“Lichaba li Tla Phallela” Borapeling bo Phelisang
1, 2. (a) Ha Johanne a hlalosetsoa pono ea hae ho Tšenolo 7:9-17, boemo ba tempele Jerusalema e ne e le bofe? (b) “Bongata bo boholo” bo ile ba tsebahatsoa neng hona hokae, ’me ba kopaneng ba nka bohato bofe?
HA BUKA ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e ngoloa ke moapostola Johanne eo e neng e le Mojode e bile e le Mokreste, hoo e ka bang selemong sa 96 C.E., tempele ea Bajode e Jerusalema e ne e ripitliloe ke masole a Baroma tlas’a Molaoli Tite. Leha ho le joalo, moapostola Johanne oa hlalosa, ho Tšenolo 7:9-17, ka “bongata” bo se nang palo bo nkuoang lichabeng tsohle, batho, merabe, le lipuo, ’me bana ba bonoe ba etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang teroneng ea oona ka labaleng la tempele ea oona. Ka ho totobetseng, tempele ea moea ea Jehova Molimo ke eona e neng e boleloa.
2 Thabo e bile khōlō ea Lipaki tsa Jehova ka 1935 le ho batho ba khahlehang ha “bongata” boo bo se nang palo bo tsoang lichabeng tsohle bo tsebahatsoa e le “linku” tse hlalosoang setšoantšong sa Jesu sa linku le lipōli. (Matt. 25:31-46) E, bo ile ba tsebahatsoa e le ntho e le ’ngoe le “linku tse ling” tse boleloang setšoantšong sa Jesu sa Molisa ea Molemo. (Joh. 10:16; bona buka The Harp of God, e hatisitsoeng ka 1921, leqephe 338, serapa 577; hape le Watch Tower tokollo ea Mphalane 15, 1923, leqephe 310, tlas’a sehlohoana “Two Classes.”) Ho tsebahatsoa ha ba etsang “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17 ho etsahetse kopanong ea Motšeanong 30—Phuptjane 3, 1935, Washington, D.C., U.S.A., ka tlhaloso e nakong ea setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli. Letsatsi (Moqebelo) le hlahlamang puo eo ho bile teng ba 840 ba ba neng ba le kopanong ba tsamaisoa ke kutloisiso ea bona e ncha ea litaba ho ea ka tlhaloso ea setšoantšo sa Jesu ba ileng ba kolobetsoa.
3. Mikea 4:2 e qalile ho phethahala neng, ’me ba neng ba kopanela phethahatsong ba ne ba lebelletse Jerusalema efe?
3 “Linku tse ling” tse ineetseng le tse kolobelitsoeng li kopanela le baena ba moea ba Morena Jesu Kreste ho boleleng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” hohle, ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matt. 24:14) Ka tsela ena Mikea 4:2 ea qala ho phethahala: “Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyolohele thabeng ea Jehova, tlung ea Molimo oa Jakobo, a tle a re rute litsela tsa hae, re tsamaee ka ’mila ea hae. Hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.” E seng Jerusalema ea lefatšeng, eo ka nako eo e neng e le taolong ea mabotho a Manyesemane, empa Jerusalema e Mocha ea Thabeng ea Sione ea leholimong ke moo “linku tse ling” tsa “bongata bo boholo” li lebelletseng “molao” o theiloeng Bibeleng le bakeng sa “lentsoe la Jehova” ka lipaki tsa hae tse tlotsitsoeng, Baiseraele ba moea.
4. Ke har’a bo-mang moo Mikea 4:3, 4 e qalileng ho phethahala?
4 E seng har’a lichaba tsa lefatše tse neng li bokella lihlomo bakeng sa Ntoa ea II ea Lefatše empa har’a ba kang linku ba “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle moo ho ileng ha qala hore ho phethahale mantsoe a Mikea 4:3, 4: “’Me Jehova o tla ahlolela lichaba tse ngata, a khalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”
