e nkang karolo e khōlō ho feta ea batho ba Bajode, ke hore, ho ea likarolong tsohle tsa lefatše. Ruri bofetoheli ba Bajode ka 65 ho ea ho 70 C.E. ha boa ka ba phethahatsa polelo ea Pauluse e tlileng e sa le pele e ho 2 Timothea 3:1-5. Ha Bakreste ba bona “manyala a bofeliso,” makhotla a timetsang a Baroma, “a eme nqalong e halalelang,” kapa sebakeng se likolohileng tempele, ba ile ba baleha Jerusalema le Judea eohle, ho ea Perea.

BOLELELE BA ‘MEHLA EFE EA BOFELO?’

17. Haeba ho etsoa khang ea hore ‘mehla ea bofelo’ e lumellana le “Mehla ea Bokreste” kaofela ha eona ho tla fihlela kajeno, hona ho ne ho tla bolela eng ka bolelele ba nako?

17 Leha ho le joalo, liithuti tse ling tsa Bibele li ka ʼna tsa phea khang hore ‘mehla ea bofelo’ e akarelletsa “Mehla ea Bokreste” kaofela ha eona, ho tloha ka Pentekonta, ha Petrose a qotsa ho Joele 2:28-32, ho theosa ho tla fihlela kajeno (1981) le ho kenella nakong e tlang e sa tsejoeng. Joale, hoo ho ne ho tla bolela eng? Hona: Hoo ho thoeng ke Mehla ea Sejode ho ile ha qalehaka 1513 B.C.E., ha selekane sa Molao se theoa Thabeng ea Sinai, ho tla fihlela ka 70 C.E. Hoo ho nkile lilemo tse 1 582. Ha ho bapisoa, hoo ho thoeng ke Mehla ea Bokreste ho nkile nako e kae ka ho lekanngoa ho tloha ka pentekonta ea 33 C.E. ha moea o halalelang o tšolloa ʼme phutheho ea pele ea Bokreste e hlongoa Jerusalema ea boholo-holo? Hona joale e se e le lilemo tse fetang 1 947. Hona ho tla bolela hore ‘mehla ea bofelo,’ haeba e tsamaea ka nako e le ʼngoe le Mehla ea Bokreste, e feta Mehla ea Sejode ka lilemo tse makholo. Hoa makatsa, na ha ho joalo?

18. Kaha moea o halalelang o ʼnile oa tšolloa ho theosa le “Mehla ea Bokreste” kaofela ha eona ho sa tsotellehe bokoenehi bo boholo, khang ke efe ka polelo ‘mehla ea bofelo’?

18 Leha ho le joalo, ho ka ʼna ha etsoa khang ka mokhoa oa ho hanyetsa, Na hase “mehleng ea bofelo” moo ho neng ho tla tšolloa moea o halalelang, ʼme na ha o-oa tšolloa ntle ho khaotso ho sa tsotellehe bokoenehi bo boholo, ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho tla fihlela joale? Lilemong tsa morao tjena na ha ho teng ba ipolelang hore ba tlotsitsoe ka moea o halalelang, e le hore ba ikutloa ba tlamehile ho ja litšoantšetso tsa Selallo kapa Sejo sa Mantsiboea sa Morena? Ka ho utloahalang, na hona ha ho bolele ‘mehla ea bofelo’ ea Liketso 2:16-21 e le e thulanang le Mehla eohle ea Bokreste, ka nako ee e telele e sa khaotsang ea ho tšolloa ha moea oa tlotso?

19. Joele 2:28-30 e ile ea tobisoa ho bo-mang ka lekhetlo la pele, ʼme na ke pele ho ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea bona ea lintho Palestina e qaleha kapa mehleng eo boprofeta bo ileng ba phethahatsoa?

19 Ho ntse ho le joalo, re tlameha ho thulana le ʼnete ea hore nako ea mohau oa moea oa Molimo ho Bajode ba bolotseng e felelletse ka 36 C.E., ha Balichaba bao e seng Bajode ba sa bollang ba qala ho amoheloa ka phuthehong e tlotsitsoeng ka moea ea barutuoa ba Kreste. Hape, mehla ea tsamaiso ea Sejode ea lintho ka tempele ea bona e Jerusalema e ile ea tšoarella ka nakoana, ho fihlela ka 70 C.E. Boprofeta ba Joele 2:28-32, bo ileng ba tobisoa ka lekhetlo la pele ho Bajode ba bolotseng, ʼme pale ea Bibele e paka hore ho ile ha tšolloa moea oa tlotso “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ea Sejode ea lintho Naheng ea bona ea Pallo, ʼme e se pele ho ‘mehla’ eo. Mehla e joalo ruri e ne e se mehla ea bofelo ea ʼMuso oa Roma, ʼmuso oa lefatše oa botšelela oa pale ea Bibele. ʼMuso oo oa botšelela oa lefatše ha oa ka oa hlahlangoa ke ʼmuso oa lefatše oa bosupa (ʼMuso oa Manyesemane le likoloni tsa oona tsa Amerika) ho fihlela ka 1763 C.E. phethahatsong ea hloho ea bosupa ea sebata sa tšoantšetso sa Tšenolo 13:1-3, se neng se e-na le lihloho tse supileng le linaka tse 10.

20. Hona joale, ke lihlopha life tsa machaba tsa bopolotiki tse “mehleng ea bofelo” ea tsona ka ho sa hanyetsoeng?

20 Kajeno, ke ho ke keng ha hanyetsoa hore ʼMuso oa Manyesemane le Lichaba tsa oona tsa Selekane, le motlatsi oa oona Linaha tse Kopaneng tsa Amerika, li “mehleng ea bofelo” ea tsona. Tokisetso ea lichaba tsohle ea Machaba a Kopaneng eo mekha ena ea bopolotiki e leng eona babuelli ba ka sehlohong ba eona, e nang le litho tsa lichaba tse 152, ka ho tšoanang e “mehleng ea bofelo” ea eona. Ke ho sa utloahaleng hakaakang ho phea khang hore Mehla ea Bokreste e melelele ke ‘mehla ea bofelo’ e boletsoeng boprofeteng ba Joele!

21. Na ha hoa ka ha lumelloa ho ipheta hape ha nako eo ea ‘mehla ea bofelo’ bakeng sa boprofeta ba Joele ka moea o halalelang?

21 A theile taba ea hae linneteng tse neng li etsahala, moapostola Petrose a sebelisa boprofeta ba Joele karolong e qetellang ea tsamaiso ea Sejode ea lintho e Bochabela bo Hare. Empa Petrose o ne a sa bolele hore, leha e le hore eona Joele 2:28, 29 e bolela hore ho ke ke ha e-ba teng nako e joalo ea ‘mehla ea bofelo’ eo ka eona moea o halalelang o neng o tla tšolloa ka ho hlokomelehang, e lumellanang.

22. (a) Na litšobotsi tsohle tsa boprofeta ba Joele 2:28-32 li phethahalitsoe “mehleng ea bofelo” ea tsamaiso ea Sejode ea boholo-holo? (b) Na likarolo tsohle tse kopaneng tsa potso eo barutuoa ba ileng ba e botsa Jesu li ile tsa phethahala morao koo, kapa ho ne ho sa tla pakahatsoa eng?

22 Ho feta moo, seo Joele a hlileng a se bolela mabapi le ho tšolloa ha moea o halalelang, e leng mehlolo maholimong, lipontšo tsa lefatšeng, mali, mollo, mosi, lefifi la letsatsi, ho fetoloa ha khoeli mali, hoo hohle ha hoa ka ha etsahala “mehleng ea bofelo” eo moapostola Petrose a phetseng ho eona. Ka baka leo, hore Jehova ea bululetseng boprofeta a pakoe hore o na le ʼnete, ho sohle seo a se profetileng, ho tlameha hore ho be le nako e ʼngoe e bitsoang ‘mehla ea bofelo’ bakeng sa likarolo tsohle tsa boprofeta ba hae hore li phethahale. Linnete tsa pale li tlameha hore li totobale ho arabela potso eo baapostola ba bane ba ileng ba e botsa Jesu Kreste: “Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao [par·ousiʹa] le ea ho fela ha mehla ea kajeno?” (Matt. 24:3, phet. e ncha) Bopaki bo teng kajeno bo paka hore rōna ka bōrōna re phela phethahatsong ea kajeno ea ‘mehla ea bofelo.’ Empa ho tloha neng, hona hobane’ng? Potso ena re tlameha ho e ela hloko ka lipelo tse tšepahalang tsa rōna.

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 13]

‘Mehla ea Bofelo’ ea lilemo tse 41 e ile ea tšoaea bofelo ba lilemo tse 1 582 tsa Mehla ea Sejode

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 14]

‘Mehla ea Bofelo’ ho tloha ka 1914 e fihlisa tlhorong nako ea lilemo tse fetang 4 000 tsa tsamaiso eohle ea lefatše

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 15]

Nako e qetellang ea ‘Mehla ea Bofelo’ e-ea hlokahala ho phethahatsa Joele 2:28, 29 ka ho feletseng

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela