Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/15 maq. 22-27
  • Ho Kotula “Nakong ea Bofelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kotula “Nakong ea Bofelo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “SENTEʹLEIA” LE “TELOS”
  • “TSE KOTULOANG TSA LEFATŠE LI BUTSOITSE”
  • MOFOKA O BOKELLELOA HO CHESOA
  • “BA LOKILENG BA TLA KHANYA JOALE KA LETSATSI”
  • ‘HO KOTULOA HA LEFATŠE’ HO TSOELA PELE
  • “Bonang! ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tšimo e Melang Koro le Mofoka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Papiso ea Koro le Mofoka
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/15 maq. 22-27

Ho Kotula “Nakong ea Bofelo”

“Kotulo ke [nako ea] bofelo ba lefatše.”—Matt. 13:39.

1. Ke hobane’ng ha “kotulo” e hlileng ea boleloa ke Jesu e le lebaka la thabo e habeli?

KAMEHLA kotulo ha e le ntle ke lebaka la thabo le teboho. Ke nako ea ho kotula litholoana tsa mosebetsi oa nako e telele le o boima. Kotulo e hlileng ea boleloa ke setšoantšo sa Kreste sa “koro” le “mofoka” e ne e tla fana ka lebaka le mennoeng habeli la hore batho bohle ba thabe. Hobane’ng? E seng feela hobane e ne e tla bolela ho bokelloa ha palo e hlokahalang ea “bana ba ’Muso,” kapa “bahalaleli” ba tla kopanela le Kreste ‘boreneng ba hae bo sa feleng,’ kahoo ho tiisetsoa lefatše puso e ntle, empa hape hobane “kotulo” ena ka boeona e tla ba bopaki ba hore re phela ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho’ le hore re mesong ea taolo e ncha ea ho loka.—Dan. 7:14, 27; Matt. 13:38, 39; 2 Pet. 3:13.

“SENTEʹLEIA” LE “TELOS”

2. Ke hobane’ng ha lentsoe la Segerike synteʹleia le fetoleloa hamolemo e le “nako ea bofelo” ho fapana le “bofelo,” kahoo ke mabapi le nako efe e boletsoeng ho Daniele synteʹleia e lumellanang?

2 Jesu ha a ka a re “kotulo” ke “bofelo ba lefatše” joalokaha liphetolelo tse ling tsa Bibele li re etsa hore re lumele joalo. (Bibele ea Sesotho; Authorized Version; American Standard Version; The Jerusalem Bible) Liphetolelo tse joalo ha li khetholle pakeng tsa mantsoe a mabeli a Segerike synteʹleia [nako ea bofelo] le telos [bofelo]. Ha e hlalosa synteʹleia [nako ea bofelo], Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine e re: ‘Lentsoe ha le supe ho khaotsa ha ntho, empa ho tsoela pele ha lintho ho isa tlhorong e hlomamisitsoeng.’ Kahoo Jesu ha a ne a re ‘kotulo ke bofelo [synteʹleia] ba lefatše,’ o ne a bua ka nako ea tšebetso e neng e tla ba le qaleho le qetello. Ho latela Mattheu 13:30, Jesu o buile ka “nako ea kotulo,” ka ho totobetseng a supa nako eitseng, nako eo moprofeta Daniele a buileng ka eona e le ‘nako ea bofelo.’ (Dan. 12:4) Ho khahlisang, ha bafetoleli ba Septuagint Version ea Segerike ba fetolela temana ena ea Daniele, ba sebelisitse lentsoe synteʹleia.

3. ‘Nako ea kotulo’ e lumellana le eng, ’me lentsoe la Segerike telos le bolela eng le ho supa ho eng ho Mattheu 24:14?

3 Lentsoe lona lena le sebelisitsoe ho Mattheu 24:3, moo barutuoa ba Jesu ba reng: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao le ea [nako ea] ho fela [synteʹleia] ha lefatše.” Kahoo ‘nako ea kotulo’ e amana le boteng ba Kreste bo sa bonahaleng e le Mokotuli. Ha a hlalosa ka kōpo ea barutuoa ba hae, Jesu a thathamisa lintoa tsa lichaba, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ho hloka molao le moea o akaretsang oa tšabo. (Bapisa litlaleho tse tšoanang le eo ho Mattheu 24, Mareka 13 le Luka 21.) Joale, a bontša hore ‘nako ea kotulo’ e tla fihla qetellong, a phahella: “Molaetsa ona o molemo oa ’muso o tla phatlalatsoa lefatšeng lohle, e le bopaki ho lichaba tsohle, ’me ebe joale ho tla bofelo [telos].” (Matt. 24:14, phet. e ncha) Lentsoe telos le bolela “bofelo” “ka kutloisiso ea qetello, ho emisa, . . . karolo e qetellang, phetho, bofelo haholo ba karolo ea ho qetela ea lintho, ketso e qetellang ea liketsahalo tsa lefatše.’a

4. “Nako ea bofelo” e qalile neng, ’me kahoo ho ka thoeng ka “kotulo”?

4 Linnete tsa pale ea kajeno ho tloha ka 1914, tse phethahatsang boprofeta ba Bibele, li bontša hore tsamaiso ea hona joale ea lintho e se e kenelletse haholo ‘nakong ea bofelo’ (synteʹleia). Ho qotsa W. E. Vine hape, re bona ka mahlo “ho tsoela pele ha lintho ho isa tlhorong e hlomamisitsoeng” kapa bofelong (telos). Ka baka leo, “kotulo” ea setšoantšo sa Jesu e tlameha e be e tsoela pele; ha e le hantle, e tlameha ebe e le haufi le ho phethahala. Na liketsahalo tsohle tse hlileng tsa boleloa setšoantšong lia bonahala ho tloha ka 1914?

“TSE KOTULOANG TSA LEFATŠE LI BUTSOITSE”

5. Nakong ea kotulo, “Mor’a motho” o tla laela mangeloi hore a etse joang?

5 Ha a tsoela pele ho hlalosa ‘setšoantšo sa mofoka tšimong,’ Jesu a re: “Kotulo ke [nako ea] bofelo ba lefatše; bakotuli bona ke mangeloi. Joale ka mofoka ha o khuoa, o chesoa mollong, ho tla ba joalo bofelong ba lefatše lena. Mor’a motho o tla roma mangeloi a hae; a tla khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo, ’me a ba lahlele seboping sa mollo, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”—Matt. 13:39-42.

6. “Koro” e ile ea tloheloa hore e hōle har’a bo-mang?

6 “Bakotuli,” kapa mangeloi. a ne a tla romeloa ke “Mor’a motho” ‘nakong ea bofelo ba lefatše,’ e le hore a ka fothola har’a ‘bana ba ’nete ba ’muso’ “likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo.” Joalokaha sehlooho se tlang pele ho sena se bontšitse, ho jala ha Diabolose “mofoka” bosiu ho felletse ka bokoenehi bo hlophisitsoeng, Bokreste ba bohata tlas’a puso ea baete-pele ba bolumeli ba hatellang ba tlileng ho ipopa ho ba ‘motho oa sebe,’ ea hlileng a boleloa ke moapostola Pauluse ea entsoeng ka batho ba bangata. (2 Ba-Thes. 3:12) “Koro” ea ’nete e ile ea tloheloa hore e hole har’a “mofoka” o joalo ho fihlela “nakong ea bofelo.” Joale “Mor’a motho” o ne a tla laela “bakotuli” ho arola “bana ba ’muso” ho “bana ba e mobe.”

7. Ke boprofeta bofe bo tšoanang le boo bo re thusang ho khetholla nako ea kotulo?

7 Mosebetsi ona oa ho arola o qalehile neng? Setšoantšo se tšoanang le seo sa boprofeta ha se re siee sebakeng feela hore na hoo ho ne ho tla etsahala neng. Se baleha tjena: “Joale ka talima, ’me ka bona leru le lesoeu, holim’a lona ho lutse ea kang Mor’a Motho, hloohong a roetse mofapahlooho oa khauta, letsohong a tšoere sekele e bohale. lengeloi le leng la tsoa tempeleng, ’me ka lentsoe le phahameng la hoeletsa ea lutseng holim’a leru, la re: ‘Akhela sekele ea hao, u kotule; hobane nako ea ho kotula e fihlile, tse kotuloang tsa lefatše li butsoitse.’ Eaba ea lutseng holim’a leru o akhela sekele ea hae lefatšeng, ’me lefatše la kotuloa.”—Tšen. 14:14-16, Phet. e ncha.

8. “Mora motho” o tšoantšetsoa joang ho Tšenolo 14:14, kahoo kotulo e tlameha ho qala kamorao ho ketsahalo efe?

8 Mona re bona Mor’a motho, Jesu Kreste, e se ea kang mojali ea jalang “peō e ntle tšimong ea hae” empa e le ea kang morena ea roetseng mofapahlooho ea kenang ketsong ea ho ‘kotuloa ha lefatše.’ Hore o lutse lerung ho tšoantšetsa ho ba teng ha hae empa a sa bonahale. (Lik. 1:9-11; Tšen. 1:7) “Kotulo” ka baka leo, e tlameha ho etsahala ha Kreste a le teng, kamora’ hore a roale mofapahlooho le ho amohela “’muso, le hlompho, le borena” ho Jehova, “Moholo oa matsatsi.” (Dan. 7:13, 14) Kahoo kotulo e qalile nakoana kamor’a 1914, selemo se ileng sa tšoaea ho qaleha ha ‘mehla ea qetello,’ kapa ‘nako ea bofelo ba tsamaiso ea lintho.’

9. Mosebetsi oa ho khetha o qalile neng?

9 Ke neng, kamorao ho 1914, Mora oa motho a ileng a romela “mangeloi a hae” ho arola “bana ba ’muso” ho “bana ba e mobe,” “koro” ea maiketsetso, ke hore, ‘ba etsang bokhopo’ le ba akarelletsang ‘motho eo oa sebe’ baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste ’motoana? Karabelo e lokela ho lumellana le linnete, ’me tsena li bontša hore ke ka 1919 ha “bana ba ’muso” ba tsoetsoeng ka moea, le ba tlotsitsoeng, ba neng ba tšoantšetsoa ka “koro,” ba qala ho lokolloa har’a “mofoka,” kapa Bokreste ba bohata, bo neng bo tletse tšimong ea bolumeli ea batho. “Kotulo ea lefatše” e ne e butsoitse ’me nako e ne e tlile ea hore “Mor’a motho” a akhele sekele ea hae le ho kotula. Setšoantšo se senola hore hona o ho entse ka “bakotuli” ba hae, mangeloi.

MOFOKA O BOKELLELOA HO CHESOA

10. ke hobane’ng ha ho bile thata ho khetholla “koro” ea ’nete ho theosa le makholo a lilemo, empa ke ho tloha neng ho bileng bonolo ho khetholla ka ho hlakileng “koro” ho “mofoka”?

10 ‘Papisong ea hae ea mofoka tšimong,’ Jesu o itse: “Mohla ho kotuloang ke tla re ho bakotuli: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o chese.” (Matt. 13:30) Ka makholo a lilemo ho tsebahala ho hlakileng ha “koro” kapa “bana ba ’muso” ba ’nete ho ne ho thibiloe ke “mofoka” o neng o imelela ka bolokolohi, kapa Bakreste ba bakoenehi, ba neng ba ipolela hore ba na le tšepo ea leholimo e le majalefa a ’Muso. Ke feela kamorao ho 1919 ha Bakreste ba tsoetsoeng ka moea kannete ba lokolloa ho Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata oa Diabolose, phapang e totobetseng e ileng ea bonahala pakeng tsa “koro” le “mofoka.”

11. Ho akarelletsoa bo-mang ho “mofoka,” ’me ba tlanngoe mangata joang?

11 “Mofoka” oa tšoantšetso o akarelletsa Bakreste ’mōtoana kaofela, bo sa siee bakoenehi leha e le bafe ba kajeno ba rutang “likhopiso,” hammoho le ‘ba etsang bokhopo.’ Hona ho tla akarelletsa “mohlanka ea khopo,” ‘baroetsana ba maoatla’ le ‘mohlanka ea khopo ea botsoa.’ (Matt. 24:48-51; 25:1-12, 14-30) Ho ‘tlangoa ha bona mangata’ ba loketse hore ba ka chesoa ha ho emele hore ba bokelloa lihlopha tsa likereke le lihlopha tse sa tšoaneng tsa Bojakane, kaha ho hang ho ke ke ha boleloa hore mangeloi ke oona a ikarabellang bakeng sa litsamaiso tsa bokoenehi joalo tsa kereke. Ho feta moo, ho tlangoa le ho etsoa mangata ho etsahala ‘nakong ea kotulo,’ “nakong ea bofelo,” le hoja bolumeli bo bongata ba Bokreste ’mōtoana bo bile teng ka makholo a lilemo. ho tlangoa ha “mofoka” o etsoa mangata ho bolela hore ho tloha ka 1919 ho aroloa pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba maiketsetso ho hlakile haholo, likelellong tsa batho le ka ho aroloa ho etsoang ka sebele. “Mofoka” kapa “bana ba e mobe,” ba ‘tlangoa’ ka hore mangeloi a hlokometse hore ha ba khutlele har’a “koro,” kapa “bana ba ’muso” ba ’nete.

12. ‘Sebopi sa mollo’ se tšoantšetsa eng, ’me “mofoka” o tla akheloa ka ho sona neng?

12 Ha a bua ka se tla etsoa ke mangeloi ka “mofoka” ha o se o tlanngoe, Jesu oa phaella: “a ba lahlele seboping sa mollo, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.” (Matt. 13:42) Hopola hore re ithuta setšoantšo. Haeba “koro” le “mofoka” e le tsa tšoantšetso, ho joalo le ka ‘sebopi sa mollo,’ “lillo” le ‘ho tsikitlana ha meno.’ Mattheu 25:41, 46 e bontša hore ‘mollo o sa feleng’ o tšoantšetsa ‘ho felisoa ka ho sa feleng,’ (NW), ’me Tšenolo (20:14; 21:8) e re ‘letša la mollo’ le bolela “lefu la bobeli,” timetso eo ho eona ho seng tšepo ea ho tsoha. Kahoo “mofoka” ke ba habileng timetsong.

13. Ke neng le hona joang ba tšoantšetsoang ke mofoka ba ileng ba lla le ho tsikitlanya meno a bona, empa ke hona ba tla lla haholo neng?

13 Kaha ‘sebopi sa mollo’ se tšoantšetsa timetso e sa feleng, ‘ho lla le ho tsikitlanya meno a bona’ tabeng ea “mofoka” ho tlameha ho etsahala pele ba timetsoa. Ka mashome a lilemo joale, Bakreste ’mōtoana, ’me haholo ‘motho oa sebe’—baruti ba Bojakane—ba ’nile ba llela ’nete ea hore “bana ba ’muso,” Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng, li ’nile tsa ba betsa ka linnete tse otlang habohloko tsa Mangolo, li ba pepesa seo ba hlileng ba leng sona: “Bana ba e mobe.” (Matt. 13:38; Tšen. likhaoh. 8, 9b) Baruti ba bakoenehi ba ’nile ba tsikitlanyetsa Lipaki tsa Jehova meno ka hore li bolele ntle ho tšabo e seng feela ka ‘ngoaha oa mehauhelo’ ea Jehova empa hape le ka “letsatsi la liphetetso tsa” hae. (Esa. 61:1, 2) Leha ho le joalo, “mofoka” ’ohle o joalo o tla bokolla haholo le ho tsikitlanya meno ha “mor’a motho” a tla haufinyane ho tla ba timetsa le lefatše lohle la Satane.—Matt. 24:30.

“BA LOKILENG BA TLA KHANYA JOALE KA LETSATSI”

14. “Koro” e bokelloa hokae, ’me ‘ba lokileng’ joalo ba etsa joang?

14 Kamor’a ho laela hore “bakotuli” ba tlame “mofoka” mangata ho timetsoa, “Mor’a motho” o boetse o laela mangeloi a hae: “Le mpe le bokelle koro molikong oa ka.” (Matt. 13:30) ’Me Jesu a phetha tlhaloso ena ea hae ea setšoantšo ka hore a re: “Mohlang oo, ba lokileng ba tla khanya joale ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona. Ea nang le litsebe ho utloa, a utloe.”—Matt. 13:43.

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha e se leholimong moo “ba lokileng” ba khanyang? (b) Ke hokae hona joang “ba lokileng” ba khanyang, ’me ba bokelloa hokae?

15 Tšenolo 21:23 e bua tjena ka puso ea ’Muso oa leholimo, Jerusalema e Mocha: “Motse ha o na ho bonesoa ke letsatsi le khoeli; hobane o bonesoa ke khanya ea Molimo, ’me konyana ke lebone la oona.” Kahoo ’muso oo oa leholimo ha oa itšetleha ka “bana ba ’muso” ba tsositsoeng bakeng sa leseli. O sesa ka har’a leseli le khanyang la Molimo. O fapane hakaakang le lichaba tse mona lefatšeng. (Ba-Ef. 4:17, 18; 5:8) Ha a hlalosa seo Jehova a se etsetsang “bana ba ’muso” ha ba sa le lefatšeng, Pauluse a ngola: “O re ntšitse matleng a lefifi, oa re falletsa ’musong oa Mora oa oona ea ratoang.”—Ba-Kol. 1:13.

16 Kahoo, “ba lokileng” ‘ba khanyang joale ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona’ ho boleloa boemo bo khanyang le tšebeletso e khanyang ea ba tlotsitsoeng joalo ba Bakreste ba lefatšeng, moo ‘ba khanyang joale ka maseli lefatšeng.’ (Ba-Fil. 2:15; Matt. 5:14) “Moliko” oo ba bokeletsoeng ka ho oona ho tloha ka 1919 ho ka boleloa hore ke “’musong oa Ntat’a bona,” kaha phutheho ea Bokreste e le phutheho ea tsamaiso ea puso ea leholimo, e ela hloko borena ba bokahohleng ba Jehova. Ke phutheho e hloekileng, hobane ke ho eona moo ho tsoang mangeloi a bokellang ‘bohle ba bakang likhopiso le ba etsang bokhopo.’—Matt. 13:30, 41, 43.

‘HO KOTULOA HA LEFATŠE’ HO TSOELA PELE

17. Ho kotuloa “bana ba ’muso” ba bakae, empa ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bokella o tsoela pele?

17 Hona hohle ho u ama joang? Hopola hore Jesu o phethile setšoantšo sa hae ka hore: “ea nang le litsebe ho utloa, a utloe.” (Matt. 13:43) Ke ’nete, setšoantšo sena se bontša ho bokelloa ha palo e feletseng ea “bana ba ’muso” ba hlokahalang ho thea puso ea leholimo ea Kreste. Khaolo eona eo (14) ea Tšenolo e buang ka ‘ho kotuloa ha lefatše’ e senola palo ea ba kotuloang ho busa le “Konyana” “Thabeng ea Sione’’ ea leholimo e le ba 144 000. Empa khaolo eo e phaella ka hore: “Ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” (Tšen. 14:1-4) Ho kotuloa ha “lithakangoaha” ho ne ho tla bontša hore ho na le litholoana tse ling tse neng li tla kotuloa hamorao tšimong ha selemo se felella. Kahoo ho ntse ho bokelloa ho ea pele, ’me hoa u ama.

18. Ho phaella ho kotuloeng ha “bana ba ’muso,” ke mosebetsi ofe hape oa ho arola o etsahalang?

18 Ho kotuloa ha “bana ba ’muso” ho ile ha tsoela pele ka potlako ho tloha ka 1919 ho tla fihlela mathoasong a bo-1930. Kaha Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba tlohelletse ‘leseli la bona le khanye,’ ba bang ba bangata ba nang le litsebe tse mamelang ba lumetse hore ba ikarole ho “mofoka,” kapa Bakreste ’mōtoana ba ka likerekeng le lihlopheng tsa Bojakane. (Matt. 5:16) Mosebetsi ona oa ho arola o ile oa boela oa boleloa e sa le pele ke Jesu boprofeteng ba hae ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. likhaoh. 24, 25) O re: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali, ’Me bona [lipōli] bao ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”—Matt. 25:31-33, 46.

19. Ka nako ea Molimo, ho tla etsahala joang ka masala a sehlopha sa “koro” le “bongata bo boholo”?

19 Kahoo, ha ho kotuloa ha sehlopha sa “koro” sa Bakreste ba tlotsitsoeng ho atamela pheletso, ho bokelloa ha “linku” ho ntse ho tsoela pele. Ka nako e tšoanelehang ea Molimo masala a sehlopha sa “koro” a tla qetela tsela ea oona ea lefatšeng ’me a kopane le “Mor’a motho” e le karolo ea ’muso kapa puso ea hae ea leholimo. Ba tla ‘amohela ’muso’ le “bahalaleli” ba bang bohle ba 144 000. (Dan. 7:18, 22, 27) Ha e le ka “bongata bo boholo” ba “linku” bo ntseng bo bokelloa hona joale, bo tla pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tla tšoaea bofelo (telos) ba tsamaiso ea hona joale ea bosatane ea lintho ’me e tla ba karolo ea “lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” ba tla sebeletsa “Mor’a motho” lefatšeng, tlas’a ‘borena ba hae bo sa feleng’ kapa ’muso oa leholimo.—Tšen. 7:4, 9, 10, 14. Dan. 7:13, 14.

20. ’Nete ea hore kotulo e se e tsoetse pele haholo e paka eng; kahoo u lokela ho etsa joang, hona hobane’ng?

20 U eme hokae mabapi le ho phethahatsoa ha setšoantšo sa “koro” le “mofoka”? ’Nete ea hore ho ‘kotuloa’ ha “bana ba ’muso” ho se ho tsoetse pele hakana ho paka hore ‘nako ea ho fela [synteʹleia] ha tsamaiso ea lintho’ ho haufi le bofelo (telos). Boikutlo ba hao ka “baena” ba kang koro ba tlotsitsoeng ba Kreste le tšoaro eo u ba tšoarang ka eona e tla ba lona lebaka le lekanyetsang hore na u tla ea “bohlokong bo sa feleng” kapa “bophelong bo sa feleng.” (Matt. 25:34-46) Ipake u le motsoalle ea tšepahalang oa sehlopha se tlotsitsoeng sa “koro,” “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” eo Kreste a mo tlotselitseng hore a fane ka ‘lijo tsa moea ka nako ea teng.’ (Matt. 24:45) Tšoareha ka matla mosebetsing oa ho bokella, hobane hopola, “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo (telos) bo hlahang,” ’me “empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong (telos), ke eena ea tla bolokeha.”—Matt. 24:13, 14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a A Greek-English Lexicon of the New Testament and Other Early Christian Literature, W. Bauer, e fetoletsoe ke W. F. Arndt le F. W. Gingrich.

b Bona likhaolo 16 le 17 tsa buka “Then Is Finished the Mystery of God,” e hatisitsoeng ka 1969 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, inc.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela