Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 7/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso “o ke Keng oa Senngoa le ka Mohla”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 7/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

● Na ho lokela ho etsoa phapang pakeng tsa ’muso oa Molimo le ’muso oa Kreste? Hape, ereka ha moapostola Petrose a bua ka ‘’muso o sa feleng oa Jesu Kreste, Morena le ’Moloki oa rona,’ ho tla joang hore borena ba Jesu bo fele nakong eo a “busetsang ’muso ho Molimo Ntate”?—2 Pet. 1:11; 1 Ba-Kor. 15:24.

Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapela, “Ho tle ’muso oa hao [Ntate].” (Matt. 6:9, 10) ’Muso o boleloang mona ke oa Molimo, empa Jehova, “Morena ea se nang ho fela,” o neile Mora oa oona ea ’notši ea ratehang matla a borena ka nako e lekanyelitsoeng hape le bakeng sa merero e itseng. Nakong eo Jesu o sebeletsa e le moemeli ea ronngoeng ea tsoang letsohong le letona la Ntat’ae.—1 Tim. 1:17; Pes. 110:1, 2; Dan. 4:17.

Hobane mora oa moea a ile a iketsa mofetoheli ’me a tsejoa e le Diabolose, le ka baka la bofetoheli ba batho ba pele lefatšeng, Jehova o ile a lokisetsa ho bonahatsa ka tsela e ncha borena ba hae. O ne a tla etsa sena ka “peō” e tšepisitsoeng. (Gen. 3:15; Ba-Ef. 1:8-12) Letsatsing la lefu la hae Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore: “’Me ’na ke le nea ’muso, joale ka ha ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka ’musong oa ka.” Leha ho le joalo Ntate o ne a tla khetha ba neng ba tla busa le eena le ho ba abela libaka tsa bona ’Musong.—Matt. 20:23; Luka 12:32; 22:29, 30; Ba-Roma 8; 16, 17.

Hobane a khethetsoe ho busa, hammoho le marena a mang a 144 000, ho boleloa hantle ha hothoe Jesu o na le ’muso, o bitsoang ’muso oa Bomessia. Daniele o ile a bontšoa pono ea ho kena ha Jesu boemong ba hae le “bahalaleli,” ha a re: “A fihla ho Moholo oa matsatsi [Jehova], a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa. . . . Borena, le puso, le matla a mebuso eohle e ka tlas’a maholimo kaofela, li tla neoa sechaba sa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.”—Dan. 7:13, 14, 27.

Borena bona bo khethuoeng bo latela tokisetso ea Jehova ea borena kapa ’muso, kahoo ha Jesu a qala ho busa e le Morena oa Bomessia, mantsoe leholimong a utloahala a re: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rona [Jehova] le oa Kreste oa hae, ’me o [Jehova] tla busa ka ho sa feleng.” Ka baka leo, ’muso oa Messia o fumana matla le borena ba oona ho Jehova, ’Musi oa Bokahohleng oa pōpo eohle.—Tšen. 11:15; 4:11; Joh. 5:19, 30.

Kamor’a hore a tsosoe, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ile a ema ka letsohong le letona la Ntate oa hae ho fihla ka nako e loketseng hore a qale ho busa ho tsoa leholimong, a buse batho bohle. (Lik. 2:32-36; Ba-Heb. 10:12, 13) Hona ho tsamaisana hantle le mantsoe a ileng a utloahala leholimong a re: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rona, le matla a Kreste oa oona.” (Tšen. 12:10; bapisa 11:17, 18.) Ho boleloa hore Jesu, le ba bang ba khethuoeng har’a batho, bao palo ea bona e leng 144 000, bao e leng majalefa, “e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšen. 20:6; 14:1, 3.

Bofelong ba lilemo tse sekete, batho bohle ba ileng ba ithuela melemo ea ’Muso ba tla be ba phethahetse pel’a Molimo. Ba tla tšoana hantle le Adama pele ho hore a etse sebe. Hobane joale Jesu o tla be a phethahalitse morero oa Molimo bakeng sa hae, o tla ‘busetsa ’muso ho Molimo Ntate.’ (1 Ba-Kor. 15:24-28) Ho ke ke ha boela ha e-ba le ’muso o mong o katlase ho oa Molimo pakeng tsa Jehova le batho kamor’a nako eo. Litšobotsi tsa ’muso oa Messia lia fela, empa ’muso oa Jehova o hlola ka ho sa feleng. Borena ba Kreste le ’muso oa majalefa a hae ‘bo ke ke ba senyeha ka ho sa eeng kae’ ’me ’bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng.’ (Dan. 2:44) Matla a khethehileng a borena a ileng a fanoa a tla boela a nkoe ke Jehova. “Ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”—1 Ba-Kor. 15:28.

Melemo e tla tlisoa ke ’Muso oo ka Kreste e tla ba e “sa feleng,” le hoja ’muso oona o bile teng ka “nako e bolelele bo itseng” ho ea ka khopolo e ’ngoe ea lentsoe la Segerike ai·oʹni·os le sebelisitsoeng ho 2 Petrose 1:11. Ha ho lekanyetsoa, puso ea hae ea lilemo tse 1 000 e tla ba joaloka ha e ka e bile ka ho sa feleng. Ho fapana hōle le bolelele ba nako e kileng ea busoa ke morena leha e le ofe lefatšeng, ’muso oa Jesu holim’a batho o tsoela pele ka lilemo tse makholo-kholo. Borena ba hae bo tsoela pele ho feta lilemo tse ileng tsa pheloa ke motho ea phetseng halelele paleng ea batho, Methuselah, ea ileng a phela lilemo tse 969 ha haella feela lilemo tse 31 ho ba sekete. (Gen. 5:27) Ntle ho taba ena, Jesu o tla ba boemong bo hlomphehang haholo, hobane boemo ba hae e le morena ha bo fele nakong eo a fetisetsang ’muso oa bomessia ho Ntate oa hae. Jesu o tla tsoela pele ho thahasella batho, joaloka ha e kile ea ba Mosebetsi hammoho le Jehova, o tšoantšoa a ile a re: “Ke ne ke thabela lefatše la ho aha ha batho; ke thabela le bana ba batho.” (Liprov. 8:31) ’Me o tla tsoela pele a utloela batho bohloko a hopola seo a ba etselitseng sona. Sena se lumellana hantle le Ba-Heberu 7:17 e buang ka Jesu e le “moprista ka ho sa feleng.”

Hore na Jesu le babusi hammoho le eena ba tla etsa eng kamorao ho lilemo tse sekete, Bibele ha e bolele letho. Ha e bua ka motse o kang Jerusalema e Mocha oa maholimo, buka ea Tšenolo 22:5 e bua ka ba tla “busa ka mehla le mehla,” ho hlakile hore e bua ka babusi hammoho le Jesu, ba bōpang monyaluoa oa ba 144 000. Re ka kholiseha hore Jehova o ba boloketse litokelo tse ntle bakeng sa ho tlhokomela mosebetsi o mong pōpong eohle.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela