Moea oa Hao—U ka o Laola Joang?
BOHLE re na le libopeho tseo re li futsitseng ho batsoali ba rōna ba sa phethahalang, ’me ka mokhoa o mong o itseng li rera hore na re na le moea oa mofuta ofe. Hape, tikoloho eo re leng ho eona le khōlo li susumetsa botho ba rōna haholo. Na joale re ka lahla taba feela ka hore re re, “Ha ho seo nka se etsang ke ka tsela eo ke leng ka eona”? Ruri ena hase eona tsela eo Bibele e re laelang eona. Ho e-na le hoo, re khothalletsoa “ho nchafala mehopolong ea lipelo” le “ho apara motho e mocha.” Hona ho bolela ho loantšana le “botho ba khale” le ho felisa litšekamelo tse fosahetseng tsa bona.—Ba-Ef. 4:20-24; Ba-Roma 12:2.
Re tla hlōleha ka linako tse ling, kaha ha ho motho ea ka laolang moea oa hae ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, ka ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le ka ho rapella moea oa oona hore o re tsamaise, re ka etsa ho hongata ho hlōla “moea” leha e le ofe o sa haheng oo re nang le oona, kahoo re o laola. (Luka 11:13; Ba-Gal. 5:22, 23, 25) Ke eng se ka re thusang ho etsa see?
LITHUSO TSA HO O HLŌLA
Ho sa tsotellehe hore na sesosa sa moea o ferekaneng ke sefe, ho teng lintho tse ’maloa tseo re ka nahanang ka tsona tse tla re thusa hore re be ba ikhutsitseng tlas’a boima. Re ke re talimeng litlhahiso tse tharo tseo ba bang ba fumaneng hore lia thusa.
Itlhahlobe. Ho hlile hoa thusa haeba re leka ho lokolisa boikutlo ba rōna. Re ka etsa hore re nahane taba ka ho e beela mabaka, re ipotsa hore na re tšoenyehile ka lebaka lefe. Hangata ha re etsa joalo re fumana hore mabaka a rōna ke a fokolang haholo. Kapa ka hare ho rōna re ka fumana sepheo seo re sa ka ra hlokomela hore se teng.
Molemo oa ho itlhahloba ke oa hore re ka bontšisa ka karolo eo re nang le eona bothateng, eo re ka nkang bohato ka eona, ho e-na le hore re tsielehisoe ke ho nahana feela ka phoso ea motho e mong, eo re ka bang le karolo e fokolang ka eona. Lipotso tse ling tseo re ka ipotsang tsona ke tsena: Na ke koatisoa ke mekhoa kapa mefokolo ea ba bang? Haeba ho joalo, na ke ka hobane mekhoa ea bona e hanana le Mangolo? Kapa na ke hobane tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona le eo ke rutiloeng ka eona e fapana le ea bona? (Tabeng ea morao, ho ka ’na ha etsahala hore ke rōna bao re hlileng re leng bothata ho motho e mong.) Na ke potlakela ho khopeha ha ho ka boleloa ntho e n’goe e nyefolang ka ’na, moloko oa heso kapa lelapa la heso? Kapa na ke khopeha ha ke eletsoa? Haeba ho joalo, na ebe mohlomong taba ke hore ke inahana ho tlōla tekanyo le ho ameha feela? Na ke khopeha ka ho khethehileng ke motho ea itseng? Na ’na (haeba ke molebeli kapa motsoali) ke khathala matla ha keletso e sa lateloe?
Ka ho itlhahloba ho joalo, re ka ithuta ho hlokomela mefokolo ea rōna ka ho khethehileng. Ke hona re leng boemong bo molemo ba ho ‘laea ‘mele ea rōna’ ebe joale re loana ka matla ho e laola.—1 Ba-Kor. 9:27.
Talimisisa Motho e Mong. Ha motho e mong a re khopisa, tšekamelo ea rōna ke ho bona mefokolo ea hae feela. Ekaba thuso ho rōna ho mo bona kamoo Molimo o mo bonang. Na o ineetse ho Molimo ’me o ratoa ke oona? Ho feta tsohle, na motho o bontsa “moea” o motle, mohlomong a haelloa mona le mane? Haeba ho joalo, na ho ke ke ha e-ba molemo ho nahanisisa haholo ka litšoaneleho tsa hae tse “lokileng,” tse “hloekileng” le tse “ratehang,” re nahana ka lintho tse joalo?—Ba-Fil. 4:8.
Ka sebele, na ruri ke toka kapa ntho e lokileng ho ahlola motho motheong oa litšobotsi tse peli kapa e le ’ngoe tse “khopisang,” joalokaha eka ho hang ha re batle ho bona molemo leha e le ofe o ho eena? Ke hobane’ng ha re rata ho ahlola ba bang, kaha hangata kahlolo ea rōna e susumetsoa ke boikutlo ba rōna ba botho nakong eo? Jakobo o boletse litaba ka mokhoa o tobileng, a botsa: “U mang, ha u ahlola ba bang?”—Jak. 4:12.
Leka ho Bona Maikutlo a Motho e Mong. Ha ho bonolo ho etsa sena, haholo ha maikutlo a hae ho bonahala a fapana le a rōna haholo. Leha ho le joalo bona boiteko boo re bo etsang ha re leka ho bona lintho ka tsela ea hae ke hangata bo ka sebeletsang ho khelosa boikutlo ba rōna le ho khutsisa maikutlo a rōna. Bonyane re tla tseba ho utloisisa ka mokhoa o itseng hore na ke hobane,ng ha a ne a ikutloa kapa a ka etsa ka tsela eo. Ha e le hantle, ha re etsa hona re sebelisa keletso e bohlale eo moapostola Pauluse a e fileng Ba-Filippi, ‘ho lekanya hobane ba bang ba re fetisa. Re se ke ra hlokomela tsee e leng tsa rōna feela, empa re hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’—Ba-Fil. 2:3, 4.
Hona ho re thusa ho qoba leraba la ho ahlola pele re hla re nahana ka mahlakore ka bobeli. (Liprov. 18:13) Qalehong re ka ’na ra bona eka re nepile kahohle-hohle le hore ngoan’abo rōna ho hang o fositse. Empa ha re talimisisa lintho ka hloko, hangata re fumana hore litaba ha li bonolo joalo. Liproverbia 18:17 e hlokomela ka mokhoa o bohlale: “Ea buang pele khotla o atisa ho bonahala a nepile ho fihlela eo a tsekang le eena a qala ho mo botsa.”—Today’s English Version.
SEBELETSA HO TSONA
Ka ho latela litlhahiso tsena re hlile re sebeletsa ho rarolla bothata ba rōna. Ha rea nka boikutlo ba ho hlōleha ebe re re “Ha ho seo nka se etsang.” Ketso ea ho sebetsa bothata ka boeona e tla fokotsa monyetla oa ho sitoa ho itaola. Hape e re boloka re falimehile hore re lokise monahano oa rōna, haholo haeba nako le nako re khopisoa ke boikutlo ba ba bang.
Ha re loana ka katleho le boikutlo ba rōna, hoa hlokahala hore re batle thuso ea Molimo oa rōna, Jehova, ka linako tsohle. Mosali e mong e monyenyane oa New Jersey (U.S.A.) o ne a e-na le bothata bo tebileng haholo ntlheng ena. O ne a halefa nako le nako ’me a khopeha habonolo. Ha a ntse a loantša sena ka matla, o boetse o re bolella hore: “Ka rapela Jehova ka matla hore a hlakole lipelaelo tsa ka. Ka kōpa hore a batlisise ka pelong ea ka, ho ea fihlella botebong ba ’mele oa ka, le hore ruri a tlose menahano leha e le efe e mebe.” Ka ho totobetseng Jehova a arabela thapelo ea hae e tiileng, hobane o phaella ka hore: “Ke likhoeli joale ke sa bue mantsoe leha e le afe a mabe; khalefo ea ka e bobile haholo.”
Empa ho ka thoeng haeba, kamor’a ho sebelisa litlhahiso tsena le hoba re atlehe hose hokae, re iphumana re khopeha ka ho tebileng ka linako tse ling? Pele, re se lumelle hona hore ho re etse hore re tepelle hoo re batlang ho tela. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore re kōpe hore Jehova a re tšoarele le hore a re thuse hore re ’ne re loane. Sa bobeli, nakong eo re hlileng re tšoenyehileng, ho molemo ho hopola keletso e ho Pesaleme ea 4:4: ‘Ferekanang, empa le se etse sebe. Losang litaba lipelong tsa lōna, ha le robetse, ’me le ikhutselitse.’
NA KE TSELA E MOLEMO HAHOLO?
Empa ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na ha ho molemo ho “itharasolla” ha u khopehile?’ Ke kamoo ba bangata ba ikutloang. Leha ho le joalo, mosali e mong ea ileng a leka hona lijong tsa hoseng ka tsatsi le leng hore monna oa hae a fanyehe katiba ea hae, o ile a lumela kamor’a hore a halefe: “Bonneteng, ke seoelo ke hleng ke ‘hlanye,’ ’me ha nka etsa joalo, ke kula ka matsatsi a mabeli kapa a mararo kamorao ho moo. Ho bua ’nete ke ile ka ikutloela bohloko kamor’a moo, ’me ebang u tla ho kholoa kapa che, monna oa ka o sa ntsane a sia katiba ea hae tafoleng ho feta hore a e hleke.” Na hona ho utloahala eka ho halefa ho ile ha fumantša mosali eo kapa monna oa hae molemo?
Ba bang ba ileng ba halefa ba tlaleha liphello tse latelang: “Mofere-fere ka mpeng.” “Ke thothomela ’mele kaofela, eke kea tuka.” “Ke hle ke bone botšo.” Na tsee ke liphello tse molemo?
Empa hase phetho. Ntle ho kotsi ’meleng, ho boetse ho teng kotsi likamanong tsa botho le ba bang. Lintho tse ngata tseo batho ba li bolellanang ha ba halefile li baka kotsi e tebileng ’me li ke ke tsa lokisoa. Qetellong, ho na le boikutlo ba ho ba molato bo tsoaloang ke ho tseba hore ho sitoa ho itaola ha ho khahlise Jehova.
Motho a ke ke a latola bonnete ba polelo tsa Bibele: ‘Ea potlakelang ho halefa o etsa tsa booatla.’ “Ea liehang ho halefa o na le kelello e khōlō.”—Liprov. 14:17, 29, NW.
Hape, maele ke a ’nete bophelong, a reng: “Motho ea bohale o hotetsa phapang, empa ea liehang ho hlonama o tima likomang.” (Liprov. 15:18) Ha ho pelaelo hore motho ea sitoang ho laola moea oa hae o ‘etsa hore mollo o kekele,’ ka ho etsa Joalo a thatafatsa bothata, ha ea moea o mosa a ka theola boemo. “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.”—Liprov. 15:1.
E, ho laola moea oa rōna ruri ho ka ba molemo. Ka ho etsa joalo ha re qobe liphello tse mpe feela, empa re ithuta hore re ka sebelisana joang. Hape re ithuta ho tšepa baena ba rōna moeeng, ho kholiseha ke bona. Na hona ha ho molemo ho feta ho ’na re tila holim’a bofokoli ba bona? Re thabisoa ke ho batla litšoaneleho tse ntle tsa bona le ho li etsisa. Ka baka leo, mohlomong re tla fumana hore ba bang ba tla ho rōna le rōna ho bona. Hona ruri ho fella ka moea o lerato haholo.
Ha e le hantle, ha sehlopha sa batho se bokana hammoho bakeng sa morero leha e le ofe, ba bontša “moea” o itseng kapa boikutlo bo ba laolang. (Filem. 25) Hore na ke o hahang le o khothatsang kapa o mobe le o nyahamisang ho itšetleha haholo ka batho ba sehlopheng seo ka bomong. Lipaki tsa Jehova, ka likete tse mashome tsa liphutheho lefatšeng ka bophara, li atisa ho bontša moea o hahang o hohelang ba bang.
Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke eng ha u sa ho etse sepheo sa hao ho tlatsetsa moeeng o hahang oa phutheho eo u kopanelang le eona? Hona u ka ho etsa ka ho laola moea oa hao le ka ho ba ea mofuthu, ea botsoalle le ea hahang litšebelisanong tsa hao le ba bang. Ka tsela ena u tla thusa ho atolosa moea o thabileng oa lelapa har’a baena le likhaitseli moeeng. Ha u fana ka mosa ka tsela ena, u tla kotula neo e eketsehileng ea ho iphumanela thuso ka bouena ea ho laola moea oa hao. Hona ke hobane moea o motle oa tšoaetsanoa ’me ea fanang le eena oa fuoa. Joalokaha monna ea bohlale a itse: “Ea tsebang ho fana o tla nona.”—Liprov. 11:25.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Na ke khopisoa ke mefokolo ea ba bang?