Molimo ke oa Sebele Hakae ho Uena?
HA RABBI oa Leamerika a ne a botsa Einstein ka lekhetlo le leng, “Na u lumela ho Molimo?” a arabela: “Ke lumela ho Molimo oa Spinoza, O itšenolang taolehong le tumellanong ea se teng.”
Empa mohlalefi eo oa lekholong la bo-17 la lilemo oa Mojode-Ledache o ne a e-na le khopolo ea mofuta ofe ka Molimo? Ka bokhutšoanyane, ea hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng ke karolo ea Molimo le hore Molimo o nthong e ’ngoe le e ’ngoe e teng.” Spinoza o ne a ikutloa hore “ke ka Molimo ka sebele re phelang re sisinyehang re nang le boleng ba rōna.” Empa Molimo o joalo e ne e le oa sebele hakae ho Spinoza le Einstein?
Ho molemo, ho Spinoza le Einstein e ne e le molimo ka hohle Molimo oa makhotla le melao ea bokahohle.
Ha ho potso: Bokahohle, “buka ea tlhaho,” bo senola ho hongata ka Molimo. Empa hore Molimo e hle e be oa sebele ho rōna ho hlokahala re mo tsebe ho feta seo re se bonang bokahohleng. Re hlile re hloka ho senoleloa bomolimo ba oona. Joalokaha re bala, “ba tla lumela joang ho [Molimo] eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae?” (Ba-Roma 10:14) Ka lerato, bohlale le toka, Molimo o re neile tšenolo e joalo, Lentsoe la oona, Bibele e Halalelang. Ka ho eona ha re ithute feela hore ke Mohloli oa Pele o moholo empa hape re ithuta ka litšobotsi tsa hae: hore matla a hae le bohlale ha ho tse lekanang le tsona, o lokile kahohle o na le toka, le hore ke boleng ba lerato. Ho feta moo, ka Lentsoeng la oona re boetse re ithuta ka merero ea oona.—Gen. 18:14; Deut. 32:4; Esa. 45:23, 24; Ba-Roma 11:33-35; 1 Joh. 4:8.
Na O Na le ’Mele?
Ha e le hantle, ka ho ruta hore Molimo o hohle Bojakane bo ferekantse litaba le ho thatafalletse barapeli ba hae hore Molimo e ka ba oa sebele ho bona. Molimo o ka ba hohle joang ka nako e le ’ngoe? Molimo ke Motho oa moea, ho bolelang hore ha o na ’mele o bonahalang, empa oa moea. Na moea o na le ’mele? E, hobane rea bala, “’Mele oa nama o teng, le ’mele oa moea o teng.” (1 Ba-Kor. 15:44; Joh. 4:24) Molimo e le motho, Motho ea nang le ’mele oa moea, o na le sebaka seo o lulang ho sona, ’me kahoo o ke ke oa e-ba sebakeng se seng sesele ka nako eo o leng tulong ea oona. Ke kahoo re balang ho 1 Marena 8:43 hore maholimo ke a Molimo ‘tulo ea oona.’ Hape, re bolelloa ho Ba-Heberu 9:24 hore “Kreste . . . o kene leholimong la sebele, a tle a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.”
Ho feta moo, morutuoa Setefane le moapostola Johanne ba bile le lipono tsa leholimo tseo ho tsona ba boneng Molimo le Jesu Kreste. Kahoo Jehova Molimo o tlameha ho ba motho, motho ka mong, joaloka Jesu Kreste. (Lik. 7:56; Tšen. 5:1, 9) Bakreste ba nang le tšepo ea hore qetellong ba tla phela leholimong ba tiisetsoa hore ba tla bona Molimo le hore ba tla tšoana le oona, ho bontša hore Jehova Molimo ruri ke motho ’me o na le ’mele hammoho le tulo eitseng.—1 Joh. 3:2.
Mohlomong ba bang ba ferekantsoe ke ’nete ea hore Molimo o bona hohle; le hore matla a hae a utloahala hohle. (2 Likron. 16:9) Re ka bapisa linnete tsena ka ho tšoantša Molimo le mochine oa motlakase. O tulong eitseng seterateng se itseng motseng. Empa motlakase oa oona o isoa motseng kaofela, o fana ka khanya le matla. Ho joalo le ka Jehova Molimo. O na le tulo maholimong a holimo-limo, empa matla a hae a sebetsang, moea oa hae o halalelang, o fana ka leseli, ’me matla a oona a utluoa hohle, bokahohleng bohle.
Le hoja Bibele ka ho ipheta e hlokomelisa barapeli ba Molimo hore ba se nahane ka ho etsa setšoantšo sa oona le hore ba se ke ba khumamela le ho rapela setšoantšo se joalo, e nea Molimo litšobotsi tse kang tsa batho. Ke kahoo Bibele e buang ka sefahleho sa Molimo, le mahlo a oona le litsebe, nko ea hae le molomo, matsoho a hae le maoto. (Deut. 4:15-20; Pes. 27:8; 1 Pet. 3:12; Pes. 18:15; Esa. 1:20; Deut. 33:27; Esa. 41:2) Koana, puo e hlalosang joalo ha e bolele hore ’mele oa moea oa oona o na le litho tse tšoanang le tseo ’mele ea batho e nang le tsona. Empa ka lipolelo tsena rea thusoa, joalokaha Jehova Molimo kahoo a fetoha oa sebele haholoanyane ho rōna.
E, Lentsoe la Molimo le bontša hore Molimo ke boleng bo khethehileng, hore o na le boikutlo, hore a ka khahlisoa kapa ho soabisoa, hore a ka tšeha, hore a ka koata, hore o mohau ’me o lerato. Ka boeena o khahloa ke setho se seng le se seng sa batho. Ha e le hantle, o ratile lefatše la batho hoo a ileng a rōmela Mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong lefatšeng ho shoa e le sehlabelo hore mang le mang ea lumelang ho eena a fumane bophelo bo sa feleng.—Pes. 2:4, 12; Joh. 3:16; Ba-Heb. 10:38; Jak. 5:11; 1 Pet. 5:7.
A Tšajoe Hobane’ng?
Haeba Molimo e le oa sebele ka ’nete ho rōna, litšoaneleho tsa oona ka botsona li tla re etsa hore re tšabe ho mo soabisa. Bibele e bolela hore “qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova” le hore “ke ho hloea bobe.” (Pes. 111:10; Liprov. 8:13) Na hona ho bolela feela tšabo ea borapeli ho Jehova? Na e bolela ho fetang ho ba le hlompho e molemo feela bakeng sa Molimo? Re ka ’na ra tšaba ka borapeli ba litulong tse khethiloeng ke Molimo tsa boikarabelo ’me re hlompha hamolemo batho bohle ba tšepahalang. Empa ho tšaba Jehova ho bolela ho fetang hoo hole. Moapostola Pauluse oa ngola: “Re ke re be le teboho eo re sebeletsang Molimo ka eona ka mokhoa o o khahlisang, ka hlompho le ka tšabo; hobane Molimo oa rōna ke mollo o timeletsang.” Ruri ’nete ena e lokela ho re etsa hore re be hlokolosi hore re se ke ra ipitsetsa bohale ba Molimo, hobane ho etsa joalo ho ka bolela hore re tla ba kotsing ea ho koenngoa ke oona!—Ba-Heb. 12:28, 29.
Re ka ’na ra tšoantšetsa ho tšaba Molimo ka tsela ena: Mora e monyenyane o na le lebaka la ho tšaba ho koatisa ntat’ae. Hobane’ng? Hobane ntat’ae ke motho oa sebele ho eena. O bona ntat’ae, o utloa lentsoe la hae ’me o tseba hore ntat’ae o mo feta ka matla. Ho feta moo, ntate o fana ka sohle se bonahalang seo mora a se hlokang—lijo, liaparo, ntlo, hammoho le seo a se hlokang ho ithabisa, kelellong le moeeng. Kahoo mora o na le mabaka a sebetsang le a botho a mo tlamang ho utloa ntat’ae, ho ameha ka hore a se mo soabise. Mora ea bohlale o tla hlokomela hore a se ke a halefisa ntat’ae, hore na o ananela ka botlalo hakae seo ntat’ae a mo etsetsang sona, o tla batla hore a hle a khahlise ntat’ae hakaalo.
Ho lokela hore ho be ka tsela eo ho bohle ba bitsang Molimo e le “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matt. 6:9) Lintho tsohle tse molemo li tsoa ho eena. (Jak. 1:17) Hore ha Molimo e le oa sebele ka ’nete ho rōna ho ka re kenya tšabo e molemo hore re se mo soabise ho bonoa ka se etsahetseng bophelong ba Josefa, mora oa mopatriareka Jakobo. Ha Josefa e ntse e le mohlanka ntlong ea Potifaro, mohlanka oa lekhotla la Egepeta, mosali oa Potifaro a leka ho eka Josefa e monyenyane e motle. Ke eng se ileng sa mo nolofaletsa ho hana moleko ona o moholo? Hore Molimo e be oa sebele ho eena, joalokaha a bontša ka mantsoe a hae ho mosali eo: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” Ha ho potso; Molimo e ne e le oa sebele ho Josefa. Hore Molimo e be oa sebele ka ’nete ho rōna ho tla boetse ho re thusa ho hanela meleko ka katleho.—Gen. 39:9.
Ho khutlela tšoantšetsong ea rōna: Ha re re mohlomong mosebetsi oa ntate o mo isa hole le lelapa ka nakoana. Bonneteng, o tla be a ntse a lokisetsa lelapa la hae ’me ntle ho pelaelo a ba ngolla, ho akarelletsa mora oa hae. Mora o tla bala mangolo ao ka cheseho, a tla mo tiisetsa hore ntate oa hae o ntse a mo thahasella. Leha ho le joalo, ka baka la ho ba hole ha ntate mora a ka ’na a ba le tšekamelo ea ho se tsotelle hore na o soabisa ntat’ae kapa che. Empa mangolo ao a tla ’ne a mo hopotse ka tlameho ea hae ho ntat’ae, na ha ho joalo?
Ho Bakreste kajeno, ho ka ’na ha boleloa hore, ka kutloisiso eitseng, Ntate oa rōna le eena o hole, maholimong a maholimo. Empa ho tiiseng tšepiso ea oona o re fa sohle seo re se hlokang, ’me o re rōmelletse mangolo e le libuka tse 66 tsa Bibele. Haeba ka ’nete re rata Ntate oa rōna ea maholimong ’me re ananela sohle seo a se entseng, a ntseng a se etsa le seo a tla re etsetsa sona, re tla nka mangolo ao a bululetsoeng e le a bohlokoa bo phahameng. Re tla batlisisa ka ho oona ka tieo le ka mehla. Ho feta moo, na mangolo ana a bululetsoeng a ke ke a boela a re thusa ho alosa hore re se tšohe re itšoara hampe, re etsa lintho tse ka ’nang tsa etsa hore Molimo o re koatele? Ho joalo ka ’nete!
Hoa hlokomeleha hore ho na le litsela tse ling tse ngata tseo re ka bontšang kamoo Molimo e leng oa sebele ho rōna, tse kang ka ho buisana le oona hangata ka thapelo le ka ho bolella ba bang ka litšoaneleho tsa oona tse babatsehang. Ka litsela tse joalo re ka etsa hore Molimo e be oa sebele ka ’nete ho ba bang ha ka nako eo e tla ba oa sebele haholo ho rōna.