Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 7/1 maq. 14-15
  • Ke Hobane’ng ha Molimo o Bōpile Lefatše la Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo o Bōpile Lefatše la Rōna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Bophelo Lefatšeng—Na ke Tsela e Isang Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • U ka Phela Lefatšeng U sa Shoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 7/1 maq. 14-15

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Ke Hobane’ng ha Molimo o Bōpile Lefatše la Rōna?

KA LEKHETLO le leng Molimo o kile oa botsa motho Jobo: “U no u le kae, mohla ke theang lefatše?” Kaha batho ba ne ba e-so ho bōptjoe, Jobo o ne a se teng. Empa “bara ba Molimo” leholimong ba ne ba shebelletse, ’me Bibele e re ba ile ba ‘ntša mehoo ea thabo.’ E, ba ‘bina ka nyakallo’ ha ho etsahala ntho ena ea bohlokoa.—Jobo 38:4, 7.

Ke eng se ileng sa thabisa mangeloi ana hakana? E tlameha ebe a ne a tseba ho hong ka morero oa Molimo ka lefatše. Molimo o ne o a boleletse hore o tla bōpa libōpuoa tsa mofuta o mocha tse tla phela mona. Kahoo mangeloi a ne a thabile ho bona sebaka se setle hakaalo se lokisetsoa ho ba lehae la ka ho sa feleng la lelapa la motho.

Qetellong, hoba a etse libopuoa tse ling, Molimo oa bōpa batho ba pele ba babeli, Adama le Eva. Eaba o ba bea sebakeng se botle bo khethehileng sa lefatše se bitsoang Tšimo ea Edene, ’me a re ho bona: ‘Le be le bana ba bangata e le hore ba tlale lefatše. Le leme lefatše, ’me le hlokomele lihlapi, linonyana le liphoofolo tsohle.’ (Gen. 1:28) Molimo e ne o batla hore batho ba phele ka ho sa feleng thabong lefatšeng.—Pes. 37:29.

Leha ho le joalo, Adama le Eva ba fetohela Molimo. Ka baka leo, ho kula, matšoenyeho le lefu tsa tlela lelapa lohle la motho. (Ba-Roma 5:12) Na ho thaba ha ‘bara bao ba Molimo’ ha ba ne ba shebelletse ha ho lokisoa lefatše ho ne ho tla fella ka masoabi? Na morero oa Molimo ka lefatše o ne o tla hlōleha?

Che, hobane Molimo o ne o tla be o lumela hore o hlōtsoe haeba o sa phethe morero oa oona. Hoo o ne a ke ke a ho etsa! “Ke tla phetha thato ea ka kaofela,” o bolela joalo. (Esa. 46:10, 11) ’Me Bibele e bolela hore Molimo ha o ka oa bopela lefatše “lefeela,” empa “hore le ahuoe.”—Esa. 45:18.

Ke ’nete, hona joale lefatše le na le baahi, empa e seng ka tsela eo Molimo o neng o le reretse eona. Lehloeo le teng. Tlōlo ea molao e teng. Ntoa e teng. Batho ba baloang ka limillione ba lapile ba bile baa kula. Empa Molimo o ne o bōpile lefatše hore ebe lehae le thabileng la batho la ka ho sa feleng. ’Me ho tla ba joalo! Bibele e bolela pele ho nako: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:3, 4.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela