Limmapa Tse Phelisang Liketsahalo Tsa Bibele
“HO SHEBAHALA eka pula e tla na,” kamoo ho ileng ha bolela mohahlaula oa Lenyesemane, ha a sheba maru a seng makae le ka ntle ho fenstere ea bese. Motsamaisi oa mehahlaula oa moo, ha a utloa polelo eo, a tšeha ’me a sisinya hlooho. “Pula e ke ke ea na ka nako ena ea selemo mona Iseraele. Ha u England hona joale.”
Ho bonolo hakaakang ho rōna hore re ahlole linaha tsa Bibele ka linaha tsa habo rōna le liphihlelo tsa rōna, haholo haeba re s’o etele Bochabela bo Hare! Re sa hlokomele, re ka haelloa ke ho hongata ha re bala Lentsoe la Molimo, feela hobane re sa tsebe letho ka (linaha tsa Bibele). Ka ho fumana ho hongatanyana ka mekhoa le litsela tsa batho le linaha tseo ba neng ba phela ho tsona, leha ho le joalo, re ka fumana kananelo e tebileng haholoanyane ka liketsahalo tse tlalehiloeng Bibeleng.
Limmapa li nka karolo ea bohlokoa ho faneng ka boitsebiso bona ho rōna, ’me ka litsela tse ngata li bua haholo ka ho hlakileng ho feta mantsoe. Empa batho ba bangata ba ho fumana ho le thata ho bala limmapa le ho li utloisisa. Nakoana e sebelisoang ho tloaelana le limmapa, matšoao a tsona le mela, le se boleloang ke ’mala e sa tšoaneng, ho tla re thusa ka hore re tla putsoa hantle ha re li sebelisa e le likofuto tsa boithuto ba rōna. Limmapa ha lia lokela ho sebelisetsoa feela ho fumana libaka. Ka mantsoe a seithuti sa linaha tsa Bibele Denis Baly, ha re fumane sebaka seo re se batlang, “motho o lokela hape ho tseba, bonyane, hore na se amana joang le sebopeho sa naha, likhohlo, maralla, linōka le lithota.”
Ke hoo feela re bang le pono ea sebaka, ’me haeba hona ho phaelletsoe lifotong tsa sebele tsa mofuta oa sebaka se amehang, sebaka se tla phela kelellong. Ha re bala tlaleho ea Bibele, ho bonolo hakaakang bakeng sa rōna ho tlatsa sebaka seo ka libopeho tse hlalositsoeng, joalokaha eka re moo ho shebella ha ho etsahala! Ka ho sheba mehlala e seng mekae, ho tla ba bonolo ho tšoantšetsa tšebeliso ena ea limmapa tsa Bibele.
Ho Baleha ha Davida Morena Saule
Hoba a bolaee senatla Goliathe, Davida e monyenyane a ea bolaea Bafilista. A tuma Iseraeleng hoo ho keteka ho hlola ha hae basali ba ileng ba bina le ho hobela, ba bapisa likete tse bolailoeng ke Morena Saule le mashome a likete a Davida. Saule a halefa hakaakang ha a utloa seo! Lerato la fetoha lehloeo, hoo a ileng a leka ho khokhothella Davida lerakong ka lerumo la hae. Ho atleha ho tsoetseng pele ha Davida ha senya litaba ho ea pele, ’me Saule “a eketsa ke hona ho tšaba Davida haholo, ’me Saule a iketsa sera sa ka mehla ho Davida.”—1 Sam. 18:6-29.
Ho sa tsotellehe thuso ea mora oa Saule Jonathane le mosali oa hae Mikale, Davida a bona hore, kamoo a ho bolelang: “Ke sebakanyana se kang sa ho hata feela mahareng a ka le lefu!” (1 Sam. 20:3) Qetellong a balehela lehaheng la Adullame, le ka boroa bo ka bophirimela ho Jerusalema sebakeng seo lithaba tsa Juda li theohelang lehoatateng le ka lebopong. Sebakeng sena se sa kenoeng habonolo ho na le mahaha a mangata a kalaka, ’me mona banna ba makholo ba bokana hammoho ho Davida. (1 Sam. 22:1, 2) Empa ha a lemosoa ke Jehova hore batho ba Keila, haufi le Adullame ba tla mo eka ho Saule, a batla sebaka se seng seo a ka tšabelang ho sona se molemo.—1 Sam. 23:6-13.
Lefeella la Juda e ne e le setšabelo se joalo. Makholo a lilemo hamorao Jesu Kreste a qeta matsatsi a 40 mona a sirelelitsoe libataneng tsa lona ke mangeloi—mangau, liphokojoe le liphiri. (Mar. 1:12, 13) Mehleng ea rōna ho ’nile ha sibolloa lintho tse hlollang mahaheng a mang a lona a likete-kete. Meqolo ea Bibele ea nakong e balloang khale ka lilemo tse ka bang 2 000 e fumanoe, e bolokiloe ke boemo ba naha bo omileng haholo. Haufi le moo lehaha le leng la ntša masalla a ntoa ea bobeli ea Bajode khahlanong le Baroma ka 132-135 C.E. Ke hobane’ng ha moeta-pele oa eona, Bar Kokhba, a ile a balehela sebakeng see, hona ke hobane’ng ha meqolo ee e ile ea pateha halelele hakaale? Ka lona lebaka leo Davida “a ea lula liqhobong a lula thabeng, feelleng la Zife.”—1 Sam. 23:14, 15.
Lefeella la Zife, le la Maone le haufi le moo ke oona a bōpang karolo e phahameng e bohareng ea lefeella la Juda. (1 Sam. 23:24) Ha re sheba ’mapa, lefeella lena le bonoa ka boroa ho Jerusalema, le nama ho elella ka lehlakoreng le ka bophirima la Leoatle le Shoeleng, ka metse e meraro ea Jerusalema, Bethlehema le Hebrone e batla e le moeli oa lona o mong. Ho latelang, re hlokomela likhohlo tse ngata, tse kenellang lefeella ho tloha ka bophirima ho ea ka bochabela, li etsa hore ho eta pakeng tsa leboea le boroa e batle e e-ba ho thata.
Ho theosa ka khohlo ea Kidrone ka thoko ho thaba ea tempele Jerusalema, kapele motho o pota kamorao ho motse o tšoarehileng, ’me ka mantsoe a moepolli oa mesaletsa ea tsa boholo-holo oa Moiseraele Yohanan Aharoni, o kena “lefeella lena le tšabehang.” Ho tsoela pele le khohlo ena, Wadi en-Nar (khohlo “ea mollo”), e batalla ka limithara tse ka bang 900 ho ea Leoatleng le Shoeleng, e iphetola likhohloana tse tebileng ka lilomo tse phahameng ka limithara tse fetang 60 ka mahlakoreng ka bobeli. Ho tsamaea ka har’a eona mariha ke ho ipea kotsing ea ho tšoaroa ke sekhohola sa metsi a phallang ka potlako a tlang a phaletse ka khohloana kamor’a hore pula e ne ka tšohanyetso. Lehlabula mocheso o ka ba matla a senyang. Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe sebakeng sena e ka baka bothata bo joalo.
Hase feela Davida a ileng a fumana sena e le setšabelo se sireletsehileng. Ho ne ho le thata bakeng sa Morena Saule ka lebotho la banna ba 3 000 hore a ka batla mahaha a mangata-ngata a lilomong tsa kalaka, a mangata a ka kenoa feela ka ho leketlisoa ka khole le kaholimo. Eena le banna ba hae hamorao ba fumana tlaleho ea hore Davida o falletse Engedi, motšoetšoe o haufi le Leoatle le Shoeleng, ’me Saule a tsamaea a batla “metebong ea linku.” A patiloe moraorao karolong e lefifi haholo ea lehaha, Davida o ne a na le monyetla o motle oa ho bolaea Saule, empa o ne a ke ke a ama motlotsuoa oa Jehova.—1 Sam. 24:1-15.
Ka lekhetlo le leng, ha a ka be a hlabile morena ea robetseng liahelong tsa hae, Davida a mpa a nka lerumo la ea mo lelekisang le nkhoana ea metsi ka thōko ho eena, hamorao a ema lehlakoreng la khohloana ho bontša ho hlōleha ha banna ba Saule ho sireletsa morena oa bona. Lentsoe la hae le khutlela morao le utloahala maralleng a se nang letho, Davida a hoeletsa ka mose a botsa hore na o entse’ng eo Saule a ka mo lelekisetsang eona “joale ka ha ho tsongoa mekopjoane lithabeng.”—1 Sam. 26:1-20.
Setšoantšo see ke sa bohlokoa hakaakang ha re nahana ka mehoo e mengata ea Davida ea thuso Lipesalemeng! Le hoja a ne a ka kena molekong oa ho nahana hore mafaru a sebele le mafika—e, lithaba tse phahameng, e ne e le litšabelo tsa hae, empa nako le nako a ’na a ikhopotsa hore Jehova e ne e le tšireletso ea hae ea sebele le poloko. E le molisa, Davida o ne a tloaelane le maralla. Maoto a hae a ne a le matjato a le bobebe ho tšoana le a lipōli. Empa ke Molimo oa hae o ileng oa thibela maoto a hae hore a se ke a thella tseleng e tšesaane. (Pes. 18:1-3, 31-33) Ha a ekoa ke batho ba Zife ’me a batloa ke lira tsa hae tse neng li mo beela lifi, pelo ea Davida e ne e lula e tiile ho Jehova, ’me o ne a ka letsa harepa ea hae ’me a e binela har’a lilomo le likhohlo tse feela. (Pes. 54, 57) Leha khatello ea lira tsa hae e ne e mo theolela boemong bo tlase ba khatello, o ne a ntse a bua le Jehova le ho shebella topollo ho eena. (Pes. 142) Na re tseba ho etsa see ha re tlakiloe ke mathata? Re ka ho etsa haeba re haha tumelo ea rōna ho Molimo.
Tlhaselo ho Juda
Ha Josafate e le morena oa Juda lekholong la bo10 la lilemo B.C.E., a fumana litaba tse tšoenyang. Marena a kopaneng a bochabela, a Moabe, Ammone, le Seire, ha tlalehoa hore a ea a lebile Juda ‘ba tsoa mose oane ho leoatle; e se e le bana ba Hatsatsone-Thamare, e leng Ene-Gedi.’ (2 Likron. 20:1, 2, 10, 11) Ha re sheba ’mapa oa rōna, Ene-Gedi e se e tloaelehile ho rōna, ’me kapele re ka fumana Moabe, Ammone le Edomo. Empa re ka ’na ra botsa: Lebotho lee le ile la fihla Ene-Gedi joang, ’me ke hobane’ng ha le ile la tla ka tsela eo e khethehileng?
Morena oa pelenyana oa Juda, Roboame, o ne a hahile letoto la metse ea liqhobosheane ka ho itšireletsa ntoa. ’Mapa oa rōna o bontša ea Bethlehema, Etame, Tekoa, Bethe-zure, Hebrone le Zife e le e sirelelitseng karolo e ka bochabela ea Juda, (2 Likron. 11:5-12) Ho atleha, sera se ne se batla ho hlaha ka mohlolo oa tšohanyetso, ’me mohlomong ba nahana hore lefeella le sehlōhō le le se nang letho la Juda le ka ba motheo oa ho kena ka tšohanyetso joalo. Mohlomong ba tlile ba pota ka lehlakoreng le ka boroa la Leoatle le Shoeleng. Kapa mohlomong ba tlile ba tsamaea le ka lehoatateng la Lisan ba tšela Leoatle le Shoeleng moo le leng lesesanyane ka lik’hilomithara tse ka bang 3, ka leliboho le sa tebang leo liithuti tse ling li reng le ne le le teng. Joale, ha ba feta mafika a maholo a Masada, ba fihla Ene-Gedi pele ba ka bonoa, mohlomong ke molebeli ea ka holimo ho e ’ngoe ea liqhobosheane.
Hona ha nea Josafate sebaka se senyenyane, hobane sera se ne se le hole ka leeto la letsatsi ho tloha Jerusalema. Ho tšoana le Davida, a tšepa Jehova ’me a hooa thuso ho eena. Karabelo: “Ntoa ha se ea lona, ke ea Molimo.” A laeloa hore a emise banna ba hae haufi le Tekoa qetellong ea khohlo, hobane makhotla a sera a ne a “ea hloa moepa oa Tsitse.” Josafate a etsa joalo, a beile libini ka pele.—2 Likron. 20:3-21.
Moepa oa Tsitse o ne o tsamaea leboea le ka bophirima ho tloha haufi le Ene-Gedi, o nyoloha pele ka limithara tse ka bang 390 ka tsela e methinya e eang pele le morao. Joale o tsoela pele ho tšela lihlabeng ’me o latela tsela e tsoapelang e eang Tekoa ka bophahamo bo ka etsang limithara tse 820 holim’a leoatle. Ke moepa o mokaakang, ka ho nyolosa le ho theosa ka makhetlo a mangata kaha tsela e tšela likhohloana tse nyenyane le linōkana! Se chesa se bile se khathetse, sera mohlomong se ne se tšepile ho phomola se sa bonoe haufi le litlhoro. Empa sa se ke sa fumana monyetla! Sa fumanoa ’me sa lalloa. Sa ferekana hakaakang ha se ipotsa hore na mara a se tsoela kae, ba sa hlokomele hore Jehova o thusa Juda. Ha maralla a luma ke mehoo ea thōko ea Judea, ba futuhileng ba hopola hore metsoalle ea bona e molato. Ha qhoma ho hloka kutloano, ’me ba qala ho loantšana ho fihlela lebotho kaofela le felisoa ’me le timetsoa. Na re bona le ho utloa ntoa e loana har’a meholokohlo eo, ka lipina tsa thoriso li neeletsana ho tšela lithaba tse potolohileng? Juda ea roka Jehova hakaakang ka tlhōlo ea hae e khōlō!—2 Likron. 20:22-30.
Mosamaria ea Molemo
Papiso e tsebisahalang ea Jesu ea Mosamaria ea ileng a thusa monna ea neng a oetse matsohong a masholu e etsahetse tseleng e ka leboea ho lefeella la Juda, kapa Judea. Ka makhetlo a fetang le le leng, tlaleho e hatisa ’nete ea hore ba tsamaeang tseleng e tlohang Jerusalema e ea Jeriko ba ne ba ‘theohela.’ (Luka 10:29-37) Jesu o ne a tseba tsela eo hantle hakaakang! ’Me re ka tsamaea ka tsela eona eo le kajeno. Hlahloba ’mapa, ’me u hlokomele hore e theoha ka limithara tse fetang 914 lik’hilomithareng tse 23 ho tloha Jerusalema ho ea Jeriko. E ikhohlile ka moeli oa lehoatata la lefeella boholo ba tsela, e tsamaea bophahamong bo ka tlase ho leoatle sebaka se se teletsana. Boholo ba tsela hose batho ba ahileng teng, tsela ee e bolutu ’me e chesa hakaakang, ’me ho bonolo hakaakang ho masholu hore a ipate lilomong tse haufi a emetse batsamai ba sa belaelleng letho!
E ne e se ntle ho morero ha Jesu a etsa setšoantšo sena ka sebaka se tjena. Ba- mameli ba hae ba bangata ba ne ba tseba tsela eo, ’me ba ne ba ka e bona ka mahlo a likelello tsa bona. Ba ka “bona” se etsahalang, ’me ba ka inahanela ka Mosamaria ea molemo a fana ka litaelo tsa hae ntlong ea baeti e lutseng moo e leng ’ngoe. Na le rōna re bona see, ha re bala tlaleho?
Ho Sebelisa limmapa tsa Bibele
Mehlala eo ho fanoeng ka eona mona e bontša kamoo re ka sebelisang limmapa tsa linaha tsa Bibele. Ha ho hlokahala ntlha e qaqileng, fumana ’mapa o moholo oa sebaka. Hlahloba libaka tse boletsoeng, joale u shebe mela le mebala e hlahang limmapeng tse ling, u hlokomela linōka, litsela tse khōlō kapa meeli leha e le efe e bonahalang. Leka ho phelisa sebaka ka kelellong ea hao, u hopotse hore mela e teteaneng, e tsoelipanang le mebala e fetohang kapele li bontša maralla a mangata le likhohlo, ha mela e phollatsi le e bonolo, e sebelisang ’mala o le mong kapa e ’meli, li bontša mahoatata le naha e seng matsoelintsoeke haholo. Haeba u ka fumana litšoantšo tse ling tsa sebaka, tsena li tla phaella ponong ea kelello ea hao.
Limmapa tse nyenyane li ka ba molemo ho fumana litsela tse telele, tse kang maeto a Pauluse, moo ho sa hlokahaleng lintlha tse qaqileng. Ka mohlala, bona limmapa tse kenyellelitsoeng ho New World Translation. Empa ha ’mapa o le monyenyane, ha ho bonolo hore o ka ba le mabitso ’ohle ao u a hlokang, ’me le libaka tsa oona e tla ba tse hakanyelitsoeng feela. Hape, limmapa hangata li amana le linako tse itseng paleng, hobane mabitso a na le mokhoa oa ho fetoha hangata. Limmapa tse ngata tse thusang li fumanoa ho Aid to Bible Understanding.a
Le hoja mohlomong u ke ke ua ba le monyetla oa ho etela linaha tsa Bibele, li tsebe ka thuso ea limmapa. Etsa hore ho bala ha hao Mangolo a Halalelang ho bolele ho hong ho hongata ka ho iqapela setšoantšo ka kelellong ea hao. Joale se tla tšoarella le ho u thusa ho hopola ketsahalo ea Bibele habonolo haholo.
[Mongolo o botlaaseng]
a E hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Krafo e leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIMITHARA
900
JERUSALEMA
600
300
0
JERIKO
-300
[Mapa o leqepheng la 11]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Jeriko
Noka ea Jordane
Ammone
Moabe
LISAN
Edomo
leliboho?
LEFELLA LA JUDA
Masada
Ene-Gedi
Lehoatata la Zife la Maone
Zife
Hebrone
Moepa oa Tsitse
Bethe-Tsure
Tekoa
Etame
Bethlehema
Wadi en-Nar
Qumran
JERUSALEMA
Leoatle le Shoeleng
[Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
JERIKO
Leoatle le Shoeleng
Bethania
Bethefage
JERUSALEMA
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mahaha a lefeella la Judea
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Karolo e qetellong ka boroa ho Leoatle le Shoeleng, ha e talingoa le Ene-Gedi
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
‘Ho theohela’ Jeriko—motheo o ka bang limithara tse 900