Lentsoe la Molimo Lea Phela
Na Litšoantšo li ka u Thusa ho Sebeletsa Molimo?
Ebile mokhoa ho batho ba bangata ho sebelisa litšoantšo borapeling ba bona ho Molimo. Ba ka ’na ba bolela hore ha ba rapele litšoantšo, empa hore ho li bona le ho li ama ho ba thusa ho rapela Molimo. Empa, na Molimo o batla ha re mo rapela ka thuso ea litšoantšo? A re boneng.
Molimo o ile a laela batho ba hae ba boholo-holo ba Iseraele: “Le se ke la itemaletsa mekhoa ea lichaba, . . . Hobane mekhoa ea lichaba ke bosaoana, hobane ho ee ho rengoe sefate morung, se be se sebetsoe ke matsoho a ’metli ka selepe.
Ba se khabise ka silevera le ka gauda.” Batho ba ne ba lumela hore setšoantšo se joalo kapa seemahale se ba thusa ho rapela Molimo. Empa Bibele ha e tsoela pele e re: “Melimo ea tsona e joale ka sefate se sechitja tšimong ea mahapu, ’me ha e bue; ea jaroa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaea. . . . e sitoa le ho etsa hantle.”—Jer. 10:2-5.
Hangata setšoantšo kapa seemahale se etsoa ka sebopeho sa motho. Setšoantšo se ka ’na sa etsoa ka sefate, seo patsi ea sona hape e ka sebelisoang ho etsa mollo, Bibele e bua tjena ka batho ba sebelisang patsi bakeng sa merero e joalo e ’meli: “O besa sekoto se seng sa sona; ka sekoto seo o apeha linama tsa hae, a bese nama ea hae, a khore . . . Ebe ka koto se setseng o etsa molimo, setšoantšo sa hae, o inama pel’a sona, oa se khumamela; oa se rapela, o re: Mpoloke, hobane u molimo oa ka!”—Esa. 44:13-17.
Na ruri ho hlompha setšoantšo ho na le kelello? Bibele e-ea arabela: “[Ba etsang joalo] ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netiloe mahlo, hore ba se ke ba bona; le lipelo, hore ba se ke ba utloisisa ka tsona. Ha ho ea elelloang, ea nang le temoho le kelello ea hore: Ke besitse sekoto se seng mollong, ka mashala a sona ke apehile bohobe ba ka, ka ’ona ka ba ka besa le linama tsa ka, ka ja, ’me ka se seng nka etsa manyala na? Na nka khumama pel’a lekala la sefate na? O iphepa ka melora.”—Esa. 44:18-20; Pes. 115:4-8.
Kahoo, joalokaha re ka lebella, ha ho mohla Jesu Kreste a kileng a sebelisa litšoantšo ha a rapela. “Molimo ke moea,” kamoo a hlalositseng, “ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24) Ba sebetsa tumellanong le keletso ena, ha ho lea mong ho balateli ba pele ba Jesu ea ileng a sebelisa litšoantšo e le thuso ho rapeleng. Ha e le hantle, moapostola oa hae Pauluse o ile a ngola hore: “Re tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.” (2 Ba-Kor. 5:7) ’Me moapostola oa Jesu Johanne o ile a lemosa hore: “Itšabiseng melimo ea bohata.” (1 Joh. 5:21) Keng ha u sa qamake ka tlung ea hao ho bona hore na u latela keletso ee?—Deut. 7:25.
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
“Ea jaroa, . . . ke hobane ha e tsebe ho tsamaea . . .”
E ‘sebetsoa ka matsoho a ’metli . . .’
“E joale ka sefate se sechitja tšimong ea mahapu . . .”
[Setšoantšo tse leqepheng la 13]
“O besa sekoto se seng sa sona; . . . ka koto se setseng o etsa molimo, oa se khumamela, oa se rapela.”