Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 2/1 leq. 16
  • Bothata ba Botsofali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba Botsofali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke ka Lebaka La’ng ha re Tsofala le ho Shoa?
    Tsoha!—1995
  • Na ho Thibela Pelehi ho Fosahetse?
    Tsoha!—2007
  • Ke Hobane’ng ha re Tsofala?
    Tsoha!—2006
  • Lefatše le Ntse le Pulufala
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 2/1 leq. 16

Bothata ba Botsofali

● Kakaretso ea bolelele ba bophelo ba batho linaheng tse ngata e eketsehile lilemong tse makholo tse fetileng. Ka baka la sena, motho a ka qeta ka ho re batho ba se ba phela halelele, ka baka la phepo e ntle, bophelo bo botle le hlokomelo le ka baka la lintšetso pele tsa mahlale a kajeno.

Kahoo, “setsebi sa tsa Moruo” sa Brithani se hlokometse: ‘Lintho kaofela tse fumanoang Ii bontša tsoelo pele le pheliso ea lefu le hlahang le sa lebelloa. Kakaretso ea bophelo e phahame hobane batho ba ’maloa ba e-hoa ba sa le bacha, eseng ka baka la hobane litho tse ling tsa baahi li phela halelele. Kaha tebello ea bophelo ho tloha tsoalong e eketsehile haholo [ka baka la mafu a hlahang a sa lebelloa], ho batho ba lemo li 40 le ba ba holoanyane ho moo tebello ea bophelo e fetohile hanyenyane. Empa ho ba lemo li 75, ha ea fetoha ho hang.’

Ba thuto e tebileng ha ba khone ho utloisisa ho re hobane’ng ha botsofali bo hlaha, hobane “li-sele” tsa ’mele li khona ho ikatisa ka ho sa feleng. “Bacteria” ha e tsofale kapa hona ho shoa, hobane likarolo tsena tse leng “seleng” e le ’ngoe li khona ho ikatisa le ho ikarola. Empa “li-sele” tsa batho lia tsofala le ho shoa. Ba bang ba nahana hore lefutso le leng ho batho “le etselitsoe” ho tsofala le ho shoa, hobane litekong tsa “laboratory” “li-sele” tsa batho tse neng li behetsoe ka thoko le ha li fepuoa hantle le tsona li ile tsa tsofala le ho shoa. “Li-sele” tse ntšitsoeng ho batho ba bacha li ile tsa lula nako e telele ho feta “Ii-sele” tsa ntšitsoeng ho batho ba baholo, empa le tsona qetellong tsa shoa.

Ba thuto ea lintho li ikentse ha ba lumellane le ’nete ea hore motho o tsofala le ho shoa ka baka la ho futsa boemo bona batsoaling ba rona ba pele ba ileng ba rabela khahlanong le Molimo. (Ba-Rom. 5:12) Ke feela taolong e ncha ea Molimo moo botsofali le lefu li ke keng tsa hlola Ii e-ba teng.—Tšen. 21:4

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela