Ebe Kreste a ka Khutla a sa Bonoe?
KE HOBANE’NG ha potso ee e ka hlaha? Feela hobane Jesu ka boeena o itse ho barutuoa ba hae: “Mohlang oo, pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong, ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” (Mattheu 24:30) Empa hamorao ha a ntse a eja lijo tsa hae tsa mantsiboea le barutuoa ba hae ka lekhetlo la ho qetelo, a re: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona; empa lōna le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” (Joh. 14:19) Hona ho bonahalang eka ke ho ikhanyetsa ho boetse ho tiisoa matla ke tšenolo e ileng ea neoa moapostola Johanne hoo e ka bang lilemo tse mashome a tšeletseng hamorao. Rea bala: “Bonang, o tla ka maru, ’me mahlo ’ohle a tla ’mona, le bona ba mo hlabileng; ’me ba mefuta eohle ea lefatše ba tla soaba ka baka la hae.”—Tšen. 1:7.
Ho Bonahala, Empa a Sa Hlokomelehe
Nakong eo ea khale mohlomong potso e etellang pele e ne e ka ’na ea e-ba hore: ‘Na Messia, kapa Kreste, a ka hlaha empa a sa hlokomelehe?’ Ka ho totobetseng o ne a tla bonahala e le motho, empa na batho ba Bajode ba ne ba tla mo khetholla hore ke eena ea rōmetsoeng ke Molimo?
Tlaleho ea Bibele ka ho hlakileng e bontša kamoo boholo ba batho bo ileng ba itšoara kateng. Hoba a kene ka ho hlōla Jerusalema, ba ile ba hooa: “Hosanna ho mor’a oa Davida! Ho bokoe ea tlang ka lebitso la Morena [Jehova].” Ha ba bang ba botsa: “Enoa ke mang na?” bongata ba ’na ba re: “Ke Jesu, moprofeta ea tsoang Nazaretha oa Galilea!” Ho bona ho ne ho bonahala eka monna enoa ea etsang mehlolo o tla nka bohato ’me a lokolle Bajode jokong ea Baroma. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Jesu e ne e se mofetoheli oa lepolotiki, empa, ho e-na le hoo, o ne a ntšetsa pele tokoloho ea moea le bohloeki ba bolumeli. Hona ea e-ba masoabi a makaakang ho ba neng ba habile merero ea bosechaba ka nako eo! “Messia” enoa ha a ka a kenella hantle maikutlong ao ba neng ba e-na le oona ka molopolli oa Iseraele. Ebile phapang e kakang ha ho bapisoa le bongata bo nang le botsoalle ka la 9 Nisane (Sontaha) le bongata bo nyoretsoeng mali ka la 14 Nisane (Labohlano)! “Ba totisa ho hoa, ba re: A thakhisoe! . . . Mali a hae a be holim’a rōna, le holim’a bana ba rōna.”—Mattheu 21:9-11; 27:22-25.
Ka baka la bona la ho se bone litaba ka botebo boholo ba batho ba Bajode ba haelloa ke tokelo e khanyang ea ho ba marena le Kreste ’musong oa hae oa leholimo. Maikutlo a bona a bopolotiki le a ho rata naha a koahela pono ea bona ea mahlohonolo a moea a ka beng a felletse ka molemo bakeng sa bona. Ba ne ba ipatlela messia oa moloko oa bona feela le oa bothata ba bona feela—ho busa ha Baroma naha ea habo bona. Ba sitoa ho hlokomela Messia oa sebele ho sa tsotellehe bopaki bohle bo mo emelang.—Mattheu 1:21–2:6.
Na Ho Tšoana Ho Teng Kajeno?
Na ho bonolo hore ho na le ntho e ’ngoe e tšoanang le eo e etsahalang lekholong la rōna la mashome a mabeli la lilemo? Ebe ho ka etsahala hore ba limillione ka phoso ba lebelletse ho bona Kreste a fihla ka sebele ka maru?
Re na le leseli la kapele lipotsong tsena temosong ea Jesu ho balateli ba hae: “Ha motho a ka re ho lōna: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane, le se ke la lumela. Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baprofeta ba bohata, ’me ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakhethoa, hola ke ntho e ka etsoang. Bonang, ke le boleletse pele.” (Matt. 24:23-25) Hona ho bontša hore boteng ba Kreste bo ke ke ba bonahala sebakeng sena kapa se seng se itseng. Ka baka leo, ba ipolelang hore ke bo-kreste ba khutlileng, kapa ba mo boneng “mona” kapa “mane,” ba thetsitsoe kapa ke bolotsana.
Senotlolo sa ho utloisisa taba eohle se lutse potsong eo barutuoa ba bane ba Kreste ba ileng ba e botsa Morena oa bona ha ba talimile Jerusalema le tempele ea eona ba le thabeng ea Mehloare e haufi le moo. Jesu o ne a ba makalitse ka ho profeta hore tempele, sona setsi sa borapeli ba Bajode ka nako eo, e tla ripitloa ka ho feletseng. Eaba ba re ho eena: “Re bolelle nako eo taba tseo li tla etsahala ka eona, le ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše;
Joale, mohlomong u rata ho bapisa temana eo, e qotsitsoeng Bibeleng ea Sesotho le Libibele tse ling. Ho ea ka New World Translation e re: “Re bolelle: Lintho tse li tla etsahala neng, hona pontšo e tla ba efe ea hore u teng [parousía, ka Segerike] le ea nako ea ho fela ha tsamaiso ea lintho?” Ka Authorized Version le American Standard Version, temana ena e baleha tjena: “Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao, le ea ho fela ha lefatše?” The New English Bible eona e baleha tjena: “Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla?” ’Me The Living Bible e re: “Ke liketsahalo life tse tla bontša ho khutla ha hao, le ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3.
Liphetolelo tse sa tšoaneng tse hlokometsoeng kaholimo mona tse ling li ntša taba tseleng ea se hlileng se boleloang le hore na karabelo ea Jesu e sebelisoa joang ho barutuoa ba hae. Ke taba e ’ngoe hore liketsahalo li bontše hore motho o-oa tla kapa o-oa khutla, ’me ke taba e ’ngoe hape e fapaneng hore liketsahalo li pake hore motho ea neng a emetsoe o se a fihlile. Mohlomong u na le tsebo ea sena ha u emetse motho e mong seemelong sa lifofane kapa sa literene. Ho teng ho sirela ho joalo ho khutleng ha Kreste le ‘ho beng teng’ ha hae joaloka ho seng ho le teng. Na hoo hoa u makatsa?
Empa re ka tseba joang hore na ke phetolelo efe e nepileng haholo—“ho ba teng” kapa “ho tla” ? Re ke re eeng temaneng e ’ngoe e sebelisang lentsoe lona leo la Segerike parousía ’me re bone kamoo le fetoletsoeng ho tse ling tsa Libibele tse qotsitsoeng kaholimo. Ka mohlala, ho Ba-Filippi 2:12 rea bala: “Ka baka leo, baratuoa, joalokaha le se le utloile, e seng ha ke le teng [parousía, ka Segerike] feela, empa haholo hona joale ha ke le sieo, le ke le sebeletse polokeho ea lōna ka tšabo le ka thothomelo.” (Authorized Version) Joale mona The New English Bible e re: ‘Joale, le lōna, metsoalle ea ka, le ke le mamele, joaloka kamehla; le ka mokhoa o fetang oo, ha joale ke le hole, ho feta ha ke ne ke e-na le lona.” Bapisa Ba-Filippi 1:26: e sebelisang parousías.a
Ke mantsoe afe a sebelisoang mona e le parousía? “Ha ke le teng” le “ke e-na le lōna.” “Ho fihla” kapa “ho tla” li ke ke tsa tšoanela. Ka baka leo, lentsoe le tobileng la Segerike bakeng sa “ho tla,” eleúsis, le ne le sebelisoe ke moshoela tumelo oa Mokreste Setefane ha a hlahisa potso ena e latelang e tobileng ha a itšireletsa ka pel’a lekhotla le phahameng la Sejode: “Ke ofe moprofeta eo bo-ntat’a a lōna ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla [eleúseos, ka Segerike] ha Ea lokileng.”—Liketso 7:52.
A Bonahala Kapa a Sa Bonahale?
Joale potso ke ena, Haeba Jesu a fane ka lipontšo tse bonahalang tse tla bontša hore o teng, ho khutla ha hae ho sebetsang, na o ne a tla bonahala kapa a se ke a bonahala? Ho e-na le ho amohela maikutlo a neano ka sena, a re tataisoeng ke seo Mangolo a se bontšang. Ka mohlala, moapostola Petrose o ngolile lengolong la hae la pele le bululetsoeng: “Le eena Kreste, o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bakhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo; o shoele ka nqeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nqeng ea moea.” (1 Petrose 3:18) Moapostola Pauluse o phaella bopaki, a re: “Ka baka leo, le joale ha re sa tseba motho ka nama; esita le eena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, joale ha re sa mo tseba ka mokhoa oo.”—2 Ba-Korinthe 5:16.
Haeba Jesu a ne a ka khutla ka nama, na hona ho ne ho tla etsetsa batho molemo oa letho, kapa na ho ne ho tla hanana le lithahasello tsa rōna tse molemo haholo? Ho ne ho tla ba joalo, ha e le hantle, ho ne ho tla etsa hore bohlokoa ba sehlabelo sa hae le morero oa hore ebe o ile a tla lefatšeng ka lekhetlo la pele ebe tse belaetsang. Kreste ka boeena o itse: “Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong; ekare ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela ka mehla; ’me bohobe boo ke tla mo nea [e seng ka ho mo kalima bona] ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše, le tle le phele.” (Johanne 6:51) Sehlabelo sa hae ke motheo oa ho lopolloa ha batho, ’me ho tsosetsoa ha hae bophelong ba moea ho bolela hore re na le ’muelli ea utloelang bohloko ea ka re buellang. Ke kahoo Pauluse a ileng a ngola: “Kreste ke eena ea shoeleng, a bileng a tsoha, hape ke eena ea leng ka letsohong le letona la Molimo, hape-hape e sa le eena ea re rapellang.” Batho ba ke ke ba fumana molemo oa letho haeba Kreste a ka tlohela boemo boo e le hore a bonahale ka nama lefatšeng.—Ba-Roma 8:34.
Joale, ebe ke eng hape e ka nkang sebaka sa hore Kreste a tle labobeli ka nama? Ka bonolo feela, ke ho ba teng ha hae, kapa parousía, e le mora ea sa bonahaleng oa Molimo, a filoe matla a ’Muso ’me a lebisa tlhokomelo ea hae lefatšeng. Ke ka baka leo a re neileng lipontšo tse bonahalang tseo re neng re ka tseba ha a le teng ka tsona.—Matt. 24:3–25:46.
Kamoo A ‘Bonoang’ Le Ho ‘Hlokomeloa’
Re ntse re hopotse lintlha tsena, re ke re khutleleng litemaneng tseo re li qotsitseng qalehong ea taba ena. E ’ngoe ho tsona ke Johanne 14:19, moo Jesu a itseng: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona; empa lōna le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” E, balateli ba hae, e seng batho ka kakaretso, ba mo bone ka makhetlo a sa tšoaneng hoba a tsohe. Hase hore o ne a nkile hape ’mele oa hae o entsoeng sehlabelo, empa, ho e-na le hoo, o ne a apere ’mele oa nama ho latela se neng se hlokahala ka nako eo, joalokaha mangeloi a ne a ntse a etsa pele ho moo. (Luka 1:11, 26, 27; 2:9-14) Ka makhetlo a mabeli, a iponahatsa ho barutuoa ba hae ha ba le hammoho ka ntlong le hoja “menyako e ntse e koetsoe.” Ka sebele ha ho motho ea phelang hantle oa nama le mali ea neng a ka bonahala a ba a nyamela maemong a joalo.—Johanne 20:19, 26; 1 Ba-Korinthe 15:3-8.
Bonneteng, mantsoe a Jesu a bolela ho hongata ha a re “le tla mpona” ho feta feela nako eo a neng a ntse a bonahala ka eona e le Kreste ea tsositsoeng. Eena ka boeena pelenyana o ne a itse: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; hojane ha ho joalo, nka be ke le boletse, ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.”—Johanne 14:2, 3.
Empa re lokela ho utloisisa Tšenolo 1:7 joang, e bontšang hore le bona ba sa lumelang ‘ba tla mo bona’? Lengolo le re: “Bonang, o tla ka maru, ’me mahlo ’ohle a tla ’mona, le bona ba mo hlabileng; ’me ba mefuta eohle ea lefatše ba tla soaba ka baka la hae.” Na hoo ho ka nkuoa joalokaha ho le joalo? Haeba Kreste a tla kalla maru a sebele, ke joang mahlo ’ohle a ka mo bonang? Haeba a bonahala Australia, ka sebele a ke ke a ba a bonahala ka nako eona eo Europe le likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše, ho sa tsotellehe hore na o bophahamong bo bokae. ’Nete ea hore ho ba teng ha Kreste ho amana le tšebeliso e tšoantšetsang ea maru litemaneng tse ngata ho re thusa ho utloisisa hore ho ba teng ha hae e tlameha e ba ho sa bonahaleng, kaha maru a sira ntho hore e se ke ea bonahala, joalokaha moqhobi e mong le e mong oa sefofane kapa molaoli oa sephethephethe sa moeeng a tsebisisa.
Joale, ba mo hlabileng ke bo-mang? Bonneteng, masole a Baroma ke oona a mo hlabileng, empa ke khale a ne a shoe. (Johanne 19:23, 32-34) Kahoo mantsoe ana a tlameha ho bolela ho hong hape. Jesu ka boeena o fana ka leseli setšoantšong sa hae sa “linku le lipoli” ha a re: “Tseo le li entseng e monyenyane ho baena ba ka, le li entse ’na.” (Mattheu 25:31-46) Ka baka leo, lichaba tseo le batho ka bomong ba hlorisang kapa ‘ba hlabang’ barutuoa ba lefatšeng ba Kreste lekholong lena la mashome a mabeli la lilemo ba nkoa e le ba ‘hlabang’ Kreste nakong ena ea ha a le teng ka ho se bonahale. ’Me ba tla etsoa hore ba tsebe botebo ba seo ba se entseng le hore na ba ahloloa ke mang. E, “mefuta eohle ea lefatše” e tla ‘bona,’ kapa e hlakeloe kelellong, ka ho ba teng ha Kreste le ho senoloa ha hae ka baka la phetoho e tsometsang ea maemo e tla ba tlela. Ba tla hlokomela hore Kreste o busa ka ho ahlola, empa e se molemong oa bona. Ba tla ba le lebaka le letle la ho ikotla lifuba ke ho lla.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba baloang ka limillione ho pota lefatše, ba hlokometse hore Kreste o teng ho tloha selemong se tletseng liketsahalo sa 1914. Le hoja ba tseba hore lintoa, litlala le litšisinyeho tsa lefatše li ’nile tsa tloaeleha melokong e mengata, ba hlokomela hore ha ho moloko o mong hape o kileng oa tseba ntoa leha e le ’ngoe feela ea lefatše, re se re sa bue ka tse peli. Ha ho moloko o mong o seng o bone monyetla oa hore tsamaiso eohle ea batho e ka timetsoa. Le hoja ba tseba hore boprofeta ba Jesu bo ile ba phethahatsoa ka mokhoa o fokolang pele ho timetsoa Jerusalema ka 70 C.E., hape ba hlokomela hore mokhoa oo boprofeta bo ngotsoeng ka oona o ne o supa ntho e ’ngoe e khōloanyane. Litšobotsi tse ngata tsa pontšo eo Jesu a hlileng a e bolela lia bonahala hona joale, ’me o mong oa moloko o boneng ho qaleha ha litlokotsi tsena ka 1914 o sa na le rōna.—Mattheu 24:34.
U Tla Etsa Joang?
Kahoo potso ke ena, Ke bohato bofe boo u tla bo nka ka ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng, parousía ea hae? Lilemong tsena tsa ho se tsebisise ba bangata ba ikhethetse ho iphapanya kapa ho soma. Empa na ke hoo u ka ho etsang ha u sebetsana le morero oa Molimo oa poloko bakeng sa batho? Na ke bohlale ho qhela habonolo feela litiiso le litokisetso tsa Morena ’Musi Jehova bakeng sa nako e tlang ea lelapa la motho? Ntlheng ena temoso ea Petrose ke e loketseng: “Le ntse le tseba haholo-holo hobane, mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joale ka qalong, ha li hloloa.”—2 Petrose 3:3, 4.
Ha ho fihla nako ea ho bonahatsoa ha Kreste kapa ea ho nka bohato ba kahlolo mabapi le lefatše lena, ho ke ke ha e-ba le sebaka sa lithapeli tsa ho hloka tsebo kapa ho iphapanya ka baka la maemo. Jesu ka boeena o ho boletse ka mokhoa o hlakileng, a re: “Mohlang oo, pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong; ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo.” Tlhokomeleho eo e tlamang ea hore Kreste o teng e tla tla ka nako esele bakeng sa molemo oa bona. Hona ho tla bolela timetso ho ba sa kang ba ela hloko.—Mattheu 24:30; Tšenolo 1:7; 11:18.
Kahoo u ka etsa joang hore u hlohonolofatsoe ke Molimo hona joale? Ka boikokobetso u batle Jehova ha a sa fumanoa. Bala u be u ithute Bibele ka maikutlo a ho tseba kamoo Kreste e bileng sehlabelo se phethahetseng se lopollang ha a tlile ka lekhetlo la pele, le morena ea khanyang oa moea ha a le teng, e leng nako eo re phelang ho eona. Hona ho ka bolela bophelo le thabo ho uena. Kopana le Lipaki tsa Jehova ntle ho tieho Holong ea ’Muso ea tsona. Ka thabo li tla u thusa ho utloisisa Bibele ea hao, ntle ho tefiso. Haeba u sa tsebe ka Lipaki tse sebakeng sa heno, ikutloe u lokolohile ho ngolla bahatisi ba makasine ena atereseng e haufi le uena ho tse bontšitsoeng leqepheng la 2.—Sofonia 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u batla ho hlahloba makhetlo a 24 ao parousía a hlahang ka oona, a ka tsela e latelang: Mattheu 24:3, 27, 37, 39; 1 Ba-Korinthe 15:23; 16:17; 2 Ba-Korinthe 7:6, 7; 10:10; Ba-Fillipi 1:26; 1 Ba-Thessalonika 2:19; 3:13; 4:15; 5:23; 2 Ba-Thessalonika 2:1, 8, 9; Jakobo 5:7, 8; 2 Petrose 1:16; 3:4, 12; 1 Johanne 2:28. Hape hoa khahlisa ho hlokomela hore, ho bangoli ba bahlano ba Mangolo a Bakreste a Segerike ba sebelisitseng lentsoe parousía, ba bararo e ne e le ba sehlopha se ileng sa botsa potso ho Jesu Thabeng ea Mehloare.—Mareka 13:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho lebella ho fihla ha motho ho fapana leha motho eo a se a le teng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Haeba Jesu a fane ka lipontšo tse bonahalang tsa ho ba teng ha hae, na o ne a tla ba teng a bonahala kapa a sa bonahale?