Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 10/1 maq. 4-9
  • Tšimoloho ea Tšepo ea Lilemo Tse Sekete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšimoloho ea Tšepo ea Lilemo Tse Sekete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠEPO EA MESSIA
  • TŠEPO EA LEFATŠENG
  • TSOHO, E SENG HO SE SHOE HA MOEA
  • HO FETOLOA TŠEPO EA PELE EA MESSIA
  • Bakreste le Tšepo ea Lilemo Tse Sekete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Tšepo ea Lilemo Tse Sekete E-ea Hlōla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 10/1 maq. 4-9

Tšimoloho ea Tšepo ea Lilemo Tse Sekete

KAJENO monyetla oa ho khetha o monyenyane har’a litšepo le litšabo tsa Mak’hatholike, Maprostanta kapa Bajode. Kaofela ba batla ba lumela ho se shoe ha moea oa motho le tumelo e amanang le hona ea lehlohonolo la leholimo lefatšeng le ka nq’ane, kapa tlhokofatso ea ka ho sa feleng “liheleng” tsa mofuta o itseng.

Kaha litumelo tsa Bojakane li ipolela hore le tsona li lumela ho Molimo o le mong oa Bajode ’me li amohela Mangolo a Sejode e le a bululetsoeng, hoa khahlisa ho bona hore na tšepo ea kajeno ea Bajode le ea “Bakreste” e lumellana le tšepo e beiloeng ka Mangolong a Seheberu le litumelo tsa pelenyana tsa Bajode.

TŠEPO EA MESSIA

Motheong oa mangolo a kang Genese 3:15; 22:15-18; 49:10 le Deuteronoma 18:18, ho qotsa tse ’ne feela ho litemana tse 456 tsa Bibele ea Seheberu tse nkoang ke Synagoge ea boholo-holo ea Sejode e le tse buang ka Messia, hantle-ntle Bajode ba ne ba lebelletse eng? Tšepo ea bona e ne e le efe?

Buka ea litšupiso ea Sejode e fana ka boitsebiso bo latelang: ‘. . . khopolo ea Messia oa motho e tletse ka har’a Testamente ea Khale kaofela. Ke phello ea tlhaho ea tšepo ea nako e tlang ea boprofeta. Moprofeta oa pele ho fana ka setšoantšo se qaqileng sa morena oa kamoso oa sebele ke Esaia (ix. 1-6 [2-7 Bibeleng tseo e seng tsa Sejode], xi. 1-10, xxxii. 1-5). . . . Morena oa sebele eo Esaia a mo lebelletseng e tla ba lehlōmela la Jese, eo moea oa Molimo o tla lula ho eena e le moea oa bohlale, matla le bolumeli, le ea tla busa ka ho tšaba Molimo, letheka la hae a le tlame ka ho loka le botšepehi (xi. 1-3a, 5). A ke ke a kena ntoeng ea ho hapa lichaba; thepa ea ntoa o tla e senya (ix 4 [5]); kameho feela ea hae e tla ba ho hloma toka har’a batho ba hae (ix. 6b [7b]; xi. 3b, 4). Tholoana ea puso ea hae e lokileng e tla ba khotso le taolo naheng eohle. Konyana e ke ke ea tšaba phiri, leha e le hore lengau le ntše namane kotsi (xi. 8 [6]; ke hore, joalokaha temana e latelang e hlalosa, khatello le pefo li ke ke tsa hlola li etsoa thabeng e halalelang ea Molimo, kaha naha e tla tlala tsebo ea Molimo, joalokaha metsi a aparetse leoatle. (bapisa xxxii. 1, 2, 16) Batho ba ke ke ba ipatlela boholo ba lipolotiki, empa ba tla phela bophelo ba bolisa (xxxii. 18, 20). Tlas’a maemo a matle joalo ha ho letho leo naha e ka le etsang ha e se ho atleha, leha e le hore e ka tšoha ho hlaseloa ke lichaba tse ka ntle. (ix. 6a [7a], xxxii. 15) Lehlōmela le hlahileng bocha la Jese le sa ntsane le tla ema e le leseli la lichaba tse ling, ’me li tla tla ho lona ho batla tataiso le kahlolelo (xi. 10). Ke ka nepo a tla bitsoa “Moeletsi ea Matla,” “Mohale ea kang Molimo,” “Ra-bosa-feleng,” “Morena oa Khotso” (ix. 5 [6]).

‘Setšoantšo sena sa nako e tlang se lumellana ka botlalo le maikutlo a Esaia, hore kahlolo ea moea e tla isa ho tsosolosoeng moeeng le ho tlisa boemo ba phetheho boitšoarong le bolumeling.’—The Jewish Encyclopedia, Moq. 8. leqephe 506.

Ho hokaalo ho fanoeng ka tšepo ea Messia ho Bajode ka Mangolong a Halalelang. Ruri ha ho letho le neng le lupa “leholimo” ka eona! Empa ho thoe’ng ka libuka tse ling tsa Bajode tseo e seng tsa Bibele? Eona buka eo e bolela tjena ho ea pejana: “Libukeng tsa bo-rabbi tsa tšenolo maikutlo a Messia oa lefatšeng ke oona a laolang, ’me ho tloha qetellong ea lekholo la pele la lilemo la mehla e tloaelehileng ke oona hape a amoheloang ka molao ke Sejode.”—Leqephe 510.

TŠEPO EA LEFATŠENG

Kahoo, tšepo ea pele ea Bajode e ne e le ea lefatšeng. Ha ho bopaki ba Mangolo hore baholo-holo ba bona ba tšepahalang Abrahama, Isaaka le Jakobo ba ne ba tšepile ho ea leholimong. Molao o fanoeng ka Moshe o ne o sa fane ka tšepo e joalo. Ho ka boleloa joalo le ka libuka tsa lithoko tsa Mangolo a Seheberu le ka Baprofeta.

Ntlheng ena, Dictionnaire de Théologie Catholique e amohelehang e re: “Ka Testamenteng ea Khale hlokomela nala ea lefatšeng kaofela eo motho oa bolumeli a e tšepileng, motheong oa litšepiso tsa Molimo ho eena, lelapa la hae le naha ea hae. Ho phaella moo, o ne a e-na le tšepo ea lineo tsa moea le tsa boitšoaro, tšepo ea ho tla ha Messia le ’Muso oa hae.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna)

Dictionnaire Encyclopédique de la Bible ea Maprostanta e tiisa sena. Rea bala: “Tšepo e beiloeng ka ho Testamente ea Khale e kenelletse butle-butle. E qala ka melemo ea lefatšeng, tsosoloso ea puso le ho beoa hape ha baahi. . . . Tšepo ea hōla ’me ea tlala hohle. Jehova ke Morena oa lefatše. . . . ‘Mohlanka oa ka ho sa Feleng’ o tla tla; ka mahlomola a hae le ho kokobetsoa ha hae o tla pholosa batho ba hae. Esaia 42:1-4 e bontša hore lefatše le tšepa thuto ea hae. Joale ho tla tla khanya ea Mohlanka oa ka ho sa Feleng, Mehla ea Messia le botho bo nchafalitsoeng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna)

Tšepo ena ea lefatšeng ea Bajode e akaretsoa hamonate ho The Jewish Encyclopedia, ka mokhoa o latelang: ‘. . . Baprofeta ba hōlisitse tšepo ea bokamoso ba sebele ba Messia ka puso ea mora oa ntlo ea Davida—mehla e meholo ea tlhohonolofatso ea paradeise . . . E ne e tla tla ka lefatše la khotso e phethahetseng le kutloano har’a libopuoa tsohle, boemo ba bongeloi pele motho a etsa sebe. (Esa. xi. 1-10, lxv. 17-25: “Maholimo a macha le lefatše le lecha”) . . . “ho sokoloha ha libopuoa tsohle hore li fetohe mokhopi o le mong o etsang thato ea Molimo” ke sona sepheo-pheo sa tšepo ea Iseraele ea Messia; ke feela ho tlosoa ha “’muso oa pefo” ho tlamehang ho etella pele ho theoa ha ’muso oa Molimo . . . selemo sa Persia-Babylonia sa lilemo tse likete tse leshome le metso e ’meli, leha ho le joalo, se ile sa fetoloa boithutong ba Sejode ba qetello ea batho le lefatše ho se etsa lefatše la beke la lilemo tse likete tse supileng se lumellanang le beke ea Pōpo, temana “lilemo tse sekete mahlong a hao li tšoana le maobane” (Pes. xc. 5 [A.V.4] e fanang ka maikutlo a hore lefatše la joale la mofufutso oa phatla (‘’olam ha-zeh’) le tla lateloa ke lilemo tse Sekete tsa Sabbatha, “lefatše le tlang ho tla” (‘’olam ha-baʹ’ . . . ).’—Moq. 5, maqephe 209-211. (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna)

TSOHO, E SENG HO SE SHOE HA MOEA

Ka makholo-kholo a lilemo Bajode ba ne ba sa kopanele tumelong ea bohetene ea ho se shoe ha moea oa motho. Bajode e ne e le sechaba se rutehileng, ’me Mojode ofe kapa ofe ea tsebang ho bala o ne a ka bala mashome-shome a litemana ka Mangolong a Seheberu tse bolelang ntle ho tika-tiko hore “moea” (neʹphesh, ka Seheberu) oa shoa. Mehlala e seng mekae ke ena: Genese 19:19, 20; Num. 23:10, NW; Joshua 2:13, 14, NW; Pesaleme ea 22:29 NW (temana ea 30 Libibeleng tsa Sejode); Ezekiele 18:4, 20.

Kahoo tšepo ea pele ea Bajode ea bophelo lefatšeng paradeiseng e tsosolositsoeng ke Messia e ne e itšetlehile ka tumelo ea tsoho, e seng moea o sa shoeng. The Jewish Encyclopedia e tiisa sena, e re: ‘Tsoho e ne e bōpa karolo ea tšepo ea Messia (Esa. xxvi. 19; Dan. xii. 2). . . . Pele tsoho e ne e nkuoa e le mohau oa mohlolo o neoang ba lokileng feela . . . , empa hamorao ea nkoa e le e sebetsang lefatšeng lohle ’me e amana le Letsatsi la Kahlolo . . . Hore na mokhoa oa ho etsoa ha ’mele tsohong o ne o tla tšoana le tsoalong ke taba eo ho ntseng ho ngangisanoe ka eona ke Bahille le Bashammai.’—Moq. 5, leqephe 216.

Eona buka ena ea litšupiso ea Bajode e bolela tjena ka “Gehenna” (“lihele” tsa Bojakane): ‘Ha ho motheo oa Mangolo oa ho lumela ho hlorisoa ha moea kamor’a lefu; hona ho fanoe ke Bababylona le Bapersia, ’me ha netoa Sejode ka lentsoe “Gehinnom” (khohlo ea Hinnome), e neng e entsoe manyala ke mello ea mahlabelo a Moloke a Manasse (11 Marena xxiii. 10).’—Ibid., Leqephe 217.

Kahoo ho tla joang hore ba rutang ka bolumeli ba Bajode kajeno ba rute thuto ea moea o sa shoeng le ea kotlo ea ka ho sa feleng? Supplément au Dictionnaire de la Bible e re nea boitsebiso bo latelang: ‘[Ho Bajode] poloko e ne e nahanoa pele e le e tla ba lefatšeng . . . ; ho sa tsotellehe hore na tšepiso ea Messia e ne e khanya hakae kapa hore na puso ea nakong e tlang e ne e lokela ho ba telele hakae—ba bang ho bile ho bonahala ba lumela hore e tla ba ea ka ho sa feleng—tlhaho ea lefatšeng le ea bosechaba ea mehla eo ea bolumeli e ne e le ea bohlokoa. Joale tebello e ncha ea itlhahisa “Ho sibolloa” ha bophelo bo thabileng kamor’a lefu.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna)

Bajode ba ‘sibollotse’ joang hore motho o na le “moea” o sa shoeng o pholohang ha ’mele o shoa? Hang hape, libuka tsa botsebi tsa litšupiso li ipaka li e-na le boitsebiso bo khaolang khang. The Jewish Encyclopedia e ea lumela: ‘E bile feela ka ho kopana ha Bajode le monahano oa Bapersia le Bagerike moo maikutlo a moea o arohanang le ’mele, o e-na le boleng ba oona, a ileng a mela ka metso Bojodeng.’ Hona ho tiisoa ke Dictionnaire Encyclopédique de la Bible, e reng: ‘Maikutlo a moea o sa shoeng ke tholoana ea monahano oa Bagerike, ha tšepo ea tsoho e le monahano oa Sejode. . . . Kamor’a likhapo tsa Alexander Bajode ba amohela maikutlo a Bagerike.’

Haeba mang kapa mang a belaela hore qalehong Bajode ba ne ba lumela hore moea oa shoa, ho lekane ho bolela hore kamor’a nako hoo e ka bang lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng taba e ne e sa ntsane e-ea s’o tsitse likelellong tsa Bajode, joalokaha ho pakoa ke ’nete ea hore Bafarisi ba ne ba lumela hore moea ha o shoe, ha Basaduse ba ne ba sa lumele.—Bona Antiquities, Buka 18, khaolo 1, lirapa 3, 4; Wars, Buka 2, khaolo ea 8, serapa 14, tsa Josephus; bapisa Liketso 23:8.

HO FETOLOA TŠEPO EA PELE EA MESSIA

Joalokaha Bajode ka mokhoa o iketlileng ba ile ba lahla tšepo ea bona bakeng sa bophelo ba nako e tlang ka tsoho ’me ba inkela maikutlo a bahetene a ho se shoe ha moea a “moea” o arohileng, le eona tšepo ea bona ea Messia ea fetoha. Lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng tšepo ea Bajode e ne e fetohile tšepo ea bosechaba ea bopolotiki.

E tiisa sena, The Jewish Encyclopedia e baleha tjena: ‘Ha e-ea ba ho fihlela ha ho oele lesika la borena la Maccabees [lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.], ha ’muso oa bompoli oa Heroda e Moholo le lelapa la hae, le bohanka ba ’muso oa Roma bo ntseng bo phahama li etsa hore boemo ba bona e be bo boima ka ho fetisisa, Bajode ba ileng ba batla tšireletso tšepong ea Messia oa motho. Ba laba-labela molopolli ea neng a tšepisitsoe oa ntlo ea Davida, ea neng a tla ba lokolla jokong ea moikhapeli osele eo ba mo hloileng.’

Ho Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o ngolile: ‘Sohle se neng se tšepiloe ke Iseraele e ne e le khanya ea bosechaba le tsosoloso. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le mokhoa o lebisang hona moo; Messia ka Boeena e le kofuto e khōlō feela ea ho li finyella. . . . Maikutlo a bo-Rabbi a Messia e ne e se a “leseli la ho khantšetsa Balichaba, le khanya ea batho ba Iseraele”—ho khotsofatsoa ha se hlokoang ke batho.’

Edersheim o boetse o supa hape hore, lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ne ba se ba sa tšepa Molopolli oa Messia. O re: ‘Ho latela kamoo maikutlo a bona a bokelloang ka libuka tsa bona, lithuto tse khōlō tsa Sebe sa Tlhaho, le ho re botho bohle ba rōna ke ba boetsalibe, e ne e se ntho e lumeloang ke bo-Rabbi ba boholo-holo. . . . Ka boikutlo ba hore hoa hlokahala ho lopolloa sebeng, re ka utloisisa hore na neano ea bo-rabbi e ne e sa sebelisane hakaakang le setulo sa Boprista sa Messia, le kamoo le hona ho ipolela ha hae hore ke Moprofeta oa batho bahabo li khurumetsoang ho hang ke ho hlaha ha hae e le Morena oa bona le Molopolli. Hona, ka sebele, e ne e le se neng se hlokoa ka mehla, se hlokoa haholo ha ho bonahala ho hlokofatsoa ha Iseraele e le sechaba ho etsoa ntle ho lebaka.’

Kahoo, tšepo eo Bajode ba neng ba e-na le eona pele ea ’na ea lahleha. Tšepo ea morena oa Messia ea neng a sa tl’o busa feela holim’a Bajode empa hape e be “leseli la lichaba tse ling” ea nkeloa sebaka ke tšepo ea “bohlanya” ea moeta-pele oa sechaba ea neng a tla se etella pele ho hlōla lira tsa sona tsa bopolotiki le tsa bolumeli. Tšepo ea lefatšeng ea “Sabbatha ea Lilemo tse Sekete” tseo ka tsona Messia a neng a tla tlisa “mehla e meholo ea lehlohonolo la paradeise,” “lefatše la khotso e phethahetseng le kutloano har’a libopuoa tsohle,” ea nkeloa sebaka ke tšepo e se nang letho ea leholimo e theiloeng maikutlong a moea o sa shoeng e alimiloeng ho Bababylona, Bapersia le Bagerike.

Lilemo tsa ’na tsa feta. Ha ho Messia ea joalo oa bopolotiki ea ileng a tla ho tla lopolla Bajode, kapa, kamor’a ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E., ho ba bokella le ho ba tsitsisa hape. Kahoo le eona tšepo ena e fetotsoeng ka Messia ea nyamela lipelong tsa Bajode. Joalokaha Edersheim a ho boletse: ‘Ke hobane’ng ha ho lopolloa ha Iseraele le ho tla ha Messia ho liehile hakana? Ke mona moo Synagoge e iphumanang e le har’a sephiri seo e ke keng ea se rarolla. Litlhaloso tseo ho lekiloeng hore ho fanoe ka tsona hantle-ntle ke khopolo-taba, kapa boiteko ba ho qoba khang ena. Tsela feela e saletseng ka matla ke ho khothalletsa hore ho se ke ha botsoa lipotso tse joalo—ho khutsa, kamoo ba bolelang, hore ba lumele ka ho toba le ka masoabi hore ha ba tsebe lebaka, . . . khutso ea masoabi le tsieleho tse ntseng li khutla nako le nako. Kahoo tšepo e khōlō ea Synagoge, kamoo ho leng kateng, e itšoanela le e ngotsoeng lejoeng la lebitla le khephohileng e ka phetoang ke ba likete-kete bao, ka makholo ana a lilemo, ba ’nileng ba hlatsoa masupi a Sehalalelo ka meokho e se nang molemo.’

Ka thabo, tšepo ea tšimolohong ea paradeise ea lefatšeng e tsositsoeng tlas’a puso ea Messia e sa le teng bakeng sa Bajode ba tiileng, ’me ba bang ba inketse eona hore ba e fumane ’me ba hlakotse meokho ea bona. Empa ho ba bangata ba babali ba rōna potso e sa le teng: Ho tla ha Jesu Kreste Messia ho ile ha ama joang tšepo ea “Lilemo tse sekete tsa Sabbatha” ea “khotso le kutloano har’a libopuoa tsohle” tse lefatšeng? ’Me haeba Kreste a ile a tiisa tšepo eo, ke hobane’ng ha hoo e ka bang “Bakreste” bohle ba Baprostanta le Mak’hatholike ba sa kopanela tšepo eo ea lilemo tse sekete?

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bokomonisi “bo-hosesane ba thibileng”? Bohindu kapa Bobuddha Nirvana? Mok’hatholike kapa Moprostanta “lehlohonolo la leholimo”? Bibele e fana ka tšepo efe?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela