Mawaldensese—Bakoenehi kapa Babatli ba ’Nete?
NAKO? Lekholo la bo12 la lilemo C.E.—lilemo tse 200 pele ho Wycliffe le Huss le lilemo tse 300 pele ho Lutere. Sebaka? France e ka Boroa le likhutlong tsa Alpine tsa naha eo le Italy e ka leboea. Boemo? Batho ba tloaelehileng ba phela ka bofuma ’me ka boomo ba tlohetsoe ho hlokeng tsebo ke ba ruileng le ke sehlopha sa baruti se qhalanyang. Europe eohle, Kereke ea Roma e K’hatholike “seeta ho lla sa eona,” e le matla, e ruile e bile e le bolefatše.
Khahlanong le sena re fumana sehlopha sa batho se emang se fapane ho hang le seo. Se lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ’me se leka ho phela tumellanong le metheo ea eona e lokileng. Se nyolosa se theosa le maralla, ka bobeli, se bolela le ho ruta linnete leha e le life tseo ba li fumaneng ka ho bala ha bona likarolo tsa Mangolo tseo ba nang le tsona ka puo ea habo bona. Ka baka la sena, ba tsongoa joaloka bakoenehi, ba bangata ba lefa ka bophelo ba bona. Ke bo-mang?
Ba ile ba tsejoa France e le Vaudois, Bahlorisi ba bona ba K’hatholike ba ne ba ba bitsa, ka Selatine, Valdenses, e leng moo ho ileng ha ntšoa lentsoe la Senyesemane Waldenses.
LILELEKELA
Bangoli ba lipale ba Mak’hatholike le Maprostanta baa hanana ka tšimoloho ea Mawaldenses. Mak’hatholike a rata hore re lumele hore seo ba se bolelang hore ke “sehlopha sa bakoenehi” sa Mawaldenses e ne e le mokhelo o ileng oa hlaha qetellong ea lekholo la bo12 la lilemo tlas’a boetapele ba monna oa Lefora oa Lyons ea neng a bitsoa Valdès kapa Waldo. Maprostanta a mangata, ka lehlakoreng le leng, a bolela hore Mawaldenses e ne e le mocha o sa kang oa khaotsa oa bahanyetsi pakeng tsa nako ea Moempera Constantine (lekholo la bone la lilemo C.E.) le banchafatsi ba Maprostanta ba lekholong la bo16 la lilemo. Maprostanta ana a na le maikutlo a hore lebitso Waldenses le simolohile lentsoeng la Selatine vallis, le bolelang “khohlo,” ’me le bolela ’nete ea hore bahanyetsi bana, ba neng ba tsongoa ka ho qophelloa hothoe ke bakoenehi, ba ile ba tlameha ho balehela likhohlong tsa Alpine tsa France le Italy.
Ka tlhaho, bangoli ba lipale ba Mak’hatholike ba hana polelo ena e hlalosang e le e sa lumellaneng le pale. Leha ho le joalo, ka ho bolela hore Mawaldense a ile a hlaha ponong ea litaba ea pale ea khale ka Valdès kapa Waldo, Kereke e K’hatholike e latola ’nete ea pale e totobetseng ea hore ho ne ho le teng bahanyetsi ba bang ba bangata pele Waldo a qala boboleli ba hae qetellong ea 1170. Ho bonahala ’nete e le hore Waldo le metsoalle ea hae ba ile ba tsosa lihlopha tse joalo tsa bahanyetsi, tseo tse ling tsa tsona e neng e le khale li le teng.
Kereke e K’hatholike e rata hore re lebale hore lipeō tsa ho se khotsofale li ne li le teng har’a eona lilemo tse ngata pele ho Waldo. Ka mohlala, Mobishopo Agobard oa Lyons, France (779-840 C.E.), o ile a ema a totobetse ka matla khahlanong le borapeli ba litšoantšo, likereke tse neheloang ho bahalaleli le litšebeletso tsa kereke tse neng li se tumellanong le Mangolo a Halalelang.
Ka mose oane ho Alps, Turin, Italy, ea neng a phela mehleng ea Agobard, Mobishopo Claudius, a nka boemo bo joalo. O ile a nyatsa lithapelo tse etsoang ho bahalaleli, ho hlomphuoa ha mehaho le sefapano ’me, ka kakaretso, a hana neano ea kereke e le e hanyetsanang le Mangolo. Claudius oa Turin o bitsitsoe “molokisi oa pele oa Moprostanta.” O shoele hoo e ka bang pakeng tsa 827 le 839 C.E.
Lekholong la boll la lilemo modiakone e moholo Berenger, kapa Berengarius, oa Tours, France, eo ho boleloang hore ke e mong oa baruti ba bolumeli ea neng a e-na le tšusumetso e matla oa mehleng ea hae, o ile a hanyetsa thuto ea hore bohobe le veine li fetoha tsa sebele, a boloka hore bohobe le veine tse sebelisoang boikhopotsong ba lefu la Kreste ke litšoantšetso ha se tse fetohang ka sebele ’mele le mali tsa Kreste. Hape a phahamisa ho phahamela ha Bibele neano. Bérenger a khaoloa e le mokoenehi ka 1050.
Qalehong ea lekholo la bo12 la lilemo banna ba babeli ba ema ba totobetse e le bahanyetsi ba tsebisahalang France. E ne e le Peter oa Bruys le Henry oa Lausanne. Peter o qalile bophelo ba hae e le motho e moholo e le moprista Alps France e ka boroa bo ka bochabela. A phakisa a tlohela boprista kaha o ne a sa lumellane le kereke ka lithuto tsa bohlokoa tse kang ho kolobetsoa ha masea, ho fetoha ha bohobe le veine tsa sebele, lithapelo tse etsetsoang bafu, ho rapeloa ha sefapano le bohlokoa ba mehaho ea kereke. Ha a lelekoa dioseseng ea Alps ka boroa, a bolela ka ho toba ho batho hohle France e ka boroa, a etsa barutuoa ba bangata. Qetellong a chesoa sefateng St. Gilles, haufi le Arles, ka 1140.
Mosebetsi oa Peter oa Bruys oa ntšetsoa pele ke Henry oa Lausanne, eo hape a neng a bitsoa Henry oa Cluny. Ke momonke eo, pele hoo e ka bang ka 1101, a neng a qalile ho bua ka sebete khahlanong le litšebeletso tsa kereke, tšilafalo ea baruti ba mehleng ea hae le tsamaiso ea tatelano ea baruti ba bolumeli. O ne a lumela hore Bibele ke eona feela molao oa tumelo le borapeli. Henry oa Lausanne a qalisa ho bolela ha hae Le Mans, France e ka bophirima. Ha a lelekoa moo, a tsoela pele le mosebetsi oa hae oa boromuoa hohle France e ka boroa, qetellong a teana le Peter Bruys. Ka 1148 a tšoaroa ’me a akheloa chankaneng bakeng sa bophelo bohle. Empa likhopolo tsa banna bana tsa tlala joaloka mollo oa hlaha ho tloha Alps tse ka boroa ho ea fihla Meteterane le ho ea tšelela ka France e ka boroa ho ea kena Koung ea Biscay.
WALDO LE “BAFUMANEHI BA LYONS”
Ke boemong bona ba pale moo ho ileng ha hlaha ’moleli Lyons France. Ha ho tsejoe letho ka tsoalo ea monna enoa, eo ho boleloang hore e ka ’na eaba e etsahetse hoo e ka bang ka 1140 C.E. Le lona lebitso la hae e batla e le ntho e sa tsejoeng. le ngoloa ka mekhoa e sa tšoaneng e le, Valdès, Valdo kapa Waldo. Lebitso la hae la pele Pierre, kapa Peter, ha le hlahe mengolong efe kapa efe ea pelenyana ho 1368. Ho na le khopolo ea hore lebitso leo o ile a le reoa ke balateli ba hae ba moraonyana, ho bontša hore o ne a tšoaneloa haholo ke ho ba moetsisi oa moapostola Petrose ho feta bo-papa ba Roma, ba ipolelang hore ke bahlahlami ba Petrose.
Waldo e ne e le mohoebi ea ruileng oa Lyons. O ne a nyetse a na le barali ba babeli. E le motho ea ineetseng le Mok’hatholike ea mafolo-folo, a kōpa motsoalle oa hae eo e neng e le moruti oa bolumeli keletso ea Mangolo ka hore na a ka etsa joang ho khahlisa Molimo. Ha a mo arabela, motsoalle oa hae a qotsa Mattheu 19:21, moo Jesu a ileng a bolella mohlankana oa morui hore: “Ha u rata ho phetheha, e-ea, u rekise ka tseo u nang le tsona, u abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.”
Waldo a tebisa keletso ena pelong. Hoba a lokisetse mosali oa hae le ho bea barali ba hae ba babeli ntlong ea baitlami, a laela baprista ba babeli, Etienne d’Anse le Bernard Ydros, hore ba fetolele Lievangeli le libuka tse ling tsa Bibele ka puong e neng e buuoa Provence le Dauphiné France e ka boroa bo ka bochabela. Joale a aba ho saletseng ha matlotlo a hae har’a bafumanehi ’me a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, a bolela literateng tsa Lyons, a memela baahi ba teng ho tsoha moeeng le ho khutlela Bokresteng bo bonolo le ba Bibele.
A ile a tsebisahala e le mohoebi ea enneng, Waldo a hapa litsebe tse ngata tse mamelang ’me kapele a ba le sehlopha se mo latelang. Ba thabelang ho utloa molaetsa o tšelisang oa Bibele ka leleme la habo bona, hobane ho tla fihlela ka nako eo kereke e ne e thibetse ho fetoleloa ha Bibele puong efe kapa efe ntle ho Selatine. Ba bangata ba lumela ho tela matlotlo a bona le ho ineela ho ruteng Bibele ka puo ea batho feela. Ba tsejoa e le “Bafumanehi ba Lyons.”
Boboleli bona bo etsoang ke batho feela ba fehla lehloeo le matla la baruti. Ka 1179 Mopapa Alexander III a thibela Waldo le balateli ba hae ho bolela ntle ho tumello ea mobishopo oa sebaka seo. Joalokaha ho ka lebelloa, Mobishopo Bellesmains oa Lyons a hana ka tumello ea sena. Litlaleho tsa pale li bontša joalo hore, a talimane le thibelo ena, Waldo a arabela marena a baruti ka mantsoe a Liketso 5:29: “E ka khona re utloe Molimo ho ena le batho.”
Waldo le metsoalle ea hae ba ’na ba bolela. Kahoo ka 1184 Mopapa Lucius III a ba khaola, ’me mobishopo oa Lyons a ba leleka sebakeng sa hae. Phello ea tšoana leha Bakreste ba pele ba ne ba lelekisoa hore ba tsoe Jerusalema. Ka bona, Bibele e re: “Ba neng ba qhalantsoe ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe.”—Lik. 8:1-4.
Bahanyetsi bana ba lekholong la lilemo la bo12 ba balehela Alps le hohle France e ka boroa, ba ruta Bibele ha ba ntse ba e-ea le libaka. Ntle ho pelaelo ba kopana le lihlopha tse ling tsa bahanyetsi, tse kang balateli ba Peter oa Bruys le Henry oa Lausanne. Ka mose likhorong tsa Alps tse kenellang Italy e ka leboea, ba teana le lihlopha tsa bahanyetsi tse neng li sentse li le teng likhohlong tsa Piedmont le Lombardy. Bahanyetsi bana ba likolohang Bibeleng, bao hamorao ba ileng ba tsejoa kaofela Europe eohle e le Mawaldenses, ba khetholleha ho ba phetseng nakong ea bona ba lihlopha tsa “bakoenehi,” tse kang Macathara le Maalabigenses, bao lithuto tsa bona li neng li theiloe haholo bohlaleng ba Mapersia ho e-na le Bibeleng. Litlaleho tsa pale li bontša hore qalehong ea lekholo la bo13 la lilemo Mawaldensese a be a fumanoa le France e ka bochabela le e ka leboea, Flanders, Jeremane, Austria le Bohemia e seng France e ka boroa le Italy e ka leboea feela. Bohemia moo ho boleloang hore Waldo o shoeletse teng ka 1217.
HO BATLISISA ’NETE EA BIBELE
Hore na Waldo e ne e hlile e le eena mothei oa Mawaldensese kapa che, ho eena ho ea tlotla ea ho ikhathatsa ka lekhetlo la pele hore Bibele e fetoleloe ho tloha Selatineng ho ea lipuong tse ling tse neng li buuoa ka nako eo ke batho feela bao eena le metsoalle ea hae ba neng ba ba bolella. Hape hopola, hona ho etsahetse lilemo tse 200 pele Wycliffe a fetolela Bibele bakeng sa bahanyetsi ba buang Senyesemane.
Boemo ba motheo ba Mawaldensese a pele e ne e le hore Bibele ke oona mohloli feela oa ’nete ea bolumeli. Lefatšeng le neng le sa tsoa tsoa ho se neng se bitsoa “Mehla ea Lefifi,” ba ne ba phopholetsa ba batla ’nete ea Bokreste. Kamoo ho bonahalang ba ile ba etsa ho molemo haholo bakeng sa bona ka libuka tse seng kae tsa Mangolo a Seheberu le a Segerike tseo ba neng ba e-na le tsona ka puo eo ba neng ba tseba ho e bala le ho e utloisisa. Ho ne ho bonahala eka, ka litlaleho tse itseng, ha baa ka ba hlakeloa hantle lithutong tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea le mollo oa lihele.
Leha ho le joalo, Mawaldensese ana a pele a ne a utloisisa Bibele ka ho lekaneng hoo a neng a hana borapeli ba litšoantšo, ho fetoha ha bohobe le veine, ho kolobetsoa ha masea, pelekatori, ho rapeloa ha Maria, ho rapeloa ha bahalaleli, ho hlomphuoa ha sefapano le mehaho, pako ea liphateng tsa lefu, ho ipolela ho baprista, ’Misa oa bafu, tšoarelo ea libe ea mopapa le lithapelo tse rekoang tsa tšoarelo, ho se nyale ha baprista le ho sebelisoa ha lihlomo tsa sebele. Hape ba hana ho hlongoa ha mehaho e boima le e majaba-jaba ea kereke ’me ba nka hore “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše” ke Kereke ea Roma, eo ba neng ba memela bamameli ba bona hore ba balehe ho eona. (Tšen. 17:5; 18:4) Hona hohle ho etsahala ho ea qetellong ea lekholo la bo12 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo.
Mosebetsing oa bona oa ho bolela Mawaldensese a pele a ne a ruta Bibele, a hatisa haholo Thutong ea Thabeng le Thapelong ea Mohlala, tseo ka bobeli li beang ’muso oa Molimo e le eona ntho e ka rapelloang le ho batloa pele. (Matt. 6:10, 33) Ba nka hore monna ofe kapa ofe le mosali oa Mokreste ea nang le tsebo e lekaneng ea Bibele o lokolohile ho bolela ‘litaba tse molemo.’ Ho phaella moo, ba ne ba lumela hore Jesu ke eena feela mokena lipakeng pakeng tsa Molimo le motho. Joalokaha Jesu a shoele hang bakeng sa nako eohle, ba ne ba nka hore sehlabelo sa hae se ke ke sa nchafatsoa ke moprista ea tšoereng ’Misa. Mawaldensese a pele a ne a keteka Sehopotso sa lefu la Kreste hang ka selemo, a sebelisa bohobe le veine e le litšoantšetso.
HO BOLELA HO TLISA MAHLORISO
Mawaldensese a khale a ne a utloisisa hore ha ho hlokahale ho ea mohahong oa kereke ho ea rapela Molimo. Ba ne ba tšoara liboka tsa sekhukhu litorong, malapeng a batho kapa kae kapa kae feela moo ba neng ba ka etsa joalo. Ke moo moo ba neng ba ithuta Bibele le ho koetlisa baboleli ba bacha, ba neng ba rōmeloa ntle le ba nang le tsebo e ngatanyana. Ba ne ba tsamaea ka bobeli mapolasing le metseng le metsaneng, ka ntlo le ntlo. Dictionnaire de Théologie Catholique e hlomphuoang (Moq. 15, karolo 2591) e bolela tjena sehloohong seo ntle ho moo se sa bueng hantle ka Mawaldensese: “Ho tloha lilemong tseo ba qalileng ka tsona, bana ba bona ba qalile ho ithuta Lievangeli le Liepistole. Ho bolela ha badiakone ba bona le baprista le babishopo ho ne ho etsoa haholo ka ho qotsa se ka Bibeleng.”
Libuka tse ling li re tsebisa hore Mawaldensese a ne a e-na le botumo bo botle ba ho sebetsa ka thata, boitšoaro bo botle le ho tšepahala ho lefeng makhetho a bona. Ba ne ba khaola baetsalibe ba sa bakeng. Ho feta moo, ba bitsoa “ba neng ba sekametse haholo boevangeling le linthong tsa khale haholo har’a lihlopha tsa boholo-holo.”
Ba ne ba le joalo batho bana ba tšabang Molimo ba neng ba tsongoa ke bahlorisi ba bona ba bolumeli, ba bangata’ ho bona ba chesoa sefateng. Ba bangata ho bona e bile babolauoa ba lintoa tsa bolumeli tse neng li laeloa ke Mopapa Innocent III ka 1209 khahlanong le Macathara le Maalbingense ka boroa ho France. Ba bang ba hlokofatsoa le ho bolaoa ke lekhotla le neng le tšajoa haholo la bolumeli le ileng la qaleha ka boroa ho France ka 1229. Ba bang ho Mawaldensese ba atleha ho balehela linaheng tse ling, ’me bongata bo bong ba bona ba tšabela likhohlong tsa lithaba tse phahameng tsa Alps tsa France le Italy, moo metse ea Mawaldensese e ileng ea tsoela pele ka makholo a lilemo.
Leha ho le joalo, kamor’a nako, tse ngata ho lithuto tsa Bibele tseo Waldo le ba bang ba neng ba li fumane ka ho bala Bibele tsa tloheloa. mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, Mawaldensese a nkeha ke Tokiso ea Maprostanta. Ho ea qetellong ea lekholo la bo17 la lilemo a ba a nka lihlomo.
Le hoja Mawaldensese a pele a ile a qosoa ka hore ke “bakoenehi,” ha e le hantle e ne e le babatli ba tiileng le bo-pulamaliboho phetolelong ea Bibele, thuto ea Bibele le bophelo bo bonolo ba Bokreste. Bonneteng, ha baa ka ba lokoloha lithutong tsohle tsa bohata tsa bolumeli ba bohata ba Babylona. Empa ho bonahala ba ne ba phelela tsebo eo ba e fumaneng ka Lentsoeng la Molimo. Ba bangata, kamoo ho bonahalang, ba ne ba utloisisa hore ba ka shoa ho e-na le ho tela tumelo ea bona. Koana, ke ‘Jehova feela ea tsebang bao e leng ba hae.’ Ka baka leo, re ka tlohela moputso leha e le ofe bakeng sa bophelo ba nakong e tlang matsohong a hae.—2 Tim. 2:19.