Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 4/15 leq. 14
  • Na Bolumeli ka Lipolotiking ke Tsela ea Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli ka Lipolotiking ke Tsela ea Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Armageddone—Seo e Seng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Armageddone—Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Kereke e Tla Etsa se Boletsoeng ke Mopapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Armagedone—Ke Qaleho ea Nako e Thabisang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 4/15 leq. 14

Na Bolumeli ka Lipolotiking ke Tsela ea Molimo?

● Koranta ea Memphis, Tennessee, “Commercial Appeal” e tlalehile hore ha moprista ea tsebisahalang oa Baptist Adrian Rogers a botsoa ka boemo ba hae ka taba ea “ho ikenya ha baruti lipolotiking,” o itse: “Ha ke lumele hore Molimo o ne o ka emisa ’muso e be o bolela hore batho ba hae ba se ikamanye le oona.” Moprista o itse: “Re tla bona ba-evangeli ba bangata ba kenella ka matla litabeng tsa lipolotiki ’me batho ba bang ba tla batla ho ba ofising tsa ’muso, ’me ke nahana hore ba lokela ho etsa joalo.”

Empa ha ho temana leha e le efe moo Jesu a ileng a khothalletsa balateli ba hae ho kenella lipolotiking, boemong ba sena o itse: “Ha se karolo ea lefatše, joaloka ha le ’na ke se karolo ea lefatše.” (Joh. 17:14, NW) Hape, Satane Diabolose o ile a nea Jesu “mebuso eohle ea lefatše.” Empa Jesu a e hana, le hoja a ka be a ile a etsa molemo o fetang ’musi leha e le ofe ka matla a joalo. ’Me haholo-holo Jesu o ile a hlokomela hore Bibele e bolela hore Diabolose ke “molimo oa lefatše lena.”—Luka 4:5-8; 2 Ba-Kor. 4:4.

Haeba e ne e le morero oa Molimo ho tlisa khotso le tšireletseho ka ’muso oa lipolotiki oa lefatše lena, litsamaiso tsa moruo le bolumeli ba bohata, a ka be a entse joalo khale. Empa o joalo hase morero oa hae. Boemong ba ho etsa joalo, o tla felisa litsamaiso tse joalo le ho tlisa “lefatše le lecha” (tsamaiso e ncha ea batho) “moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Pet. 3:12, 13.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela