Moscytha
HA A hatisa hore khethollo ea nama ha e ame boemo ba motho e le setho sa ’mele oa Kreste, moapostola Pauluse o ngolile: “Ha ho mo-Gerike, leha e le mo-Jode, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le moScytha, leha e le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.” (Ba-Kol. 3:11) Ho kenyelletsoa ha Bascytha ke ho hlokomelehang, kaha batho ba nana ba neng ba phela ka ho hloma mona le mane ba bohale ba ne ba nkoa e le ba babe haholo har’a babarebare. Leha ho le joalo, ka matla a fanoang ka moea o halalelang oa Molimo, le bona ba ne ba ka apara botho bo kang ba Kreste, ho sa tsotellehe litsela tsa bona tsa nakong e fetileng. (Ba-Kol. 3:9, 10) Moea oa Molimo o matla hakaakang!