Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 6/1 leq. 4
  • Ntoa ea Motho le Maloetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa ea Motho le Maloetse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
  • Maloetse na a tla Fela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Boemo ba Bophelo bo Botle Lefatšeng—Lekhalo le Eketsehang
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 6/1 leq. 4

Ntoa ea Motho le Maloetse

HO kula ke sera, ’me motho o loanne ntoa e se nang khaotso le hona ka makholo a lilemo. Lilemong tse fetileng tse 150, lingaka li ’nile tsa hlōla ka ho hlokomelehang mabakeng a mang. Ho ntlafatsoa ha mokhoa oa boithuso oa batho, hammoho le liente tse ncha le lithethefatsi, ho thusitse hore linaheng tse ling maloetse a khale a kang “bubonic plague” a lebalehe.

Empa ntoa eona ha e s’o lale. Mathata a sa eme, a mang ho oona ho sa tsotellehe tsoelopele ea thuto ea mahlale ea bongaka, joalokaha lebokose le tlase mona le bontša. Le haeba thuto ea mahlale e ne e ka fumana lipheko bakeng sa maloetse ’ohle a kajeno, ho ne ho tla ’ne ho sale seoa se seholo ho tsohle—lefu. Na ho tla ke ho lokolohuoe boemong boo?

[Lebokose le leqepheng la 4]

BA BANGATA BA KULA KA HO SA HLOKAHALENG HOBANE—

* Karolo e khōlō ea moloko oa motho e haelloa ke lijo tse matlafatsang. Hona ho bakile lifara, mochecha-fatše, bofofu, boshoa le tse ling tse joalo. Ho feta moo, motho ea haelloang ke lijo tse matlafatsang ophetlehela le maloetse a mang, a kang lefuba le letsoejana. Maloetse ana a ka theoloa haholo ka hore feela ka mokhoa o bonolo batho ba futsanehileng ba fepuoe hamolemo.

* Ho haelloa ke lijo tse matlafatsang ke kotsi le linaheng tse tsoetseng pele. Hobane’ng? “Ho hlahile liphetoho ho jeng ha Maamerika tse ka bakang seoa sa phokolo e bakoang ke ho se je hantle (ka ho ja ka mokhoa o tlotseng le ka ho se je ho lekaneng) ho senyang bophelo United States ho tšoanang ka bongata le maloetse a tšoaetsanoang a karolo e qalang lekholo lena la lilemo. Ho ja ka mokhoa o tlōtseng mafura, tsoekere, letsoai, le tahi ho tha thamisitsoe e le ho nkang karolo ea bo6 ho isa ho ea leshome e bolaeang ho . . . lefu la pelo, ho qhashoha ha methapo, kankere, lefu la tsoekere, tšesefalo ea methapo, le ho kula ha sebete.”—“Health,” 1979.

* Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore karolo ea 80 lekholong ea ho kula e bakoa ke metsi a sa lokelang le mokhoa oa “boithuso.” Batho ba ka bang pakeng tsa limillione tse 10 le limillione tse 25 ba shoa selemo le selemo ka baka la maloetse a tlisoang ke metsi a sa hloekang kapa a sa tšoaneleheng. Hoo e ka bang bana ba bakaalo ba shoa selemo le selemo ka baka la maloetse oona ana—letšollo—ho lekana ie ba ileng ba bolaoa ke ntoa ea pele ea lefatše.

* Moea oo re o phefumolohang o senngoa ke lichefu tse tsoang mesebetsing e meholo ea khoebo ie makoloi. Lihlooho tse latelang li bolela taba: “Ba Shoang ka Baka la Tšilafatso Tokyo baa Eketseha”; “Leru la Semoko lea Tiea ho Khama Magerike”; “Mosi o Chefu o Khama Motse oa Mexico”; “Ho Phefumoloha ka Tlung ho ka ’na ha e-ba Kotsi”; “Boithuto ba U.S. bo Lemosa ka Mathata a Matla a Tšilafatso ea Moea o Litšila.” Ho sa le joaana, lintho tsa tlhaho tse kholo bakeng sa ho hloekisa moea, lifate, li rengoa ka tekanyo ea liakere tse limillione tse 25 ho isa ho limillione tse 50 ka selemo. Tlokotsi e ke keng ea lekanngoa e larile ka pele.

* Boitšoaro bo bobe bo bakile seoa sa maloetse a tšoaetsanoang a litšila. Ho tsujoa ha koae ho bakile seoa sa kankere ea matšoafo, moea o tlalang ’meleng, lefu la masobana a matšoafo le lefu la pelo. Boithuto ba hona joale bo bontša hore hase ba tsubang feela empa le balekane ba bona ba lenyalo le bana ba bona baa hlokofala.

* Ena ke e meng ea mekhoa le mathata a batho a thibelang ie eona tsebo e teng ea bongaka hore e ka sebelisoa ka katleho ho theola ho kula ha batho.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela