Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 5/15 maq. 17-23
  • ‘Ho Etsa Mosebetsi o Halalelang oa Litaba Tse Molemo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Etsa Mosebetsi o Halalelang oa Litaba Tse Molemo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘MOSEBETSI O HALALELANG OA LITABA TSE MOLEMO’
  • TSELA E SEBETSANG EA HO PAKA?
  • MOSEBETSI O HLOHONOLOFATSOANG KE MOLIMO
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Chesehela Ntlo ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 5/15 maq. 17-23

‘Ho Etsa Mosebetsi o Halalelang oa Litaba Tse Molemo’

‘Ke neiloe mosa o sa tšoanelang ke Molimo hore ke be mohlanka oa Kreste Jesu pontšeng ho balichaba, ke etsa mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo.’—Ba-Roma 15:15, 16, NW.

1, 2. Ke hobane’ng ha puo ea rōna le boitšoaro e le tsa bohlokoa?

MOTHO o fumana botumo bo theiloeng mesebetsing ea hae le lipolelo. Hangata ba bang ba etsa liqeto ka eena le mekhoa ea hae motheong oa seo ba mo bonang a se etsa kapa ba mo utloang a se bua. Morena Salomone o ngolile: “Esita le moshanyana o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.”—Liprov. 20:11; Matt. 7:16-20.

2 Hoo ho bolela eng ho uena haeba u Mokreste? Na ba bang ba ke ke ba hlokomela boitšoaro ba rōna le lipuo hore re sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova? Bibele e re tiisetsa hore Molimo oa halalela o hloekile, hore metheo ea hae e lokile ’me e hlahisa molemo. (Esa. 6:3; Jobo 34:10; Deut. 32:4) Haeba ka ’nete re nka moea oa seo Molimo o leng sona, hoo ho lokela ho hlaka bophelong ba rōna.—Ba-Ef. 5:1.

3, 4. (a) Borapeli ba Iseraele le pale li bile le phello efe? (b) Ba bang ba lokela ho ameha joang ke ho hlokomela Bokreste?

3 Kaha borapeli ba ’nete bo totobala bophelong ba batho, batho ba bang ba ka ameha hamolemo. Ka mohlala, ka nako Jehova o ile a sebelisana le Iseraele haholo-holo. A re ho bona: “Halalelang, hobane kea halalela.” (Lev. 19:2; bapisa Exoda 19:5, 6.) Melao ea lijo, bohloeki le boitšoaro eo Molimo o ileng oa e nea Iseraele e ile ea thusa ho ba sireletsa mekhoeng e mengata e silafatsang e neng e tloaelehile lichabeng tse ba potolohileng. Balichaba ba bangata ba ne ba bona kamoo tsela ea borapeli ba ’nete e atlehileng le kamoo Molimo o etellang pele le ho sireletsa Iseraele. Hona ha ba khahla, ’me ha khannela ba bangata hore ba rapele Jehova.—1 Mar. 8:41, 42; 10:1; Ruthe 1:16.

4 Phello e molemo joalo e tla ha Bakreste ba ’nete ba phela tumellanong le litsamaiso tsa Molimo. Bophelo bo fetohileng le ‘boitšoaro bo botle’ ba Bakreste li tla khannela ba bang ba boneng ka mahlo ho ‘rorisa Molimo.’ (1 Pet. 2:12, 15; 3:1, 2; Tite 2:7, 8; 1 Ba-Thess. 4:11, 12) Empa Bibele e hlakisa hore taba-taba ea Bokreste hase feela ho phela bophelo bo hloekileng boitšoarong le ho hōlisa botho bo botle bo bontšang “tholoana ea moea.” (Ba-Gal. 5:22, 23; Ba-Ef. 4:22-24) Le hoja litšobotsi tsena tsa Bokreste e le tsa bohlokoa, ho teng mosebetsi oa bohlokoa haholo o ka etsoang haeba motho e tla ba molateli oa ’nete oa Jesu.

‘MOSEBETSI O HALALELANG OA LITABA TSE MOLEMO’

5. (a) Mohlala oa Jesu o bontša hore ke eng hape ea bohlokoa ho rōna? (b) Ke hobane’ng ha mosebetsi ona e le oa bohlokoa?

5 Ha e le moshemane leha e se e le motho ea phethahetseng hamorao, Jesu o ne a hlonepha Ntat’ae oa leholimo. Tsela eo a neng a phela ka eona le botho li ile tsa bea mohlala o motle bakeng sa ba bang, li khannela ba bangata ba shebelletseng ho rorisa Molimo. (Luka 2:49, 52) Hang hoba a kolobetsoe Jesu a “qala ho ruta,” a loana ka matla ha a ntse a potoloha “a bolela Evangeli ea ’muso.” (Luka 3:23; Matt. 4:17, 23) A ba a ruta le ba bang hore ba kopanele mosebetsing ona, a ba rōmela ho ea ruta batho. (Luka 10:1, 8, 9) Pele mosebetsi ona oa ho ruta le ho etsa barutuoa o ne o etsoa feela har’a Bajode. Empa hamorao o ne o tla atoloha, kaha, kamoo moapostola Pauluse a hlalositseng ho Ba-Roma 15:8, 9 thato ea Molimo e ne e le hore batho bohle ba lefatše ba ka thusoa hore ba mo tlotlise.

6, 7. Ke ‘mosebetsi ofe o halalelang’ o entsoeng ke moapostola Pauluse?

6 Pauluse ka boeena o sebelelitse moo ka mafolo-folo. Ho Ba-Roma 15:16 o ipitsa “mosebeletsi oa Kreste Jesu har’a balichaba.” (Phet. e ncha) ‘Tšebeletso’ eo e ne e akarelletsa eng? A phaella hore o “phetha mosebetsi oa boprista, hore balichaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Molimo.” Hoo ho bolela eng?

7 Ho Ba-Roma 15:16 ke hona feela ka Bibeleng moo ho sebelisitsoeng leetsi la Segerike (hierourgounta) le bolelang ‘ho sebetsa kapa ho kena nthong e halalelang.’a Kahoo Pauluse o ne a bolela hore o ne a tšoarehile ka mafolo-folo mosebetsing o halalelang kapa o khethehileng oa ho bolela litaba tse molemo tsa Molimo, molaetsa oa Bokreste, ho batho ba lichaba. Ba ileng ba amohela molaetsa ’me ea e-ba Bakreste ba ne ba tšoana le nyehelo e etsetsoang Molimo, nyehelo eo Jehova a e amohetseng le ho e hlohonolofatsa ka moea oa hae.—Ba-Roma 1:1, 16.

8. Pauluse o phethile mosebetsi ona joang har’a Bajode?

8 Pauluse le ba bang ba ne ba etsa ‘mosebetsi o halalelang ona oa litaba tse molemo tsa Molimo’ joang, ba bolela molaetsa oa Bokreste? ‘Litaba tse molemo’ li ne li pholosa bophelo, kahoo ba batla ho fihla ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. Ka linako tse ling Pauluse, e le Mojode ka boeena, o tsebile ho buisana le Bajode ba khobokaneng matlung a thapelo. (Lik. 13:14-42; 14:1; 18:4) Empa na eena le Bakreste ba bang ba ne ba ka finyella boholo ba “lichaba” tsa bao e seng Bajode?

9. Ke mekhoa efe e neng e ka sebelisoa ke Bakreste ba pele ho thusa bao e seng Bajode?

9 Bakreste ba ne ba ka buisana le batho libakeng tse pontšeng, tse kang limmarakeng. (Lik. 17:17-22) Empa ha ho bonolo hore ka ho etsa joalo ho ne ho ka fihloa ho batho bohle. Ho thoe’ng ka ho ea malapeng a batho, joalokaha barutuoa ba Jesu ba ho entse ha a ba rōma ho ea bolela metseng e sa tšoaneng? (Matt. 10:5-13; Luka 9:2-6) Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa mokhoa ona, le bona, ha ka cheseho ba ‘etsa mosebetsi o halalelang’ oa ho jala Bokreste ho batho bohle.

10. Ke bopaki bofe bo teng hore bopaki ba ntlo le ntlo bo ne bo etsoa ho fumana le ho thusa ba sa lumelang?

10 Re ka ho bona litlhalosong tseo Pauluse a li etselitseng banna bao e bileng baholo phuthehong ea Efese. Ha a bua ka boboleli ba hae ba nakong e fetileng, ha a ba tsebisa Bokreste, Pauluse o itse: “Le kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le e ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna; ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Lik. 20:20, 21) Ka ho hlakileng, mona Pauluse o ne a bua ka boiteko ba hae ba ho bolela ho banna bana pele ba lumela, e le batho ba hlokang pako le ho lumela ho Jesu. Pauluse o ile a ea mahaeng a batho ba joalo ba sa lumelang. O ne a se na lebaka la ho ikutloa a tsila-tsila ho bolella balichaba ba joalo, kaha o ne a etsa ‘mosebetsi o halalelang’ oo Molimo o o amohelang ’me o tla o hlohonolofatsa.

11. (a) Kajeno Bakreste ba etsa joang hore ba phethe ‘mosebetsi ona o halalelang’? (b) Ke hobane’ng ha ho kopanela mosebetsing oa ho bolela e le habohlokoa?

11 Mehleng ea kajeno, le teng, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba mafolo-folo bopaking ba ntlo le ntlo e le tsela e ka sehloohong ea ho kopana le batho le ho bolela ’nete ea Molimo. Koana, Mokreste e mong le e mong ea utloang tlamo ea hae le tokelo ea ho bolela ‘litaba tse molemo’ o tla sebelisa sebaka se seng le se seng se loketseng ho paka—ho beng ka eena, bao a kenang sekolo le bona, bao a sebetsang le bona, bao a ahisaneng le bona le bao a sa ba tsebeng puisanong e sa rereloang. Kahoo, le linaheng tseo khanyetso e leng matla e tsoang ho baemeli ba feteletseng ba bolumeli kapa mebuso ea sepolesa e thatafatsang ho paka pontšeng ka ntlo le ntlo, Bakreste ba tsoela pele ho etsa se matleng a bona ho paka ka litsela tseo tse ling. Leha ho le joalo, libakeng tsohle moo ho fetella ho joalo ho seng teng, Lipaki tsa Jehova li etela lelapa le leng le le leng. Hona ho fella ka ‘bopaki bo phethahetseng’ le hore li kopane le batho ba bangata bao ntle ho moo ba neng ba ke ke ba kopana le Bakreste ba ’nete ’me ba utloa ‘litaba tse molemo.’—Lik. 4:19, 20; 20:21; Bapisa Ezekiele 9:3, 4.

TSELA E SEBETSANG EA HO PAKA?

12-14. Ke eng e supang hore boboleli ba ntlo le ntlo bo ka sebetsa?

12 Empa na mokhoa ona oa ho bolela evangeli e sa le tsela e sebetsang ea ho ‘etsa mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo’? Bopaki bo hoa bo re, E! Ka 1977 koranta e bitsoang Social Compass e ile ea hatisa taba “Lipaki tsa Jehova Japane,” ea Bryan Wilson oa Lenyesemane ea ithutetseng kahisano. A ngola hore ‘li na le maikutlo a ikhethollang a mosebetsi oa ho bolela evangeli ho feta leha e le efe’ ea ‘litumelo tse ncha’ Japane. Hape, a etsa patlisiso e senotseng hore:

“Boholo [58,3%] ba bao e bileng Lipaki ba bolela hore thahasello ea bona e ile ea tsosoa ka lekhetlo la pele ka ho amohela ketelo ea ntlo le ntlo ea” e mong oa Lipaki tsa Jehova.

13 Le balumeli ba hanang ho amohela thuto e theiloeng Bibeleng e jaloang ke Lipaki tsa Jehova ba lumela ho sebetsa ha ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo ho etsoang ke Lipaki. Rea bala:

“Mohlomong [likereke] li hlokomolohile ka ho fetisisang seo Lipaki li tšoarehileng haholo ka sona, ho etela malapa, ho oelang mokhoeng oa boapostola oa kereke ea khale. Le hoja likereke ka makhetlo a mangata, li iphellela feela . . . ho boleleng libakeng tseo li kopanelang ho tsona, [Lipaki] li latela mokhoa oa boapostola oa ho ea ka ntlo le Good morningIndexing, ntlo.”—“El Catholicismo,” Bogotá, Colombia, Loetse 14, 1975.

‘Mak’hatholike a lokela ho latela ketello pele ea Lipaki tsa Jehova ho boleleng evangeli, ho boleletsoe joalo ba neng ba kopanetse sebokeng sa pele sa sechaba sa ho bolela evangeli.’—Minneapolis “Tribune,” Phato 29, 1977.

14 Ho bolela evangeli ka ntlo le ntlo ho khethollehile ho Lipaki tsa Jehova hoo linaheng tse ngata mong a ntlo a tla bula monyako ’me a re, “Oho, kea kholoa u e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Le haeba ho se letho le fetang leo le tsoang Bibeleng le boletsoeng, molemo o entsoe. Ka tsela eo ho hlokomelisitsoe ka lebitso le halalelang la Molimo, le lokelang ho halaletsoa. ’Me ho hatisitsoe ho mong a ntlo hore bahlanka ba Molimo ba ne ba le teng ka molaetsa oa Oona. (Matt. 6:9; Esa. 12:4; Ezek. 33:6-9, 29) Empa, joalokaha se qotsitsoeng ka holimo se bontša, hangata ho fella ka ho hongata.

15. Mosebetsi ona o molemo o entsoe joang libakeng tse ling moo ho nang le litšitiso?

15 Ho pakela motho le motho malapeng ke ho sebetsang haholo le ho molemo ho kopaneng le batho hoo Lipaki li etsang boiteko bo boholo le tlas’a maemo a thata. Ho bile joalo naheng e ’ngoe ea Afrika moo ba boholong ba ileng ba thibela mosebetsi o theiloeng Bibeleng. Bakreste ba sebaka seo ba tseba hore mokhoa ona oa ho bolela evangeli ke oa bohlokoa, hore ‘e ka khona ba utloe Molimo ho e-na le batho’ le hore ba lokela ho sebelisa keletso ea Jesu ho ba ‘bohlale joale ka linoha empa ba hloke mano joale ka maebana-khoroana.’ (Lik. 5:29; Matt. 10:16, 17) Ba ne ba tla etsa joang?

Ba ka hlophisa lintho e le hore ba seng bakae ba ka arolelana seterata se selelele kapa sebaka ho ea ka linomoro tsa matlo. E mong a be le matlo ’ohle a fellang ka 2 (2, 12, 22, 32, jj.) ’me a etela ka tatelano leha e le efe eo a e batlang, le neng kapa neng ha a batla. E mong a be le matlo a fellang ka 3 (3, 13, jj.) ’me a a etela ka letsatsi lesele. Kahoo ho ka fanoa ka bopaki bo phethahetseng.

Ho ka sebelisoa le likatamelo tse sa tšoaneng. Mokreste e mong a ka ’na a ba le ’manki o monyenyane oa mahe kapa litholoana, a rekisoa ka thekiso e phahametseng ea ’maraka ho mong a ntlo. Ho tla rekisoa a fokolang haholo, empa ho tla qaloa lipuisano tse ngata ka theko e phahameng, mathata a bophelo ba kajeno ebe joale, haeba ho lumelleha, ho phethahala ha boprofeta ba Bibele.

Kapa, Mokreste ea batlang ho reka meroho a ka ’na a sebelisa sena ho iteanya le beng ba matlo ‘sebakeng sa hae.’ Pele a ea ’marakeng a ka etela malapa a nang le lirapa tsa meroho, a botsa ka ho reka meroho. Le haeba a ka rekisetsoa kapa che, hangata moqoqo oona oa hlaha ka mehopolo e tsoang Bibeleng e sebelisoa.

Ka litsela tsena Bakreste ba sebaka seo ba ile ba qoba ho hlekefetsoa ke litlokotsebe tsa lipolotiki tseo pele ho moo li neng li khathatsana le boboleli ba ntlo le ntlo. Hape, ho ile ha fanoa ka bopaki bo phethahetseng motseng.

16. Ke mekhoa efe e fetohileng e ka etsoang hore Lipaki li tsoele pele ho ba molemo mokhoeng ona oa boboleli?

16 Ho ka ’na ha hlokahala mokhoa osele sebakeng se seng. Lilemong tse fetileng mohlomong ho ne ho loketse ho etela malapa hoseng, ha beng ba malapa ba bangata ba le lapeng. Empa ha maemo a fetoha ’me ba bangata ba le mosebetsing ka nako eo, na hoo ho bolela hore mokhoa ona oa ho bolela ha o sebetse? Che, hobane ke joang e mong ie e mong—lapeng le leng le le leng le ntlo e ’ngoe le e ’ngoe—a ka fumanoang ’me a neoa monyetla oa ho fumana molemo ka ‘litaba tse molemo’? Ho ka ’na ha e-ba molemo ho eta motšehare oa mantseboea kapa ka shoalane, ha litho tsa lelapa li le lapeng. Sepheo ke ho fumana le ho thusa batho, ba bangata kamoo ho ka khonehang.—Bapisa Liketso 16:13.

17. Ho hopotsoe mohlala oa Pauluse, rona ka bōrōna re ka lokisa joang ka botho hore re phethe mosebetsi ona?

17 Moapostola Pauluse o ne a ithaopela hore litsela tsa hae le tsela eo a atamelang ka eona li lumellane le bamameli ba hae. A re: “Tsohle tseo ke li etsa ka baka la Evangeli, hore le ’na ke tle ke be le kabelo teng.” (1 Ba-Kor. 9:19-23) Ho iketsa hore motho a lumellane le lintho joalo ho ka thusa kajeno. Ho joang, haeba ka mohlala u phela sebakeng seo ho sona batho ba bangata ba sa thahaselleng bolumeli le Bibele? Na u ka lokisa tsela eo o atamelang batho ka eona ka nepo?

Paki ea Belgium e re; ‘Ke tšoara Bibele e phetliloeng ka letsohong empa ha ke e pepese. Ke re, “Ha ke ntse ke emetse hore u tle monyako ke ne ke shebile se ngoliloeng mona . . . ‘Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.’ [Matt. 5:5] Na u nahana hore ho sa le teng ba bonolo har’a rōna?” Ka ho fapana ha maemo moqoqo oa qaleha ’me hamorao Bibele e amohelehe habonolo.’

MOSEBETSI O HLOHONOLOFATSOANG KE MOLIMO

18. Ke mabaka afe ao re nang le oona ho tseba hore Molimo o thahasella ‘mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo’?

18 Bakreste lefatšeng ka bophara ba thahasella ka matla ‘mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo.’ Ho joalo le ka Jehova Molimo. Pauluse o boletse hore Bakreste ba bacha ba hlahileng ka lebaka la ho kopanela ha hae mosebetsing ona ba ne ba tšoana le nyehelo e amohelehang ho Molimo, o ileng oa tšollela moea oa oona ho bona.—Ba-Roma 15:16.

19. Mosebetsi ona o ka ba molemo joang leha ba bangata ba sa mamele?

19 Ho amohela ha Molimo le tlhohonolofatso li tsoela pele mosebetsing ona oa ho bolela, ho akarelletsa le mosebetsi oa bohlokoa oa ntlo le ntlo oa ho fumana le ho thusa batho. E le sesupo, ’moleli ea etelang liphuthehong seterekeng se seholo o ile a amohela memo ea ho tsamaea le Mokreste Maryland leetong la ho ea tšoara thuto ea Bibele. O re:

“Ka botsa mong a ntlo hore na ke eng e ileng ea mo susumeletsa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O re o ne a atisa ho iphetlela Bibele feela tjee, a supe temana ’me a e bale. Empa ke seoelo a neng a utloisisa seo a se balileng.

“Ka tsatsi le leng o ne a tepeletse haholo ke mathata a boima a lelapa. A boela a phetla Bibele ea hae ’me a khetha temana. A seke a e utloisisa, ’me ho tepelleng ha hae le masoabing a qala ho lla. A rapela Molimo hore o rōmele motho e mong ea ka mo thusang ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Hoba a bue joalo, tšepe ea lla monyako. Ha a tla monyako a fumana Paki, e ileng ea qala ka ho re, ‘Na u rata ho utloisisa Bibele?’ Mong a ntlo a e hulela ka tlung ’me ka pele thuto ea ka mehla ea Bibele ea qaleha.”

20-23. Ke mahlohonolo afe a ka fellang ka ho kopanela ka mokhoa o moholoanyane mosebetsing oa boboleli ba ntlo le ntlo?

20 Phello e molemo e ka finyelloa leha ho bonahala ba bangata bao ho kopanoang le bona ba hana ‘litaba tse molemo’ tseo ba li tlisetsoang.

Mocha o ne a eta ka monyako le monyako metseng e ka thōkō Afrika Boroa ka Moqebelo o mong motšehare oa mantsiboea. A se ke a fumana kamohelo e ntle, kaha mokhatlo oa bolumeli o motseng oo o ne o fehlile lehloeo le leholo bakeng sa boiteko bo thusang ba Lipaki tsa Jehova ba Bokreste. A ’na a koalloa menyako ka ho latellana ha eona. Ha bonahala ho se molemo oa letho.

Empa ho se tsebeng ha hae, mahlo a bohele-hele a ne a mo shebelletse fenstereng e kahosele ho tsela. Mosali-moholo e mong a hlokomela mamello ea Paki ho sa tsotellehe ho se amohelehe. Ka ho totobetseng Mokreste enoa o ne a fapane le bacha ba bang.

Ha [mocha] a fihla ha mosali-moholo a memeloa hore a kene. Le hoja ngoanana a ne a bua Senyesemane haholo ’me mosali-moholo Afrikaans, ba bile le hona ho buisana ka molaetsa oa bohlokoa oa Bibele bakeng sa mehla ea rōna. Hamorao ’moleli ea buang Afrikaans a sala thahasello eo morao, ’me mosali-moholo ka thabo a lumela ho ba le thuto ea ka mehla ea Lentsoe la Molimo.

21 Ha e le hantle, tlhohonolofatso ea Molimo ea ‘mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo’ e utluoa ka litsela tse ngata. ’Moleli ea tsamaeang ea etelang liphutheho New Orleans Louisiana, oa ngola: “Moea oa ho bolela evangeli o ntse o ipha matla. Liphutheho tse robeli kapa tse robong tsa ho qetela tseo re ileng ra li etela li sebelisa nako e ngata haholoanyane mosebetsing oa boboleli. Ka boiteko bona bo eketsehileng, batho ba bangata ba thahasellang ‘litaba tse molemo’ ba ntse ba fumanoa. ’Me kaha baena le likhaitseli ba tšoarehile haholoanyane ho boleleng ‘litaba tse molemo,’ moea oa khotso le thabo o ntse o hlile o totobala haholoanyane ka liphuthehong.”

22 Khotso e joalo le thabo li boetse li eketseha bophelong ba botho le ba lelapa ba Bakreste ba bolelang ‘litaba tse molemo’ ka matla ’me ba utloa tlhohonolofatso ea Molimo. E, mathata le lipelaelo li tla ’ne li be teng bophelong. Rea elelloa hore tsena li tla ba teng ha feela re sa phethahala ’me tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo e sa le teng. Empa ha Mokreste a ntse a tšoareha haholoanyane ‘mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo’ o tlotsitsoeng ke Molimo bophelo e tla ba bo feletseng, bo enneng le bo thabileng haholoanyane. (Lik. 20:35) Hona hase polelo ea molomo feela. Hoa sebetsa. Ho bile joalo ho moapostola Pauluse. Ho joalo ho Lipaki tsa Jehova tse limillione kajeno. Ho tla ba joalo ho uena.

23 Le ba bang ba tla hlokomela hore na u Mokreste oa mofuta ofe. Ba tla u bona ha u kopanela mosebetsing oa ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Ba tla bona khotso le thabo tseo ona le mesebetsi e meng ea Bokreste e li tlisang bophelong ba hao. Ba tla bona litsela tse ngata tseo ka tsona u bontšang botho ba Bokreste le “tholoana ea moea” ka eona. (Ba-Ef. 4:24; Ba-Gal. 5:22, 23) E, u tla bontša ba bang ba bangata hore ka katleho u sebeletsa Molimo o halalelang.

24. U ka ikutloa joang ha u kopanela ka botlalo mosebetsing ona?

24 Kamor’a tlhaloso ea Pauluse ea ho ‘etsa mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo,’ a phaella a re: “Ke moo ke nang le lebaka la ho ithorisa ho Jesu Kreste tabeng tsee e leng tsa Molimo.” (Ba-Roma 15:17) E se eka rōna Bakreste bohle re ka sebetsa ka tsela eo le rōna, re ka ithorisetsang ho Kreste Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bafetoleli ba bang ba fetoletse hierourgounta e le “ho sebeletsa e le moprista,” kapa polelo e ’ngoe e tšoanang le eo. Bapisa Luka 1:8 moo ho sebelisitsoeng leetsi le amanang le leo mabapi le Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

“Mesebetsi e meholo” e qalile ka Pentekonta

[Litšoantšo se leqepheng la 21]

Kajeno “mesebetsi e meholo” e kopanetsoe ke Lipaki lefatšeng lohle

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela