“Le Bee Litholoana Mesebetsing e Metle Eohle”
KA BAKA la ho latela litaelo tsa Mangolo tse phahamisitsoeng lihloohong tse peli tse fetileng Lipaki tsa Jehova ruri li ’nile tsa ‘bea litholoana mesebetsing e metle eohle.’ (Ba-Kol. 1:10) Hase feela hore ba bolela le ho ruta ka cheseho, empa ba boetse ba tlaleha mosebetsi oa bona hore o ka thabeloa ke baboleli ba bang bohle ba ’Muso.
Ha ba etsa joalo ba na le mohlala o motle oa Mangolo. Ka mohlala, ho Liketso 2:41 re bala hore, ka baka la puo e matla ea moapostola Petrose, hammoho le ho bolela ha barutuoa ba bang, ‘ba ekeletsoa tsatsing leo ka batho ba batlileng ho ba likete tse tharo.’ Joale, nakoana kamor’a moo, boboleli bo tsoetseng pele bo chesehang ba fella ka palo ea barutuoa “ba batla ba e-ba banna ba kete tse hlano.” (Lik. 4:4) Eare ha ho kolobetsoa basokolohi ba bacha ba Bakreste ba Efese, tlaleho ea Bibele e re: “Banna bao bohle e ne e batla ho ba ba leshome le metso e ’meli.”—Lik. 19:2-7.
KEKETSEHO E KHOTHATSANG
Selemo sa tšebeletso sa Lipaki tsa Jehova sa 1980, se qalileng ka Loetse 1, 1979, ’me sa fela ka Phato 31, 1980, e bile se molemo ruri. Lefatšeng ka bophara ho bile le keketseho e akaretsang ea 3,7 lekholong palong ea ba bolelang molaetsa oa ’Muso. Ruri ke ho khathollang pelo ho bona kamoo linaha ka ho latellana li ileng tsa bontša keketseho, ha selemong se fetileng li ne li bontšitse ho theoha. Ka mohlala, selemong se fetileng, mosebetsi o ne o theohile ka 11 lekholong Paraguay, ntle ho pelaelo e le ka baka la mathata a molao. Selemong sena mosebetsi o ile oa bontša keketseho ea 13 lekholong, o fana ka matšeliso a maholoanyane bakeng sa ho theoha ha selemo se fetileng. Filippines, kamor’a ho theoha ho latellanang ka lilemo tse ngata, ba bile le keketseho ea 2 lekholong. Korea selemong se fetileng e ne e theohile ka 1 lekholong empa selemong sena ea fumana keketseho ea 6 lekholong. Uruguay ea theoha ka 2 lekholong selemong se fetilang ’me ea eketseha ka 9 lakholong selemong sena.
Linaha tse ling tse ngata tsa fumana keketseho e molemo ho feta selemong se fetileng. Ke kahoo, Bolivia e fumaneng keketseho ea 1 lekholong selemong se fetileng, empa selemong sena e bile le keketseho ea 7 lekholong. Linaha tse Kopaneng tsa Amerika le tsona li bile le keketseho ea 1 lekholong, empa ho bile le keketseho ea 4 lekholong selemong sena. Ka ho tšoanang Jamaica le eona e bile le keketseho ea 1 lekholong empa selemong sena ea bona keketseho ea 11 lekholong. Venezuela, eo selemong se fetileng e tlalehileng keketseho ea 3 lekholong, selemong sena e tlalehile keketseho ea 9 lekholong. Japane, eo selemong se fetileng e bileng le keketseho e hlollang ea 10 lekholong, ea e ntlafatsa selemong sena ka keketseho ea 11 lekholong.
Belgium Lipaki tsa Mataliana li bontša cheseho e hlokomelehang ’me li na le liphello tse tsotehang. Hona joale ho teng liphutheho tsa Mataliana tse 31 moo ka kakaretso ea Lipaki tse 2 500. Hona ho bolela hore Motaliana e mong le e mong ho a lekholo Belgium ke Paki hona joale. Ha e le hantle, ke seoelo paki e fumanang Motaliana eo e seng moahisane le paki, kapa e le motsoalle oa eona kapa mong ka Paki.
LIPHIHLELO TSE TSOANG TŠIMONG
Ho hlileng ho khathollang ke litlaleho tsa liphihlelo tseo Lipaki li bileng le tsona ha li tšoarehile mosebetsing oa ho bolela. Ireland libeche tsa kopano tse hlongoang ke Lipaki li ile tsa hohela tlhokomelo ea matahoa a tšeletseng a neng a phela lirutheng tsa serapa sa lipalesa. E mong ho oona a bontša thahasello ea sebele ’me a iphumanela buka Life Does Have a Purpose. Lipuisano tse tsoetseng pele le eena ka Bibele tsa fella ka hore a tsoele joala ho hang.
Ho tloaelana le metheo ea Bibele, monna enoa a bona bohlokoa ba ho sebetsa ’me a batla mosebetsi, ka eona nako eo a tsoa serapeng sa lipalesa ’me a ikhirela ntlo. Ponahalo ea hae ea fetoha haholo ha a khutsufatsa moriri oa hae ’me a ithekela sutu. Ha a hlaha ka khotla, bakeng sa molato oo a o entseng pele a ithuta ’nete, a bonahala a hlompheha hoo moahloli a ileng a mo fa kahlolo ea ka ntle ’me a mo babatsa ka ponahalo ea hae.
Ha a le Kopanong ea Lipaki ea “Lerato la Molimo,” Dublin, eo e neng e le letahoa a etela beng ka eena bao nakong e fetileng ba neng ba hana ha a kena malapeng a bona. Ho hang ba ne ba sa lumele mahlo a bona ’me ba ho fumana ho le thata ho lumela hore ke motho eena eane. Hona joale o ba teng libokeng tsa Lipaki ka mehla ’me o pakela mapolesa, bahlanka ba lekhotla le bao a sebetsang le bona.
Paki ea Argentina e rōmela phihlelo ena: “Ke ne ke kena ka ntlo le ntlo ’me motho a mpotsa hore na ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka qala ka ho tsila-tsila kaha ke ne ke sa nepe hore na sepheo sa hae ke sefe, kaha mona mosebetsi o thibetsoe ka molao. Empa ha a utloa hore ke e mong oa tsona a nkōpa hore ke ithute Bibele le eena. Ha etsoa litokosetso. Ha e le hantle, ka khutla hona mohlang oo ’me ra qalisa thuto ea Bibele re sebelisa ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng. Ka beke e le ’ngoe o ne a balile thuso ena ea ho ithuta Bibele ho e qeta ’me a qalile ho bala Bibele. Ka mo botsa hore na ke hobane’ng ha a rata ho ithuta Bibele le ’na, ’me a mpolella hore ke ka baka la phetoho e khōlō e etsahetseng bophelong ba banyalani bao a ahisaneng le bona. Ba ne ba le haufi le ho arohana kaha ba ne ba sa tsoelle hantle. Ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me bophelo ba bona ba fetoha haholo! Hona joale ba tsoella hantle. Monna enoa a etsa qeto hang-hang ea ho fetola bolumeli ba hae, ’me hona joale o ruta bana ba hae seo a ithutang sona.”
‘Ho bea litholoana mesebetsing e metle eohle’ ho boetse ho akarelletsa ho rata Bakreste ba bang. Moena oa Europe a bala taba ho makasine oa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa la 15 ’Mesa, 1978 o neng o bolela ka Paki ea Panama e neng e khaohile matsoho ka bobeli. A ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo, a bolela hore o rata ho thusa moena ea holofetseng hore a fumane matsoho a maiketsetso, le hore o tla lefella litšenyehelo tsohle. Ha etsoa litokisetso tsa hore hona ho etsoe Mexico. Moena ea holofetseng a amoheloa ka thabo ke baena ba moo. Hona joale o khutletse hae, ’me u inahanele kamoo a thabileng ke hore a nke pene ka “letsoho” le leng ebe o ngola lebitso la hae, ntho eo a neng a sitiloe ho e etsa ka lilemo tse fetang 30!
Lengolo la khothatso bakeng sa mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li o etsang le ile la amoheloa ke ofisi ea lekala ea Watch Tower Society ea Austria. Le re:
“Ke ipotsitse ka nako e telele hore na ke ngole lengolo lena kapa che. Kea tseba hore le tsamaea ka ntlo le ntlo e le hore le isetse batho ‘litaba tse molemo!’ Kamehla ke ee ke nahane hore ona hase mosebetsi o hlileng o khotsofatsang, hore tsatsi le leng le le leng u thulane le batho ba thatafetseng ’me le sa lahleheloe ke cheseho ea lōna le botsoalle. Ba bang ho lōna le ka ’na la nahana hore batho ha ba na teboho, ’me ka baka leo ke rata ho le leboha, hore ebe le rōmetse motho ho ’na. Hoja ea se be ka mosebetsi oa lōna oa ho bolela ntle ho pelaelo ke ne ke tla tsamaea ka tsela e sephara. [Matt. 7:13, 14] Leha ho le joalo, ka baka la lona ke fumane monyetla oa sebele oa ho tseba thato ea Molimo ka lōna. Ka baka leo ke rata ho bua ntho ena e le ’ngoe: Lerato le fumanoeng le teboho ea sebele li bua ho feta menyako e sekete e koetsoeng. Ka liteboho tse khōlō bakeng sa mosebetsi oa lōna.”
BACHA BA BEA LITHOLOANA
Hore bana ba banyenyane ba bea litholoana le bona ho rokeng Molimo ho bontšoa ke liphihlelo tse latelang tse tsoang sehleke-hlekeng sa Jamaica: Ntate e mong a ea lata mora oa hae ea lilemo li hlano kamor’a sekolo. Ha a sa mo bone, ntate a etsa qeto ea hore o tla ema e le hore mora a ka mo fumana. Kamor’a nako a bona bana ba bōkane ’me a ipotsa hore na ho bokanetsoe eng. Ntate a ea teng ’me a fumana ngoana oa hae a le har’a bona a bolela ka buka ea hae ea Lipale tsa Bibele.
Ngoanana e monyenyane oa Paki, hoba a fumane chelete e kaalo ka dolara sekolong a e nea tichere. Nakoana kamor’a moo chelete ea utsuoa ’me tichere ea bolela hore sehlopha kaofela se tla fumana kotlo haeba chelete e sa khutlisoe; kaofela, empa e le ntle ho ngoanana oa Paki, kaha tichere e tseba ngoana oa Paki e ke ke ea e-ba eena ea nkileng chelete.
TLHŌLO EA MOLAO
Ho na le lintlha tse ling hape tsa ho ‘bea litholoana mesebetsing e metle eohle.’ Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho eo a e ratang e Filippi: “Ho lokile, ha ke ikutloa joalo bakeng sa lōna bohle, kahobane, litlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, ke tiisong ea Evangeli, ke na le lōna ka pelong ea ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le ’na.” (Ba-Fil. 1:7) Tlholo e ’ngoe ea molao ntle ho pelaelo e bile teng hobane Lipaki tsa Jehova li utloa keletso ea moapostola Pauluse e fumanoang ho 1 Timothea 2:1, 2: “Khothatso ea ka ea sehloho, ke re: Liqelo, le merapelo, le lithapello, le liteboho, li etsetsoe batho bohle, le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele khotsong le boiketlong ka borapeli bohle le ka bokhabane.”
Ke kahoo lengolo le tsoang Bangui, Central African Republic, la la 1 Mphalane, 1979 le leng joalo. Le ne le bolela hore ka la 27 Loetse seea-le-moea sa naha se ile sa phatlalatsa hore ho thibeloa ho neng ho etselitsoe Lepaki tsa Jehova ka la 19 Phato, 1976 ho tlositsoe, le hore li fuoa matla hape a ho bolela ka bolokolohi sebakeng sohle sa Central African Republic. Hona e bile lebaka la ho thaba haholo kaha taelo ena e ne e entsoe ke ’muso o nang le beke o tšoere marapo.
Ka ’Mesa 1980 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa hlokomeloa ka molao ke ’muso oa Zaïre. Khoeli pele ho moo Lipaki tsa Jehova li ne li hlōtse ka molao Turkey. Selemo se ka pele ho seo Lipaki tse 42 li ne li lokollotsoe qosong ea bokhukhuni le ho tlōla Molao oa Libaka. ’Muelli-kakaretso oa molao o ne a nkile boipiletso ho ea lekhotleng le phahameng la maipiletso la Turkey. Lekhotla la emela Lipaki. Kaha ke lona lekhotla le phahameng haholo Turkey, makhotla a mang ’ohle a moo a tlangoa ke qeto ea lona. Har’a tse ling, la re:
“Haeba ka tsatsi le leng ho etsahala lintho tseo baqosuoa ba li lumelang ’me puso ea Molimo e theoa holim’a lefatše, ho otloa ha baqosuoa, ka baka la ho lumela lintho tse joalo, ho ke ke ha thibela liketsahalo tse joalo. Empa haeba seo ba se lebelletseng e le ‘bohlanya’ feela, le tumelo e sa reng letho, seo ba se lumelang se ke ke sa baka kotsi taolong ea rōna ea batho ea Naha.” Ruri ke qeto e bohlale, e hopotsang motho ka se ileng sa boleloa ke Gamaliele ka Bakreste ba pele le lithuto tsa bona, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 5:34-40.
Litlaleho tsohle tse joalo le liphihlelo ruri li khatholla joaloka “metsi a pholileng ho motho ea nyoriloeng.” (Liprov. 25:25) Hape li bontša hore Jehova o na le ’nete lipallong tsa hae, hore ha re tlisa ‘karolo ea leshome’ ea tsa rōna, kamoo re ka bolelang, ka tlung ea hae ea borapeli o tla re hlohonolofatsa haholo. (Mal. 3:10) E se eka Bakreste bohle ba ineetseng ba ka etsa ka matla ka ho tšoanang, ba hopola hore “ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.”—2 Ba-Kor. 9:6.
[Chate e leqepheng la 24-27]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1980 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)