Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 10/15 maq. 17-22
  • Haeba Molimo o na le Phutheho, ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haeba Molimo o na le Phutheho, ke Efe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “MOSALI” LEHOLIMONG
  • Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tumellano ea Bibele ka Kakaretso
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • ’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 10/15 maq. 17-22

Haeba Molimo o na le Phutheho, ke Efe?

1. Boitšoaro ba ba bang kajeno ka mantsoe “phutheho ea Molimo” ke bofe, hona hobane’ng?

HO MAKATSANG, mehleng ena eo bohlale bo phahameng haholo, ba bangata ba ineetse lipelaelong hore na ebe Molimo o na le phutheho kapa che. Ba bang baa tsila-tsila, e, hona joale ba tšaba ho sebelisa mantsoe “phutheho ea Molimo,” hobane ba hlokometse hore liphetolelo tsa Libibele tsa bona ha li na lentsoe “phutheho” mabapi le Molimo kapa hona ho le sebelisa ho hang.

2. (a) Ha ho talingoa Ba-Roma 13:1, 2, na ho ka etsoa khang hore mebuso ea Bojakane ke phutheho e bonahalang ea Molimo? (b) Ho hlaha lipotso life ka Lipaki tsa Jehova tseo, ho tloha ka 1922, li laotsoeng ho phethahatsa Mattheu 24:14?

2 Ruri ha ho motho ea nahanang hantle ea ka pheang khang hore mebuso e nang le taolo e phahameng ea kajeno, leha e le eona ea Bojakane, ke phutheho ea Molimo kapa hona hore ke karolo ea eona. Ha ho ea ka ho pakang le ka ho ipiletsa mantsoeng a moapostola Pauluse ho Ba-Roma 13:1, 2: “Ha ho borena bo teng ntle ho Molimo, ’me bo teng bo teng ka ho lokisetsoa ke Molimo,—Hoo ea hananang le borena a leng khahlanong le tokisetso ea Molimo.” (Rotherham) Ka nako eona eo, haholo ho tloha ka selemo sa 1922, Lipaki tsa Jehova li laotsoe hantle ka masene bakeng sa ho phethahatsa boprofeta ba Jesu, ho Mattheu 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Hoo ho ba bea kae kamanong le Molimo, Jehova oa makhotla? Ebe ke phutheho e iketselitsoeng ke motho feela tjee e ka sebelisoang ke Molimo, haeba o ikhethela joalo, kapa na ke karolo ea lefatšeng e bonahalang ea phutheho ea Molimo? Linnete li ke li bue!

3, 4. (a) Molaetsa ona, joalokaha o boletsoe ke Bojakane ka makholo a lilemo a fetileng o bapa joang le “molaetsa o molemo” o boletsoeng ke Lipaki tsa Jehova ho tloha ka 1914? (b) Hona ho ne ho ka finyelloa joang feela tlas’a mahloriso le khanyetso, ’me Tšenolo 14:6, 7 e supa eng?

3 Motho ea pelo e tšepehang a ke a bapise boboleli ba molaetsa oa ’Muso bo entsoeng ke litsamaiso tsa bolumeli tsa Bojakane makholong ana kaofela a lilemo le bo entsoeng ke Lipaki tsa Jehova ho tloha bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918. Ha bo tšoane ho hang. Molaetsa oa Lipaki tsa Jehova ruri ke “molaetsa o molemo,” kapa ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Molimo oa leholimo o theiloeng ka ho beoa teroneng ha Mora oa oona Jesu Kreste qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914. (Luka 21:24) Bopaki ba lefatše lohle bo fanoeng ntlheng ena tlas’a mahloriso a lichaba tsohle a mangata le khanyetso bo ne bo ka fanoa feela ka moea o hlōlang tsohle oa Molimo. Ha boa finyelloa ka moea oa motho kapa oa Satane Diabolose. Bo entsoe ka thuso ea mangeloi a halalelang a Molimo, joalokaha ho bontšoa ho Tšenolo 14:6, 7:

4 “Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle; la re ka lentsoe le phahamileng: Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.”

5. (a) Ke molaoli ofe ea ka tšajoang nakong ee ea qeto? (b) Molaoli oa sera oa moitšunyatšunyi o ile a kenella sebokeng sefe, ho ea ka Jobo, khaolo ea 1 le 2?

5 Kahoo ea lokeloang ke tšabo nakong ena ea ha motho e mong le e mong a lokela ho etsa qeto, ke ’Mōpi, Molaoli oa bokahohleng. Bukeng ea Jobo re neoa leseli la lelapa la hae la leholimo la bara ba mangeloi. Molaoli oa tsamaiso ea lefatše ea lintho ho tloha moroallong oa mehleng ea Noe, Satane Diabolose, e kile ea e-ba setho sa lelapa leo. Ho Jobo 1:6, 7 o tšoantšoa le moitšunyatšunyi litabeng tsa lelapa, hobane moo re bala hore: “Ka tsatsi le leng, bara ba Molimo ba tla itlhahisa pel’a Jehova, ’me Satane a kena har’a bona. Jehova a re ho Satane: U tsoa kae? Satane a araba Jehova, a re: ke tsoa chalaka lefatšeng, le ho solla teng.” Ho Jobo 2:1, 2 ho fanoa ka maikutlo a joalo sebokeng sa moraonyana sa bara ba Molimo oa ’nete maholimong a sa bonahaleng.

6. (a) Seboka se joalo sa “bara ba Molimo” oa ’nete, se okametsoe ke Jehova Molimo se supa eng? (b) ‘Bara bao ba Molimo’ oa ’nete ba ile ba khothatsoa joang ke mohlala oa Jobo ho bona?

6 Liboka tseo tse peli tsa bara ba Jehova Molimo li supa eng, ’me ho ne ho tla lokela hore ba bōpang sehlopha seo ba bitsoe eng? Ke mantsoe afe a tšoanelehang kapa lentsoe le tlang mohopolong oa hao? Re ho siela ’mali hore a bolele. Liboka tseo e ne e le tse lokiselitsoeng, Molimo oa ’nete e le oona o okametseng. Ho lumelloa ha Satane libokeng tseo ha ho bolele hore o ne a ntse a talingoa e le e mong oa “bara ba Molimo” oa ’nete le hore e ne e sa le karolo ea lelapa la Molimo la leholimo. Lona lebitso la hae “Satane” le bontša hore e ne e se karolo ea eona, hobane lebitso le bolela “Mohanyetsi.” Kahoo o ne a se na sepheo se setle ho solleng lefatšeng e le moea o sa bonahaleng ho batho. O ne a hanyetsa motho ofe le ofe ea neng a leka ho tšepahala ho Molimo oa ’nete. Ka tumello ea Molimo a hlasela monna eane ea lokileng, ea tšabang Molimo, Jobo oa Utse. Empa a hlōleha morerong oa hae o mano oa ho nyelisa borena ba bokahohleng ba Jehova Molimo pel’a batho ba lefatšeng le ho mangeloi a leholimo. Mohlala o tšepahalang oa Jobo oa ipaka e le khothatso e khōlō ho lelapa la Jehova la leholimo la bara ba mangeloi.

7. Ho se mamele ha Adama le Eva ho ile ha ba kenya lelapeng lefe, ’me ke libopuoa tse kae tse tsoang sebakeng sa moea tse ileng tsa nka mosebetsi oa ho lebela?

7 Satane o ile a nahana hore o tla hlōla joaloka tabeng ea motho oa pele lefatšeng, Adama mora oa Molimo. Ho ea qetellong ea letsatsi la botšelela la pōpo, ha ho sa ntsane ho se motho ea bōpiloeng lefatšeng, Molimo oa re: “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna.” Mona Molimo o ne o sa sebelise mokhoa oa bahlophisi ba lingoliloeng ha a re “re,” joalokaha a ipuela a le mong. Bonyane o ne a buisana le motho e mong eo a neng a batla ho mo kenya mosebetsing oa ho bōpa. (Gen. 1:26) Ha ho motho ea maikutlo a elileng ea ka latolang hore hona ho ne ho hloka tšebelisano ea leholimo. Ka masoabi, libopuoa tse peli tsa pele tsa batho, Adama le Eva, tsa ea ka lehlakoreng la motho oa moea ea sa bonahaleng ea potelletseng ka noha, li etsa hore e bitse Molimo ea leshano. Ho se mamele ha tsona Molimo ha li ntša lelapeng la Molimo la bokahohleng la bana, ’me ba lelekoa tšimong ea Edene. Joale Molimo “a bea likerubime ka ’nqa Bochabela ho tšimo ea Edene, tse nang le lerumo le benyang le ōmang ka ’nqa tsohle, ho thiba tsela ea sefate sa bophelo” se ka tšimong. (Gen. 3:24) Bonyane ho ne ho le teng likerubime tse peli, ’me e le litho tsa ntlo ea Molimo ea leholimo ’me li ne li fuoe matla a ho iphetolela ’meleng e bonahalang hore li bonoe ke batho.

8. Na joale ho ile ha totobala hore ho ne ho e-na le ba bang tlung ea Molimo, hona Jobo 38:6, 7 e bontša eng ka see?

8 Kahoo ha totobala hore qalehong joalo batho ba phela, ho ne ho se ho e-na le ba bang ntlong ea Molimo ea leholimo. Ke ka baka leo, ha Jehova Molimo a ne a botsa lipotso tse mabapi le ho theoa ha lefatše a itseng: “Metheo ea litšiea tsa lona e chekiloe ho eng? Kapa ke mang ea beileng lejoe la ntlha ea lona, mohla linaleli tsa meso li ntšang mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo ba binang ka nyakallo.”—Jobo 38:6, 7.

9. Ke tlhophiso efe ea libopuoa tsa leholimo e boleloang ho Lipesaleme, ho Esaia 6:2, le boprofeteng ba Daniele?

9 Lipesaleme 80:1 le 99:1 li re Jehova o “lutse holim’a likerubime.” Tlhaloso ena mohlomong e alimiloe tabeng ea areka e halalelang ea selekane e neng e le ka Sehalalelisisong sa tempele Jerusalema. Holim’a areka eo ho ne ho lutse likerubime tse peli tsa gauda ka mapheo a otlolohileng a thetsaneng a tsona, ’me, setsing kaholimo, ho ne ho e-na le khanya ea Shekina e neng e emela boteng ba Jehova Molimo tempeleng ea hae. Ponong ea mohlolo ea bokahare ba tempele moprofeta Esaia a bona Jehova teroneng ea hae ’me a sebeletsoa ke libopuoa tsa moea tse bitsoang lirafime. (Esa. khaoh. 6) Ntle ho lirafime le likerubime, ho na le mangeloi ka kakaretso, a kang ao ho boleloang ka oona bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo. Ho ke keng ha hlokomolohuoa kapa ha tlōloa, ho na le sebopuoa sa leholimo se bitsoang Mikaele. O boleloa e le “khosana e ’ngoe e kholo” le “khosana . . . e emelang bara ba sechaba sa heno,” sechaba sa habo Daniele. (Dan. 10:13, 21; 12:1) Ka ho loketseng, Juda 9 e mo bitsa “lengeloi le leholo Mikaele.” (Phet. e ncha)

10. Ponong e hlalositsoeng ho Daniele 7:1-10, ke hobane’ng ha ho ne ho tlameha hore ho bolokoe taolo nakong ea Lekhotla?

10 Mabapi le pono ea khanya e khethehileng ea leholimo, moprofeta Daniele o re: “Ka talima ho fihlela literone li ba li beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joale ka lehloa, moriri oa hloho ea hae o no o le mosoeu joale ka boea ba nku bo hlatsoehileng; terone ea hae e ne e tsoa malakabe a mollo, le mabili a eona a na a le joale ka mollo o tukang. Nōka ea mollo e ne e tsoa ho eena, e matha pel’a hae; o na a sebeletsoa ke likete tsa likete, limillione tsa limillione li ne li eme pel’a hae; baahloli ba lula, ’me libuka tsa phetloa.” (Dan. 7:9, 10) Lekhotleng leo la leholimo, taolo e ne e tlameha ho ba teng, haholo ka ba 10 000 x 10 000 ba sebeletsa Moahloli.

11. Tumellanong le sena, Pesaleme ea 103:19-21 e re’ng, ’me Jehova o bitsoa eng ho tloha ho 1 Samuele 1:3 ho ea pele?

11 Tumellanong le sena hoa boleloa ho Pesaleme ea 103:19-21: “Jehova o beile terone ea hae maholimong, ’me borena ba hae bo busa lintho tsohle. Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela, lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!” Ka nepo, ho tloha ha ho ngoloa 1 Samuele 1:3 ho ea pele, Morena oa Bokahohle o ile a bitsoa “Jehova oa makhotla.”—Jak. 5:4, New World Translation.

12. ’Nete ea hore ho na le ba nang le mabitso, e, “makhotla” har’a basebeletsi ba Molimo ba leholimo, e bontša hore ho na le eng leholimong?

12 Joale, leseling la sena sohle se suptjoang ke Mangolo, re fumana e le eng se boleloang ke ’nete ea hore basebeletsi ba Molimo ba leholimo ba akarelletsa lengeloi le leholo, mahosana, likerubime, lirafime, mangeloi, makhotla, lihlopha tsena kaofela le maemo tse teng le “makhotla” a sebetsang ka kutloano e phethahetseng ka boikokobetso bo feletseng ho Moholo oa Matsatsi, Jehova Molimo? Ho bolela, ho phuthoa ha bohle ba tšebeletsong ea Molimo oa leholimo. Basebeletsi bohle ba joalo ba thea phutheho ea Molimo. Ho bolela hore Molimo o na le phutheho, eo lentsoe la eona la Seheberu e leng his·ta·druthʹ ’me lentsoe la eona la Segerike e leng or·ganʹo·sis.

“MOSALI” LEHOLIMONG

13. (a) Ha Adama le Eva ba etsa sebe, hona ho ile ha ama phutheho ea Molimo joang? (b) Ha bonahala joale Molimo o re’ng ho noha, empa e sa utloisise?

13 Ha Adama le Eva ba siteloa Molimo, ho ile ha ama phutheho ea Hae ea bokahohleng, eo e neng e le karolo ea eona e bonahalang ea lefatšeng. Ba khaotsa ho ba litho tsa lelapa leo e leng Ntate oa lona oa leholimo, ’Mopi. Ba ea ka lehlakoreng la sebopuoa sa moea se sa bonahaleng, se neng se potelletse ka noha e leshano. Ruri noha ea sebele e ne e sa utloisise seo Molimo o neng o se bolela ha ho bonahala eka o re ho eona: “Ereka ha u entse hoo, u rohakiloe har’a makhomo ’ohle, le har’a liphoofolo tsohle tsa naha; u tla tsamaea ka mpa ea hao, ’me u tla ja lerōle ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao. Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Gen. 3:14, 15.

14. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha mantsoe a Molimo ka mokhoa oa sebele ho noha ho ke ke ha sebetsa, ’me ho ne ho boleloa noha le mosali ka mokhoa ofe?

14 Ha a nkoa a le joalo, mantsoe ao a ne a tla bolela eng? Hore ho ne ho tla ba le lehloeo le bolaeang pakeng tsa noha ea sebele le mosali oa sebele. Hape, hore peō kapa bana ba Eva e ne e tla ba lira tse sa khathaleng tsa bana ba noha; ’me noha eo e ne e tla phela ho fihlela peō ea mosali Eva e fihla. Joale “peō” eo e khojoe seretheng sa ’nete ke noha, ’me, kamor’a moo, “peō” e tsoileng kotsi e khobe noha hloohong, ka ho totobetseng e e bolaea. Empa hoo e ne e tla ba ha molemo oa eng kapa matšeliso a eng ho batho bohle? Ruri, tlhaloso ea sebele joalo ha e na kelello. E isa mathateng a mangata ao seithuti sefe kapa sefe sa Bibele se elileng ka kelellong se tlamehang ho lumela hore mantsoe a Molimo ho Genese 3:14, 15 ke a tšoantšetso. Kahoo noha e ileng ea botsa Eva potso ea bomene-mene e tlameha ho tšoantšetsa ntho e ’ngoe e kholoanyane, ’me hape “mosali” ea boleloang ntlheng ena e tlameha ho ba “mosali” oa tšoantšetso.

15. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re nohe hore na noha ea tšoantšetso ke efe, ho ba ha eona “noha ea khale” ho e etsa e tsofetseng hakae kajeno?

15 Na joale hoa hlokahala hore re nohe hore na noha ea tšoantšetso ke mang? Che! Bibele e-ea re buella. Ho Tšenolo 12:9 e bua ka noha eo ea mohlolo e le “drakone e kholo,” “noha ea khale, e bitsoang Diabolose, le Satane.” Ke eena eo tšimolohong e neng e le noha ea tšoantšetso, ’me ka 96 C.E., hoo e ka bang ha moapostola Johanne a ngola buka ea Tšenolo, Satane Diabolose e le noha ea tšoantšetso o ne a le lilemo tse fetang 4 100. Hona joale, ha pono ea Tšenolo e tloha e phethahatsoa, ‘noha eo ea khale’ e ka ba lilemo tse 6 000, e leng nako e telele ho feta e kileng ea pheloa ke noha efe kapa efe ea sebele. Johane 8:44 e re ke “eena ea leshano, le ntate oa leshano.”

16. (a) Tšenolo, khaolo ea 12, e fana ka ho thulana ha baholo bafe ba babeli, empa ke eng e atlehang ho tsoaloa ka katleho? (b) Ke hokae hona hobane’ng ’mè oa tšoantšetso a tlamehang ho fepuoa moeeng tlas’a kaloso?

16 Kaha Eva, eo Satane Diabolose a qalileng leshano ho eena ka noha, e ne e se “mosali” eo ho boleloang ka eena ho Genese 3:15, mosali eo ke mang? Hape buka ea Tšenolo e re thusa ho otlolla kutloisiso. Khaolo ea 12 e re hlalosetsa ntoa ea Satane Diabolose le “mosali” eo, ho tloha hloohong ho isa leotong, a apereng khanya ea letsatsi, khoeli le linaleli (tse leshome le metso e ’meli ho tsona). Kutloisiso ea botho e re bolella hore enoa e tlameha ho ba “mosali” oa tšoantšetso oa leholimong, hobane ha ho le le leng la mageloi a leholimo leo ho buoang ka lona e le motho e motšehali. Mosali enoa ke moimana, ’me, joaloka drakone e timetsang, Satane Diabolose o emetse ho koenya ngoana ea belehuoang ke mosali enoa. Empa Ntate oa leholimo oa ngoana eo o shebelletse ’me o thibela Satane, hoo ha ho belehuoa ngoana e motona “o nkeloa ho Molimo le teroneng ea oona,” hore ha a le moo a ka ‘alosa lichaba tsohle ka molamu oa tšepe.’ (Tšen. 12:1-5) Tsoalo eo ea borena ha e felise bora ba Satane ho “mosali” enoa oa tšoantšetso, hobane o tlameha ho fepuoa moeeng tlas’a tšireletso ea Molimo ho Satane. Joale ho latela ntoa leholimong.

17. Na “noha ea khale” e ile ea khojoa hloohong qetellong ea ntoa leholimong, ’me phello eo e ile ea ama batho ba lefatšeng le leoatleng joang?

17 Lengeloi le leholo Mikaele le ikarabella ka makhotla a “Jehova oa makhotla.” Mikaele le makhotla ana a mangeloi o loana ho tšehetsa ngoana ea tsoetsoeng bocha oa “mosali.” Satane, “noha ea khale,” o tla khojoa hlooho, ’me eena le mangeloi a hae a bademona ba hlōloa ke ntoa. Ba lelekoa leholimong ’me ba liheloa lefatšeng. Empa ka ho etsa joalo Satane ha a longoe serethe, kaha o ntse a le mafolo-folo haholo. Ha ho makatse, he, hore mohoo o hlaha leholimong, o re: “Ho malimabe lona ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšen. 12:7-12.

18. Ho hlōla ha Mikaele le makhotla a hae ha tiisa eng bakeng sa “’muso oa Molimo oa rōna,” ’me ke bo-mang ba neng ba ka thaba ka baka leo?

18 Kaha lengeloi le leholo Mikaele le mangeloi a hae oa hlōla ’me “ngoana” oa borena ha a tlosoe teroneng ea hae ea leholimo pel’a Molimo, tsebiso e hlahang leholimong ke e loketseng, ha e re: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monqosi oa banab’abo rōna, ea neng a ba nqosa pel’a sefahleho sa Molimo motšehare le bosiu, o lihetsoe. . . . Thabang ke hona, maholimo.”

19. “Mosali” ea belehang “ngoana” e motona o tšoantšetsa eng, hobane’ng joalo?

19 “Ngoana” e motona ea boleloang ho Tšenolo 12:5 ka ho totobetseng ke oa tšoantšetso. Lintho tsohle tse senotsoeng mabapi le eena li supa hore ke tšoantšetso, e seng motho ea itseng, empa ’muso oa Molimo ka Mora oa oona Jesu Kreste a e-na le matla a ho alosa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe, a li thumakanye likoto ‘ntoeng e tlang ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ‘ohle’ Harmagedone. (Tšen. 16:14-16) Kaha “ngoana” hase motho ea itseng, kahoo ’mè oa hae, “mosali” ea leholimong, hase motho ea itseng. Kaha “mosali” enoa oa tšoantšetso o emolisitsoe ke Molimo e le monna oa hae, o tlameha ho tšoantšetsa phutheho ea Molimo ea moea. Phutheho ena ke mohloli oa basebeletsi ba ’muso oa leholimo, e seng feela Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, eo ka ho totobetseng a sebetsang e le lengeloi le leholo Mikaele, empa hape le “baena” ba hae ba moea, bao hape e leng “baena” ba phutheho ea Molimo ea moea.—Tšen. 12:10, 11.

20. Tšenolo 12:17 e bontša joang hore na ho sa le teng ba “baena” ba bang ba phutheho ea Molimo ea moea lefatšeng?

20 Ho sa na le masala a “baena” bana ba moea lefatšeng lena la rōna le tletseng bomalimabe. Hobane Tšenolo 12:17 e re: “ ’Me drakone ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.” E le karolo ea peō ea “mosali” oa Molimo, a na le tšepo ea ’Muso.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela