Atlehisa Bophelo ba Hao Hona Joale
‘BOKRESTE? Che, lekhoakhoa la bona lea nkimela. Ke batla bolokolohi! Ke batla ho thaba!’ Na ho na le mohla u utloileng batho ba bua joalo? Le haeba ba bua joalo kapa che, ba bangata ba talima Bokreste ka tsela eo.
Empa na bophelo ba ea hanang melao ea Bokreste bo hlile bo lokolohile? ’Nete ke hore, lefatše lena ha e hlile hase sebaka sa “thabo” ho hang. Halofo ea lona e fumanehile ho otlang pelo, ho tsamaeang le batlatsi ba bofuma, ho kula ho bakoang ke lephako, ho tlatlapuoa ha bana le bofetoheli ba lipolotiki. Karolo e kang e ruile le eona e na le mathata. Ho lemalla lithethefatsi ho ntseng ho ata, tlōlo ea molao le pherekano, lefu la bana ba tlatlapuoang le bacha ba ipolaeang ka ho makatsang ke tse ling tsa lipontšo tsa hore batho hohle lefatšeng ba phela tlas’a likhatello tseo ba bangata ho bona ba sitoang ho li sebetsa.
Ha e le hantle, na Bokreste bo hlile bo hahile lekhoakhoa le lekaalo? Na ho latela metheo ea Bokreste ho hlile ho bolela hore re tlameha ho tela monyaka ’ohle le thabo? E seng joalo. Moapostola Pauluse o itse: “Koetliso ea ’mele ha e na thuso e kholo, athe borapeli bo na le thuso linthong tsohle, bo re tšepisa bophelo ba hona joale, esita le ba nako e tlang. (1 Tim. 4:8, Phet. e Ncha) E, borapeli, kapa ho phehella Bokreste ba ’nete, ho re thusa e le hona joale ho phela bophelo bo khotsofatsang le bo tletseng sepheo.
Joang? Nahana ka melemo e meng e thabeloang ke Bakreste e sieo ho ba hanang melao ea Bokreste.
KELETSO LE KHOTHALLETSO
Ke ’nete, hase kamehla keletso e amohelehang. Empa ha u habanya likarolo tsa likhothalletso likoranteng li bontša hore batho ba bangata ba batla keletso ka tsieleho. Ho feta moo, ba baloang ka likete ba ithutetseng kelello ea motho, baeletsi ho tsa manyalo le ba bang ba joalo ba ho entse mosebetsi oa ho phela ho fana ka likhothalletso ho ba tlang ho bona ba tšoenyehileng.
Le teng, ba bang ba hlokang thuso ka ’nete hangata ha ba ho hlokomele. Haufinyane, ka mohlala, mohlankana e mong a leka sethethefatsi se matla se bitsoang “Angel Dust.” Se sa mo tahile, a nahana hore ’mele oa hae o hlasetsoe ke litoeba. A noa chefu ea litoeba ’me a shoa. Ha mohlankana eo a rera ho leka sethethefatsi, ho se tsebeng ha hae, o ne a etsa qeto ea bophelo kapa lefu. Hoja e mong a mo eletsa ka kelello ka nako eo—le teng e le ha a e amohetse—mohlomong a ka be a ntse a phela.
Ke boikaketsi hore bacha ba bangata ba batla likhothalletso ’me ba senya nako e ngata ba etsa patlisiso hore na ba ka ithutela eng kapa hore na ba tla sebetsa mosebetsi ofe. Leha ho le joalo, litabeng tsa hore na ba ka ba le metsoalle ea mofuta ofe, hore na ba sebelise lithethefatsi kapa hore na ba talime boitšoaro ba botona kapa botšehali joang, ba iketsetsa liqeto habonolo feela. Empa, kamoo ho bonahetseng, liqeto tse joalo li etsa phapang pakeng tsa ho phela hantle ’meleng le ho kula, bophelo le lefu.
E le thuso ea ho hlokomela hore na likhothalletso li hlokahala neng, le ho thusa ho etsa liqeto tse tla atlehisa ‘bophelo hona joale’ haholoanyane, Mokreste o lokolohile ho kenella mohloli oo ho seng o o fetang oa keletso—Bibele. Ba bang ba e nka e fetiloe ke linako, empa ke hokae hape moo re ka fumanang likhothalletso tse tšepahalang joalo? Baeletsi ba batho ba fana ka litlhahiso tse ngata tsa likhopolo le maikutlo, tse ling ho tsona li qetellang li bonahetse li le kotsi. Empa Bibele e lekiloe ke nako. “Mehopolo e mengata ka pelong ea motho, empa morero [keletso ea] Jehova ke [eona e] tieang.”—Liprov. 19:21.
Keletso ea Bibele ha ho mohla e ntšang motho ea e latelang kotsi. E le papiso: Mangolo a eletsa babali ho “tšaba bofebe.” (1 Ba-Kor. 6:18) Kahoo, ha ho Mokreste lea mong ea latelang keletso ea Bibele ea neng a balelloa har’a Maamerika a limillione tse peli a ileng a tšoaroa ke qhoshola selemong se fetileng ka boitšoaro bo bobe. Ka ho tšoanang, ha ho lea mong ea latelang metheo ea Bibele ea ka silafatsang ’mele oa hae ka koae, ’me kahoo, a ipea kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la pelo kapa kankere ntle ho mabaka. Kapa a balelloa har’a lenane le leholo la ba shoang selemo le selemo ka baka la ho qhoba makoloi ba tahiloe ke joala kapa lithethefatsi.—2 Ba-Kor. 7:1.
Keletso ea Bibele e ka ’na ea hanana le litšekamelo tsa rōna. Mohlomong ka linako tse ling re ee re lakatse eka e ka bua ho fapaneng, e le hore re ka tšoana haholoanyane le batho bao re leng har’a bona. Empa Mokreste ea tšepahalang o tseba hore, qetellong, ho etsa se khothalletsoang ke Bibele e tla ba hona ho molemo haholo ho eena.
Ba kileng ba latsoa “bolokolohi” ba lefatše hangata ba motlōtlō haholo ho bo tela. Monna e mong o ne a hotetsa sakarete e ’ngoe ka e ’ngoe, a bile a noa haholo, a bile a lemalletse papali ea chelete moo ho loantšoang mekoko. Ho phaella moo, o ne a nyakallela litantši tse khothalletsang likamano tsa botona le botšehali. Kamor’a nako, a teana le phutheho ea Lipaki tsa Jehova. Le hoja a ne a kene ka botlalo “bolokolohing” boo lefatše lena le fanang ka bona, a re e bile phomolo ho fetola le ho bōpa bophelo ba hae bocha ho ea ka keletso ea Bibele. Hoo ho thoe’ng ke bophelo bo nang le lekhoakhoa la lithibelo ba Bokreste ho ne ho khotsofatsa haholo. Ba bang ba bangata ba fihletse ntho e tšoanang.—Ba-Roma 12:2.
Bibele e re: “Mamela keletso, u amohele taeo, u tle u hlalefe isao.” (Liprov. 19:20) Mokreste ea bohlale ha ho mohla a fifalloang ke pono ea tokelo ea hae e lakatsehang ea ho kena ka bonolo keletsong e tsoang ho Molimo ka ho toba.
BOTSOALLE BA ’NETE
Josephina o ne a rateha sekolong. A le bohlale, a le motle haholo lipapaling e bile e le setho sa mekhatlo ea sekolo. Linthong tse khethehileng, hangata ho ne ho khethoa eena ho emela sekolo.
Joale ngoanana enoa a ba le monyetla oa ho ithuta Bibele. Kaha o ile a qala ho bōpa bophelo ba hae ka metheo ea Mangolo, bao e neng e le metsoalle ea hae ba mo qoba. Ha a ka a tšoenyeha ke hoo, leha ho le joalo, kaha o ne a fumane metsoalle e fapaneng. Joalokaha a re: “Lipaki tsa Jehova ke metsoalle ea sebele, hobane ha u hloka, kamehla li teng hore li u thuse.” Ke ’nete, bophelo ba hae bo ne bo bonahala bo thabile pele a nka bohato ka Bokreste. Empa a re: “Le hoja nakong eo ke ne ke tefisoa ke e mong le e mong, ke ne ke sa utloe thabo e kang eo ke e utloang hona joale.”
Lipolelo tsena li phahamisa molemo o mong o thabeloang ke Bakreste ba ’nete: Metsoalle ea ’nete le e metle. Joalokaha mopesaleme oa Bibele a itse: “Ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang.”—Pes. 133:1.
Ntle ho pelaelo, ba bang ka ntle ho phutheho ea Bokreste ba na le botho bo thabisang. Empa ho tloaelana le bona ha ho mohla ho tla haha takatso ea rōna ea ho sebeletsa Molimo. Leha ho le joalo, ho ka baka mathata. Mocha e mong, ha a hlalosa hore na ke ka baka la’ng ha a sebelisitse lithethefatsi, o buile ka khatello e matla ea metsoalle hore a etse joalo. O re: “E mong le e mong o kena plakeng. Ha u sa etse joalo u [osele].” Ho batho ba joalo, khatello ea metsoalle ke bothata bo boholo. Hangata ba etsa lintho tseo ba hlileng ba sa rateng ho li etsa, ho e-na le ho thulana le ho songoa ka baka la ho se tšoane le ba bang. Temoho ea moapostola Pauluse e ne e nepahetse, ha a re: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Kor. 15:33.
Le teng, Bakreste ba ’nete ha ho mohla ba susumelletsang bao ba ahileng le bona bobeng. Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Matt. 22:39) Ba hlokometse hore ‘lerato ha le etse oa habo motho hampe.’ (Ba-Roma 13:10) Kahoo, ho tloaelana le Bakreste ba tšepahalang ho molemo kamehla.
“Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa,” ho rialo maele a Bibele. Leha ho le joalo, “ea tloaelanang le maoatla o tla senyeha.” (Liprov. 13:20) “Ba bohlale” ba fumanoa phuthehong ea Bokreste. Ho tloaelana le lipaki tsena tse tšepahalang tsa Jehova Molimo ho tla thusa hore ‘bophelo ba rōna ba hona joale’ bo atlehe haholoanyane.
KHOTSO EA KELELLO
Mehleng e Bohareng, batho ba ne ba itšireletsa ka liqhobosheane, kapa hore ba be le khotso ea kelello. Kajeno, batho ba leka ho ipokellela lichelete tse ngata libankeng kapa ba rutehe haholo, ba nahana hore ba tla khotsofala.
Hona ha ho sebetse, leha ho le joalo. Ke ’nete hore batho ba baloang ka libillione ba mafutsana ha baa sireletseha ka baka la bofuma ba bona. Empa barui le bona ha ho bonahale ba khotsofetse likelellong. Bopaki bo bong ba hona ke ho neng ho bitsoa “Bophahamo ba Letsatsi la Kahlolo,” tlalehong ea haufinyane e hlahileng ho makasine ea Newsweek. Hona ho supa ka khoebo e atlehang haholo Amerika e hlokomelang batho ba lokisetsang koluoa eo ba tiisang hore ea tla. Tlaleho ea re: “Ba bang ba itokiselitse koluoa tse etsoang ke batho—khatello, ho silafatsoa ha moea le metsi ho kotsi, mefere-fere metseng—ha ba bang ba tebile litlokotsing tsa tlhaho tse kang komello le likhohola.” Bonneteng, bakeng sa mang le mang ea etsang tokisetso ea mofuta ona e sebetsang, ba bangata, ba bangata haholo ho bona ha ba ikutloe hamonate hore ho na le ntho e ’ngoe e mpe e tla etsahala. Ho joalokaha Jesu a ile a profetela mehla ea rōna: “Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.” (Luka 21:26) Tšabo e joalo e amoha motho khotso ea kelello.
Che, mehleng ena ea ha matla a chelete a theoha leha lichaba li sa tsitsa, chelete ke tšireletso e ferekaneng haholo. Ntho e ’ngoe e ka re amohang khotso ea kelello ke ho se sireletsehe maikutlong. Ke eona e tsoalang lintho tse kang malapa a qhalaneng le ho ipolaea ha bacha. Bafuputsi ha ba batlisisa ka ho ipolaea—ho nkoa e le sesosa sa boraro se atileng haholo sa lefu har’a bacha—ba fumane hore sesosa se seholo se bakang hona ke bolutu bo fetisisang. Ho tšoana leha ba re: “Ke batla ho shoa, hobane ha ho ea nthatang.”
Na hoa hlokahala hore Bakreste ba hlokofatsoe ke ho se sireletsehe ho joalo le setsokotsane sa maikutlo? Che. Ba sebeletsa Molimo o ba tsotellang, ’me hona ho khotsofatsa likelello tsa bona.
Jehova Molimo o hlokomela batho ba hae le nameng. Jesu o re elelitse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahedene; empa Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” Bakreste ba hlokang nameng ba ka paka hore hona hase tšepiso ea molomo feela. Ruri Molimo o hlokomela batho ba oona.—Matt. 6:31-33.
Hape, na hoa hlokahala hore Bakreste ba ikutloe ba tlameha ho etsa litokisetso tse khōlō haholo bakeng sa koluoa e ka ’nang ea etsahala kamoso? Che. Ba tseba hore ho tla tla phetoho e kholo haufinyane, empa ba tseba le lebaka la ho tla ha eona, ’me ba hlokomela hore Jehova o tšepisitse ho sireletsa ba mo sebeletsang. (Pes. 27:5; Esa. 26:20) Jesu, ha a bua ka mehla e thata eo re phelang ho eona, o itse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28.
Leha Mokreste a hlomohile ke mathata a maikutlo, mohlomong ka baka la ho shoa ha moratuoa kapa ka lebaka le leng, o ntse a e-na le thuso. O tloaelane le Bakreste ba bang ba tla ‘tšelisa meea e tepeletseng ’me ba tšehetse ba fokolang.’ Ho feta moo, Molimo oo a o sebeletsang “o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng.” Kahoo, Mokreste ea tšepahalang ha ho hlokahale hore a hlomohe habohloko joaloka ba bangata ba beng ba ipolaee ka baka leo.—1 Ba-Thess. 5:14; Pes. 34:18.
HA HO MATHATA?
Na hona ho bolela hore bophelo ba Mokreste oa ’nete bo bonolo e bile ha bo na mathata? Le hanyenyane. Kajeno, bophelo bo thatafalletse mang le mang ea lefatšeng. Bohle ba na le mathata. Empa oona mathata ana, ha a nkuoa ka tsela e nepahetseng, e ka ba mohloli oa khothatso ho Mokreste. Ka mohlala, o tlameha ho talimana le lintho tse kang ho theoha ha matla a chelete, ho silafatsoa ha moea le metsi le ho kula, joaloka mang le mang. Empa mathata a joalo a nea Mokreste monyetla oa ho sebelisa keletso ea Bibele le ho bona hore e sebetsa ka ’nete. Ka sebele, mathata a mo ruta ho itšetleha ka bohlale ba Molimo ho e-na le ba hae.—Pes. 119:105.
Ka ho tšoanang, paki ea Mokreste ea Jehova e tlameha ho loantšana le litšekamelo tsa boetsalibe tsa nama ’me e qobe likeko tsa liketso tse fosahetseng tsa lefatše lena. (1 Joh. 2:15-17) Ka ho etsa joalo, o ema a fapane le metsoalle ea hae ea lefatše ’me a ka ’na a tlameha ho mamella litšomo. Empa hona ho ka mo thusa ho hōla moeeng. A ka ithuta ho ‘ba monna oa sebele,’ ho e-na le hore ka bongoana a latele bongata. (1 Ba-Kor. 16:13) A ka baa thulana le mahloriso ka baka la hore a hane ho sekisetsa ho seo a tsebang hore se nepahetse. Empa hona ha ho kotsi, hobane ho haha tumelo ea hae le ho mo ruta ho tšepa Jehova Molimo ka botlalo. Kahoo hloriso eo Molimo o e lumellang ke karolo ea koetliso ea bophelo bo atlehileng le bo thabileng.—1 Pet. 1:6, 7; 5:6-11.
Mokreste oa ’nete oa itela. O tela nako le boiteko tse neng li ka sebelisetsoa ho ikhatholla, a sebelisa boholo ba nako eo ho thusa ba bang ho ithuta ka merero ea Molimo. Molateli oa Kreste a ka ba a tela lichelete e le hore a sebeletse ’Mōpi oa hae haholoanyane, kapa hore a qobe ho sekisetsa. Ho Mokreste oa ’makhonthe, leha ho le joalo, boitelo bo joalo ke mohloli oa thabo. Jesu ka boeena o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang ho fuoa.” Ho sebeletsa bao re ahileng le bona, ’me haholo-holo ho sebeletsa Molimo, ho khotsofatsa boikutlo bo tebileng ka ho fetisisa ho batho. Ke seo Molimo o re bōpetseng ho se etsa. Le teng, bophelo bo neetsoeng ka ho feletseng menyakeng kapa boikhotsofatsong bo qetella ka masoabi, “lefeela.”—Lik. 20:35; Moek. 12:13; 2:3-11.
Ruri, melemo e thabeloang ke paki ea Mokreste ea Jehova e mengata e bile ke ea sebele. E feta hole boitelo leha e le bofe boo a ka tlamehang ho bo etsa. Kannete, ho sebeletsa Molimo ‘ho na le pallo ea bophelo ba hona joale.’ Hape u se lebale, ho boetse ho na le pallo ea bophelo “bo tlang ho tla.” (1 Tim. 4:8) Ke booatla bo bokaakang ho tela melemo e joalo bakeng sa melemo e ferekaneng le ea nakoana ea hoo ho thoeng ke bolokolohi boo lefatše lee le fanang ka bona!
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho batla khothalletso e utloahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Botsoalle bo hahang le ho etsetsa ba bang lintho