Ha ho ba sa Lebelloang ho Baka
BOPROFETA ba Joele bo bontša ka matla bohlokoa ba ho ba le boemo bo botle pel’a Molimo. Baiseraele ba bile molato oa sebe se tebileng ’me, kahoo, ho ne ho hlokahala hore ba bake hore ba qobe ho oeloa ke tlokotsi. Lipontšo tse bonoang ka mahlo tsa ho soaba li ne li sa lekana. Jehova Molimo o ne a lakatsa tlhokomelo e tlohang botebong ba pelo ea sebe. Moprofeta Joele a bolela: “Haholang lipelo tsa lōna, e seng liaparo tsa lōna, le khutlele ho Jehova, Molimo oa lōna; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.”—Joele 2:13.
Kaha bohle e ne e le baetsalibe, ho ne ho se eo ka baka la lilemo a behelletsoeng kathoko har’a ba neng ba bōkana tempeleng ho ikokobetsa pel’a Jehova Molimo. Le masea ho ne ho hlokahala hore a be teng, le thabo ea letsatsi la lechato e ne e sa kena-kenane le liqelo tsa tšoarelo ea Molimo. Boprofeta ba Joele bo re: “Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letsoele; monyali a tsoe tlung ea hae, le monyaluoa phaposing ea hae.” (Joale 2:16) Tumellanong le moea oa mantsoe ana, motho a se lumelle letho hore le fetohe la bohlokoa haholo bophelong ba hae ho feta ho ema ka tlhoeko pel’a ’Mōpi.
Kaha bana ba anyang ba tsoaloa e le baetsalibe, batsoali ba na le boikarabelo bo boima ba ho ipoloka ba hloekile pel’a Molimo e le hore bana ba bona ba ka talingoa ba hloekile kapa ba se na litšila.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 7:14.