Lipaki ho Isa Pheletsong ea Lefatše
1. E ’ngoe ea linako tse mahlonoko ka ho fetisisa paleng ea setho ke efe?
NTLE ho pelaelo e ne e le e ’ngoe ea linako tse mahlonoko haholo paleng ea setho. Ha ho mohla karohano e neng e bile bohloko hakaalo. Mora oa Molimo o ne a tla tloha a arohana le balateli ba hae lefatšeng, ho se mohla a tla hlola a ba teng ka mokhoa o bonahalang har’a bona hape nameng. Nako e ne e saletse potso e le ’ngoe feela, le karabo e le ’ngoe feela. Ka taba efe? Puisano eo ea ho qetela e ne e tla ama balateli ba Kreste ho tla fihlela bofelong ba tsamaiso ea hona joale ea lintho!
2. Potso ea ho qetela e ileng ea botsoa Jesu pele a sia lefatše ka ho sa feleng ke efe, ’me ke hobane’ng ha karabelo ea hae e re khahla haholo?
2 Potso ea ho qetela eo barutuoa ba Jesu ba mo botsitseng eona ke hore: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele?” Hore na sepheo-pheo sa bona ka ho botsa potso eo e ne e le sefe ke khopolo-taba. Hore na ba ne ba lebelletse eng, ho hlaka ntho e le ’ngoe: ba ne ba batla ho tseba hore na merero ea Molimo ka ’Muso e ne e tla phethahala neng. Ke mang ea ka ba tšoaeang phoso? E ne e se bona ba pele kapa ba ho qetela ho bontša ho hloka tiisetso ka topollo ea ho qetela. Kahoo litlhaloso tsa Jesu, e, mantsoe a hae a ho qetela pele a tloha lefatšeng, a tlohela ruri, ke a re khahlang haholo kajeno.
THŌMO EA KAROHANO EA KRESTE
3, 4. (a) Jesu a arabela joang? (b) Jesu a ruta barutuoa ba hae thuto efe e habeli?
3 Jesu a arabela: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši. Empa le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” Tlaleho e phaella: “Eare hobane a bolele taba tseo, a nyolosoa ba ntse ba mo talimile, ’me leru la mo tlosa mahlong a bona.”—Lik. 1:6-9.
4 Mantsoe a karohano a Jesu a ne a hlaloseha habeli. Ka mokhoa o tobileng a qala ka ho ba bolella ka mokhoa o tiileng barutuoa ba hae hore ho beheloa nako ha ho sebetsahala ha merero ea Jehova e ne e se taba ea bona. Kahoo a tiisa seo a neng a se a se boletse boprofeteng ba hae ka bofelo ba tsamaiso ea lintho. (Matt. 24:36; Mar. 13:32-37) Joale a tsoela pele ho ba bontša hore ho tloha ka nako eo ho ea pele na seo ba tlang ho ameha ka sona ke sefe. Ba ne ba tšoanela ho ba lipaki tsa Bakreste ba qala Jerusalema, moo ba neng ba boleletsoe hore ba lule ka nakoana (Lik. 1:4), joale le Judea eohle le Samaria ’me, qetellong, “le ho isa pheletsong ea lefatše.” Ho ea fihla moo ba ne ba tla fumana “matla” ka moea o halalelang.
5. “Matla” a tlela barutuoa ba Jesu neng, ’me a ba susumelletsa ho etsa joang?
5 “Matla” ao a ba fihlela beke le halofo kamor’a moo, ka Pentekonta. Baapostola le barutuoa ba bang ka kutlo ba lula Jerusalema, ’me mohla mokete “ba ne ba lutse bohle nqalong e le ’ngoe.” Ka tšohanyetso, “bohle ba tlala moea o halalelang, ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng.” Ba bua, e seng ba hoeleketsa feela ntho e sa utloahaleng, empa “ba bolela limakatso tsa Molimo.”—Lik. 2:1, 4, 11.
“JERUSALEMA”
6. Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba qala ho phethahatsa thōmo ea bona joang, empa ka khanyetso efe?
6 Bakreste bana ba tlotsitsoeng bocha ba phakisa ba ea phethahatsa thōmo eo ba e neiloeng ke Kreste ea tsositsoeng. Ba qala ho bolela “Jerusalema”; empa tlas’a khanyetso. Baeta-pele ba bolumeli le ba sechaba sa Bajode ba ba lohela leano, ba re:
“Batho bao re tla ba etsa’ng na? Hobane, ha e le hore mohlolo o bonahalang [oa ho phekola motho ea holofetseng] o entsoe ke bona, ke taba e tsejoang ke bohle ba ahileng Jerusalema ’me re ka sitoa ho ho latola. Empa hore taba tseo li se ke tsa eketsa ho hasana har’a batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo [la Jesu].”—Lik. 4:16, 17.
7. (a) Barutuoa ba Kreste ba itšoara joang ka seo? (b) Mohanyetsi oa bolumeli a fana ka bopaki joang hore Bakreste ba pele ba ne ba phethahatsa ka botšepehi thōmo ea bona?
7 Kreste o ne a itse: “Le tla ba lipaki tsa ka.” Lekhotla le phahameng la Bajode le ne le tšositse Bakreste ba pele “hore ba se ke ba boela ba ruta motho, . . . ka lebitso leo.” Ba ne ba utloa mang? Ba bolella bahlorisi ba bona ka hlompho: “Ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:18-20) Ba tsoela pele ba paka. Le hoja baapostola ba ile ba kenngoa chankaneng, kamor’a hore ba lokolloe ka mohlolo bosiu “ba kena tempeleng ha bo e-sa, ba ruta.” (Lik. 5:17-21) Ke cheseho e kaakang! Ba boela ba tšoaroa.
“Eitse hobane ba ba tlise, ba ba emisa har’a lekhotla, ’me moprista e moholo a ba botsa, a re: Na ha rea ka ra le laela haholo-holo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.” (Lik. 5:27, 28)
Ntle ho ho itherela, mohlomphehi enoa oa bolumeli a paka ’nete ea hore Bakreste bana ba pele ba ne ba phethahatsa karolo ea pele ea bona ka botšepehi eo ba e filoeng ke Kreste. E ne e le lipaki tsa hae tse mafolofolo “Jerusalema.”
8. Bakreste bana ba ne ba ‘tlatsitse Jerusalema ka thuto ea bona’ joang, ’me ba fumana litholoana life?
8 Hoba ba shapuoe le ho laeloa, ‘le se hlole le bua ka lebitso la Jesu,’ Bakreste bana “ba tloha khotla, ba thabile kahobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” Ba sa nyahama, “ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 5:40-42) Hlokomela hore “ha ba ka ba phetsa” ho paka “ka matlung.” Ke kamoo bona, le hoja ba ne ba le ’maloa, ba ileng ba khona ho ‘tlatsa Jerusalema ka thuto ea bona.’ Mokhoa ona oa hlahisa litholoana tse ntle haholo. “Lentsoe la Molimo le ne le ntse le tsoela pele; ’me barutuoa ba ne ba anafala haholo Jerusalema.”—Lik. 6:7.
HO FETELA SAMARIA LE JUDEA
9. Ke tlas’a maemo afe mosebetsi oa bopaki o ileng oa fetela Judea le Samaria?
9 Empa Bakreste ba pele ba ne ba ke ke ba khaotsa moo. Ba ne ba lokela ho ba lipaki tsa Kreste le ‘Judea eohle le Samaria.’ Ha e le hantle, ke cheseho ea bona ho phethahatsa karolo ea pele ea thōmo ea bona e ba entseng ba phethahatse karolo ea bobeli ea mosebetsi oa bona oa Bokreste. Ho hanyetsoa ha bopaki ba bona Jerusalema ha fihla khubung ka ho bolaoa ha bolumeli ha Setefane, ’me hona ha qhomisa mahloriso a phutheho ea lipaki tsa Bakreste Jerusalema. Morero oa khanyetso ena e mabifi e ne e le ho khutsisa lipaki tsena tsa Kreste. Ho e-na le hoo, ha fana ka matla a macha mosebetsing oa bopaki le ho o atolosetsa hona moo Kreste a neng a batla hore o ee. “Ba qhalanyetsoa bohle mafatšeng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba ’notši.” Bakreste bao ba qhalantsoeng ba etsa’ng libakeng tseo? “Ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.”—Lik. Khaoh. 7; 8:1, 4.
10. Baapostola ba etsa joang ha ba utloa hore ‘ba-Samaria ba amohetse lentsoe la Molimo,’ ’me Petrose a sebelisa ‘senotlolo’ sefe?
10 Litaba tsa phakisa tsa khutlela ho “baapostola Jerusalema” hore “ba-Samaria ba amohetse lentsoe la Molimo.” Ba nka bohato ka boemo, baapostola ba rōmela ba babeli ho bona, Petrose le Johanne, ho kopanya mosebetsi o motle o entsoeng ke Bakreste bana ba qhalantsoeng, ba akarelletsang moevangeli Filipi. A sebelisa matla ao Kreste a neng a mo neile oona, Petrose a betla khoro ea hore Basamaria ba tsoaloe ka moea, ebe Bakreste ba tlotsitsoeng, ba biletsoang ho kopanela le Kreste ‘’musong oa maholimo.’ (Matt. 16:18, 19; Lik. 8:14-17) Tlaleho e ho Liketso e tsoela pele: “Eitse hobane ba pake lentsoe la Morena, ba khutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ea Samaria.” (Lik. 8:25) Ho bile joalo bakeng sa Samaria!
11. Ke bopaki bofe bo teng hore ‘Judea eohle’ e fumane bopaki bo botle?
11 Ka Judea, ntle ho pelaelo Bajudea ba bangata ba ne ba le teng Jerusalema ka Pentekonta ’me ba fumana bopaki bo botle bo fanoeng ke Bakreste ba tlotsitsoeng bocha, haholo-holo Petrose. (Lik. 2:9, 14-36) Hape rea tseba hore pele mahloriso a qhoma khahlanong le Bakreste Jerusalema, “le batho ba metse e mathōko ba ne ba e-tla Jerusalema ka bongata, ba tlisa ba kulang le ba tšoenngoang ke meea e litšila; ’me ba ne ba folisoa bohle.” (Lik. 5:16) Baahi bana bohle ba Judea ba neoa bopaki ka Jesu. Ha supa nako kamor’a hore Pauluse a sokolohe, Luka oa ngola: “Likereke li ne li lutse ka khotso kahohle Judea, le Galilea, le Samaria; li ne li hahisoa.” (Lik. 9:31) Hoo e ka bang lilemo tse 15 hamorao Pauluse a khona ho ngolla Bakreste ba Thessalonika: “Hobane, banab’eso, le bile baetsisi ba likereke tsa Molimo tsa Judea.” (1 Ba-Thess. 2:14) Ho ke keng ha latoloa, Bakreste ba pele ka cheseho ba phethahatsa thōmo eo ba e filoeng ke Kreste hore e be lipaki tsa hae ‘Jerusalema le Judea eohle le Samaria.’
“HO ISA PHELETSONG EA LEFATŠE”
12. Lipeō tsa katoloso ea kamoso tsa jaloa joang mohla Pentekonta?
12 Leha ho le joalo, thōmo ea karohano ea Jesu ea ’na ea nkela pele. Ea re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Bopaki bo teng ba hore lebitso la Kreste le ile la pakeloa har’a Bajode ba Diasporaa qalehong ea nako, le pele ho 36 C.E.—selemo seo ka sona Petrose a ileng a boela a sebelisa matla ao a neng a a filoe ke Kreste, ka lekhetlo lena ho ea bulela Balichaba ba sa bollang ’Muso. (Matt. 16:18, 19; Lik. khaoh. 10) Tabeng e ’ngoe, Bajode ba 3 000 le basokolohi ba ileng ba fetoha Bakreste ba kolobelitsoeng mohla Pentekonta ea 33 C.E. e ne e se baahi ba Jerusalema le Judea feela. Ba bangata ho bona ba ne ba tsoa libakeng tse qhalaneng tse kang Parthia, Media, Elame, le Mesopotamia (Iran le Iraq ea kajeno), Asia Minor (Turkey ea kajeno), Afrika Leboea le Italia. (Lik. 2:8-11) Hoba ba khutlele mahaeng a bona mafatšeng a mararo a Asia, Afrika le Europe, basokolohi bana ba bacha ntle ho pelaelo ba paka ka lebitso la Kreste, bonyane ho Bajode ba bang le basokolohi linaheng tsa habo bona. Kahoo peō ea nakong e tlang ea katoloho ea jaloa hona moo ka Pentekonta.
13. Ke eng se supang hore bopaki ba Bokreste bo ile ba feta moeli oa Judea le Samaria e sa le pele?
13 Ho feta moo, re bala ho Liketso 11:19: “Ba neng ba qhalanntsoe ke hloriso e hlahileng ka Setefane [nakoana kamor’a Pentekonta, empa pele ho tšokoloho ea Pauluse ka 34 kapa 35 C.E.], ba fetela pele ho ea Fenicia, le Cypera le [Syria] Antioke, ba sa bolelle motho lentsoe, ha e se ba-Jode ba ’notši.” Hona ke bopaki bo tiileng hore le pele boboleli bo fihla ho bao e seng Bajode, Kreste o ne a pakoa ho tlōla moeli oa Judea le Samaria.
14. Bopaki bo hlomamisitsoeng har’a ba sa bollang ho bonahala bo qalehile kae?
14 Hang ha Petrose a se a sebelisitse se seng sa “linotlolo tsa ’muso oa maholimo” ho notlollela ba sa bollang menyetla ea ’Muso, ka 36 C.E., tsela ea bulehela lipaki tsa Bakreste ho ea ho batho bohle, e! “ho isa pheletsong ea lefatše.” Kamoo ho bonahalang, bopaki bo hlomamisitsoeng har’a balichaba ba sa bollang bo qalehile Antioke oa Syria, eo ka nako eo e neng e le motse oa boraro o moholo haholo lefatšeng, ho latela Roma le Alexandria. Ho etsahetse ka tsela ena: Nakoana kamor’a 36 C.E., empa pele ho 44 C.E., “ba bang ho bona, e leng banna ba Cypera le Cyrene [e Afrika Leboea], eare ha ba kena Antioke, ba bua le ba-Gerike, ba ba bolella litaba tsa Morena Jesu. Letsoho la Morena la e-ba le bona, ’me batho ba bangata ba lumela, ba sokolohela ho Morena.”—Lik. 11:20, 21.
15. (a) Phutheho ea Jerusalema ea etsa joang ka boemo bona bo bocha, ’me ke hobane’ng ha boikhethelo ba bona bo bile bohlale? (b) Pauluse o ne a entse joang ka lilemo tse ngata tse fetileng? (c) Ke hobane’ng ha taba ea phutheho ea pele ea Antioke e khahleha haholo?
15 Tšebetso e chesehang ea Bakreste bana ba tsoang Cypera le Cyrene har’a bao e seng Bajode ea hlohonolofatsoa ke Jehova. ‘Kereke e Jerusalema’ ea rōmela moemeli ea khethehileng ka leboea ho ea Syria ho sebetsa boemo bona bo bocha. Ba khetha Barnabase, e le Mojode ea buang Segerike ka boeena ea tsoang Cypera. Hoba a khothatse barutuoa bana ba bacha ba Kreste, Barnabase a ea Tarese ho ea lata Pauluse, eo ka boeena a neng a sa tsoa qeta lilemo tse ngata a ‘bolela litaba tse molemo tsa tumelo’ Syria le Cilicia, Turkey e ka boroa bo ka bochabela hona joale. (Bapisa Liketso 9:26-30 le Ba-Galata 1:18-23) “Ba lula teng ba qeta ngoaha [mohlomong hoo e ka bang ka 45 C.E.] ba ntse ba phutheha [Barnabase le Pauluse] le kereke; [joale e entsoe ka Bajode le Balichaba]; ’me ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuoa ba qalileng ho bitsoa bakreste.”—Lik. 11:22-26.
16, 17. (a) Mosebetsi oa bopaki oa atolosoa joang ho tloha Antioke oa Syria? (b) Pauluse le Barnabase ba qotsa boprofeta bofe ho lokafatsa mosebetsi oa bona, ’me boprofeta bona bo ne bo sebetsa ho mang pele? (c) Hona ho hlakisa Liketso 1:8 joang?
16 Ka lilemo tse 10 kapa nako e atametsang hona moo, Antioke ea fetoha setsi seo ho sona tšebetso ea boromuoa e matla e neng e etsoa, tlas’a tsamaiso ea moea o halalelang, (Lik. 13:1-4; 14:26; 15:35, 36; 18:22, 23) Pauluse, hammoho le baromuoa ba bang ba bangata ba kena maetong a maholo a mararo a boromuoa a ileng a jala Bokreste har’a Asia Minor eohle le Greece. Ba bolela Kreste ho Bajode le Balichaba. Ka lekhetlo le leng, Pauluse le Barnabase ba lokafatsa tsela ena ho sehlopha sa Bajode ba halefileng, ba re:
“Ho no ho tšoanetse hoba lentsoe la Molimo le bolelloe lōna pele; ereka ha le le hana, ’me le ikahlola e le lōna hore ha lea tšoaneloa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho ba-lichaba. Hobane Morena o re laetse joalo ka lentsoe le reng: Ke u beile leseli la lichaba, hore u be poloko ea tsona ho isa pheletsong tsa lefatše.”
Luka oa phaella: “Eare ha ba-lichaba ba utloa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentsoe la Morena; ’me bohle ba neng ba khethetsoe bophelo bo sa feleng ba lumela.”—Lik. 13:46-48.
17 Ka ho qotsa boprofeta ba Mohlanka oa Messia (Esa. 42:6; 49:6) ’me ba bo sebelisa tšebetsong ea bona, Pauluse le Barnabase ba bontša hore bona le Bakreste bahabo bona ba ne ba hlile e le “manqosa a Kreste,” eo Jehova a neng a mo rōmetse ho tlisa “leseli” le “poloko” ho “isa pheletsong ea lefatše.” Kreste, le eena, o ne a rōmile balateli ba hae ho ba lipaki tsa hae “le ho isa pheletsong ea lefatše.”—2 Ba-Kor. 5:20; Lik. 1:8; bapisa Esaia 49:5-9 le Luka 2:25-32.
THŌMO E NAKO E TELELE
18. Re tseba eng ka boiteko ba Bakreste ba pele ba ho ba lipaki “ho isa pheletsong ea lefatše”?
18 Joalokaha re bone, buka ea Liketso e bontša cheseho eo ka eona baapostola le Bakreste ba pele ba neng ba batla ho phethahatsa thōmo ea ho paka eo ba e filoeng ke Kreste Jerusalema, Judea, Samaria le ho isa hole moo ba neng ba ka khona ho ea ho ea “pheletsong ea lefatše.” Rea tseba, ka mohlala, hore moapostola Petrose e ne e le paki e tšepahalang ea Kreste ho ea fihla Babylona, le hore Pauluse o pakile ho ea fihla ka bophirima Italy ’me mohlomong ho fihla le hona Spain.—1 Pet. 5:13; Lik. khaoh. 28; Ba-Roma 15:23-28.
19. Leha ho le joalo, ke eng se bontšang hore thōmo ea karohano ea Kreste ho Bakreste e ne e tla atolohela mehleng ea kajeno, ’me ho hlaha potso efe?
19 Empa ho hlile ho totobetse hore thōmo ea karohano ea Kreste ea ho ba lipaki “ho isa pheletsong ea lefatše” e ne e kenella hole ho feta moo. Ho ea ka boprofeta ba Jesu ka boeena, e ne e nkela pejana ho mehla ea baapostola, e theosa ho tla fihlela ‘ho feleng ha lefatše.’ (Matt. 24:3, 14) Leha ho le joalo, e bile ho matlafatsang le ho susumelletsang tumelo haholo ho hlahloba mohlala o motle o beiloeng ke Bakreste ba pele. Joale ho hlaha potso: Ke bafe, kajeno, ba phethahatsang mosebetsi o motle o qaliloeng ke baapostola, ’me ke ka mekhoa efe e bileng lipaki tsa Kreste le Ntate oa hae oa leholimo, “ho isa pheletsong ea lefatše” ka ’nete? Re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho “qhalanngoa” ha Bajode kamor’a ho isoa Assyria le Babylonia.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 18]
“Bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lona”
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 19]
‘Ba ’na ba bolela evangeli ho ba-Samaria’
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Le tla ba lipaki tsa ka . . . le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Lik. 1:8.
SAMARIA
JERUSALEM
JUDEA