‘Rea u Leboha Ha u Butse Mahlo a Rona’
LEKHOLONG la leshome le metso e ’meli la lilemo, liphuleng tse ntle tse ka boroa ho Fora ho ne ho phela sehlopha sa batho ba bolumeli ba bitsoang ma-Waldense.a Babatli bana ba tšepahalang ba ’nete ba ne ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ’me ba leka ho phela ka metheo ea lona. Empa hobane ba ne ba bolella ba bang ka seo ba ithutileng sona Bibeleng, ba ne ba tsongoa joaloka bakhelohi. Boholo ba bona bo ile ba phonyoha mahloriso ka ho balehela linaheng tse ling, ba bang ba ile ba balehela ka leboea ho Italy, moo sechaba sa ma-Waldense se lulang teng ho fihlela kajeno. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ja metsotso, lithuto tse ngata tsa Bibele le mekhoa ea ma-Waldense ea mehleng ea pele tsa tloheloa.
Ho se ho fetile nako e itseng joale sehlopha sa ma-Waldense se ka leboea ho Italy se ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Haufinyane ofisi ea lekala ea Watch Tower Society e leng Italy e tsoa amohela lengolo la bona. Ba ngotse mantsoe a latelang:
“Bohle re tseba mahloriso ao [ma-Waldense a mehleng e fetileng] a ileng a a utloa ka lilemo-lemo. Empa ba bangata ha tsebe hore kajeno batho bana ba khutletse mekhoeng ea bohedene ’me ha ba sa hlola ba itšoarelletse ka Bibele.
“Kajeno ba ka tsejoa feela ka letšoao la bona (sefapano sa Huguenot) se tlamelletsoe ketaneng e tšesane, se leketlile lifenstereng tse ka pele tsa makoloi a bona kapa se leketlile libotlolong tsa joala kapa linthong tse ling tsa bohlokoa.
“Re leboha lona likhaitseli le baena ba Lipaki tsa Jehova ka ho tela nako ea lona ho bula mahlo a rona le ho etsa hore ’nete e kene Iikelellong tse thata. . . . Nako eo le e sentseng le rona ke ea bohlokoa haholo, e bohlokoa le ho feta chelete. Lerato la lona la sebele (lerato la ’nete le se nang boithati) bakeng sa moahisane le le khetholla joaloka barutuoa bao Jesu a boletseng ka bona ho Johanne 13:35 le Mattheu 24:45. Patlisisong eo re e entseng re fumane hore ma-Waldense a nako e fetileng a ne a sebelisa lebitso la Molimo, Jehova. . . . Empa kajeno a lahlile lebitso leo, le hoja ho Liketso 15:14 ho boleloa hore Molimo o tla bokella ho tsoa ‘lichabeng sechaba se khethetsoeng lebitso la hae.’ Re ka bona hore kajeno batho bana ba tsejoa e le Lipaki tsa Jehova, hobane e le bona feela ba sebelisang lebitso leo. (Esaia 43:10-12) ‘Re tla ea le lōna, hobane re utloile hobane Jehova o na le lōna.’ (Zakaria 8:23)”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa hlaloso e eketsehileng ea ma-Waldense a mehleng e fetileng, bona The Watchtower, ea August 1, 1981, maqephe 12-15.