U ka Thaba!
NA HO bonahala ka mehla mathata a senya thabo ea hao? Aa ho etsa ho ba bangata.
Ha ho ba joalo, batho ba bang e-ba ba se ba ineela ’me ba leka ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore ba thabe kapa ba nyakalle ka mokhoa o itseng ho sa tsotellehe se tla hlaha. Ba bang ba ‘kebisa melala’ tlas’a bophelo ba mathata, ba lebelletse bokamoso bo thabileng Nirvana, leholimong kapa kae kae.
Le hoja Molimo o fela o re tšoaretse bokamoso bo thabileng tsamaisong e ncha e lokileng, o batla hore re thabe le hona joale. ’Me re ka ho etsa!—2 Pet. 3:13; Tite 1:2; Ba-Heb. 11:6.
Ho etsa lintho ka tsela ea Molimo ke senotlolo sa thabo ea hona joale le ea kamoso. Hoo ke ’nete hona joale, hobane ka ho latela tsela ea Molimo re ka qoba mathata a neng a ka senya hore re thabele bophelo. ’Me ho etsa lintho ka tsela ea hae ho hlahisa mokhoa oa bophelo o etsang hore bophelo ba letsatsi le leng le le leng bo nyakallise haholoanyane hona joale. Ha re saballisa hona, a re nahaneng ka mathata a mabeli a tloaelehileng, chelete le bolutu—’me re bone kamoo keletso ea Molimo le tsela ea Bokreste ea bophelo li ka re thusang hore re thabe.
THUSO MATHATENG A CHELETE
Ua tseba hore na chelete ke ea bohlokoa hakae. Mongoli oa Bibele o e beile ka tsela ena: “Sebōka se etsetsoa thabo, veine e thabisa ba phelang, ka lichelete ho fihleloa tsohle.” (Moek. 10:19) Ka ho theoha ha matla a chelete, ho hlokahala ho hongata ho reka tsa bophelo tsatsi le leng le le leng. Bibele e ka thusa joang?
Tabeng e ’ngoe, ho sebelisa lithuto tsa Bibele ho ka u thusa hore u fumane mosebetsi ’me u fumane chelete eo u e hlokang. Ka mohlala, Mangolo a hatisa bohlokoa ba ho ba mahlaha-hlaha le ho tšepahala.
“Pelo ea sekhoba e lakatsa ka mehla, leha ho le joalo, ha se rue letho; empa moea oa sekhothali oa nona. Na u lemohile motho ea mahlaha-hlaha mosebetsing oa hae? O tla ema pel’a marena.”—Liprov. 13:4; 22:29.
“Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae.”—Ba-Ef. 4:28.
‘Ho etse sepheo sa hao ho phela bophelo bo khutsitseng, ho ameha ka litaba tsa hao, le hore u iphelise, . . . Ka tsela ena . . . u ke ke ua tlameha ho itšetleha ho mang kapa mang ka seo u se hlokang.’—1 Ba-Thess. 4:11, 12, “TEV.”
Nahana kamoo keletso e sebetsang kateng. E, ke ’nete hore batho ba tsoella ka ho utsoa, ho qhekella le “tjotjo” kapa ka tšusumetso. Empa hohle le qetellong, haeba u sebelisa keletso e joalo ea Bibele u tla ba molemong o fetang ba e hlokomolohang. Hobane’ng?
Mohlomong u hlokometse hore beng ba mesebetsi le baokameli ba belaela ka basebetsi ba fihlang morao ho nako mosebetsing, ba lofang kapa ba sa tšepahaleng. Kahoo motho eo, ka baka la ho sebelisa keletso ea Molimo, a fihlang ka nako, a sebetsang ka matla ’me a tšepahala hangata o fumana mosebetsi ’me oa ananeloa. Mohlomong a ka lefuoa haholo ’me mohlomong a bolokoa mosebetsing ha ba bang ba lelekoa. Nahana ka litaba tsena tse peli:
Lebenkele le rekisang thepa ea motlakase Afrika Boroa la utsoetsoa haholo ke basebetsi, ’me mookameli a bokella basebeletsi bohle ba Maafrika ’me a ba bolella hore ba lelekiloe. Empa ka le latelang, tereneng eo a e palamang ka mehla ha a ea mosebetsing, mosebetsi e mong a kopana le e mong ’me a botsa, ‘Ho tla joang hore ebe u ea mosebetsing?’ Karabo: Mookameli o ne a mo boleletse ka lekunutu hore ka baka la botšepehi ba hae eena ha a lelekoa. Ho ne ho le joalo le ka mosebetsi eo e mong. Ha ba fihla mosebetsing ba kopana le mosebetsi oa boraro ea neng a boleletsoe joalo le eena. Kaofela e ne e le Bakreste ba ’nete.