5. Nakong ea Ntoa ea 11 ea Lefatše, ba ile ba ema bakeng sa boemo bofe, ’me, ka puo ea tšoantšetso, ba lutse joang?
5 Ntle ho tšabo, ntle ho ho lumella mang kapa mang oa lefatše lena a ba thothometse, le kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše hoba e qhome ka la 1 Loetse, 1939, Lipaki tsa bolela pepenene le ho phatlalatsa ho se jele pate ha tsona mabapi le lichaba tsohle tse neng li kena ntoeng e mabifi. (Bona Watchtower tokollo ea Pulungoana 1, 1939, e nang le sehlooho se seholo se reng “Neutrality.”) Li itšoarelletse ka boemo bona ba ho se jele pate ho tloha ka eona nako eo. Mabakeng a mangata hona ho boletse ho koalloa ha tsona likampong tsa mahloriso, kapa lichankaneng, leha e le hona ho bolaoa e le ba sa rateng linaha tsa habo bona. Li hana ho ba karolo ea lefatše lena, joalokaha Jesu Kreste a ile a hana ho ba eona. Ka nepo, Lipaki li ka lebelloa ho boloka khotso ka liphuthehong tsa tsona, li lula hammoho joaloka bana ba motho. (Pes. 133) Ha re bua ka tšoantšetso, li lutse, e mong le e mong ‘tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a feiga ea hae,’ ka tšireletseho, ho tšoana le Baiseraele nakong ea puso ea lilemo tse 40 ea khotso ea Morena Salomone, mora oa Davida. (1 Mar. 4:25) Nakong ena ea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho,’ ka khotso li bolela ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Matt. 24:3, 14.
BAPHONYOHI BA HARMAGEDONE BA NTŠETSA PELE BORAPELI BA ’NETE
6, 7. Tokollo ea Watch Tower ea Tšitoe 15, 1928 e ile ea re’ng ka Mikea 5:6-9, hore na hona ho tla phethahatsoa joang?
6 Kahoo har’a batho bohle Lipaki ke motsoako o khathollang. Hona ho joalokaha ho hlile ha boleloa ho Mikea 5:6-9: “[Jehova] eena o tla re namolela ho mo-Assyria, [’muso oa lefatše oa Assyria] mohla a kenang naheng ea rōna, mohla a tlōlang meeli ea rōna. Masala a Jakobo a tla ba har’a lichaba tse ngata joale ka phoka e tsoang ho Jehova, joale ka marotholi a holim’a joang, a sa lebelleng taelo ea motho, a seng molaong oa bana ba batho. Hape, masala a Jakobo a tla ba har’a lichaba, mahareng a merabe e mengata, joale ka tau har’a liphoofolo tsa meru, joale ka taoana har’a mehlape ea linku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ea ka pholosang! Letsoho la hao le ke le phahamele bahlorisi ba hao, lira tsa hao kaofela li ke li felisoe.”
7 Ha e bua ka sena, sehlooho “Morena ea tsoang Bethlehema” ho tokollo ea Watch Tower ea la 15 Tšitoe, 1928 ea re:
Hona ho ka nkoa e le tšupiso ea hore ba bang ho masala ba tla ba lefatšeng leha Harmagedone e se e loannoe ’me joale ba be le mosebetsi o mong hape oo ba o etsang lebitsong la Morena le tlotlisong le thorisong ea hae. Batho, ba fetile mahlomoleng a maholo le a tšabehang, ba ke ke ba hlola ba lebella thuso ho batho ho tla ba tlisetsa thuso le matšeliso empa ba tla retelehela ho Morena ’me ka thabo ba utloe Lentsoe la hae. Libopuoa tse ling li tla ba le tokelo, e le baemeli le manqosa a Morena, ho isa molaetsa oa khotso ho batho.
Masala a Morena, ho latela boprofeta bona, a tla ea hlola ka matla a Jehova. Tau ke morena oa libatana tsa meru, ’me ha ho e ka emang pel’a eona. Mehlape ea linku ha e na matla a ho loantša tau e nyenyane e matla e har’a oona. Kahoo masala a tšepahalang a Molimo a hlalosoa ka tsela eo ke moprofeta. Ana a ka ba har’a lichaba tsa batho ba bangata a le matla a koenne ka lebitso la Morena ho thusa ba batlang ho thusoa le ho supa mokhoa oa Molimo oa ho timetsa ba hanyetsang.—Leqephe 376, lirapa 35, 36.
8. Ho sebetsa taba ena ho ea pejana, tokollo ea Watch Tower ea Tlhakubele 15, 1929, ea tsoela pele e re’ng?
8 E sebetsa taba ena ho ea pejana, tokollo ea Watch Tower ea la 15 Tlhakubele, 1929, leqephe 88, serapa sa 41, ea tsoela pele e bua se latelang:
Le sona sehlopha sa bongata bo boholo se tlameha ho isoa lilibeng tsa metsi a bophelo. (Tšen. 7:17) Morena o tla sebelisa masala ho bo thusa. Ba teng ba bangata ba tla kokobetsoa ke Harmagedone, ’me ba tla be ba lokile hore ba mamele. Kamor’a Harmagedone ba bang ho masala ba ka ’na ba sebelisoa ke Morena ho bea bopaki le ho thusa ba hlokang ho rutoa, ’me hona ba ka ho etsa pele ba hla ba nkeloa makhotleng a khanya ea ka ho sa feleng. Ho tiile hore mosebetsi oa masala hona joale ke ho bolela litaba tse monate e le lipaki tsa Molimo tse khethiloeng ka ho tšoanelehang.
9. Leha ho le joalo, na masala a ile a tlameha ho ema ho fihlela kamor’a hore Jehova a hlōle ka Harmagedone pele a tšoana le “phoka” le joale ka “taoana” mabapi le batho ba lichaba?
9 Leha ho le joalo, masala a Baiseraele ba moea, ha a ea ka a tlameha ho emela ho fihlela kamor’a ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone e le hore a ka tšoana le “phoka” e khathollang batho ba batlang ho rapela “Molimo oa Jakobo” tempeleng ea oona ea moea. (Tšen. 16:14, 16) Che, masala ha a ka a tlameha ho ema ho fihlela kamor’a hore Jehova a hlōle bophahamong ba ntoa eo ea ho qetela pele a ka tšoana le “taoana” har’a lichaba. Ho tšoana le moprofeta Esaia ha a ne a bona Jehova tempeleng ea Hae, a arabetse potsong ea Jehova, “Ho tla ea mang bakeng sa rōna?” Ka mokhoa o tšoanelang kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše hoba e lale ka 1918, a re: “Ke ’na enoa, roma ’na!” (Esa. 6:8) Ho mameleng molao oa bomolimo, “E-eang” a tsoile ho ea ho batho ba lichaba tsohle.
10. Ke ka ho bolela molaetsa ofe oa Jehova masala a bileng joaloka tau har’a lichaba?
10 Kahoo a boletse molaetsa oa ’muso o hlomiloeng o tla hlohonolofatsa sehlopha sa “linku” le o tla timetsa sehlopha sa “lipōli.” (Matt. 25:31-46) Ka ho bolela “letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna” a tšoana le tau ka sebete, a eletsa lira tsa ’muso o hlomiloeng oa Molimo hore li tla timetsoa ka Harmagedone ke Morena oa Mohlabani oa Jehova, Jesu Kreste, “tau ea leloko la Juda.”—Esa. 61:1-3; Tšen. 5:5.
11. Ke hobane’ng ha “letsoho” la masala a tlotsitsoeng le phahametse lira tsa oona, ’me phello ke efe ea sena mabapi le makala a Mokhatlo le palo ea “linku” tse bokelloang?
11 Ka tsela eo “letsoho” la oona la mosebetsi oa ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka mafolo-folo le “phahame” ka tlhōlo holim’a lira tsohle tse loanelang ho hatella molaetsa oa ’Muso. Lichaba tseo li hlokomelisitsoe ka ho hlōloa ha tsona ho tlang le ho timetsoa ka Harmagedone, ha li tla ‘felisoa’ ka ho sa feleng. (Mik. 5:9) Ka lehlakoreng le leng la taba, batsebisi bao ba tlotsitsoeng ba ’muso oa Molimo ba ile ba tšoana le “phoka” e khathollang ho batho ba kang linku ba neng ba ikutloa joaloka ‘lijalo’ tse omeletseng le tse soabileng. Ka hore Jehova a phahamise letsoho la oona le lutse le phahametse lira tsa oona ka lilemo tsena tsohle ho tloha ho hatisoeng ha litokollo tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tse qotsitsoeng ka holimo tsa 1928 le 1929. E le bopaki ba sena, makala a linaha lisele a Watch Tower Bible and Tract Society a eketsehile ho fihlela palo ea 97, kaofela a le tšebeletsong ea “masala” a tlotsitsoeng. Hape, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, le bona bo ntse bo eketseha ho tla fihlela joale. Hore na bo tla qetella bo le bokae Tšenolo 7:9-17 ha e bolele.
12. Mosebetsi oa masala a tlotsitsoeng o tla a boloka hammoho le metsoalle ea oona e kang linku ho fihlela ho lokolloa eng, hona hobane’ng?
12 Mosebetsi oa masala a tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea oona ea ba kang linku o tla tsoela pele ho fihlela “mangeloi a mane” a emeng likhutlong tse ’ne tsa lefatše a laeloa ho lokolla meea e mene e tla hlahisa ‘mahlomola a maholo.’ Mahlomoleng ao ba phehelletseng ho hana molaetsa oa ’Muso ba tla ‘felisoa,’ ba timetsoe. Ka nako eo palo e qetellang ho phetha majalefa hammoho le Jesu Kreste a 144 000 e tla be e ‘tiisitsoe’ liphatleng. (Tšen. 7:1-8, 14) Metsoalle ea oona e kang linku e tlileng e tsoa lichabeng tsohle ho batla “ntlo” ea moea ea Jehova le e ineetseng ho ‘tsamaea ’mileng’ oa hae e tla sireletsoa nakong ea ‘mahlomola a maholo.’ (Mik. 4:1-4) Kahoo e tla pholoha ho ba lefatšeng ho kena pusong ea lilemo tse sekete ea Jesu Kreste le majalefa hammoho le eena a tlotlisitsoeng.
13. Ke ba bakae ho masala a tlotsitsoeng ba tla pholoha Harmagedone, ’me ba tla tšoana le eng har’a ba phonyohileng le bona?
13 Hore na ke a makae ho masala a tlotsitsoeng a majalefa hammoho le Kreste a tla pholoha le bona ho feta ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ ka Harmagedone ha re tsebe, le hore na e tla ba ka nako e kae kamor’a moo. Empa hore na ke ka nako leha e le kae, a tla tsoela pele e le “phoka” e khathollang ho “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” Hona e ke ke ea e-ba bothata ba letho ho masala, joalokaha “linku tse ling” li se li entsoe “mohlape o le mong” le masala a ‘lesakeng lena’ leo ho lona “mohlatsoana” o koaletsoeng ke Molisa ea Molemo. (Joh. 10:16; Luka 12:32) Kahoo hase har’a “bongata bo boholo” bo pholohang moo masala a tlamehang ho nka bohato joaloka tau e halefileng har’a linku tse sa sireletsoang.
14. Ketsahalong eo, Sione ea leholimo e tla tšoana le phoofolo efe e hatakelang, ’me “lenaka” le tla ba boima kapa le be matla hakae ho lira?
14 Masala a ke ke a nka karolo ea sesole “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ka Harmagedone. Ho tšoana le Baiseraele mehleng ea Morena Josafate, a tla lula ’me a bone pholoso ea Jehova ka “tau ea leloko la Juda,” Jesu Kreste. (2 Likron. 20:17) Ketsahalong eo Jehova Molimo ea Matla ’ohle o tla tšoantša “lenaka” la Sione ea leholimo le tšepe ’me, ho tšoana le poho, o tla hatakela lira tsa Molimo joalokaha eka ke seotlong. Ruri ‘o tla thuhaka lichaba tse ngata’ ho li timetsa. (Mik. 4:13) Eng kapa eng e sallang e tla ba tšebelisong ea baphonyohi ba Harmagedone.
SE HLOKOANG HONA JOALE HAR’A LEFATŠE LE SILAFETSENG
15. Na ho finyella ha motho se hlokoang ke Molimo kamoo se beiloeng ho Mikea 6:8 ho mo lumella ho hlola Bojakaneng kapa che? Hona hobane’ng?
15 Ke mabapi le Bojakane, ntho ea kajeno e neng e tšoantsetšoa ke Iseraele e sa tšepahaleng, Mikea 7:2, 6 e reng: “Motho ea bokhabane o timetse lefatšeng, ha ho sa le ea lokileng har’a batho . . . ’me ba ntlo ea motho ke bona bao e leng lira ho eena.” Le bakeng sa ba ipolelang hore ke Bakreste bao e leng karolo ea Bojakane ba kajeno hore ba pholohe liphello tsa maemo ana a silafetseng, ho hlokahala hore ba etse joang? Ba etse mahlabelo a bonahalang ha e ntse e le karolo ea phutheho e silafetseng ea bolumeli? Che! Ho e-na le hoo, ba tlameha ho sebetsa tumellanong le se boletsoeng ho Mikea 6:8: “Uena motho, u tsebisitsoe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa hao.” Ho phethahatsa sena se hlokoang ke Molimo motho o tla tlameha ho tsoa le hona Bojakaneng, kaha boipolelo ba bona hore ke Bokreste e le ba bohata. Ho silafala ha bona bolumeling le boitšoarong ke bopaki ba sena. Ho lula ha motho ho bona le ho leka ho bo lokisa ho ke ke ha atleha le ka mohla. Bo ahloletsoe timelo ke Molimo oo bo ipolelang hore boa mo rapela.
16, 17. (a) Ke mokoloko ofe oa batho oo motho a lokelang ho ikopanya le oona kajeno, ’me o tlameha ho khetha eng mabapi le bomolimo? (b) Ka ho bina sefela sa Moshe le sa Konyana, motho ea joalo o phahamisa molimo ofe?
16 Ntlo ea borapeli ea Bojakane e tla timetsoa joalokaha tempele e Jerusalema ea mehleng ea Mikea e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E. Kahoo, hore ‘u be bokhabane ho tsamaeeng le Molimo oa hao,’ motho ka mong ea Bojakaneng, joalokaha ho le joalo ka motho e mong le e mong ea ’musong oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tlameha ho ikopanya le batho ba lichaba tsohle bao hajoale ba phallelang ‘thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo.’ Motho o tlameha ho amohela thuto ea Jehova e tsoang Sione ea leholimo ’me o tlameha ho tsamaea tseleng ea Hae eo a e beang hona joale. Hona ha ho bolele ho ba mosokolohi oa Sejode. Ho bolela ho ba morutuoa oa Mora ea tsoetsoeng a le mong oa Jehova le ho fetoha paki e tšoanang le eena. Eng? Ho ba paki e ineetseng le e kolobelitsoeng ea Jehova? E! Ho bolela hore motho a khethe joalokaha ho boletsoe ho Mikea 4:5: “Lichaba kaofela li tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona, empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.” Motho o tlameha ho kopanela ho ‘bineng sefela sa Moshe mohlanka oa Molimo le sefela sa Konyana,’ a re:
17 “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši. ’Me lichaba tsohle li tla tla, li khumame maotong a hao, kahobane likahlolo tsa hao li beiloe pepeneneng.”—Tšen. 15:3, 4.
18. Ke hobane’ng ha potso e qetellang le karabo ea Mikea li loketse mabapi le Jehova?
18 Ka botšepehi, Jehova o tla boloka sohle seo a re tšepisitseng sona, se kang seo a se buileng ho hlooho ea lelapa Abrahama le ho setloholo sa hae, Jakobo, kapa Iseraele, le ho isa ho hlohonolofatseng malapa ’ohle le lichaba tsa lefatše ka Mora oa Hae, Jesu Kreste. Ka ho etsa joalo, Jehova ka boeena o tla sebetsa joaloka Abrahama oa sebele, e le Abrahama e Moholoanyane. Ka baka la botšepehi ba hae bo sa thekeseleng ho rona ho tla fihlela joale re ka nka mantsoe a qetellang a Mikea ’me ra re:
“Molimo ke ofe o joale ka uena, o tlosang bokhopo, o tšoarelang libe tsa masala a lefa la hao? O ke ke oa boloka bohale ba oona ka ho sa eeng kae, hobane ha e le oona, o khahloa ke ho hauhela. O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makhopo a rōna, o akhele libe tsa rōna kaofela bolibeng ba leoatle. U tla nea Jakobo ’nete, u nee Abrahama mohau oo u o baletseng bo-ntat’a rōna ka kano, e sa le mehleng ea tšimoloho.”—Mik. 7:18-20.
19. Molimo oo ho seng o lekanang le oona ke ofe, ’me re tla phahamisa borapeli ba mang ho ea fihla ‘nakong ea bofelo’?
19 Ha ho Molimo o kang Morena ’Musi Jehova, Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste. A re phahamiseng borapeli ba hae bo hloekileng, hona joale, “nakong ea bofelo,” le ka ho sa feleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
‘Lichaba li tla ea’ borapeling bo phelisang