Thabo—Senotlolo ke Sefe?
“NA bophelo ba hao bo tletse mathata?”
Ba bangata ba ka arabela ka hore, “Ho joalo ka sebele.” Na le uena u ka bua joalo?
Le haeba ka mokhoa o leka-lekanang re hlokomela hore bohle re na le thabo kapa nyakallo eitseng bophelong, mohlomong re ntse re ikutloa hore mathata a koahela thabo ea rōna.
Mathata a ka aroloa likoto. Ho ba bangata, bothata ba bona bo boholo bo amana le chelete—matla a theohang a chelete, melato, ho se sireletsehe ha mesebetsi, bolulo moo motho a ka khonang. Leha ho le joalo, u se u bone hore le bona ba bonahalang ba sireletsehile licheleteng ba amohuoa thabo ke mathata a lelapa kapa a lenyalo. Bacha ba bangata ba khathatsoa ke lintho tse amang likamano tsa botona le botšehali, tahi kapa lithethefatsi. ’Me ho kula kapa bolutu li atisa ho soabisa ba hōlileng.
Batho ba bang ba ka ’na ba lora, ‘Hoja feela thabo e ne e e-na le senotlolo se bonolo.’ Leha ho le joalo, mohlomong u ananela hore ho teng lipheko tse seng kae tse bonolo le tsa kapele mathateng a rōna. Leha ho le joalo bopaki bo bongata bo bontša hore ho na le senotlolo sa ho finyella thabo.
HO KA ETSOA ENG KA MATHATA AO?
Batho ba bangata ba batla ka tsieleho keletso ea litsebi hore na ba ka qoba mathata joang ’me kahoo ba se amohuoe thabo. Ba bang ba retelehela likarolong tse fanang ka boeletsi likoranteng. Kapa ba bale libuka tsa morao-rao tsa hore na motho a ka ithusa joang. Ba bang ba batla thuso ho batho ba baholo bao ho lebelletsoeng hore ba be le tsebo le bohlale haholoanyane. (Bapisa Liproverbia 20:29; Tite 2:3, 4.) Le hoja melemo e le teng e ka fumanoang ka tsela eo, ho na le mohloli o mong oa thuso oo ka ho utloahalang o re tšepisang ho re isa thabong ea ’nete.
Mohloli oo ke ’Mōpi oa batho. Na ha se ’nete hore ha ho mohlalefi ea ithutetseng kelello ea motho, moeletsi oa lenyalo, moqapi kapa mongoli oa likoranta ea tsebang ho mo feta ka bophelo? Ke eena ea bōpileng batsoali ba rōna ba pele ba batho, kahoo o tseba ka ho phethahetseng hore na re hahehile joang ’meleng, kelellong le maikutlong. Mongoli e mong oa nakong ea khale o buile tjena ka nepo: “Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! Ke eena ea re entseng.” (Pes. 100:3) Hamolemo ho feta ngaka leha e le efe ea motho kapa moeletsi, ’Mōpi oa rōna o tseba se etsahalang ka hare ho rōna. O tseba hore na ke hobane’ng ha re etsa lintho tseo re li etsang le se ka re thabisang kannete.—1 Sam. 16:7.
Hape re ka nahana ka phihlelo ea Molimo. Tsebo ea hae ea lintho ha e felle lilengoaneng tse seng kae feela, joalokaha ho le joalo ka baeletsi leha e le bafe ba batle haholo ba batho. O ’nile a alosa mathata ’ohle a motho ho tloha mehleng ea batho ba pele. O tseba kakaretso ea ho hlōleha le ho atleha ha motho. Bibele e tlaleha hore: “Jehova o talima a le leholimong, o bona bara ba batho kaofela. . . . o lemoha baahi ba lefatše kaofela. . . . ea elang mesebetsi ea bona kaofela hloko.”—Pes. 33:13-15.
Empa leha ho le joalo, rea botsa:
SENOTLOLO SA HO THABA KE SEFE?
Ho topalla ka taba, Senotlolo sa ho thaba ka sebele ke ho etsa lintho ka tsela ea Molimo.
Hoo ho bolela eng leha ho le joalo? Hantle-ntle re lokela ho etsa joang?
Bonneteng, ha ho bolele ho inkela boikutlo ba khalalelo ea mponeng ea bolumeli kapa ho iketsa morapeli oa mponeng. Hoo ha ho hlahise thabo ea ’nete kapa hona ho etsa motho ea amohelehang ho Molimo. (Matt. 23:2, 25-28) Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore re amohele keletso ea Molimo eo re e beetsoeng Lentsoeng la oona le ngoliloeng joale re loanele ho le sebelisa—seo ke senotlolo se isang thabong e sa feleng.
’Mōpi oa rōna o tseba hantle se ka re thabisang kapa sa senya thabo ea rōna, ’me ka lerato o senotse litaba tse joalo ka Mangolong. Kahoo, ho fumana thabo ea ’nete, re tlameha ho leka ho etsa seo Molimo o se bolelang moo o re se molemo ’me re qobe seo a reng re se qobe.
Hona hoa sebetsa. Hona joale ho hlile ho teng batho ba limillione lefatšeng ba tsebang hore hoo ke ’nete. Che, ha baa behelloa thōko le mathata a bophelo kapa hona hore ha a fihle ho bona. Ba na le mathata bophelong. Empa ka baka la ho leka ho etsa lintho ka tsela ea Molimo mathata a bona, hangata, a tlase a bile ha a matla haholo ho feta a batho ka kakaretso. Haeba u batla ho utloa bopaki ba motho ka sena, buisana le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.
U tla fumana hore li tseba ka phihlelo ea botho bonnete ba se boleloang ho Lipesaleme, moo re balang:
“Ho lehlohonolo motho ea sa lateleng keletso ea bakhopo, . . . empa a ithabela molaong oa Jehova.” “Molao oa Jehova o lokile, o khatholosa moea; bopaki ba Jehova boa tšepeha, bo hlalefisa sethoto.”—Pes. 1:1, 2; 19:7.
A re tiiseng seo. Joang? Ka ho hlahloba ka bokhutšoanyane kamoo molao oo o ka u thusang uena le ba bang ho loana ka katleho le ho hlōla mathata a mang a tloaelehileng. Ha u hlahlobisisa sehlooho se latelang, bona hore na u ka lumellana le ’nete ena: Senotlolo se isang thabong ea sebele ke ho etsa lintho ka tsela ea Molimo.