Motsamaisi oa feme e hahang mebila ea Brithani a bolella Robert hore a bolelle ba mo batlang hore ha a eo. Empa eare ha motho e mong a fihla a batla motsamaisi Robert a hlalosa hore o tšoarehile. Ha a nyatsuoa ka baka leo, Robert a hlalosa hore kaha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, o sitiloe ho qala leshano. (Ba-Ef. 4:25) Hamorao, ha ho ntse ho nahanoa ka ba phahamisoang, mookameli e mong a bontša ho belaella ho tšepahala ha Robert. Empa motsamaisi a mo sireletsa ka linnete. Robert a phahamisoa.
Le lintlheng tse ling, ho latela keletso ea Bibele ho ka u thusa ho qoba kapa ho loana ka katleho le mathata a chelete ’me, kahoo, ha phaella thabong ea hao.
Lentsoe la Molimo le lemosa ka tieo ka ho alima chelete. Le re: “Ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena.” (Liprov. 22:7) Le hoja Bibele e sa hanele ho alima, keletso ena e bohlale e fana ka thuso e eketsehileng ho haneleng motho meleko ea ho reka ka molato, e le hore feela a tlo lefa litefiso tse ka thōko ’me a kene molatong.
Bibele e phehella barapeli ba ’nete ho hlompha le ho hlokomela thepa ea ba bang. Hape e supa hore bohloeki ke ntho ea bohlokoa. (Deut. 22:1-4; 23:12-14; Ex. 30:18-21) Bakreste ba hlokomelang ka tsela e joalo matlo ao ba a hirileng hangata ba nkoa e le ba bohlokoa ke beng ba matlo ’me kahoo ba hirisetsoa hamolemonyana. Motseng o moholo oa Afrika ho hlaha tlaleho ena e molemo:
Lelapa la Bakreste le ne le bolokile ntlo eo le e hirileng e hloekile ba bile ba lefa rente ka nako. (Ba-Roma 13:8) Ha ba tla tloha ba tloha, ba tlisetsa mong a teng lelapa le leng le tsoang phuthehong e ’ngoe. A bolela hore ka tloaelo o ne a tla eketsa rente haholo, empa ka ho tseba hore batho ba joalo baa tšepahala ba bile ba hloekile a e tlohela hona moo, hoo e ka bang halofo ea rente e tloaelehileng sebakeng seo.
Tsela e ’ngoe ea ho phahamisa thabo ka ho amohela keletso ea Molimo ke ka ho qoba mekhoa e meng le litloaelo tse kotsi cheleteng. O mong ke ho noa haholo, le bona botahoa, tse nyatsuoang ke Bibele. Ho hlokahala chelete e ngata ho reka lino tse tahang, ’me botahoa ke bona bo etsang hore hangata batho ba be sieo mosebetsing, hape bo baka likotsi tse ngata. Bibele e lemosa kannete: “U se ke ua tloaela manoa-joala . . . hobane letahoa le lenyolo-nyolo ba ipakela bofuma; ’me ho rata boroko ho apesa motho maharasoa.” (Liprov. 23:20, 21) Kahoo, ka ho etsa lintho ka tsela ea Molimo motho a ka fokotsa kapa a qoba mathata a chelete ’me, lintlheng tse ngata, a thaba haholoanyane.
Qetellong, re nka bohato bo boholo bo isang thabong ha re amohela maikutlo a Molimo ka matlotlo kapa maruo. Na hoo ho bolela ho tela chelete hampe? Che, hobane chelete ke tširelo. (Moek. 7:12) Empa Lentsoe la Molimo le hatisa khotsofalo. Ntlheng ena Jesu o re elelitse hore re se phehelle maruo, empa hore re khotsofalle seo re nang le sona kapa seo re ka se fumanang ka ho utloahalang. Iphe nako ea ho bala mantsoe a hae a nang le seo a se bolelang ka sena ho Luka 12:22-31. Ho phaella moo, Bibele e-ea phehella: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Tim. 6:8) Hoo ho molemo haholo. Ha e le hantle, le bona ba ithutetseng kelello ea motho kajeno ba bona hore haeba u talima chelete ka tsela eo, u tla ba motho ea thabileng haholoanyane.
HO HLŌLA BOLUTU
Empa ho thoe’ng haeba ho se thabe ha hao ho amana le bolutu bo nyahamisang empa e se mathata a chelete? Haeba ho se joalo ho uena ka bouena, mohlomong ho joalo ka ba bang ba bangata bao u ba tsebang. Phuputsong e entsoeng ka batho ba 52 000, karolo e fetang 40 lekholong ea bolela hore “hangata ba ikutloa ba hlorile.” Ke boikutlo bona boo hangata bo senyang thabo ea ba baholo le ba banyenyane, banna le basali.
Kaha bona mohlomong ke bothata bo amanang le ho haelloa ha motho ke lelapa le haufi kapa metsoalle, ho etsa lintho ka tsela ea Molimo ho ka thusa joang? Bibele e re’ng ka see se ka atisang thabo?
Tabeng e ’ngoe, hangata bolutu bo baka ho tepella le ho itella. Empa haeba u thahasella ho etsa lintho ka tsela ea Molimo u hlaolela kamano e ntle le oona. Hona ho ka thusa ho theola bolutu, kaha u ikutloa hore ua tšoaneleha, u tseba hore ’Mōpi oa rōna o u thahasella ka boeena ’me u rata ho u thusa.—Matt. 18:10.
Ho phaella moo, Bibele e hatela pejana ho moeli oa ho eletsa batho ba bolutung ka tloaelo feela—‘ho tšoareha’—ka ho phehella Bakreste ho ba mafolo-folo mesebetsing e metle. Ka kōpo bala ho Liketso 9:36-42 kamoo mosali e mong oa Mokreste, ea neng a ka ’na a jeoa ke bolutu, a ileng a etsa joalo. Bona kamoo a iphileng nako ho etsetsa ba bang lintho. Ha a ntse a etsa joalo a fumana metsoalle e mengata ea Bakreste ’me a fumana thabo e tlisoang ke ho fana.—Lik. 20:35.
Mosebetsi o mong o motle le mokhoa oa ho fana o khethollang Bakreste ba ’nete ke ho ruta ba bang ’nete ea Lentsoe la Molimo. Hona ho boloka Bakreste ba mafolofolo ba tšoarehile hamolemo. Ho kopanya motho le batho ba fapa-fapaneng. ’Me ke ho khotsofatsang haholo, hobane ka tsela eo u thusa ba bang ho atamelana haufi le Molimo ’me ba thabe. Kahoo, le hoja ho bolela ‘litaba tse molemo’ pontšeng hona e le tlamo—karolo ea ho etsa thato ea Molimo hona joale—hape ke mohloli oa thabo ea botho.
Hape, Molimo o phehella Bakreste hore ba bōkane hammoho ka mehla ho ithuta Bibele le bakeng sa botsoalle. (Ba-Heb. 10:24, 25) Le hoja ho ba har’a batho ba bang e hlile e se pheko e feletseng ea bothata ba bolutu, ho kopana ka mofuthu le ka mehla le Bakreste ba lerato ruri hoa thusa. Se etsahalang ke bopaki ba sena. Re u khothalletsa ho ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova. Moo u ka hlokomela kamoo ho latela keletso ea Bibele ho thusang ba bangata ho loana ka katleho le bolutu, hammoho le ho sebetsana le mathata a amang chelete, lenyalo, khatello le lintho tseo ho tloaelehileng hore li senye thabo.
Ha feela tsamaiso ea joale ea lintho e sa le teng, u ka lebella hore mathata a be teng. Empa ho e-na le ho “kebisa molala” tlas’a oona kapa ho leka mekhoa e meng e sa nepisisoeng ho a loantša, ke hobane’ng ha u sa etse ka tieo se ka u tlisetsang thabo e khōlō le katleho? Ke hore, ithute ka monahano oa Molimo ’me joale u o sebelise. Joalokaha batho ba baloang ka limillione ho pota lefatše ba tseba ka se etsahetseng, hona ho tla u thusa ho qoba mathata a mangata a tloaelehileng le ho loana ka katleho le a saletseng. Kahoo u tla bona hore tsela e isang thabong e ke ke ea thijoa. U tla be u fumane senotlolo le ho se sebelisa.
Phello ho uena e tla ba bophelo bo molemo haholo, ho amoheloa ke Molimo le thabo e eketsehileng.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“HO FUMANA BOEMO BOO BO PHONYOHANG BA THABO”
Mohlalefi oa kelello Dr. Joyce Brothers o hlalositse hore ‘ha re bua ka seo re se batlang haholo bophelong, re hlile re bua ka thabo.’ Na chelete ke senotlolo sa hoo? A re:
“Motho ea amohelang $100 000 e ka ’na ea e-ba ea lokolohileng le ea aparang hamolemo, ’me a phela hamolemo ho feta ea amohelang $20 000, empa a ke ke a thaba hakaalokaalo. . . .
“Linnete ke hore moputso o itekanetseng hantle o hlekela thabo le hore ke seoelo lichelete tse ngata haholo li etsang joalo. Chelete ke thetso. Hape e ka fetoha leraba, sefi se u thibelang ho fihlella lipakane tse ratehang ka ho fetisisa.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
“Liphuthehong tsa tsona bophelo ba Lipaki ke motse oa ’nete oa ho tšepana le ho amohelana. . . . Lipaki tsa Jehova li nea [motho] bohlale ba bophelo bo neang bakhomareli ba bona tsela ea ho itseba le ho itlhompha, sebaka sa kamohelo, le tšepo bakeng sa nako e tlang.”—“Religious Movements in Contemporary America.”