Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 10/1 leq. 30
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 10/1 leq. 30

Na u sa Hopola?

NA U thabetse ho bala litokollo tse ngata tse fetileng tsa Molula-Qhooa? Joale mohlomong u tla hopola lintlha tse latelang tse monate tseo ho ileng ha buisanoa ka tsona:

■ Ke eng se thusang ho laola moea oa hao?

Pele, itlhahlobe ho bona hore na u na le sepheo kapa sebaka seo u fokolang ho sona se khethehileng seo u sa kang ua hlokomela hore se teng. Ha ho ameha motho e mong, leka ho mo bona kamoo Molimo o mo bonang. Na u mo ahlola motheong oa litšobotsi tse peli kapa e le ʼngoe tse “khopisang”? Na u hlokomoloha litšobotsi tsa hae tse ntle? (Ba-Fil. 4:8) Hape, leka ho bona hore na maikutlo a motho eo e mong ke afe. Hona ho na le phello e thobang ʼme ho ka u thusa ho qoba leraba la ho ahlola pele ho nako. (Liprov. 18:13)—wSU 5/1 Maq. 4-6

■ Ke hobane’ng ha phetetso ea Molimo e lumellana le lerato la oona?

Ke kahobane Molimo o rata ho loka ʼme o hloile bokhopo. Lerato la oona le ke ke la mamella bokhopo ka ho sa feleng. (Nah. 1:2; Deut. 32:35, 41) Ho pholosa ba mo ratang le ba lumelang sehlabelo sa topollo sa Jesu ho hloka hore Molimo o hloekise lefatše molato ʼohle oa mali, tšilafalo le boitšoaro bo bobe. Kahoo, ka ho iphetetsa ho lira tsa oona, ‘Molimo oa lerato’ o tla hleka tsela bakeng sa paradeise ea lefatše lohle. (1 Joh. 4:8)—wSU 7/15 Maq. 5, 15

■ Ke hobane’ng ha ho tsuba e le sebe?

“Sebe ke ho tlōla molao [oa Molimo].” (1 Joh. 3:4) O mong oa melao ea Molimo: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Jak. 2:8) Ho tsuba ho kena-kenana le litokelo tsa ba bang, ʼme ho ba le hona ho ba ntša kotsi ʼmeleng. Bokoali bo koaeeng bo boetse bo sebetsa e le sethethefatsi, bo fifatsa kananelo ea ea tsubang bakeng sa ʼMōpi le merero ea hae. O fetoha lekhoba la mokhoa ona o litšila. (Bapisa Ba-Roma 6:6; 2 Ba-Korinthe 7:1.) Ho tsuba ke sebe.—wSU 8/1 Maq. 4-9

■ Bo bong ba bopaki ba hore Molimo o teng ke bofe?

Har’a bopaki bona ke bo latelang: Bopaki ba ba 30 ba ithutetseng linaleli bo lumellanang le maikutlo a Bibele a hore bokahohleng bo bonahalang bo bile le tšimoloho. (Gen. 1:1) Tumellano le taoleho tse etsang hore bophelo bo be teng lefatšeng. Meeka ea ʼmele oa motho o entsoeng ka linamana tse litrillione tse hlahisang metsoako, liprotheine le maro a hlokahalang. Lefutso le latellang la liphoofolo, linonyana le lihlapi.—wSU 8/15 Maq. 3-5

■ Re ka iketsetsa “botumo bo botle” joang ho Molimo?

Ka ho ameha ka hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe mahlong a Molimo. Re tlameha ho khaotsa ho etsa se fosahetseng ʼme re qale ho etsa se nepahetseng. (Ba-Roma 12:2) Ho finyella sepheo se joalo re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ebe re itšebelisetsa lona ka tsebo eo re e fumaneng. (Ba-Roma 2:21, 22) Hona ho akarelletsa ho latela mehatong ea Jesu le ho kopanela boboleling ba ‘litaba tse molemo’ tsa ʼmuso. (Matt. 24:14; 1 Pet. 2:21)—wSU 8/15 Maq. 24, 26, 28, 29

■ “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” a ka khetholloa joang kajeno?

Jesu o bontšitse hore “mohlanka” o ne a tla tsejoa ka phalimeho ea hae le ka hore ka bokhabane le ka bohlale a lokise lijo tsa moea kamoo li hlokoang ke liphutheho tsohle tsa Bokreste. (Matt. 24:45-47) Linnete li bontša hore ho tloha mathoasong a bo-1870 sehlopha sa Liithuti tsa Bibele (hona joale li tsejoa e le Lipaki tsa Jehova) se ile sa hlokomela bohlokoa ba ho batlisisa ka kelello tse sa sekamang ka Mangolong. Hona ha fella ka ho tsosolosoa ha linnete tse ngata tsa Bibele. Tsa hatisoa le ho kopaneloa ke bohle ba lakatsang ho lokela ho tla ha Morena. Hona ho felletse ka ho bokelloa hammoho ha phutheho ea barutuoa ba tlotsitsoeng ba Kreste, ba fepuoa ka bonngoe le ho falimehisoa moeeng. Ka ho ela hloko “mohlanka ea khabane,” “bongata bo boholo” ba basebetsi ba metsoalle hona joale bo sebeletsa ka botšepehi ka lehlakoreng la hae. (Tšen. 7:9, 15)—wSU9/1 Maq. 9, 11, 12

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela