Ha Tlokotsi e Fihla
HO BONAHALA lelapa le ne le se na letho le lekaalo-kaalo le bonahalang. Empa ba ne ba e-na le ho hongata hoo ba ka ho lebohang. Tšimo ea bona e ne e bea haholo, boemo ba leholimo bo ne bo futhumetse hantle karolong e khōlō ea selemo, ’me setša sa bona se lutse botleng.
Motse oa habo bona oa Naine o ne o le botleng sekhutlong se mobu o nonneng sa Esdraelone ka lehlakoreng le ka leboea le ka bophirima ho Leralla la More. Ha ba le lapeng ha bona lelapa le ne le ka sheba ka mose sekhutlong se setala se apesitsoeng ka bokhabane ke lifate sa maralla a Galilea lik’hilomithara tse seng kae feela thōko le moo. ’Me, ho neng ho phahame holenyana, ho ne ho bonahala litlhoro tsa Thaba ea Hermone le lithaba tsa Lebanone. E ne e le ho nyakallisang hakaakang qetellong ea letsatsi ho lula ka ntle kaholimo ho ntlo le ho boha pono ena—ba le bararo feela hammoho—monna, mosali oa hae le mora oa bona e monyenyane!
Joale ka letsatsi le leng tlokotsi ea oa—monna a shoa. Ea e-ba phihlelo e bohloko hakaakang. Joale nako e ne e felile eane ea ho lula hammoho ka phirimana. Leha ho le joalo, mosali a tšelisoa ke hore mora oa hae o ne a sa le teng. Tšepo ea hae, litakatso tsa hae, menyaka ea hae tsa lohelloa kaofela bokamosong ba mora oa hae. Ke ka tsela ena a ileng a boela a fumana hore na bophelo bo bolela eng le hore na morero oa bona ke ofe.
Empa tlokotsi ea boela ea oa hape. Mora a shoa. Joale ho se ho se eo a ka tšelisehang ke eena. Mahlomola a mosali a e-ba maholo ha setopo sa mora oa hae se lokisetsoa ho ea epeloa.
Mohlomong u tloaelane le boikutlo ba ho lokotseha bo tlang le ho lahleheloa ke moratuoa. U ka ikutloa u tepeletse u bile u nyahame ka ho fetisisang! Ruri lefu ke sera se matla. Ka linako tse joalo, motho o amehile haholo ka bokamoso ba bafu. Na ruri tšepo e teng bakeng sa bona?
Inahanele feela motho e mong a ka tla ’me a tšoara moratuoa oa hao ka letsoho a mo khutlisetsa ho uena a phela le ’mele oa hae o boetse o phela hantle hape. U ka thaba hakaakang! Ho ka ba hotle hakaakang!
Mohlomong u ka ’na ua re, ‘hoo ho thata hore ho ka etsahala.’ Ke ’nete. ha ho mohla ho kileng ha etsahala bophelong ba rōna. Empa ho ile ha etsahala nakong e fetileng. Basali ba ile ba neoa hape bafu ba bona ka tsoho.
Hona ho etsahetse neng? Re ka ho lumela hobane’ng? Ho bolela eng bakeng sa rōna kajeno?