E Mong le e Mong o Hloka Tšepo
“TŠEPO e kopotsa e sa khaotse ka sefubeng sa motho.” Ho buile joalo moroki oa Lenyesemane Alexander Pope ho “Essay of Man” ea hae. Lilemo tse likete tse peli pelenyana ho moo seroki sa Legerike Theocritus o ile a bolela ka tsela ena: “Tšepo e teng ha feela motho a sa phela.” Pelenyana ho moo hape monna ea bohlale oa Mojode Salomone a ngola: “Ha e le ba utloang, tšepo e ntse e le teng ho bona.”—Moek. 9:4.
E, batho ba mefuta eohle ka linako tsohle ba ʼnile ba hloka tšepo. Kajeno, ho na le ba limillione ba bolelang hore tšepo feela e teng ke lefatše le molemo le tlisoang ke Bokomonisi. Ba lumela hore liphetoho tsa liphutuhelano li tla tlisetsa bongata mehla e molemo. Ba qotsa moshoela-tumelo oa Lekomonisi oa Lefora Gabriel Péri ha a re, o leboha Bokomonisi, meloko e tlang e tla utloa ‘hosesane ho monate.’ Ke ʼnete, ba bangata ba bone liphello tse soabisang tse finyelletsoeng ke mebuso e latelang metheo ea Marxist ʼme ba tepella. Leha ho le joalo, bokomonisi e sa le “tšepo” ea ba limillione har’a batho ba batlang lefatše le nang le toka kahisanong.
Koran e nea Masolomane a ka bang halofo ea billione tšepo ea lehlohonolo le sa feleng paradeiseng e bitsoang “Tšimo,” moo ba lehlohonolo ba tla thabela menono ʼmeleng ea bona e tsositsoeng. Masolomane a mangata a bile a na le tšepo ea puso ea lilemo tse 1 000 ea khotso lefatšeng pele ho Letsatsi la Kahlolo. Ba lahloang ke Allah ba tla lahleloa ka “Sebakeng se Chesang” ho hlorisoa ka ho sa feleng.
Tšepo ea Mahindu le Mabuddha a makholo a limillione ke ho finyella pakane ea Nirvana. Ho Mahindu, hona ke ho tingoa ho feletseng ha lelakabe la bophelo ka ho fetoloa Brahman kapa moea o se nang botho bokahohleng. Ho Mabuddha, Nirvana ke “boemo ba tlhohonolofatso e phethahetseng e finyelloang ka ho tingoa ha boteng ba motho ka mong le ka ho fetoleloa ha motho moea o moholo.”
Joale bakeng sa batho ba makholo a limillione ba ipolelang hore ke Bakreste, tšepo ho boleloa hore ke e ʼngoe ea “lintle tse tharo tsa puso ea leholimo,” hammoho le tumelo le lerato. Ka lintle tsena tse tharo, Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e re: “Tumelo ke motso, lerato ke kutu e beang litholoana, ʼme tšepo ke moqhaka o fihlang leholimong oa sefate sa bophelo ba Bokreste.”
E lumellana le buka ena ea Boprostanta hore tšepo bakeng sa litho tsa likereke tsa Bojakane ke ho ea leholimong, The Catholic Encyclopedia, e re, tlas’a “Tšepo”: “[Tšepo] e hlalosoa e le botle ba Bomolimo boo ka bona re ka lebellang ka kholiseho, ka thuso ea Molimo, ho finyella thabo e sa feleng . . . Hona hohle ho na le kelello feela motheong, oo re nkang hore o ke ke oa fetoha, hore ho na le ntho e kang taolo e phahametseng motho, le hore qetello feela e bonahalang ea motho mohaung oa hona joale oa Molimo e lutse taolong eo . . . tšepo sepheo-pheo sa eona ke ho kopana le Molimo leholimong.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna)
Kahoo ho Mak’hatholike le Maprostanta a mangata tšepo feela e ka pel’a bona ke “thabo e sa feleng . . . leholimong.” Ha hoo ho hlōleha, ha ho tšepo efe kapa efe e teng hape. A Catholic Dictionary e re: “Ba rohakiloeng liheleng ba ke ke ba tšepa, hobane ba ke ke ba lebella poloko.” Tsebiso eo Dante a ileng a nahana hore e beiloe likhorong tsa lihele e baleha tjena: “Le lahle tšepo eohle, lōna ba kenang mona.”
Empa na ho khethoa pakeng tsa lintho tse peli feela bakeng sa bohle ba lumelang ho Molimo le Kreste—“thabo e sa feleng” leholimong kapa boemo bo se nang tšepo ba kotlo e sa feleng “liheleng”? Kaha metso ea Bokreste e tebile haholo ka Bibeleng, Mangolo a hlalosa tšepo ea Bokreste joang le kotlo leha e le efe e emang sebakeng?
Ho feta moo, kaha limillione tsa batho ba hapiloeng ke Bokomonisi ka ho totobetseng ha bo ekoe ke “lehlohonolo la leholimo” le boleloang hore ke eona tšepo feela ke likereke tsa Bojakane, na ho ka etsahala hore ebe Bibele e nea batho ba joalo—e seng ka nakoana e khutšoanyane feela, empa ka ho sa feleng—eona tšepo eo ba nahanang ho re ba e fumane Bokomonising, e leng, lefatše la ‘ho leka-lekana ha bohle metseng le moruong’ ‘tsamaisong e se nang khethollo’?
Na hape ho ka ba ha etsahala hore Bibele e tšoaretse Masolomane a limillione tšepo e tšoanang le “Tšimo” ea paradeise eo ba e neoang ke Koran, empa ho se teng kotsi ea ho fella “sebakeng se Chesang”?
Hona ho thoe’ng ka makholo a limillione a ba sebelisang litumelo tsa Bochabela ba rutiloeng hore bophelo bohle bo bonahalang ke mahlomola le bao, ka baka leo, bophelo lefatšeng e leng bomalimabe? Na batho bana ba ka thabela ho felisa bophelo ba bona Nirvana haeba ba ka ikholisa hore bophelo lefatšeng ha ho mohla bo neng bo reretsoe ho ba nako ea mahlomola a kang ao ba a tsebileng? Na Bibele e ke ke ea e-ba le hona ho fetola pono ea bona ea bophelo ʼme e ba nee tšepo e lumellanang haholo le se labalabeloang ke batho ba hlalefileng ka tlhaho?
Ho hopotsoe lipotso tsena, a re hlahlobeng Bibele le histori ea bolumeli ho bona hore na tšepo e teng feela e neoang batho ke “ho ea leholimong.” ’Me kaha, ho ea ka Bibele, batho ba tšepisitsoe le pele ho theoa Bokreste, a re khutleleng morao ʼme re bone tšepo eo Bajode ba boholo-holo ba neng ba e-na le eona.