Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 6/15 maq. 15-20
  • Seo e ka Beng Ebile Bophelo ba Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo e ka Beng Ebile Bophelo ba Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karohano Pakeng tsa Bojakane le Mooki ea Hlokoang
  • Letsoho la Jehova ha Lea Khutsufala
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Sabbatha
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Bakreste ba Lokela ho Boloka Letsatsi la Phomolo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Bakreste ba Lokela ho Boloka Sabatha?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 6/15 maq. 15-20

Seo e ka Beng Ebile Bophelo ba Batho

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala ngaka ea lefatše, ’me ke molao ofe o qotsitsoeng ke Kreste o sebetsang litsebing tsa bongaka le mekha ea bophelo?

BOPHELO BA batho bo boemong bo bobe! Ho feta neng kapa neng ho hlokahala ngaka ea lefatše, kaha ho ntse ho sibolloa maloetse a macha ’me a bolaea batho. Lekala la bongaka le mekhatlo ea bophelo, li kopane kaofela, li sitiloe ho ba ngaka ea lefatše e tsebang ho phekola maloetse ’ohle a lefatše. Re ke ke ra ho lebella ka mokhoa o mong, hobane molao oa sebetsa: “Ngaka, u ipholise.” Ke mang ea neng a bua joalo? Monna ea neng a phekola maloetse a mefuta eohle, a bile a tsosetsa motho bophelong kamor’a matsatsi a mane a shoele. Monna ea nang le tlaleho e joalo ea bongaka ke Jesu Kreste. (Luka 4:23; Mar. 6:4-6) Lefu la hae ka 33 C.E. le ne le sa tsoaloe ke lintho tsa tlhaho. Le tsoile matsohong a babolai. (Lik. 7:52) Bophelo ba batho bo ka be bo le joang kajeno hoja ba mo amohela morao koo?

2, 3. (a) Ke potso efe eo re e botsang ka Jehova e le Mooki? (b) Jehova a tlisetsa Egepeta ea boholo-holo eng hore a lopolle batho ba hae, ’me a lemosa Baiseraele ka eng ha ba sa mamele lentsoe le hae?

2 Ho khutlisetsa potso morao hape, rea botsa, Taba e ka be e le life hoja batho ba amohela litšebeletso tsa Ea ileng a bua tjena ho batho ba hae ba khethiloeng mehleng ea moprofeta Moshe: “Ke ’na Jehova, mooki oa hao”?—Ex. 15:26.

3 A shebile ho lopolloeng ha batho ba khethiloeng ba hae bohlankeng Egepeta oa boholo-holo, Jehova a otla naha eo ka likotlo tsa mohlolo. Hamorao a tlosa likotlo tsa pele tse robong. A kenya batho ba hae ba lokolotsoeng selekaneng sa bosechaba se neng se tla sebeletsa molemo oa bona ’meleng, kelellong le moeeng. A sebelisa Moshe ho hlokomelisa Baiseraele bao ka se neng se tla latela haeba ba ntse ba tlōla molao oa selekane seo, a re: “Hape, Jehova o tla u hlahisetsa lipabo tsohle le likotsi tsohle tse sa ngoloang bukeng ea molao ona, u be u fele. Le tla sala le se bakae, leha pele le ne le le ka ka linaleli tsa leholimo ka bongata; kahobane u tla be u hanne ho utloa lentsoe la Jehova, Molimo oa hao.—Deut. 28:61, 62.

4, 5. (a) Kaha Bajode ba pholohileng ba tsoella hampe hakana kajeno, ke potso efe eo re ka e botsang ka se neng se tšoantšetsoa ke Iseraele? (b) Ka ho lokisa litsela tsa bona, taba e ka be e bile efe ho ea ka Esaia 58:9-12?

4 Kajeno hase Bajode ba limillione ba ntseng ba phela ba jeoang ke maloetse a ’mele, re sa bue ka ho se tsitse kelellong, bolumeling, kahisanong le moruong, empa hape ke batho bohle ba joalo. Ntlheng ena le bona Bojakane ha bo molemong oa letho ho Bajode ba tlhaho. Ha e le hantle, Bojakane bo ikarabella haholo ho Molimo. Haeba Iseraele ea boholo-holo e ile ea tsoella hampe hakana ka baka la ho se lokise litsela tsa eona kamoo Jehova ka Esaia a neng a ba boleletse hore ba etse, re ka lebella hore Bojakane bo tsoelle joang qetellong, le hona e le haufi? Ho ka beng ho etsahetse, moprofeta Esaia o ho ngola ka mantsoe ana:

5 “Ke moo u tlang ho bitsa, ’me Jehova o tla araba; u tla hoeletsa ho eena, ’me o tla re: Ke ’na enoa. Ha u fela u lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monoana [ka ho nyelisa, kapa ka ho nyatsa], le ho etselletsa; ha u hauhela ea lapileng, u khorisa moea o fumanehileng, ke moo leseli la hao le tla chabela lefifing, ’me lefifi la hao le phatsime joale ka letsatsi la motšehare. Jehova o tla u tsamaisa ka mehla; o tla kholisa moea oa hao mohl’a manyora, a nontše masapo a hao; u tla ba joale ka serapa se nosetsoang, le joale ka seliba seo metsi a sona a sa psheng. Litloholo tsa hao li tla tsosa masupi a boholo-holo; u tla tsosa metheo ea khale, ’me u tla reoa motsosi oa likheo, le molokisi oa literata tse ka ahuoang.”—Esa. 58:9-12.

6. Leseling la menyetla e neng e beiloe ka pel’a Iseraele ea mehleng ea Esaia, re khanneloa ho botsa potso efe ka menyetla tabeng ea se neng se tšoantšetsoa kajeno?

6 Boemo ba sechaba sa Iseraele ea boholo-holo e ka be e bile bo bokaakang hoja ea latela keletso e boletsoeng ka ho hlaka ea Jehova! Ka baka la matla ’ohle a hae o ne a ka hlahisa maemo ao a itseng a tla latela haeba Iseraele e tlosa ho eona lintho tse nyatsehang tse neng li ba ntša kotsi bona le kamano ea bona ea selekane le Molimo. Ka ho se etse joalo, Iseraele ea hatela pele tšenyehong. Ho ileng ha sisimosa ke phihlelo ea khalemelo eo Iseraele e fetileng ho eona lekholong la lilemo kamor’a ho profeta ha Esaia. Leseling la seo sohle e le pontšo, re khanneloa ho botsa, Ho thoe’ng ka se neng se tšoantšetsoa ke Iseraele, Bojakane? Boemo ba bophelo ba tulisano, moruo, boitšoaro le bolumeli e ka be e bile bofe hoja ba amohela moriana ho Mooki oa leholimo, Jehova, ’me ba amohela molaetsa oa ’Muso o ’nileng oa boleloa ke lipaki tsa hae tsa Bakreste ka nako e fetang lekholo la lilemo joale?

7. Ke mohlala ofe o phelang kajeno oo re nang le oona oa se ka beng se etsahalletse Bojakane?

7 Se ka beng se hlahetse Bojakane se tšoantšelitsoe. Joang? Ka se etsahetseng kajeno ka bao ba neng ba tšoantšetsoa ke bara ba Esaia, “bana” bao Jehova a neng a mo file bona le bao Jehova a ba sebelisitseng ho netefatsa barutuoa ba tlotsitsoeng ka moea ba Jesu Kreste. (Esa. 8:18; Ba-Heb. 2:13) Ka lilemo tse fetang 65 ba tsebahalitse lefatšeng hore ’muso oa Jehova oa Messia hona joale o lehetleng la Mora oa Molimo ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste, e le Morena oa khotso. (Esa. 9:6, 7) Kahoo ba lelekile botšo bo sithabetsang bo koahetseng lefatše lohle ho makholo a likete a batho ba tsietsoeng. Ka litaba tsa ’Muso joalokaha li hlile tsa boleloa ke Jesu ho Mattheu 24:14 ba ’nile ba fepa ba lapileng moeeng ka ho hong ho bolokang bophelo ho feta lijo tse bonahalang. Bana ba hlahetsoe ke pheko ea moea.

8. Ba folileng moeeng joale ba ela hloko mantsoe afe a mang a Jehova, ka Sabbatha, har’a litšepiso life?

8 Bohle ba folileng moeeng hona joale ba hlokomela mantsoe a eang pele a Jehova a tataiso ao Iseraele ea boholo-holo e sa kang ea a ela hloko: “Ha u ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya sabbatha, ua tela mosebetsi oa hao ka letsatsi la ka le khethehileng; ha u ka bitsa sabbatha letsatsi la thabo, letsatsi le khethehileng la Jehova ua le bitsa khahliso ea hao, ua le hlompha ka ho lesa ho ea ka litsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi oa hao, le ka ho se bue litaba tsa lefeela; ke moo u tla ithabela ho Jehova, ’me ke tla u haolisa liphahameng tsa naha joale ka eka u kaletse pere; u tla ja lefa la Jakobo, ntat’ao moholo, hobane molomo oa Jehova o boletse joalo.”—Esa. 58:13, 14.

9. Na Bakreste ba ineetseng le ba kolobelitsoeng hona joale ba tlas’a tokisetso ea Sabbatha sa beke le beke, ’me ba atamela nako efe ea Sabbatha ka potlako?

9 Bakreste ba ineetseng le ba kolobelitsoeng, ba kang Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, ha baa tlameha ho boloka Sabbatha sa beke le beke se qalang ha letsatsi le likela Labohlano ’me le felella ha letsatsi le likela Moqebelo, kaha ha ba tlas’a sehlopha sa melao e neiloeng ’muelli Moshe. (Ex. 20:1-11) Leha e le hore Jesu Kreste, ’Muelli oa selekane se secha, o kile a laela barutuoa ba hae ho boloka Sontaha e le letsatsi la Sabbatha. Ba tseba hore ba phela letsatsing la bosupa la beke ea pōpo ea Jehova Molimo, eo ka eona a phomotseng mesebetsing e tobileng ea pōpo mabapi le lefatše la rōna. (Gen. 1:1 ho ea ho 2:4) Liketsahalo tsa lefatše hammoho le tatelano ea nako ea Bibele li bontša hore hona joale re potlaketse ho ba haufi le nako ea puso ea lilemo tse sekete ea Jesu Kreste hore e qalehe. Puso ea hae ea lilemo tse sekete bakeng sa ho hlohonolofatsa batho bohle e tla nka lilemo tse sekete tse qetellang tsa letsatsi la phomolo kapa letsatsi la Sabbatha la Jehova la lilemo tse likete tse supileng. Puso ea Kreste e tla ba letsatsi la Sabbatha la thabo e fetisisang bakeng sa batho bohle.

10. Na “sabbatha ” sa Bojakane ea beke le beke ke ea Bibele, ’me e sebelisoa haholo ka morero ofe kajeno?

10 Ka lilemo tse fetang 1 500 Bojakane bo ’nile ba boloka Sontaha e le ho kang sabbatha ea Bokreste. Empa Sontaha ha se Bokresteng kapa Bojodeng. Joalokaha lebitso la sona le bontša, ha e le hantle ke letsatsi la phomolo la bohedene le ketekeloang molimo oa letsatsi. Bojakane kajeno ho hang ha bo boloke Sontaha sa bona e le letsatsi la phomolo ho hlompha Jehova le molemong oa ’mele oa motho. Karolong e khōlō, bo iphumantša molemo oa lona e le letsatsi la lipapali, lipikniki, ho ea matlong a boithabiso, le liketso tse ling tseo e seng tsa bolumeli le boithabiso ba boithati, re sa re letho ka papali ea chelete le liketso tse sa tšoaneng tsa boitšoaro bo bobe.

11. Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li boloka “sabbatha” ea ’nete joang ’me kahoo ba lumellana le mohlala oa hae?

11 Se bolokoang ke Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ke “sabbatha” se tsoelang pele ho Jehova Molimo. Joang? Ka ho phomola kapa ho tlohela mesebetsi ea bona ka boiteko ba ho itokofatsa pel’a Molimo le ho fumana poloko ea bona ea ka ho sa feleng. Ka tumelo ba ipea molemong oa topollo ea sehlabelo sa topollo sa Kreste e le motheo bakeng sa poloko ea bona ea ka ho sa feleng. Ka tsela ena ba iketsa hore ba lumellane le “letsatsi” le leholo la bosupa la Beke ea Pōpo la Jehova, “Letsatsi” la tšoantšetso leo a phomotseng ka lona.

12. ‘Phomolo ea sabbatha’ ea kajeno e “saletseng” batho ba Molimo ke efe, ’me kahoo Lipaki tsa Jehova li sebelisa sabbatha sa Sejode le Sontaha ea Bojakane joang?

12 Ka ho phomola ha Bakreste ka tumelo ka “sabbatha” ea Jehova ea lilemo tse likete tse supileng, rea bala: “Hobane ha o bolela letsatsi la bosupa, o itse lengolong le leng: Molimo o phomotse mesebetsing eohle ea oona ka letsatsi la bosupa. . . . Ha ho le joalo, phomolo e teng e saletseng sechaba sa Molimo. Hobane ea keneng phomolong ea oona, le eena o phomotse mesebetsing ea hae, joale ka Molimo ha o phomotse mesebetsing ea oona.” (Ba-Heb. 4:4-10) Lipaki tsa Jehova li phomola ka tumelo sehlabelong sa Kreste e le tokisetso ea Molimo bakeng sa poloko. Kahoo ka letsoalo le letle li ka sebelisa sabbatha ea Sejode le Sontaha ea Bojakane ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ka ntlo le ntlo.

Karohano Pakeng tsa Bojakane le Mooki ea Hlokoang

13. Ho ea ka Esaia 59:1-4, ke botišoaro ba mofuta ofe ba batho ba ipolelang hore ke ba Molimo bo entseng karohano pakeng tsa oona le bona?

13 Se ka beng se etsahalletse Bojakane ho e-na le seo bo leng sona kajeno hase hobane Molimo o matla ’Ohle o haelloa ke matla. Ke hobane’ng he, ha poloko e sa ka ea tlela Iseraele ea boholo-holo, ’me, tumellanong le seo, ke’ng ha e sa tlela Bojakane kapa lefatše ka kakaretso? Lebaka le fanoa ka mantsoe ana: “Bonang, letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa, le litsebe tsa hae ha lia thibana, hore a sitoe ho utloa; empa ke litlolo tsa lōna tse entseng lerako le le arohantseng le Molimo oa lōna, ke ka baka la libe tsa lōna sefahleho sa oona se siretseng ho lōna, o be o sitoe ho le utloa. Hobane matsoho a lōna a khanathetse mali, menoana ea lōna e litšila ke bokhopo; melomo ea lona e bolela mashano, maleme a lōna a bolela tsa bolotsana. Ha ho ea pakang ho loka, ha ho ea emelang ’nete; ho tšepuoa lefeela, ho boleloa leshano; ba emola bolotsana, ’me ba tsoala bokhopo.”—Esa. 59:1-4.

14. Ho tšoana le Iseraele ea mehleng ea Esaia, ke hobane’ng ha Bojakane ba lekholong la bo20 la lilemo bo ke ke ba itlhatsoa lekhotleng le halalelang la toka?

14 Ho bona ka tsela eo ho seo Iseraele e neng e le sona mehleng ea Esaia ha senola lintho tse ngata. Jehova o ne a ka atamella haufi le batho ba sechaba se joalo joang kapa a ba hlohonolofatsa? Sechaba ke sona se neng se etsa selomo pakeng tsa sona le eena. Ho joalo ke ’nete ka selomo se pakeng tsa hae le ba ipolelang hore ke batho ba hae, ba Bojakane. Matsoho, menoana, melomo, leleme kaofela li kopanela ho se sebe, ka kotsi ho Bojakane ka bobona. Kamor’a lintoa tse peli tsa lefatše, matsoho a bona ha a lutle mali a batho feela, empa bo lokisetsa ho tšolla mali a batho haholo, mohlomong ka lekhetlo le latelang ka liqhomane tse kotsi ka ho fetisisa ntle ho mekhoa e meng ea bobatana ea ho baka lefu le sisimosang ho batho ba se nang palo. Ruri ho isa ha bona mathata a machaba ho Machaba a Kopaneng kapa Lekhotla la Machaba la Toka le sebakeng sa The Hague, Netherlands, ha ho tšoane le ho isa litaba lekhotleng le halalelang la toka ‘ka botšepehi’ pel’a leholimo lohle le lefatše. Lekhotleng le joalo le halalelang Bojakane bo ke ba itlhatsoa ho hang!

15, 16. Ka se emoloang machabeng, ke eng se tla hlahisoa ka tlhaho, le lipuisano tsohle tsa bonqosa ke ho boleloa le ho rera eng?

15 Ho Machaba a Kopaneng lichaba tseo e seng tsa Bokreste li se li feta lichaba tsa Bojakane ka palo. Leha ho le joalo basebeletsi ba bolumeli le baeta-pele ba bona ba shebile ’muso oo oa Molimo oa maiketsetso e le “oona tšepo feela ea lefatše” ’me ba sebetsa le ho nka bohato joalokaha eka ho joalo. Haeba hona hase taba ea ‘ho tšepa lefeela,’ ebe ke eng? Puo eohle ea pontšeng le ea lekunutung ea ho itšetleha ka Machaba a Kopaneng le mekhatlo e meng e entsoeng ke motho ea khotso le tšireletseho ea lefatše—na hona hase ‘ho bolela leshano,’ haholo ka lehlakoreng la Bojakane? Ho seng joalo, puo ena eohle ea booatla e ipakile e le eng?

16 Kaha ke “bolotsana,” e seng likamano tsa khotso le Jehova Molimo, bo emoloang ke machaba ke “bokhopo” feela bo ka lebelloang hore bo hlahisoe. E tlameha ho ba ‘ngoana ea khathatso’ hakaakang! Maikutlong a Jehova, puisano eohle ea manqosa a lichaba pakeng tsa lichaba, tsa Bokreste le tseo e seng tsa Bokreste, e bile feela ho bua ‘leshano’ le ‘ho bolela tsa bolotsana.’

17. Ho tšoana le ha batho ba ipolelang hore ke ba Molimo ba kenngoa chefu ka eng, ’me ke hobane’ng ha tsela eo ba e nkileng e sa fana ka tsela e sireletsehileng ho batsamai?

17 Kajeno batho ka hare ho Bojakane le ka ntle ba kenngoa chefu, e seng feela ka metsoako, empa le moeeng. Ho ea ka Esaia 59:5-8, babelaeli ba ka re pel’a Molimo, Moahloli oa bohle: “Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba seokho; ea jang mahe a bona o tla shoa; ekare ha le leng le pshatloa, ho tsoa marabe. Bolepo ba bona bo ke ke ba etsoa liaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ea bona, hobane mesebetsi ea bona ke mesebetsi ea bolotsana; khalefo le tšenyo li matsohong a bona. Maoto a bona a mathela bobeng, ba potlakela ho tšolla mali a se nang molato; mehopolo ea bona ke mehopolo ea bolotsana; tšenyo le timetso li litseleng tsa bona. Ha ba tsebe tsela ea khotso, ho loka ha ho eo mekhoeng ea bona; ba iketselitse litsela tse khopo; e mong le e mong ea tsamaeang ho tsona ha a tsebe khotso.”

18. Bojakane e bile mohlala oa mofuta ofe mabapi le ho boloka khotso?

18 Haeba Bojakane bo ke ke ba e-ba le khotso ho bona, re ka lebella lefatše ka kakaretso hore le etse joalo joang? E bile mohlala o mobe, o emelang hampe seo Bokreste ba ’nete bo leng sona. Bo ahlamisitse molomo ho ipiletsa bakeng sa khotso le tšireletseho, empa ruri ho itlhomella ha bona haholo bakeng sa ntoa ka ho belaella bao bo ahisaneng le bona lefatšeng hase tsela e hlekelang ’mila oa khotso.

19. Boikaketsi bo Bojakaneng bo felletse ka eng mabapi le toka le ho lemoha tsela e nepahetseng?

19 “Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rōna,” moprofeta oa Jehova Esaia o tsoela pele, a re, “’me ho loka ho sa fihle ho rōna; re lebeletse leseli, ’me bonang, ke lefifi; re lebeletse khanya, ’me re tsamaea botšong. Re sika le lerako ka ho phopholetsa joale ka lifofu, re phopholetsa joale ka hola re se na mahlo; re khopjoa motšehare joale ka hoja e le bosiu; leha re le makhulong a nonneng, re tšoana le bafu.

20. (a) Na ho tsohelana matla, litlōlo le libe tsa Iseraele e ne e le ntho e totobetseng? (b) Kahoo, tlas’a maemo, toka, ho loka le ’nete li ile tsa tsoella joang?

20 Re bokolla bohle joale ka libere, re lla joale ka maeba-khoroana; re lebeletse ho loka, ’me ha ho hlahe, re lebeletse le poloko, ’me ea re balehela. Hobane litlōlo tsa rōna li atile pel’a hao, libe tsa rōna lia re nqosa, etsoe re ikutloa litlōlo tsa rōna, ’me re tseba libe tsa rōna; e leng ho koeneha le ho latola Jehova, le ho furalla Molimo oa rōna; ho bolela lipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tsoala lipolelo tsa leshano lipelong tsa rōna. Tokiso e suthiselitsoe morao, ke hona, ho loka ho eme hole le rōna, hobane ’nete e oele lepatlelong la motse, ’me ho loka ho sitoa ho kena. ’Nete ea hlokahala, e mong le e mong ea tšabang bobe oa tlatlapuoa.”—Esa. 59:9-15; Ba-Roma 3:15-18.

21. Tlhaloso eo ea Iseraele mehleng ea Esaia e lumellana hantle le eng kajeno, ’me batho ba ne ba ka ba le tebello e molemo joang?

21 Tlhaloso eo ea boholo-holo e tšoanela boemo ba Bojakane hakaakang kajeno? Ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918 Lipaki tsa Jehova ke tse tsebahalang haholo lefatšeng, ho sa tsotellehe mahloriso a bohloko. Ho thoe’ng hoja molaetsa oa ’muso oa Jehova o matsohong a Kreste ea tlotlisitsoeng o ne o nketsoe bohato bo botle ho e-na le ho hanyetsoa ka bolotsana le ka ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle? Bophelo ba batho bo ka be bo le molemo hakaakang hona joale ka litsela tsohle, haholo ba Bojakane! Batho ba ka be ba e-na le tebello e khanyang hakaakang!

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela