Ha Khalefo e Tuka
MOTSENG oa New York, “Monna oa Kew Gardens, a halefetse bao a ahisaneng le bona ha ba bina ’mino o etsang lerata, a thunya batho ba bane eaba joale oa ipolaea.” Ka lehlakoreng le leng la lefatše, Osaka, Japane, “moqhobi e mong a bolaoa ka sethunya ha a letsa lenaka la koloi bakeng sa koloi e ileng ea ema ka pel’a hae e sa hlokomelise.”
Mohlomong ha u s’o lahleheloe ke ho itaola hakaalo. ’Me mohlomong u hlile u batla ho qoba tlokotsi e joalo. Empa na ke ka mehla u ka bolelang hore u laola moea oa hao? Na u lokela ho etsa boiteko ba ho etsa joalo? Ha e le hantle, na ho na le ho ka etsoang?
HO FETANG HO LAOLA BOHALE BA RŌNA
Bibele ka ho hlakileng e re khothalletsa hore re laole moea oa rōna. E re: “Ea liehang ho halefa o fetisa mohale; ea hlōlang pelo ea hae o fetisa ea hapang metse.” (Liprov. 16:32) Bibele e boetse e nyatsa ho hloka boitaolo, e re: “Motho ea hlōloang ke ho busa pelo ea hae, ke motse o kenoeng ke lira, o se nang lerako.” (Liprov. 25:28) Empa ke eng e amehang hore motho a laole moea oa hae?
Ho laola moea oa rōna ka ho totobetseng ho fana ka maikutlo a tebileng ho feta feela ho thiba khalefo ea rōna. Hangata Bibele e sebelisa lentsoe “moea” ho supa litšobotsi tse ahileng ka ho rōna, sepheo sa rōna le boleng. Hona ke ’nete lipolelong tsa Bibele “moea o mosa,” “moea o mosa, o bonolo,” “pelo [moea o] e tšepehang,” le “moea o ikhohomosang.”—1 Ba-Kor. 4:21; 1 Pet. 3:4; Liprov. 11:13; 16:18, NW.
Ka mohlala, haeba lehloeo le le teng pelong ea motho empa a itšoere hobane a se na monyetla oa hore a ka bolaea, na kannete o laotse moea oa hae? Na lehloeo le lokile ha feela re sa etse seo le se hlokang? Jesu o arabela ka hore Che! Le hoja a nyatsa ho bolaea, mantsoe a hae a boetse a kenyelletsa ho nyatseha ha moea o nang le lehloeo o ka isang moo.—Bona Mattheu 5:21, 22.
Ka linako tse ling re ka ba le hona ho tšoara leleme la rōna kapa khalefo ’me ra tloha boemong bo bosula re sa bua letho. Leha ho le joalo haeba kamor’a matsatsi kapa libeke hamorao re ntse re bopile ka baka la ketsahalo ’me e ntse e re ferekanya, na hona ha se sesupo sa hore ho hang ha rea laola moea oa rōna? Ha motho a re, “Nka tšoarela, empa nke ke ka lebala,” na kannete o laola moea oa hae? Hona ho joang ka eo, le hoja a sa halefe, a hlonamang kapa a hlokofalang, kapa a hana ho buisa bao a nkang hore ba mo khopisitse?
Re ke ke ra hlokomoloha boikutlo ba tsieleho kapa mohono bo bang teng lipelong tsa rōna, kapa ra bo lahla feela ka hore ke “tlhaho.” Boikutlo bona ke “moea” oa rōna oa sebele kapa botho bo ahileng ho rōna. Ke boikutlo bona bo tebileng boo ho hlokahalang hore re bo laole haeba re tla khahlisa Molimo.
Ho bontša liphello tse senyang tsa ho se laole boikutlo bo tebileng, Jesu Kreste o itse: “Mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong.” Joale a tsoela pele: “Ke tsona lintho tse silafatsang motho.” (Matt. 15:19, 20) E, ho laola moea oa rōna ho bolela ho laola “lipelo” tsa rōna, boikutlo ba rōna le seo re se habileng.
Kahoo, hore re ithibe ha re khopehile hase eona ntho e lekaneng. Ho khahlisa Molimo, ruri re tlameha ho laola moea oa rōna. Empa joang?