Karolo e Bonahalang ea Phutheho ea Molimo
1, 2. (a) Na ke ntho e ncha hore Jehova a boleloe e le Monna? (b) Esaia 54:1-5, 13 e paka karabo joang?
HO BATHO ba tloaelaneng le ho bala Bibele ha ho hocha ho re Molimo o boleloe e le Monna. Ha Jesu Kreste ka boeena a re: “Ba tla rutoa bohle ke Molimo” (Joh. 6:45), o ne a qotsa boprofeteng bo buang ka Molimo e le Monna. Boprofeta bona, Esaia 54:1-5, 13, bo re (karolo feela):
2 ‘Thaba, uena nyopa, u sa kang ua tsoala; . . . Hobane ’Mopi oa hao ke monna oa hao, Jehova oa makhotla ke lebitso la hae; ’me Molopolli oa hao ke Mohalaleli; . . . Bana bohle ba hao ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.’
3. Ha, ho Ba-Galata 4:27, moapostola Pauluse a qotsa boprofeteng bona boo ba Esaia, na o ne a bua ka basali ba itseng ba lefatšeng ka kutloisiso leha e le efe?
3 Moapostola Pauluse o qotsitse hona boprofeteng boo ba Esaia, khaolo ea 54, ha a re: “Hobane ho ngoliloe, ho thoe: Ithabele, uena nyopa ea sa tsoaleng; tlerola, u hoeletse, uena u nong u hloka pelehi; hobane bana ba ea tlohetsoeng ba tla fetisa ba ea nang le monna ka bongata.” (Ba-Gal. 4:27) Ruri mona moapostola Pauluse o ne a sa bue ka basali ba sebele ba lefatšeng, hobane Jehova Molimo e ne e se Monna oa mosali ea itseng leha e le ka papiso kapa ka khopolo feela. Seo ka tšoantšetso e neng e le “mosali” oa Molimo e ne e le se seholoanyane.
4. “Ntho e kholoanyane” eo ho neng ho buuoa ka eona ke efe?
4 Sefe? E, phutheho ea Molimo, eo a ileng a ipopela eona le eo ho seng mohla e tla ekoa hore e lumele hore Molimo ke moikhabi ea leshano. Joaloka monna, o tla e atisa hoo e tla tsoala “peō,” kapa bana, bao ka bona Molimo o tla timetsa Satane le phutheho eo a e qalileng le Adama le Eva.
5. E moholo oa “peō” eo ho buuoang ka eena ho Genese 3:15 o fanoe neng, hona joalo joang?
5 “Peō” ea “mosali” oa Molimo e qalile ho lokisetsoa ka Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a le mong leholimong. Neng? Nakong eo ka eona bophelo ba hae, boo ho tla fihlela ka nako eo bo neng bo le sebakeng sa moea, leholimong, bo fallisetsoang popelong ea moroetsana oa Mojode Maria, hore a emole ngoana, ka 2 B.C.E. Kahoo Maria e ne e se “mosali” oa Genese 3:15. Leha e le hore Maria o ipakile e le ’mè oa bao Tšenolo 12:17 e ba bitsang “masala a leloko la hae.”—Hlokomela Ba-Galata 4:26-31.
6. (a) Ha a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng, Jesu e ne e le karolo ea phutheho efe? (b) Barutuoa ba Jesu ba qalile neng ho ba karolo ea phutheho ea Molimo ea moea?
6 Joalokaha motho oa pele lefatšeng, Adama, ha a sa phethahetse tšimong ea Edene, e ne e le “mor’a Molimo” ’me e le karolo ea phutheho ea Molimo ea bokahohleng, kahoo, Jesu ha e le motho ea phethahetseng lefatšeng e ne e le karolo e bonahalang ea phutheho ea bara ba Molimo. (Luka 3:21-38) Thapelong ho Molimo, Jesu o itse ka eena ka boeena le barutuoa ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Joh. 17:14, 16) Hamorao Jesu a bua tjena ho ’musisi oa Roma, Ponse Pilato: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Joh. 18:36) Hona ho tsoaloa ke hobane Jesu Kreste e ne e le karolo ea phutheho ea moea ea Molimo, “mosali” oa Molimo, eo eena e neng e le ea ka sehloong oa “peō” ea eona. Ho tloha mohla Pentekonta ka 33 C.E. ho ea pele, ha Jesu ea tlotlisitsoeng leholimong a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng, bana ea e-ba karolo ea “peō” ea “mosali” oa Molimo. Ba bōpa karolo e bonahalang ea phutheho ea Molimo ea moea. Le hoja ba le lefatšeng, ea e-ba karolo ea eona.—Lik. 2:1-47.
7. Monna oa kamoso Jesu Kreste o na le “monyaluoa” oa mofuta ofe, ’me o re’ng ho ea ka Tšenolo 22:17?
7 Ka baka la sena, le eena Jesu Kreste o boleloa e le Monyali ea lebelletseng “monyaluoa.” Monyaluoa enoa, koana, hase mosali ea itseng. Ha ho se joalo, ebe ke eng? Ke “monyaluoa” ea entsoeng ka litho tse ngata, kahoo ba fetoha phutheho e latelang Monyali oa eona oa nako e tlang le ho mo etsisa le ho etsa thato ea hae. Ha u rata u ka e bitsa ecclésia, kopano, kereke. (Deut. 4:10; 9:10; 18:16; Lik. 7:38) Buka e qetellang ea Bibele e bua ka molekane enoa oa kamoso oa Kreste ea tlotlisitsoeng ho Tšenolo 22:17, ha e re: “Moea le Monyaluoa ba re: Tlo!”
8. (a) Ho 2 Ba-Korinthe 11:2 moapostola Pauluse o tšoantša phutheho ea Bokreste ea mehleng ea hae le eng? (b) Kaha Pauluse o qotsa ho Pesaleme ea 45 ho e amahanya le Jesu, ke mang, he, eo e leng mosali ea ileng a tlisoa ho morena oa Messia e le Morena oa hae?
8 Moapostola Pauluse o ile a ngolla ecclésia kapa kereke ea Korinthe, Greece hore: “Ke le lebellelitse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pel’a Kreste le le joale ka moroetsana ea se nang sekoli.” (2 Ba-Kor. 11:2) Ho Ba-Heberu 1:8, 9 moapostola Pauluse o sebelisa Pesaleme ea 45 ho Jesu Kreste e le Mora oa Molimo. Pesaleme ena ea boprofeta e tšoantša Mora oa Molimo le Monyali, hobane Pesaleme ea 45:13-15 e re: “Ka hare ho ntlo, morali oa morena o lutse bokhabaneng feela; seaparo sa hae ke lesela le homiloeng ka gauda. O isoa ho morena holim’a liphate tse mebala-bala; thaka tsa hae tsa baroetsana li tla ho uena ka mora’ hae, li tlisoa ka thabo le nyakallo li kena tlung ea morena.”
9. Johanne Mokolobetsi o tšoantšitse Jesu Kreste le eng le sehlopha sa barutuoa ba hae?
9 Le Johanne Mokolobetsi o ile a tšoantša Jesu Kreste le Monyali ’me barutuoa ba hae ba nakong e tlang a ba tšoantša le monyaluoa oa kamoso. Ka baka la ho ba le tokelo ea ho tsebisa barutuoa ba pele ho Jesu ea tlotsitsoeng le ea kolobelitsoeng, Johanne a re: “Hase ’na Kreste, ke mpa ke romiloe ho mo etella pele. Ea nang le monyaluoa ke monyali; empa motsoalle oa monyali ea emeng teng le ho mo utloa, o ee a thabe ka thabo e kholo, ha a utloa lentsoe la monyali. Thabo ea ka, e leng e joalo, e phethehile.” (Joh. 3:28, 29) Johanne Mokolobetsi o ne a sa lebella ho ba karolo ea “monyaluoa” oa moea oa Kreste. O ile a lula feela e le “motsoalle oa monyali.” Leha ho le joalo, ho tšoana le baroetsana bao ba thaka tsa monyaluoa tsa Pesaleme ea 45:13-15 o ile a thaba a sa ikhabe.
10. (a) Ke hobane’ng ha ho nepahetse ho bolela hore sehlopha sa “monyaluoa” ke karolo e bonahalang ea phutheho ea Molimo ea moea? (b) Boemo boo bo tšehetsoa joang ke se ngotsoeng ke Pauluse ka Kreste e le Hlooho mangolong a eang ho Ba-Roma le Ba-Korinthe?
10 Taba-taba ea sena sohle ke hore, kaha Monyali oa leholimo ke karolo ea phutheho ea moea ea Molimo kahoo sehlopha sa “monyaluoa” oa kamoso, se tsoetsoeng ka moea oa Molimo ha se sa lefatšeng, ke karolo e bonahalang ea phutheho ea Molimo ea moea. Bonnete ba boemo bona bo tiisoa ke ’nete ea hore “monyaluoa” enoa, ea nang le monna eo e leng hlooho, hape ke ’mele oa moea oa Kreste. Pauluse o ile a ngolla ecclésia, kapa kereke, e Roma hore: “Ka mokhoa o joalo, rōna re leng bangata, re ’mele o le mong ho Kreste, ’me bohle re litho ba bang tsa ba bang.” (Ba-Roma 12:5) Pauluse a ngolla kereke ea Korinthe: “Hobane rōna bohle re kolobelitsoe Moeeng o le mong, hore re be ’mele o le mong, . . . Ha e le lōna, le ’mele oa Kreste, ’me le litho tse ling tsa hae.” (1 Ba-Kor. 12:13, 27) Kaha Hlooho ea ’mele oo oa moea, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, ke karolo ea phutheho ea moea ea Molimo, kahoo litho tsa “’mele” oa hae ke karolo ea phutheho ea Molimo, hona joale e mpa e le feela karolo ea eona e bonahalang. Hase ho loba litaba ho bolela hore ke karolo e bonahalang ea phutheho ea Molimo e lefatšeng. “Molimo o hlophisitse ’mele.” (1 Ba-Kor. 12:24, The Jerusalem Bible) “Empa Molimo o lokisitse ’mele.”—The Riverside New Testament ea William G. Ballantine.
PHUTHEHO EA MOLIMO, BATHO BA INEETSENG BA LEFATŠENG KAJENO
11. Kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ho laoloe bocha ka lehlakoreng la lichaba tsa lefatše hape le ka lehlakoreng la “masala a leloko la [mosali]”?
11 Ho laola lintho bocha ho ile ha hlokahala hape ka tsamaisong ea lintho e bonahalang ea Satane bakeng sa lichaba tse neng li chesitsoe ke ntoa qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka 1918. Mokhoa o mocha o ne o hloelletse sethalleng sa litaba tsa lichaba e le Makomonisi kapa Mabolsheviki, a ileng a qala phetohelo e mabifi Russia a nka bolaoli lipolotiking ka ’muso oa oona o sabaletseng Europe le Asia. “Masala a leloko la hae” a tlameha ho talimana le lefatše le joang feela! Ha hlokahala hore le bona ba laole lintho bocha. Ba tlameha ho sheba lintho tsa kamoso ka maikutlo a fapaneng ’me e le ka maikutlo a fetohileng haholo, leseling la boprofeta ba Bibele bo neng bo bulehela kutloisiso ea bona ho feta leha e le neng pele. Bopaki bo khotsofatsang bo ne bo le teng, ka kemiso ea nako ea Bibele le boprofeta le ka se neng se etsahala lefatšeng, hore Mehla ea Balichaba, ‘mehla e beetsoeng lichaba,’ e ne e feletse ka Mphalane 1914. (Luka 21:24) Ho tloha nakong eo lefatše la khale le bile “mehleng ea qetello” ea lona, kapa “nakong ea bofelo.” (Dan. 12:4; 2 Tim. 3:1) Ha ho le joalo, e ne e le nako e loketseng bakeng sa batho ba bacha, e seng Makomonisi, empa batho ba tšabang Molimo, hore ba bonahale le bona ba nka bohato lefatseng. Bana ba tsebahala ka ho hlakileng ha nako e ntse e tsoela pele.
12. (a) Tšepo ea lefatšeng ea batho ba tšabang Molimo joalo ea ba neng ba qala ho bonahala lefatšeng ea qala ho boleloa neng le hokae pele Ntoa ea I ea Lefatše e lala? (b) Kahoo buka e bitsoang “The Harp of God,” e hatisitsoeng ka 1921 e ile ea amahanya Johanne 10:16 le bo-mang?
12 Bana ba ne ba le mocheng oa ho pholoha timetso ea tsamaiso ea khale ea lintho ka Harmagedone ’me ba kene tsamaisong e ncha ea lintho tlas’a ’muso oa Kreste oa leholimo. Hona ho tla ba nea monyetla oa hore ba se shoe le ka mohla lefatšeng, leo ’Muso o tla le fetolela paradeiseng. Tšepo ena, eo ho seng e kang eona e kileng ea boleloa pele, e ile ea boleloa pontšeng Los Angeles, California, U.S.A. ka Tlhakola, 1918, pele Ntoa ea I ea Lefatše e lala likhoeli tse robeli hamorao. Ba nang le tšepo e joalo ha ho mohla ba neng ba tla lebella ho ea leholimong e le hore e be karolo ea phutheho ea Molimo holimo moo. Kamor’a ntoa mantsoe a Jesu a boprofeta joalokaha a tlalehiloe ho Johanne 10:16 a talingoa bocha. Kahoo ka 1921 Watch Tower Society ea hatisa buka e bitsoang “The Harp of God,” eo lirapeng tsa 577, 578, leqepheng la 345 e reng:
“Hore ba tlang ho pholosoa hase feela ba tla ea leholimong ho pakiloe ke Jesu ha a re: ‘Ke sa na le linku tse ling tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka.’ (Joh. 10:16) ‘Lesaka lena’ le bolela kereke; ’me ha ho se ho khethiloe sehlopha sena, ke hona bohle ba tla ba le monyetla oa ho kena ka lesakeng la Kreste. (Authorized Version ka Johanne 10:16) ’Me hona ke ’nete hobane o ba rekile bohle ka mali a hae a bohlokoa.
“Molimo oa etsa hore Moprofeta Davida a ngole hore: ‘Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla khumama pel’a hao, Morena, li tlotlise lebitso la hao.’ (Pesaleme ea 86:9) Hona ke bopaki bo eang pele ba hore bohle ba lokela ho ba le monyetla.”
13. Kopanong e Los Angeles ka 1923, puo ea sehlooho e ile ea amahanya setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli le Johanne 10:16 joang?
13 Ka selemo sa 1923 ho ile ha tšoaroa kopano ea matsatsi a robong Los Angeles, California, e fihla bophahamong ka seboka sa pontšeng ‘Coliseum’ ka Sontaha, sa la 26 Phato. Setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli, ho Mattheu 25:31-46, ha buuoa ka sona, ’me ha fapohuoa tlhaloso eo Bojakane bo fanang ka eona. “Linku” tsa tsebahatsoa le “linku tse ling” tseo Jesu a profetileng ka tsona ho Johanne 10:16. Puo e hlalosang, joalokaha e hatisitsoe ke tokollo ea Watch Tower ea October 15, 1923, ea re (leqepheng la 310, serapa 33):
“Re lumela hore ho na le ba limillione ba tšoarelletseng likerekeng hobane ba hlompha Morena; ’me ba nka kereke tsa bona e le tse sebelisoang ke Morena ka tsela eitseng. Ba bangata ba bona ha ba inke ba khethiloe ke Morena, ’me ha ba na tšepo ea leholimo. Ke hona mona moo re lumelang hore ho fumaneha sehlopha se boletsoeng ke Morena oa rōna e le sa linku. (Joh. 10:16) Qeto ea rōna ka baka leo ke hore linku le lipōli tsa setšoantšo li ipolela hore ke Bakreste ba theang Bojakane, ’me ka bobeli li ipolela hore li etsa mesebetsi ka lebitso la Morena.—Matt. 7:21-23.”
14. Tokollong ea eona ea January 15, 1924, makasine ea Watch Tower e ile ea re’ng ka nako ea ho bokella “linku tse ling”?
14 Selemong se hlahlamang tokollo ea Watch Tower ea January 15, 1924, ea hlalosa ho ea pejana (Leqepheng la 26, lirapa 2 le 3), e re:
“‘Ho eena ho tla bokelloa lichaba.’—Genese 49:10.
“Ena ke polelo ea boprofeta e amanang le mosebetsi oa Kreste. Nako ea ho phethahala hona e haufi. Ho bolela hore batho ba sechaba se seng le se seng, moloko le puo, ba lakatsang ba bile ba rata ho loka, ba tla bokelleloa ho Morena. Jesu o itse: ‘Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.’ (Joh. 10:16) Nku ke phoofolo e seng lerata, e khotso le e rutehang; kahoo e sebelisetsoa ho tšoantšetsa batho ba ratang khotso le ba lakatsang lintho tse molemo.”
15. Tokollo ea Watchtower ea August 15, 1934, e ile ea bontša joang hore mosa oa Molimo o moholo ho feta feela hore o ka pholosa “mohlatsoana” o eang leholimong?
15 Lilemo tse leshome hamorao tokollo ea Watchtower ea August 15, 1934, ea bua tjena serapeng sa eona sa pele (leqephe 243):
“Mosa o lerato oa Jehova o fetisetsoa ho bohle bao ka masene ba batlang ho tseba le ho etsa thato ea hae. O atolosetsa mosa oa hae ho batho ba lumelang ho Morena Jesu Kreste. (Joh. 3:16) Jesu Kreste ke tsela eo Molimo o faneng ka eona ea bophelo, empa hase batho bohle ba fumanang bophelo bao e tla ba libopuoa tsa moea. Ho sa na le linku tse ling tseo e seng tsa ‘mohlatsoana.’ (Joh. 10:16) Ke bana ba bobeli, kapa ‘linku tse ling’, bao, kamor’a hore Kreste Jesu a tle tempeleng ho tla ahlola, a buang le bona ka mantsoe ana: ‘Tlong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’ (Matt. 25:34)”
(Bona hape serapa sa 28 leqepheng la 248)
16. Kopanong ea Washington, D.C., ka 1935, “bongata bo boholo” bo ile ba hlalosoa hore ke sehlopha sefe sa “linku,” ’me ka letsatsi le hlahlamang makholo-kholo a ba memiloeng ka ho khethehileng a etsa joang ka boitsebiso?
16 Selemo se latelang, 1935, sa etsa pale. Ha tšoaroa kopano ea bohlokoa haholo Washington, D.C., eo ho eona ba neng ba lakatsa ho ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo ba hlileng ba mengoa ka ho khetheha. Hona joale ha bontša hore bohato bo tiileng bo ne bo etsoa ho bokella “linku tse ling” tse joalo. Ka Labohlano, la 31 Motšeanong, ha fanoa ka puo e ileng ea tsebahatsa “linku tse ling” (kapa, Majonadabe) e le ba etsang “bongata bo boholo” bo tla phela hona lefatšeng mona joalokaha ho hlile ha boleloa ho Tšenolo 7:9-17. Ho bontša hore ba bangata ho ba kopaneng ke ba “bongata bo boholo” ha bontšoa ke ’nete ea hore, ka hosesane, ba 840 ba itlhahise ho ea kolobetsoa metsing e le tšoantšetso ea boineelo ba bona bo sa sieeng letho ho Jehova Molimo ka Molisa ea Molemo Jesu Kreste.
“LEBITSO LE LECHA” BAKENG SA KAROLO EA LEFATŠENG
17. Tokollong ea eona ea March 1, 1925, makasine ea Watch Tower e ile ea hlalosa ho tsoaloa ha ngoana e motona ho Tšenolo, khaolo ea 12, e le ho sebetsang ketsahalong efe e khōlō?
17 A re khutleleng hape selemong sane sa bohlokoa sa 1925. Pono eo e neng e le khale e sa utloisisoe ea Tšenolo 12:1-17 ea hlakisoa. Tokollo ea March 1, 1925, ea makasine ea Watch Tower ea tlosa maikutlo a hore ho tsoaloa ha ngoana e motona ke “mosali” leholimong ho ne ho tšoantša ho tsoaloa ha bopapa tsamaisong ea bolumeli ba bokoenehi lekholong la bone la lilemo. Ho e-na le hoo, ho tsoaloa ha ngoana e motona ha tšoantšetsa ho tsoaloa ha ’muso oa Molimo oa Messia ke “mosali” oa hae, phutheho ea hae e kang mosali. Hona ho etsahetse maholimong qetellong ea Mehla ea Balichaba, ‘mehla e beetsoeng lichaba,’ hoetla ka 1914 C.E. Karolo e bonahalang ea phutheho ea Jehova ea moea ea thabela tšenolo ena!
18. (a) Ka 1925 ho ile ha hlokomelisoa ka ’nete ea hore nako e haufi ea hore Molimo o etse joang lebitsong la oona? (b) Tumellanong le seo, ba liphuthehong tsa ba ka ‘lesakeng lena’ la Molisa ea Molemo ba ile ba etsa joang ka 1931?
18 Ho hong hape ka 1925! ’Nete e hlokomelehang ea hlahella hore ho fihlile nako ea hore Molimo o iketsetse lebitso. ’Nete ena e ile ea phatlalatsoa lehlabuleng leo kopanong ea libaka e neng e tšoaretsoe Indianapolise, Indiana, U.S.A. (2 Sam. 7:23; Esa. 64:1, 2) Tumellanong le morero oa Molimo oa ho inkela ‘batho ba lebitso la oona’ har’a lichaba, ka Phupu 1931 ha hlahella lebitso “lipaki tsa Jehova” lefatšeng, ha, ka molao le ka qeto e ileng ea etsoa, ba likete ho bao e neng e le ba “lesaka lena” la Molisa ea Molemo ba nka lebitso lena la Mangolo bakeng sa batho ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Molimo. (Esa. 43:10) Mohlala oo, o beiloeng kopanong ea Columbus (Ohio), oa lateloa liphuthehong tsa bao ba “lesaka lena” lefatšeng lohle.
19. Ho ea ka phetolelo e phetiloeng ea Johanne 10:16, na bao ba ka ‘lesakeng lena’ ba akarelletsa bohle ba “linku” tsohle tsa Molisa ea Molemo kajeno?
19 Jesu Kreste a khetholla pakeng tsa balateli ba hae ba kang linku ba “lesaka lena” le “linku tse ling.” Ho ea ka English Revised Version ea 1884, a re: “Ke sa na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena, le tsona ke tlameha ho li tlisa, ’me li tla utloa lentsoe la ka; ’me e tla ba mohlape o le mong, ka molisa a le mong.”—The Emphatic Diaglott ea 1864; Rotherham, 1903.
20. Ho tloha ka 1935 haholo-holo, ke “linku” life tsa Molisa ea Molemo tseo a li hlophisitseng hore li kopane lefatšeng?
20 Bao ba “lesaka lena” e ne e le karolo ea phutheho ea Molimo ea moea, bana e le “masala” a “peo” ea moea ea mosali oa Molimo, eo ho buoang ka eena ho Tšenolo 12:17. Kaha “linku tse ling” hase tsa “lesaka lena,” hase karolo ea phutheho ea Molimo ea moea. Hase karolo ea “mohlatsoana” oo Ntate oa leholimo a o neang “’muso.” (Luka 12:32) Empa selemo ka 1935 Molisa ea Molemo Jesu Kreste ka ho hlokomelehang a qala ho kopanya “linku tse ling” tsena tse tla phela lefatšeng le masala a tsoetsoeng ka moea a “lesaka lena.” Joale ea e-ba “linku” tse hlileng tsa boleloa setšoantšong sa Jesu sa linku le lipōli, ho Mattheu 25:31-46. Kahoo Molisa ea Molemo a tsoaka “linku” tsa “lesaka lena” le “linku tse ling” ho thea ‘mohlape o le mong’ tlas’a hae e le ‘molisa a le mong’ oa tsona. Kahoo “mohlape” o fetoha phutheho e le ’ngoe.
21. Masala a “lesaka lena” a ba kang linku a tla sebetsa hammoho le “linku tse ling” e le “mohlape” o le mong o nang le taolo ho fihlela neng, joale ho tla etsoa litokiso life?
21 Hona ho rala motheo bakeng sa bana bohle ba kang linku, leha e le ba tla phela kae kapa kae hore ba sebetse hammoho hona joale e le phutheho e le ’ngoe e lefatšeng. Karohano e tla qetella e le teng pakeng tsa lihlopha tse peli kahobane “linku’” tsa “lesaka lena” li tla be li phethile tsela ea tsona ea lefatšeng ka botšepehi ’me li tla kopanela “tsohong ea pele,” ho nkeloa phuthehong e sa bonahaleng ea leholimo. (Tšen. 20:4, 6) Bao ba “mohlatsoana” ba ile kaofela ka nako eo, ho tla lokela hore ho etsoe litokiso har’a “linku tse ling” tse setseng, e le hore bana bohle ba ka sebetsa ka kutloano e le bafo ba Davida e Moholoanyane, Morena oa Messia Jesu Kreste.—Tšen. 22:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Kajeno “mohlatsoana” le “linku tse ling” le etsa ‘mohlape o le mong,’ phutheho e le ’ngoe ea lipaki tse tšepahalang tsa Jehova