Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 7/15 maq. 15-20
  • “Leseli le Jaletsoe ea Lokileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Leseli le Jaletsoe ea Lokileng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Abrahama
  • Daniele le Baprofeta ba Bang
  • Jesu le Baapostola ba Hae
  • Ho Amoheloa Balichaba
  • Kamoo Jehova a Tsamaisang Batho Ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • ‘Molimo, Romela Leseli la Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jehova o Senola Morero oa Hae
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Eketseha ha Leseli Mehleng ea Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 7/15 maq. 15-20

“Leseli le Jaletsoe ea Lokileng”

“Leseli le jaletsoe ea lokileng, thabo e neiloe ba pelo e Lokileng.”—Pesaleme ea 97:11.

1. Ntho e le ’ngoe e khethollang ba lokileng ho ba khopo ke efe?

NTHO e le ’ngoe e khethollang ba lokileng ho ba khopo ke efe, bahlanka ba ’nete ba Jehova Molimo ho ba bohlankeng ba sera, Satane Diabolose? Ntle ho pelaelo ho feta leha e le eng kapa eng ke ’nete ea hore ba lokileng, bahlanka ba ’nete ba Jehova Molimo, ba thabela leseli. Ho bona, ka sebele ‘leseli le jetsoe.’ (Pesaleme 97:11) Ha e le ka ba khopo, ba tsamaea lefifing. E, “tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng. Empa tsela ea baetsalibe e joale ka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla oela teng.”—Liproverbia 4:18, 19.

2. Ho eketseha ha khanya tseleng ea ba lokileng ho ka bontšoa joang?

2 Hlokomela hore ho khanya ha leseli tseleng ea ea lokileng ho tsoela pele. Le ntse le “khanya ho fihlela motšehare o moholo.” Hona re ka ho bapisa ka monna ea tsohang pele ho ela ’me a nka leeto la maoto ho haola le naha. A ka ’na a bona seriti sa mohaho sebakana, empa ka lekhetlo la pele a ke ke a bolela hore na ke setoro kapa ke ntlo. Butle-butle ha meso e ntse ela ’me a atamela a ka bona hore ke ntlo. Kamorao ho nakoana o tseba ho bolela hore ke ntlo ea lithupa e seng ea setene. Joale, hamoraonyana, a ka bolela le hore na ntlo e ’mala o joang, le tse ling.

3. Ke lintlha life tse amanang le ho eketseha ha leseli?

3 Phihlelo ea bahlanka ba Molimo e bile ka tsela eona eo. Ho sheba litaba tse itseng le sebakana ka nakoana le ka khanya e fokolang tabeng, hangata re ne re sa phethahala, re bile re sa nepa, ponong ea lintho. Maemong a joalo, mohlomong re ne re ile ra susumetsoa ke maikutlo ao re neng re e-na le oona pele. Empa ha leseli le ntse le khanya ho ea pele ’me re atamela haufi le liketsahalo haholoanyane, joale kutloisiso ea rōna ka ho sebetsahala ha merero ea Molimo e-ea hlaka-hlaka. Boprofeta bo ntse bo re phetlehela ha moea oa Jehova o bo bonesa, leha bo phethahala liketsahalong tsa lefatše kapa phihlelong ea batho ba Molimo. Na ee hase eona tsela eo Jehova Molimo a sebelisaneng le bahlanka ba hae ho tloha mehleng ea pele? Ka sebele ho joalo!

Mohlala oa Abrahama

4, 5. Molimo o ’nile oa senolela Abrahama morero oa oona joang?

4 Nahana ka Abrahama, monna oa tumelo eo Molimo o ileng oa mo bitsa motsoalle oa hae. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Ho sa tsotellehe kamano ea hae e haufi le Jehova Molimo, qalehong o ne a sa hlakeloa ka ho feletseng ke merero ea Jehova. Hona re ka ho bona liphetohong tse ’maloa bophelong ba Abrahama—kutloisiso ea hae ea ’na ea ntlafala le nako. Molimo oa mo biletsa hore a tlohe naheng ea habo, o mo bolella hore o tla mo etsa sechaba se seholo le hore ka eena malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa. Empa Abrahama o ne a sa hlakeloa ke lintlha tsohle; re bala hore o ile a mamela “a sa tsebe moo a eang teng.” (Ba-Heberu 11:8) Ho feta moo, le hoja Molimo o ne o mo tšepisitse hore peō ea hae e tla neoa naha, Abrahama o ne a sa tsebe hore na hona ho tla etsahala joang. O bile a bontša ho ameha hore mohlanka oa hae Eliezere e ka ’na ea e-ba mojalefa oa ntlo ea hae. Joale Jehova a mo hlapholela taba, a bolella Abrahama hore: “Ea tlang ho tsoa lethekeng la hao ke eena ea tlang ho ja lefa la hao.” (Genese 12:1-3, 7; 15:2-4) Kaha mosali oa Abrahama, Sara, e ne e le nyopa, a kōpa Abrahama hore a be le likamano le lekhabunyane la hae, Hagare, e leng eo ka eena a bileng le Ishmaele. Hamorao Molimo oa hlalosetsa Abrahama hore mojalefa ea tšepisitsoeng o tla hlaha ka Sara.—Genese 17:15-17.

5 Kahoo re ka bona hore, le hoja ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a e senotse ka ho toba ho Abrahama e ne e le ’nete, empa Abrahama ha a ka a e utloisisa ka nepo hore na Molimo o tla sebetsa morero ona joang. Le teng, a ’na a lumela le ho emela Jehova, a fumana leseli le eketsehileng ha nako e ntse e tsamaea. Ka ho tšoanang, ha Jehova a laela Abrahama hore a etse nyehelo ka Isaaka mora oa hae Thabeng ea Moria, Abrahama o ne a sa nepisise hore na taba ena e tla sebetsahala joang. Empa o ne a lumela hore Molimo o tla mo tsosetsa peō ka Isaaka le haeba Molimo o ne o ka tlameha ho tsosa Isaaka bafung.—Ba-Heberu 11:17-19.

Daniele le Baprofeta ba Bang

6, 7. (a) Ke mantsoe afe a Daniele a bontšang hore Molimo o senola litaba feela ka nako ea oona e loketseng? (b) Moapostola Petrose o fana ka bopaki bofe ntlheng ee?

6 Har’a baprofeta ba bangata bao Jehova a ileng a ba hauhela ka litšenolo tse tobileng ke Daniele, “monna ea ratoang” ke Molimo. (Daniele 10:11, 19) Jehova a mo nea litaba tse qaqileng haholo tsa mehleng ea hae le tsa linako tse tlang; empa Daniele o ne a sa utloisise sohle se amehang. Ka lipono tse ling tseo a li boneng, o itse: “Ka utloa, ke mpa ke sa utloisise.” Eare ha a batla hore a bolelloe haholoanyane a bolelloa hore: “E-ea, Daniele, hobane litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo.” (Daniele 12:8, 9) Ka ho tšoanang, Jehova Molimo a ’na a senolela bahlanka ba hae ba baprofeta linnete tse ngata. Leha ho le joalo ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ba neng ba sa li utloisise.

7 Ke ka lebaka leo moapostola Petrose a neng a ka ngola: “Poloko eo ke eona e kileng ea batloa haholo, ea ba ea botsisisoa ke baprofeta ba profetileng mohau o le hlahetseng. Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e joang e neng e lekanntsoe ke Moea oa Kreste, o nong o le ho bona, ha o no o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le khanya e tlang ho a latela. ’Me ba senoletsoe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lōna, ba neng ba beiloe basebetsi ba tseo le li behetsoeng.” Ha e le hantle, le oona mangeloi a ne a se na kutloisiso e feletseng le e phethahetseng ea hore na merero ea Molimo e tla sebetsahala joang.—1 Petrose 1:10-12.

8. Potso ea Johanne Mokolobetsi e bontša joang hore kutloisiso ea hae e ne e sa fella?

8 Oa ho qetela ho baprofeta ba joalo ke Johanne Mokolobetsi. Molimo oa mo sebelisetsa ho lokisetsa Messia Jesu tsela. (Luka 1:16, 17; 76-79) Johanne a neoa mohau o moholo oa ho fumana ho Molimo pontšo e neng e tla tsebahatsa Messia, le ho mo tsebisa Iseraele. (Johanne 1:26-36) Leha ho le joalo, Johanne o ne a sa utloisise ka ho feletseng lintlha tsohle tse qaqileng tse amanang le ho tla ha pele ha Jesu. Hona ho ka bonoa ka ’nete ea hore ha Johanne a sa le teronkong o ile a rōmela barutuoa ba hae ho Jesu ka potso: “Ana ke uena ea boletsoeng, ha thoe, u tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?” Potso ea Johanne e ne e se pontšo ea ho haelloa ke tumelo empa takatso ea hore litaba li tiisoe ka ho tobileng. Karabelo ea Jesu, e supa mesebetsi ea hae, ntle ho pelaelo ea tšelisa Johanne.—Mattheu 11:2-6.

Jesu le Baapostola ba Hae

9. Ke eng e bontšang hore Jesu o ne a sa utloisise ka ho feletseng ka merero ea Ntat’ae?

9 Molimo o senolela bahlanka ba oona thato ea oona ka nako ea oona e loketseng, ’me hona ho ile ha sebetsa le ho eena Jesu Kreste. Ntle ho pelaelo Jesu o ile a fumana litaba ka kotloloho ha a sa na le Ntate oa hae leholimong. Empa le eena ka boeena o ne a sa tsebe hore na bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho bo ne bo tla tla neng. Ke ka baka leo a ileng a bolela: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.”—Mattheu 24:36.

10, 11. (a) Barutuoa ba Jesu ba bile le qeto efe e fosahetseng ka ’Muso? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lekanyetsa seo a neng a se bolella baapostola ba hae ka nako e tlang, hammoho le litaba tse ling?

10 Jesu ka boeena a sebetsa tumellanong le motheo o boletsoeng ho Liproverbia 4:18 ha a sebelisana le barutuoa ba hae. A ba bolella ho hongata ka ’Muso: hore o tla tsamaea ’me o tla khutla kamorao ho nako e telele le ho ba nkela hae ho eena maholimong. Ho sa tsotellehe sena sohle, leha ho le joalo, baapostola ba hae ba tšoarella maikutlong a hore ’muso oa Messia e tla ba ’muso o tsosolositsoeng oa Davida Jerusalema. Ke ka baka leo ba ileng ba botsa Jesu ea tsositsoeng: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” Jesu a ba bolella hore ho na le lintho tse ling tseo ba neng ba ke ke ba li utloisisa ka nako eo, a re: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.”—Liketso 1:6, 7.

11 Hore ho na le nako e loketseng ho utloisisa litšobotsi tse itseng tsa merero ea Molimo ho hlakisoa ke mantsoe a Jesu ho baapostola ba hae: “Ke sa na le litaba tse ngata tsee nka beng ke le bolella tsona; empa ha e le joale, li ka le imela.” (Johanne 16:12) Hona ho bontša hore Molimo o nea bahlanka ba oona kutloisiso ea thato ea oona tumellanong le matla a bona a hore ba utloisise le hore ba sebelise kutloisiso e joalo. Ke ’nete, Jesu o boleletse baapostola ba hae hore moea oa Molimo o tla ba tataisa “’neteng eohle.” (Johanne 16:13) Empa na Jesu o ne a bolela hore ho tloha ka letsatsi leo ba fumaneng moea o halalelang ba ne ba tla lemoha ’nete eohle, ho sa hlokahale hore ba utloisise ka ho eketsehileng hamorao? Linnete li bontša hore ha ho joalo.

Ho Amoheloa Balichaba

12, 13. (a) Ke kananelo efe e hlakileng haholoanyane eo balateli ba Jesu ba e fumaneng ka Pentekonta, ’me ea e-ba le phello efe ho bona? (b) Le hoja Jesu a ne a ba laetse ho etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle, ba entse joalo ka lekhetlo la pele neng, hona ka lekhetlo la pele ka nako eo hobane’ng?

12 Ka letsatsi la Pentekonta ka 33 C.E. barutuoa ba amohela moea o halalelang ’me hona ha tla le kananelo e hlakileng haholoanyane ea ’nete e amanang le tsoho ea Jesu, ho nyolohela ha hae leholimong le bohlokoa ba ’muso oa Molimo. Tsebo ena ea ba kenya cheseho ea ho bolela ‘litaba tse molemo’ ho ba bang. Le hoja Jesu a ne a ba boleletse hore ba lokela ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa, ba ile ba qala ka ho bolella Bajode, basokolohi ba Balichaba ba neng ba sokolohetse Sejodeng, eaba joale, ka nako ea teng, ba bolella Basamaria. Ba ne ba sa utloisise hore ba lokela ho ea ho Balichaba ba sa bollang. (Mattheu 28:19, 20) Ha ho pelaelo ea hore Jehova o ile a ipolokela leseli le joalo, hobane boprofeta ba Daniele bo ne bo boletse hore Messia o tla boloka selekane le Bajode se ntse se sebetsa ho isa qetellong ea beke ea bo70.—Daniele 9:24-27.

13 Ha “veke” eo e felella ka 36 C.E., Jehova Molimo a nka bohato bo tiileng ho bulela batho ba lichaba ‘litaba tse molemo.’ Ruri Petrose o ne a hloka thuso ho lokisa monahano oa hae pele a kena ka tlung ea Molichaba ea sa bollang ea neng a nkoa a sa hloeka ke Molao. A tlameha ho rupeloa ha a sa hapiloe maikutlo: “Tseo Molimo o li hloekisitseng, u se ke ua re li litšila.” Kahoo Petrose le baapostola ba bang ba tlameha ho fetola maikutlo a bona tabeng ena. Petrose a ho etsa ’me a sebelisoa ke Molimo ho bolella Balichaba hore tsela e eang ’musong oa Molimo e bulehile.—Liketso 10:9-43.

14. Ke leseli lefe le ileng la fumanoa ke Bakreste ba pele lilemo hamorao ka litlhokahalo tsa molao oa Moshe?

14 Empa, lilemo tse 13 hamorao, lebollo e ne e ntse e le taba eo ho phehisanoang khang ka eona har’a Bakreste ba bang. Ho ne ho hlokahala hore Pauluse le barutuoa ba bang ba ee Jerusalema e le hore ba ka isa taba ho baapostola le baholo ba bang, bao ka nako eo e neng e le sehlopha se busang bakeng sa liphutheho tsa Bakreste. Sehlopha sena sa mamela seo Petrose a neng a se bua ka ho sokoloha ha Kornele, le bopaki ba Pauluse ka mesebetsi e matla eo Molimo o neng o e entse ka tšebeletso ea Pauluse ho Balichaba. Joale ba nahana hore na Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le reng ka taba. Ka thuso ea moea o halalelang ba fihlela qeto e nepahetseng, e leng, le hoja ho ne ho hlokahala boitšoaro, ho ne ho sa hlokahale hore Balichaba ba bolotsoe le ho boloka molao oa Moshe e le hore e ka ba Bakreste.—Liketso 15:1–16:5.

15, 16. (a) Ke mantsoe afe a Pauluse a bontšang hore o ne a hlokomela hore ho senoloa ha ’nete ke ntho e tsoelang pele? (b) Ke bopaki bofe bo joalo bo fanoeng ke moapostola Petrose?

15 Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng kamorao ho seboka sena, Pauluse a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Ba-Korinthe, leo ho lona a ileng a bolela tjena ka Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba mehleng ea hae: “Hobane re tseba ka nqa e le ’ngoe, ’me re profeta ka nqa e le ’ngoe feela. Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nqa e le ’ngoe feela se tla felisoa. Efela joale, re bona ka seipone, ka lerootho; mohlang oo, re tla senola, lifahleho li talimane; joale, ke tseba ka nqa e le ’ngoe feela; mohlang oo, ke tla tseba joale ka ha ke tsebiloe le ’na.” Kahoo le hona ntlheng ena Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, ho akarelletsa le eena moapostola Pauluse ka boeena, moea o halalelang o ne o e-so ba fihlise tsebong e feletseng ea ’nete eohle. Tsebo ea bona e ne e sa le ka nqa e le ’ngoe feela, ho isa feela moo Molimo o neng o entse hore ba utloisise ho tla fihlela ka nako eo. Empa e ne e lekane bakeng sa seo ba neng ba se hloka ka nako eo.—1 Ba-Korinthe 13:9, 10, 12.

16 Hoo e ka bang lilemo tse robong hoba Pauluse a ngole sena, kapa hoo e ka bang ka 64 C.E., Petrose o ile a ngolla Bakreste bahabo eng? Hoba a bue ka phetoho e neng e tiisa hore Jesu ke Mora oa Molimo, a re: “Re na le litaba tsa boprofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa, ’me le etsa hantle ha le li ela hloko, joale ka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, ’me naleli ea hosasa e chabela lipelong tsa lōna.” (2 Petrose 1:16–21) Kahoo ho sa ntsane ho hlokahala hore Bakreste ba batlisise ka Mangolong ba ela hloko haholo lentsoe la boprofeta, le neng le tla tšoana le lebone le khanyang sebakeng se lefifi. Hona ba lokela ho ’na ba ho etsa ho tla fihlela nakong ea ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba fumana moputso oa bona ho senoloeng ho khanyang ha Jesu Kreste.

17. (a) Ka ho fanoa ha buka ea Tšenolo, ke linnete life tse ncha tse ileng tsa tsejoa ke Bakreste? (b) Ke neng leseli le lengata le neng le tla khanyetsa buka eo?

17 Hoo e ka bang lilemo tse 32 hoba Petrose a ngole lengolo la lae la bobeli, kapa hoo e ka bang lilemo tse 63 hoba ho fete Pentekonta ea 33 C.E., moapostola Johanne a amohela le ho ngola letoto la lipono tse bōpang buka ea Tšenolo. Liponong tsena ho ile ha senoloa lenane le itseng la linnete tse amanang le merero ea Molimo ho Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ka lekhetlo la pele. Ka mohlala, ke kahoo ba ileng ba ithuta hore banna le basali ba 144 000 ba tla lopolloa lichabeng tsohle ho ba majalefa hammoho le Jesu Kreste leholimong le hore ba tla busa e le marena baprista le baahloli ’musong oa Messia ka nako ea lilemo tse 1 000. (Tšenolo likhaoh. 7, 14 le 20) Empa le bona Bakreste bao ba nako eo ea pele tsebo ea bona e ne e sa fella. Liithuti tsa Lentsoe la Molimo kajeno li ka bona hore lipono tsa Tšenolo, le hoja mohlomong li ne li laea li bile li khothatsa Bakreste ba mehleng ea Johanne, ke tsa bohlokoa bo khethehileng ho ba phelang ‘letsatsing la Morena,’ leo re iphumanang re le ho lona hona joale. (Tšenolo 1:10) Kahoo Tšenolo 5:1-14 ka tšoantšetso e hlalosa moqolo, o nang le litiiso tse neng li tlameha ho lokolloa e le hore moqolo o ka phetloa. Hona ho bontša hore ka nako ea ho phethahala ha boprofeta ba Tšenolo tsebo le kutloisiso li tlameha ho senoleha butle-butle ha tiiso e ’ngoe le e ’ngoe e tlamolloa ka ho latellana ha tsona.

18. Ke joang, Jehova Molimo a ileng a senola linnete ho bahlanka ba hae ba boholo-holo le lekholong la pele la lilemo?

18 Kahoo re ka bona hore, mabapi le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova mehleng ea pele ho Bokreste le phuthehong ea Bakreste ba tlotsitsoeng ea lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ntle ho khethollo bohle tsebo ea bona le kutloisiso li ne li sa fella. Ba ne ba tlameha hore ba ’ne ba tsoelepele, ba ntse ba lokisa kutloisiso ea bona ha ba lemoha le ho fihlela ho sebetsahala ho iketlileng ha merero ea Jehova. Ho bona, tsela ea ba lokileng ruri e tšoana le ‘leseli le khanyang le ntse le eketsa ho khanya.’ (Liprov. 4:18) Ha leseli le ntse le eketseha, ba ’na ba hōla tsebong, ba lemoha haholoanyane linnete tse khōlō tseo Jehova a ntseng a ba senolela tsona.

19. Molimo oa re’ng ho moprofeta Daniele ka tsebo le kutloisiso ‘mehleng ea bofelo’?

19 Empa ho thoe’ng ka bahlanka ba Jehova nakong ea bofelo? Lengeloi la re ho Daniele: “Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla e bala, ’me tsebo e tla eketseha.” (Daniele 12:4) Temaneng ea 10, ho boleloa ka ho eketsehileng ka bahlanka ba Molimo: “Ba bangata ba tla hloekisoa, ba soeufale, ba lekoe; ba babe ba ea ’ne ba etse hampe, ’me ha ho moetsalibe ea tlang ho utloisisa, empa ba hlalefileng ba tla utloisisa.” Na kutloisiso ee e ne e tla tla ka motsotso o le mong? Ho khetholloa le ‘ba nang le kutloisiso’ na ho ne ho tla bolela hore bahlanka ba Molimo ba na le tsebo le kutloisiso tse phethahetseng ka lintlha tsohle, e le hore kamorao ho nako ba ke ke ba hloka hore ba lokise kapa ba fetohe maikutlong a bona ka lithuto tse itseng kapa litaba tse ling? Lipotso tsena le tse ling li tla sebetsoa lihloohong tse latelang.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Litšebelisano tsa Jehova le bahlanka ba hae mehleng e fetileng li bontša hore ho utloisisa merero ea hae ho tla ka boiketlo.

Abrahama o ne a sa tsebe hore na tšepiso ea Molimo ka “peō” e tla sebetsahala joang.

Daniele o ne a sa tsebe hore na qetello ea boprofeta ba hae ke efe.

Johanne Mokolobetsi, ea tsebahalitseng Messia, hamorao a kōpa hore a beoe leseling hore na ho sa na le e mong ea tlang.

Jesu ka boeena o ne a sa tsebe letsatsi le hora tsa ‘mahlomola a maholo.’

Baapostola ba tlameha ho ithuta bohato ka bohato hore ’muso ke oa leholimo, le hore Balichaba le bona ba ka o ruoa.

Ke ka ho fumana buka ea Tšenolo Bakreste ba pele ba ileng ba tseba hore puso ea Kreste e tla nka lilemo tse 1 000 le hore majalefa hammoho le eena a tla ba 144 000.

[Litšoantšo se leqepheng la 15]

Ha u tsamaea hoseng haholo lintho li khanya haholoanyane ha motho a ntse a atamela ’me lefifi le ntse le fetoha leseli butle-butle

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela