Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 maq. 3-8
  • Ho Qoba Tlokotsi ea ho Betoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Qoba Tlokotsi ea ho Betoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BONOKOANE BO PHAHAMANG KA POTLAKO
  • ITHUTE HO KHETHA
  • HO BONTŠA BOHLALE KAJENO
  • BOEMONG BA TAETSANO
  • HLOKOMELA
  • TSELA E MOLEMO HAHOLO LE E LOKETSENG
  • Seo e Leng ’Nete ka Peto
    Tsoha!—1993
  • Kamoo ho ka Sebetsanoang le Peto ka Katleho
    Tsoha!—1993
  • Kamoo Peto e ka Thibeloang
    Tsoha!—1993
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 maq. 3-8

Ho Qoba Tlokotsi ea ho Betoa

BATHO ba ka fumana molemo ka lintho tse ileng tsa etsahala. Empa tabeng ea peto, ho molemo hakaakang ho fumantšoa molemo ke se ileng sa hlahela ba bang, ho e-na le hore ho betoe uena. Re hopotse sena, ho phetoa liphihlelo tsena tse peli tsa ’nete bophelong.

Ngoanana e ne e le moroetsana e motle, setho sa lelapa le leholo le phelang metseng e ka thōko. Leha ho le joalo, o ne a sa khotsofalla botsoalle ba lelapa la’bo. O ne a itloaelitse ho tsamaea a le mong ho etela banana ba bang ba neng ba phela haufi le moo.

Hore na o ne a habile eng ka maeto ana ha hoa hlaka. Kamoo ho bonahalang o ne a mpa a thahasella ho ba le metsoalle e mecha ea banana. Leha ho le joalo a bonoa ke mohlankana oa moo. Hore na o ne a tloaelane le eena pelenyana ho moo, ’me a entse ho hong ho hohella mohlankana, ha ho tsebisahale. Ka lekhetlo lena, leha ho le joalo, mohlankana a mo qobella hore a be le likamano tsa botona le botšehali le eena.

Peto eo ho bonahala e sa ka ea nahaneloa pele, empa ho betoa ha ngoanana e mong ho ne ho nahanetsoe pele. Mohlankana e mong a lakatsa khaitseli ea hae ka malapa. Ka tsatsi le leng mohlankana enoa a ikulisa, a kōpa ntat’ae hore a rōmele khaitseli ea hae lapeng ho ea mo lokisetsa lijo. Ha ba le babeli, a mo shakarela. Ho sa tsotellehe ho ithapella ha ngoanana, moshemane a mo hlōla ’me a mo beta.

Ba bangata ho lōna le se le ile la bala ka lipeto tsena. Banana e ne e le Dina, morali oa Jakobo, le Tamare, morali oa Davida. Litlaleho li ngotsoe ka Bibeleng.—Gen. 34:1-7; 2 Sam. 13:1-14.

BONOKOANE BO PHAHAMANG KA POTLAKO

Peto e tloaelehile haholo kajeno. Ho bonahala lebaka le totobetse. Likamano tsa botona le botšehali le litoantšano li hlahisoa ho TV le libaesekopong, liea-lemoeeng, likoranteng, mamatjaneng a litsebiso. Metseng e meholo, libakeng tse ka thōko—kae le kae moo motho a ka eang—likamano tsa botona le botšehali tseo e seng tsa molao le litoantšano li teng. ’Me batho ba sebelisa seo ba se bonang le ho se utloa. Tlhaloso ea Bibele ka lefatše la mehleng ea pele ho moroallo ruri e tšoanela mehla ea rōna: “Bolotsana ba batho ba ba boholo lefatšeng, . . . ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.”—Gen. 6:1-5, 11; Juda 6, 7.

Ho bolaeana ka nako eo ho bonahala ho ne ho akarelletsa tlhekefetso ea likamano tsa botona le botšehali, joalokaha ho le joalo kajeno. “Peto e phahama ka potlako e khōlō ho feta bonokoane leha e le bofe Linaheng tse Kopaneng [tsa Amerika] kajeno,” kamoo ho hlokomelang The World Book Encyclopedia. “Ba boholong ba hakanya hore palo ea ’nete ea lipeto bonyane e imena hane ho palo e hlileng e tlalehoang.” Kaha lipeto tse tlalehoang li fihla ho hoo e ka bang 70 000 ka selemo, palo ea ’nete e ka ’na ea feta kotara ea millione. Hoo ho bolela hore ho betoa ka metsotso e meng le e meng e mene Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika.

Leha ho le joalo likamano tse ling tsa botona le botšehali tse etsoang ka ho qobelloa ha li beoe sehlopheng se le seng le peto. Ka sena, ea ithutetseng tulisano Richard Gelles oa Rhode Island Univesithi o hlalosa hore: “Ha ke nahane ka lenyalo leo ho lona monna a otlang mosali leo ho lona ho sa qobelloeng le likamano tsa botona le botšehali ka linako tse ling. Ho ka ’na ha e-ba teng lipeto tse 400 000 tse etsoang ka tlhekefetso manyalong selemo le selemo, empa haeba u akarelletsa peto e etsoang ka matla—ho tšosa ka mabifi—e ka baloa ka limillione tse seng kae.”

Empa ho bohloko haholo ke tlhekefetso ea likamano tsa botona le botšehali e etsetsoang bacha—hangata e le bana ba banyenyane haholo. Ba baloang ka mashome a likete ba oela kotsing selemo le selemo. Bukeng ea haufi tjena The Sex Offender, Bart Delin o ngotse hore: “Ho hakanngoa hore ngoanana a le mong ho ba tšeletseng o tla hlekefetsoa pele a fihla lilemong tse leshome le metso e tšeletseng.”

Mohlomong morali oa Jakobo Dina o ne a le tlase haholo lilemong ha a qobelloa ho ba le likamano tsa botona le botšehali. Ke hobane’ng ha Bibele e bolela ka bonokoane bo bobe joalo? Moapostola Pauluse oa arabela, a re: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta.”—Ba-Roma 15:4; 1 Ba-Kor. 10:11.

Ho ka ithutoa eng ka litlaleho tse joalo tsa Bibele?

ITHUTE HO KHETHA

Dina o ile a hlōloa ho khetha. Bibele e re o ne a “tsoa ho chakela baroetsana ba naha eo.” (Gen. 34:1) Baahi ba Kanana e ne e le batho ba boitšoaro bo bobe, liotsoa li le ngata bo sa ipateng. (Gen.34:31; 38:21) Ho bonahala ho se lebaka leo ka lona Dina a neng a ka tsoa ho ba har’a bona a le mong. Mohlomong batsoali ba hae ba ne ba mo hlokomelisitse ka ho tloaelana le banana ba naha eo. Haeba ho joalo, ha a ka a mamela, ’me ha isa khathatsong.

Ka ho tšoanang, baroetsana ba bangata kajeno ba betoa ka baka la hore ka ho sa hlokahaleng ba ikenye maemong a ho sekisetsa. Ba kopang ho palamisoa makoloi a sa lefelloeng ba etsa joalo. Sebakeng sa Oregon sa Multnomah ho tlalehoa ka motho ea betiloeng tsatsi le leng le le leng. ’Me halofo ea ba betoang ke banana ba banyenyane ba kopang ho palamisoa makoloi a sa lefelloeng!

Banna ba bangata ba ntse ba ipatlela feela motho eo ba ka bang le likamano tsa botona le botšehali le eena, ’me ba nahana hore mosali ea kopang ho palamisoa, o hlile o itlhahisa ka morero ona. Hona e se e le maikutlo a tloaelehileng. Ka mohlala, moahloli oa California, ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a qhala nyeoe ea peto, a ngola hore: “Ke ho utloahalang bakeng sa monna ea boemong ba moqosuoa hore a lumele hore mosali [ea kopang ho palamisoa koloi feela] a ka kena likamanong tsa botona le botšehali.” Maikutlo a joalo a ka ’na a utloahala a le sehlōhō a bile a fosahetse, empa a bontša kannete seo lefatše le leng sona kajeno.

Le hoja monna a se na tokelo ea ho qobella mosali hore a be le likamano le eena, tlas’a maemo leha e le afe, ho hlokahala hore basali ba lemohe hore na banna ba nka liketso tsa bona joang. Mora oa na ea ileng a beta Dina mohlomong o ile a nahana hore ho ’na a solla a le mong, Dina ke ngoanana ea boitšoaro bo hlephileng. Mohlomong a nahana hore maeto a hae hase feela ho bona metsoalle e meng ea banana, empa haholo ho tla bona eena. Joale a lumela hore Dina o fumane seo a neng a hlile a se hloka.

HO BONTŠA BOHLALE KAJENO

Ho hlokahala haholo kajeno hore basali ba qobe boitšoaro boo banna ba ka nkang hore bo ba memela hore ba be le likamano le bona. Frederic Straska, ea ithutileng le ea rutileng haholo ka peto, o hlokometse hore:

“Basali ba phephetsa banna ka ho sa tobang neng le neng ha ba etsa ho hong pontšeng ho etsang hore ba bang ba lumele hore ba bile kapa ba na le likamano tsa botona le botšehali le e mong. Ke bua haholo ka lipontšo tsa lerato tse etsoang pontšeng, empa ho teng lintho tse ling tse ka fanang ka maikutlo a joalo.

“Mehleng ena, bahlankana ba bangata le baroetsana ba lula hammoho ka tlung ntle ho molemo oa lenyalo, hoo e hlileng e leng taba ea bona. Empa ho ka ’na ha e-ba le banna ba bang ba nahanang kahosele. Banna bana ba lekanyetsa hore mosali ofe kapa ofe ea ithaopelang ho lula, ’me ka ho totobetseng ho robala le monna ea sa nyalanang le eena ke pontšo e bonoang habonolo.”

Ka baka la hlompho ea hao melaong ea Molimo ea boitšoaro, ntle ho pelaelo u ke ke ua lumela ho ba le likamano tsa botona le botšehali le monna eo u sa nyalanang le eena. Leha ho le joalo boitšoaro bo bong bo ka etsa hore batho ba nahane hore u mosali ea boitšoaro bo hlephileng. Ka mohlala, haeba u ka ea libareng tse itseng kapa Disco, moo ho eang basali ba boitšoaro bo belaetsang, banna ka ho utloahalang ba ka nahana hore le uena u mosali oa mofuta oo.

Hape, ho apara ka mokhoa o seng khabane ka liaparo tse bonaletsang ho ka sebeletsa e le phephetso kapa “mponeng” ho banna. Ntlheng ena, Bibele e na le keletso e nakong le ea bohlokoa haholo. E eletsa “basali le bona ba apare se lokelang.”—1 Tim. 2:9.

BOEMONG BA TAETSANO

Bohlale bo hlokahala haholo tabeng ea ho laetsana. Lipeto tse ngata, ba bang ba re ke boholo ba tsona, li etsoa ka linako tsena. Hobane’ng?

Pele ho tsohle, ke hobane mosali a ka ’na a tsoa le monna ea sa hlompheng melao ea Bibele ea boitšoara. A ka ’na a nahana hore mohlankana oa tšepahala hobane o ba teng libokeng tsa bolumeli. Empa hona, ka bohona, hase tiiso ea hore o phela kapa o sebelisa se rutoang ke Bibele. Le phuthehong ea lekholong la pele la lilemo ea Bokreste ho ne ho le teng batho ba nang le tšusumetso e fosahetseng. Ka ba joalo moapostola Petrose o ngolile: “Mahlo a bona a tletse bofebe . . . ba cheha meea e lika-likang.” (2 Pet. 2:14) Kahoo ke habohlokoa ho lekanyetsa sepheo sa ’nete sa mohlankana pele u tsoa le eena.

Ho feta moo, batho ba bangata ba nka ho laetsana e le papali, ho e-na le hore e be mokhoa oa ho tloaelana le eo u ka ’nang ua nyalana le eena. Empa hangata ho etsahala joang ha moroetsana a lumela ho ea sebakeng se thōko le mohlankana, mohlomong ba sunana le ho hakana? Ho banna ba bangata tsamaisong ea kajeno e se nang boitšoaro papali e joalo e etsoang pele ho likamano tsa botona le botšehali ke “tšepiso” ea likamano tsa botona le botšehali, ’me ba qobella mosali ho phethisa “tšepiso” eo. Le haeba mohlankana a rerile ho itšoara ka hlompheho, takatso ea likamano tsa botona le botšehali e tsosoang ke ho sunana le ho hakana e ka ’na ea imela boikemisetso ba hae bo botle ’me a ka ’na a qobella moroetsana.

Ho thoe’ng ka boikutlo ba ngoanana maemong a joalo? Ho joang haeba uena, u le moroetsana, u itlohella ho ameha boemong bo joalo le mohlankana eo u mo ratang? Ho ka baka mathata a kang a hlalosoang ke setsebi sa peto Straska: ‘Ka ’nete ea hore mohlomong u ke ke ua loanela hore u re che ho mohlankana empa hape le ho uena ka bouena, mohlomong u tla thatafalloa ke hore na e hlile ke peto kapa che. U ka ’na ua pikitla letsoalo la hao ka hore che ke eona.’

U se ke ua nahana hore u ka bapalla ho laetsaneng ua re ke papali, kapa ka tsela tse ling ua ipea boemong ba ho sekisetsa, ntle ho liphello tse mpe. Nako le nako baroetsana, ho akarelletsa le litho tsa phutheho ea Bokreste ba neng ba nahana hore ba tla tseba ho sebetsana le boemo, ba ’nile ba tsoa kotsi e mpe. Hlalefa. Etsa ka bohlale. Fumana molemo ka lithuto tsa Bibele, ’me u qobe maemo ao ho oona u ka amehang likamanong tsa botona le botšehali tseo e seng tsa molao.

HLOKOMELA

Hape u ithute ka phihlelo e bohloko ea Tamare, moroetsana ea ileng a qhekelloa ke khaitseli ea hae ka malapa Amnone hore a be moo ba leng bang moo a ileng a mo beta. Taba ena e bontša bohlokoa ba ho hlokomela, ho falimehela boitšoaro le boikutlo ba ba bang ho uena. Hoja Tamare o ne a hlile a lemoha pele boikutlo ba takatso boo Amnone a nang le bona bakeng sa hae, mohlomong a ka be a tsebile ho qoba ho kena boemong boo a ileng a kena ho bona.

Koana, ha ho bonolo hore moroetsana a lemohe lintho tsohle tse ka ’nang tsa hlaha. Ka mohlala, moroetsana e mong o ile a chakela motsoalle oa hae oa ngoanana ka mafelo-beke a mang lapeng habo. Hoseng, ha a sa robetse, motsoalle oa hae le ’mè oa hae ba ea mabenkeleng, ba mo sia a le mong le ntat’ae. Ntat’ae a kena ka kamoreng eo ngoanana a robetseng ka ho eona ’me a lula betheng ea hae. Eare ha a mo bolella hore o batla ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena, o ile a nyaroha le ho ferekana hoo a sa kang a loana ka tieo.

Leha ho le joalo, moroetsana a ka be a entse joang? Uena, joaloka mosali, u ka etsa joang ha motho a batla ho u beta? Ho teng lintho tse fapaneng tseo mosali a ka li etsang.a

TSELA E MOLEMO HAHOLO LE E LOKETSENG

Ho feta tsohle, a se ke a itlohella hore a tšosoe. Qalehong feela a hle a hlakise hore tlas’a maemo afe kapa afe a ke ke a lumellana le likamano tsa botona le botšehali. Baemeli ba Toronto Star, kamor’a ho etela litsi tse ’maloa tsa tlokotsi ea peto Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika le Canada, ba tlile ka sehlooho sena se tšoanang:

“Nako ea bohlokoa haholo tabeng ea peto ke motsotso oa pele. Haeba mosali a sa loane ka ’mele le kelello ka nako ena, menyetla ea hae ea ho qoba tlhaselo ea botšehali e nyenyefala haholo.”

Setsi sa Tlokotsi ea Peto sa Cleveland se ile sa hlalosa hore:

“Ea betang o hlahloba pele eo a tlang ho mo beta ho bona hore na boikutlo ba hae e ka ’na ea e-ba bofe. Ha a batle khathatso; o rata ho kenya mosali matsoalong ka ho khutsitseng. Ha mosali a bonahala a tšohile, o hlekefetsoa habonolo. Ha a lumella taba hore e tsoele pele halelele, le khathatso ea hae e ba telele hakaalo.”

Kahoo moroetsana ea boletsoeng ka holimo a ka be a ile a loantša tšoso ea peto hang-hang, ka mokhoa o tiileng, le o feletseng, e seng joaloka motho ea mong ea iphapantseng ea batlang karabelo. Mohlomong a ka be a ile a re: “U ne u tla nahana joang hoja hona ho etsahalla morali oa hao? Ba bang ba nahana hore ’na le morali oa hao re tšoana haholo.”

Le haeba katamelo eo e ne e ke ke ea emisa bothata, haeba eena, ho tloha qalong, a ne a bontšitse hore o hlile o hana ka matla le hampe feela, ntle ho pelaelo o ne a ka qoba ho betoa. Susan Brownmiller, ’muelli e moholo oa taba ea peto, oa hlalosa:

“Ba betang ba betefala ha puisano e ntse e tsoela pele. Ho hlile ho joalo. Mabakeng a mangata, mohlaseli o qala a sa sireletseha haholo ho feta kamoo ea hlaseloang a ka lumelang. Haeba a fumana hore o kentse mohlaseluoa oa hae matsoalong ka ho feletseng, o ba le tšepo e ngata.”

Morao koana ka 1974, makasine ea Tsoha! e ile ea hlalosa kamoo monna a ileng a kenya litlamong ka sethunya ba babeli ho Lipaki tsa Jehova kamoreng ea hotele. Ha a re o tšoara “zipper’’ ea hempe ea ngoanana e mong, ngoanana eo a re: “Che! Che! E seng joalo!” A mo bolella hore haeba a ka mo tšoara o tla bokolla ka mokhoa oo a e-song ho o utloe le ka mohla. A mo bolella hore haeba a ka etsa joalo ho ka senya kamano ea hae le Jehova Molimo le phutheho ea Bokreste. (Bapisa Deuteronoma 22:22-29.) A mo laela ka matla: “U se nkame leha e le ho atamela pel’a ka” ha emisa ea betang sebakana.

Moroetsana enoa a etsa ntho e loketseng ho ea ka Mangolo, eo ntle ho pelaelo e hlileng e leng ntho e molemo haholo e ka etsoang. Mosali oa Mokreste o tlameha ho hana, kaha khang ea ho utloa molao oa Molimo oa ‘ho tšaba bofebe’ e-ea ameha. (1 Ba-Kor. 6:18) Ho hang ho ke ke ha lokela ho eena hore a ineele ka boithatelo ho ea betang.

Ka baka leo re ka ithuta ho hongata ka ho qoba peto ka liphihlelo tsa mehleng ea boholo-holo ea Bibele le tsa batho ba phelang kajeno. Kaha peto ke bonokoane bo hōlang ka potlako e khōlō libakeng tse ling, ruri ke bohlale hore basali ba nahane ka seo ba ka se etsang ho hana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa lintlha tse ling tsa puisano ena, bona tokollo ea July 8, 1980 ea Tsoha! ea Senyesemane

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Dina a etsa setsoalle le batho ba sa sebeletseng Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Tamare a tlontlolloa ke ho betoa ke khaitseli ea hae Amnone

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho kōpa ho palamisoa koloi ho ka ba kotsi

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Qalehong feela, mosali a hle a hanele ea betang ka kotloloho, a bokolle haeba ho hlokahala

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela