Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/15 leq. 9
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litokelo Tsa Batho le Tsa Mopapa
  • ‘Sodoma le Gomorrha ea Bobeli’
  • Moeta-pele oa Kereke ea Mormon e Tla ba Mang?
  • Na Kereke e Tla Etsa se Boletsoeng ke Mopapa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/15 leq. 9

Ho Nyarela ka Litabeng

Litokelo Tsa Batho le Tsa Mopapa

● Ha Mopapa a ne a etetse linaha tsa Asia haufinyane, puo ea hae ea sehloho e ne e le ka litokelo tsa batho. “Motho a ke ke a lokafatsa bobe le ha e le bofe bo etsoang ke motho e mong, kapa litokelo tsa motheo tse sireletsang” o buile sena ha a le Manila, Philippines. Ho ea ka seo Mopapa a se buileng motho a ka ’na a nahana hore Kereke e ’nile ea e-ba motšehetsi e moholo oa Iitokelo tsa batho. Mongoli oa likoranta Gordon Brook-Sheperd o ile a ngola sena ho koranta ea London e bitsoang “Sunday Telegraph”:

“Malumeli a maholo a lefatše, ho kopanyeletsa le Kereke e K’hatholike, ha a ka a ithuta ho hongata ka botho lilemong tse makholo tse fetileng. Ka 1252 e mong oa balateli ba Mopapa John Paul e leng Mopapa Innocent IV, ea ileng a laela hore ho sebelisoe sefapano ha ho etsoa boipelo ho tsoa ho litho tsa Kereke e K’hatholike . . . hlahlobo etsoang Spain e ileng ea (lumelloa ke Mopapa e mong, ea bitsoang Sixtus IV, ka 1478 e ne e le qetello e tšabehang ea ‘ho silafatsa seriti sa batho’ Kerekeng e K’hatholike.”

Koana, Kereke ea Roma e K’hatholike e buella hore ho silafatsoa ha litokelo tsa batho ke ntho ea nako e fetileng. Empa linaheng tsa Bok’hatholike, na Kereke e ka bolela hore tšusumetso ea eona ea lipolotiki e ile ea sebelisoa esita le mehleng ea morao ho thibela tokoloho ea sehlopha se senyenyane sa bolumeli?

‘Sodoma le Gomorrha ea Bobeli’

● Toropong ea San Francisco California, ho ile ha amoheloa basodoma ’musong le babuelli ka tumello ea sechaba. Ka mohlala, litho tse 60 tsa sepolesa ho boleloa hore ke basodoma kapa basodoma ba basali. Tlalehong e ileng ea etsoa koranteng ea Canada e bitsoang “Star” ke mongoli oa tsa bolumeli Tom Harpur ea ileng a hlokomela hore “tumello eo e tlile ka mohlolo etsoa ho—bolumeli ba Maprostanta, ba Chache, le ba Roma e K’hatholike, le likerekeng tsa Bojode le masynagogeng.”

Harpur o leboha San Francisco joale ka toropo “eo ho eona ho nang le tumello ea tokoloho ho motho e mong le e mong, le ho iketsetsa leha e ka ba eng eo a e ratang.” “Ka lehlakoreng le leng,” a eketsa, haeba “boitšoaro bo bobe ke molao o hatelloang ke batho ba bangata, kapa haeba bo theiloe holim’a ba bang, kapa bo theiloe neanong, ho sa tšajoe seo batho ba bang ba se lumelang, hoo re ka ho bitsa Sodoma le Gomorrha ea bobeli.”

Ha boitšoaro bo hlephileng bo ntse bo tsoela pele hakana lefatšeng lohle, re ka kholiseha hore haufinyane ’Mopi o tla nka bohato, joale ka ha a ile a etsa ka Sodoma le Gomorrha, e le hore a pholose batho ba kang Lota, ea neng a khathatsehile ka batho ba tlolang molao ba boitšoaro bo hlephileng.” 2 Pet. 2:6-8.

Moeta-pele oa Kereke ea Mormon e Tla ba Mang?

● Lengolong la January 17, 1844, le sa tsoa sibolloa haufinyane, le phahamisitse potso ka hore mothei oa kereke ea Mormon o ile a laela mang hore e be moetapele oa kereke kamor’a lefu la hae. Hona lengolong leo, Joseph Smith, Jr., o ile a ngola ka mora oa hae, Joseph Smith III: “Hobane e tla ba mohlahlami oa Boetapele ba Moprista e Moholo Moruti, Mosenoli le Moprofeta ka ho khethoa le ka ho ba le tokelo ea ho etsoa joalo.”

Kamoo ho bonahalang sena se neha Smith tokelo ea ho ba moeta-pele oa kereke le ho hloma hape lekala le lecha la kereke ea Mormon, a thusoa ke litloholo tsa hae hore ba be le ntlo kholo le tokoloho, Missouri. Sehlopha se seholo sa kereke se se se etelloa pele ke bolumeli ba “apostolic” e leng bahlahlami ba Brigham Young, ea ileng a etsa hore batho ba kereke ea Mormon ba hlorisoe ke bolumeli ba Utah lekholong la bo-19 la lilemo. Le hoja ho tiisoa ha litokomane ho sa tiisoa ke kereke ea Utah, ba boholong ba re e tla fetola boemo ba eona ba “bohlahlami ba apostolic.”

Boemo ba hlabisang lihlong hakaalo bo ne bo ke ke ba hlaha haeba bohle ba ipolelang hore ke ba “Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba kajeno” e ne e le balateli ba ’nete ba Jesu Kreste, ho e-na le ho latela batho ba sa phethahalang. Jesu o itse: “Moeta-pele oa lona o mong, e leng Kreste.”—Matt. 23:10, phet. e Ncha.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela