Chesehelang ‘Mosebetsi oa Morena’
“Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.”—1 Ba-Kor. 15:58.
1. Ke hobane’ng ha tšepo ea tsoho e lokela ho bolela ntho ea sebele ho rōna bohle?
TŠEPO ea tsoho e lokela ho re chesehisa kamehla. Hobane sera lefu se ama bophelo ba e mong le e mong oa rōna ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang, ka nako e ’ngoe eitseng. Ha baratuoa ba shoa, re ka nahana ka merero e meholo ea Jehova e le hore ‘re se ke ra sareloa joale ka ba se nang tšepo.’ Re ka lumela hore bafu ba tla tsoha, joalokaha Jesu a tsohile bafung. (1 Ba-Thess. 4:13, 14) Hape, re na le tiiso ea hore, haeba re ka shoa, Jehova o tla re hopola tsohong, ha feela re ile ra tšepahala ho phethahatseng boineelo ba rōna ho eena.—Joh. 5:28, 29; 6:40.
2. Ha ho talingoa Moeklesia 9:11, boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka bophelo?
2 Ha ‘mehla ena ea qetello’ e potlakela bofelong ba eona, bongata ba rōna bo na le tšepo ea ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ re sa shoa. (Matt. 24:21; 2 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, le bona ba lebelo, le linatla, ba bohlale le ba utloisisang—“ba hlaheloa ke sebaka sa ntho tseo.” Ho kula ho sa lebelloang, likotsi kapa tlokotsi li ka ’na tsa re tlela. Ha ho etsahala joalo, ke ho lakatsehang hore ebe re ne re ’nile ra itšebelisa ka matla tšebeletsong ea Molimo, ka pelo eohle, moea, mohopolo le matla! Hobane ka nako eo ho amoheloa ke eena le ho ba ha rōna le kabelo tsohong e tla ba ’nete. Ho feta moo, ho tšepahala ha rona e tla be e bile khothatso le tlhohonolofatso ho ba bang ba ileng ba re lebella le ho re mamela, le bona ba tle ba bolokoe tšepong ea tsoho.—Moek. 9:11; Mar. 12:30; 1 Tim. 4:15, 16.
HO MATLAFATSOA KE TŠEPO EA TSOHO
3. (a) Mahlo a rōna a lokela ho tsepama sepheong sefe, hona hobane’ng? (b) Ke ka tsela efe tšepo ea tsoho e lokelang ho tiisa Bakreste, leha e le ba batlotsuoa kapa ba “bongata bo boholo”?
3 Moapostola Pauluse o itse: “Ha re tšepile Kreste bophelong bona feela, re fetisa batho bohle ba soto.” Tumelo ea rōna e tla ba lefeela, ho bolela ha rōna e be lehahla. Empa mahlo a rōna a tsepame tšepisong eo ea bophelo taolong e ncha ea Jehova—le haeba re tla e fumana ka ho pholoha Harmagedone, kapa tabeng ea ba bang ka ho tsoha pelenyana bafung. Mehleng ea hae, Pauluse o ne a buisana le Bakreste ba neng ba tlotsitsoe ka moea oa Molimo, le bao ho neng ho hlokahala hore ba kolobelletsoe lefung, ho tšoana le Jesu lilemong tse tharo le likhoeli tse tšeletseng ho fihlela ha a bolaoa Calvary. Kahoo Pauluse o botsa potso: “Ha bafu ba sa tsohe, na ba kolobelletsoa’ng bafu?” E, tšepo ea tsoho ea matlafatsa Bakreste bao, e ba nolofaletsa ho mamella liteko tse ngata, ’me e ka tiisa Bakreste kajeno, le haeba tšepo ea bona e le bophelo bo sa feleng ’musong oa leholimo kapa—ho ba bangata—bophelo sebakeng sa lefatšeng sa ’Muso oo.—1 Ba-Kor. 15:13-19, 29.
4. Ke ka mabaka afe re lokelang ho qoba ho silafatsoa ke maikutlo a Baepikure?
4 A ngola ka boemo ba mehleng ea hae, Pauluse o re: “ ’Me le rōna re ipeile likotsing ke’ng ka linako tsohle? Ke shoa ka matsatsi ’ohle; ke omela joalo ka sebaka sa ho ithorisa seo ke nang le sona ka lōna ho Jesu Kreste, Morena oa rōna. Ha ke loanne le libatana Efese ka phehello ea botho, ke ruile’ng kahoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng a re noeng, hobane hosesane re se re ea shoa.” Ka ho bolela ‘litaba tse molemo’ tse neng li bua ka Kreste ea tsohileng, Pauluse a ba likotsing tse ngata le mahlorisong, ’me Molimo oa mo sireletsa le ho mo hlohonolofatsa har’a tsona. Haeba tsoho e ne e le thetso feela, hona hohle e ne e tla ba lefeela. Tabeng eo, ho tšoana le bahlalefi ba Baepikure le balateli ba bona, Pauluse le bana babo ba Korinthe ba ne ba ka ’na ba tšoareha boithabisong.—1 Ba-Kor. 15:30-32.
5. (a) Tšepo ea tsoho e lokela ho ba ea sebele hakae ho rōna? (b) Ke mehlala efe ea kajeno eo re nang le eona ha re etsa ’Muso sepheo sa rōna?
5 Leha ho le joalo, tšepo ea tsoho le ’Muso oa Messia ke tsa sebele. Li lohellane morerong oa ka ho sa feleng oa Molimo. Joalokaha Bakreste mehleng ea baapostola ba ne ba matlafalitsoe ke tšepo eo, ba joalo le kajeno. Pale ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova e khabisitsoe ke mohlala oa Bakreste ba baloang ka likete ba ’nileng ba thulana le lefu ka sebete, ba tseba hore ho tšepahala ho Molimo ho ba tiisetsa hore ba tla tsoha pelenyana, leha e le ‘leholimong le lecha’ kapa ‘lefatšeng le lecha.’ Ho na le Lipaki tse makholo tse ileng tsa khaoloa lihlooho, tsa thunngoa, tsa bolaoa ka tlala kapa tsa shapuoa ho isa lefung likampong tsa mahloriso tsa Hitler oa K’hatholike. Haufinyane haholo, ba bangata ba ile ba mamella likotsi le mahloriso linaheng tse itseng tsa puso ea karolelano ea thepa, tse hlahang bocha. Empa kamehla tšepo ea bona e lutse tšepong ea ’Muso o tlang oa Molimo. Hoo e bile sepheo sa bona, le haeba ho tla finyelloa ka ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ kapa ka tsoho. E lokela ho ba sepheo sa rōna kaofela hona joale!—Tšen. 21:1-4.
6. Ke mohlala ofe oa Afrika o nang le khothalletso ea hore baholo ba etse ka matla ba sa tšabe?
6 Ha re etse mohlala ka naha ea Afrika ea Zimbabwe, eo ka nako e telele e neng e arotsoe ke qhoebeshano. Lipaki tsa Jehova tsa totobala ka ho se nke lehlakore ha tsona, le ho tsoela pele li bolela ’Muso nakong eo ea pefo. (Joh. 17:16) Ho ne ho le kotsi haholo ho balebeli ba tsamaeang ho tsoela pele ba phetha maeto a bona a ho haha liphutheho. Empa ba tsoela pele, ba bea bophelo ba bona kotsing. Ka linako tse ling baena bana ba tšepahalang ba ne ba hapuoa ha ba tsamaea ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ba qosoa ka hore ke basele le lihloela sebakeng seo, ’me bophelo ba bona bo beoa kotsing. Molebeli e mong oa potoloho o ile a bolaoa, ’me setopo sa hae sa tloheloa se rapaletse ka thōko ho baesekele ea hae e le ho lemosa ba fetang ka tsela. Leha ho le joalo, balebeli ba bang ba potoloho ba tsoela pele ba sa tšabe tšebeletsong ea bona ho fihlela ha ho hlaha khotso e ngatanyana e ileng ea ba ntša kotsing e joalo. Haeba re ka thulana le maemo a joalo, e se eka re ka tsoela pele re sa tšabe ‘tšebeletsong e halalelang’ ea rōna ho Molimo!—Luka 13:4-7; Ba-Roma 12:1, 2.
7. Baena ba rōna ba El Salvador ba hlohonolofalitsoe joang ho tšoarelleng ka tieo tšepong ea bona?
7 Kajeno, tlokotsi e joalo e teng El Salvador, moo qhoebeshano e iphileng matla ka har’a naha. Hape, Lipaki tsa Jehova ha lia kopanela pefong ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ba bang ho Lipaki tsa Jehova ba ile ba bolaoa ke likulo tse fapakanang. Empa baholo ba tšepahalang ba ntse ba sebeletsa liphutheho le lihlopha tse kathōko, ba li tiisa le ho li matlafatsa. (Bapisa Esa. 32:1, 2) Ba bang ho bona ba ile ba pholoha lefu ka mokhoa o tsotehang, empa ba ikemiselitse ho tsoela pele ba ruta le mosebetsing oa bona oa bolisa, leha bophelo ba bona bo ntse bo le kotsing. (1 Pet. 5:1-4) Liphutheho li tšoara liboka tsa tsona pele ho nako ea boemo ba qomatsi, ’me Jehova o li hlohonolofalitse haholo ka keketseho ea 22 lekholong ea bahoeletsi ka 1981. Bahoeletsi bana ba ’Muso ba 8 242 ba tsamaisitse lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 13 948 le batho ba thahasellang bocha ha selemo sa tšebeletso se ea felella. Molimo oa rōna o hlohonolofatsa ka ho babatsehang hakaakang bohle ba tsoelang pele ba sa tšabe, le hoja ba le ‘kotsing ea lefu ka nako eohle’!
8, 9. (a) Ba bang linaheng tse tseoetseng pele ba thetsehile joang? (b) Re lokela ho itšoara joang, hona hobane’ng?
8 Leha ho le joalo, ba bang linaheng tse tsoetseng pele haholoanyane tse bonahalang eka li ‘sireletsehile’ ba ile ba hoheloa ho kena bophelong bo kotsi moeeng. Ba nahana hore ba ka noa ka boithabiso le lefatše ’me ba inyakallisa mokhoeng oa ho phela oa Baepikure, empa hape ba ntse ba kentse leoto le le leng ka phuthehong ea Molimo, kamoo ba nahanang. Ba ka ’na ba susumetsoa ke metsoalle ea maoatla, batho ba bakoenehi, kahoo ba fifatsa tokelo ea bona ea tšebeletso ea kamehla le e chesehang ea ’Muso. Ke booatla bo bokaakang! Pauluse ka ho toba o re ho bohle ba joalo: “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Mekhoa e metle ea puso ea leholimo ea ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea Molimo ka mokhoa o bonolo e nkeloa sebaka habonolo ke ho tšoareha menyakeng ea lefatše le itaolang. Pono ea Taolo e Ncha ea Molimo e fifala, ’me hammoho le eona ho fifala tšepo ea tsoho. Lintho tse joalo li ile tsa etsahalla Hymenea, Alexandere le Filete mehleng ea Pauluse. ’Me, ka masoabi, lintho tse joalo li etsahalla ba bang kajeno.—1 Ba-Kor. 15:33; 1 Tim. 1:18-20; 2 Tim. 2:15-19.
9 Ke lihlong ho mang kapa mang har’a rōna, ha nako e se e ile hakana, hore re itlose ho tšehetseng ka pelo eohle phutheho ea Jehova le tšebeletso ea eona! Tsamaiso ea kajeno ea lefatše e-ea thekesela lefung la eona. Ke feela ho ema ‘litabeng tse molemo,’ ka ‘ho itšoarella ka matla,’ re ‘ka bolokoang le rōna.’ Ke habohlokoa hore re ’ne re tsoelepele re ntse re eketsa tsebo ea rōna ho Molimo. Ka ho loketseng, Pauluse o buisana le ba ileng ba hlōleha ntlheng ena, a re: “Hlaphoheloang, le se otsele, le phele ka ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ba hloka tsebo ea Molimo; ke le bolella hoo, e be lihlong ho lona.”—1 Ba-Kor. 15:1, 2, 34.
“TIEANG MATLA”
10. (a) Pauluse le sehlopha sa kajeno sa “mohlanka” ba na le boikutlo bofe ka “banab’eso ba ratoang”? (b) Temana ea selemo ea 1982 ea rōna e lumellana joang le seo?
10 Pauluse o phetha taba ea hae ea ho tšehetsa tšepo e babatsehang ea tsoho ka polelo e mofuthu le e ipiletsang. O re: “Ka baka leo, banab’eso ba ratoang.” O batla ha banab’abo ba moea ba finyella sepheo sa bona. Ka ho tšoanang, kajeno, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o amehile ka ho tebileng ka katleho ea moea ea ba limillione, lefatšeng lohle, ba thahasellang ’Muso o tlang oa Jehova. “Mohlanka” o batla ho bona bohle ho “bongata bo boholo” ba tšoanelehela bophelo sebakeng sa lefatšeng sa ’Muso oo. Hona ba ho etsa ka ho ‘hlatsoa liaparo tsa bona tse telele,’ le ho sebeletsa Molimo, ho tsoa “mahlomoleng a maholo” ba sa angoa ke letho. (Matt. 24:45-47; Tšen. 7:9, 14) Sepheo see se ka finyelloa joang? Ke ka ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa Morena oa rōna Jesu Kreste. Pauluse o bontšitse ka mantsoe ana, a fetohang temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa 1982:
“Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.”—1 Ba-Kor. 15:58.
11. ‘Ho tiea matla’ ho bolela eng?
11 Tšoaneleho ea ho tiea matla ke ea bohlokoa ho ba lakatsang ho kena Taolong e Ncha ea Jehova. Ho tiea matla ho bolela ho ema ka matla, ho tsitsa, ho se thekesele. Ke tumelo ea mofuta ona eo re lokelang ho ba le eona, kholiseho e tiileng ea lintho tse sa bonoeng tseo e leng hona li tlang, empa eo, ka boithuto ba rōna ba Mangolo, e fetohileng ntho ea sebele ho rōna joalokaha eka e se e le teng.—Ba-Heb. 11:1.
12. Re na le mabaka afe a ho se thekesele tšebeletsong ea rōna?
12 Re tseba hore ’muso oa Messia o haufi, o theiloe maholimong ka 1914. Re bone “pontšo” ea ‘ho ba teng’ ha Kreste khanyeng ea ’Muso liketsahalong tse loebehlanang tsa lefatše ‘mehleng ena ea qetello.’ Re lemohile tsamaiso ea mangeloi ea batho ba Molimo ha ba ntse ba bolela ka cheseho ea boromuoa ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona,’ ka batho ba baloang ka limillione ba ela hloko ‘litaba tse molemo.’ Ntle ho pelaelo likhatello tse tsoang lefatšeng la Satane li tla eketseha empa, na lena ke lebaka la hore re thothomele ‘tšebeletsong e halalelang,’ tšebeletso ea rōna ea bohlokoa ho Morena oa bophelo ba rōna, Jehova Molimo? Le hanyenyane.—Matt. 24:3-14; 25:31-34; Tšen. 7:15; 14:6, 7.
“LE SE KE LA SISINYEHA”
13. Ke joang, joaloka Jobo re ka iponahatsang re sa “sisinyehe”?
13 Le rōna Pauluse o re khothalletsa ho se “sisinyehe.” Hona ho tšoana le ho tiea matla. Ho bolela hore, ka ho boloka melao ea Molimo, le ka mohla re ka se sisinyehe botšepehing ba rōna. Boo e ne e le boikutlo ba Jobo ea beang mohlala ea ileng a tšepahala, ea itseng ka Molimo oa hae le Moahloli: “Le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tsoa ke hloekile joale ka gauda.” Na le rōna re ka bolela tšepo e joalo? Re ka ho etsa, haeba joaloka Jobo re tseba hore re re ka Jehova: “Ke bolokile tsela ea oona; ha kea ka ka kheloha ho eona. Melao ea melomo ea oona ha kea ka ka e fapoha; ke bolokile litaba tsa molomo oa oona sefubeng sa ka.” (Jobo 23:10-12) Haeba rōna, joaloka Jobo, re ka etsa ho tebileng le ho feta seo re se hlophiselitsoeng bakeng sa liboka tsa rōna tsa kamehla, re fatisisa ka botebo libukeng tsa Watch Tower Society bakeng sa leseli le eketsehileng le tšebeliso ea morao-rao ea Lentsoe la Molimo, ka sebele re tla thuseha ho lula re tiile ’neteng, re sa sisinngoe ke letho.
14. (a) Molula-Qhooa o tsoetse pele joang ho bea batho ba tiileng leseling, hona ka phello efe? (b) O phethile temoso efe, ’me ba bangata ba arabetse joang?
14 Ka lilemo tse fetang 100 joale Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova o ’nile oa haha ka mokhoa o tsoetseng pele ’nete e amanang le topollo ea Jesu, tšepo ea tsoho ’musong o tlang oa Molimo oa rōna. Ka maqephe a oona, o entse hore Bibele e phele mehopolong le lipelong tsa batho ba limillione ba tšepahalang. O ba thusitse ho lemoha liphoso tse rutoang litumelong tsa Bojakane ’me ka sebele ’musong oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata—“Babylona e Moholo.” O hlokomelisitse ka ho oa ho hoholo ha moea ha “Babylona e Moholo” ’me o ’nile oa pheta polelo ea boprofeta ea lengeloi: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.” (Tšen. 17:1, 5, 15, 18; 18:2, 4) Ba bangata ba thusitsoe hore ba hle ba etse joalo, ’me ba fetohile batšehetsi ba tšepahalang ba ’muso oa Jehova oa Messia.
15, 16. (a) Ba bang ba hlōtsoe ho ananela eng? (b) ‘Mohlanka eo’ ke ofe ea ho Mattheu 24:46? (c) Mabapi le “mohlanka,” ke neng hona joang ho ileng ha hlaka hore Molimo o sebelisa mocha o le mong feela ho ntša ’nete?
15 Leha ho le joalo, ho ’nile ha e-ba le ba bang ka mehla bao, ho e-na le ho lula ba sa sisinyehe ho tšepahaleng ha bona ho tšehetsa ’Muso, ba batla ho chechela litumelong le litseleng tsa bolumeli ba bohata. Bana ha ba ananele hore Morena, Kreste Jesu, o sebelisa balateli ba hae ba tlotsitsoeng lefatšeng e le, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho aba lijo tsa moea.—Matt. 24:45-47.
16 Ke pele ka 1895 ha metsoalle e meng ea Zion’s Watch Tower e ileng ea etsa tlhahiso ea hore makasine ena e tsebahatsoe le “mohlanka”—“lekhoba” leo. (Matt. 24:46) Lira tsa tsosa khanyetso e mabifi tabeng ea metsoalle e joalo, hoo The Watch Tower ea Mphalane 1, 1909, e ileng ea bua sena:
Metsoalle ea rōna e tsitlelletse hore lengolo lena le bontša hore qetellong ea mehla ena ea Molaetsa o molemo Morena a ke ke a sebelisa mecha e mengata ho aba ’Nete empa mocha o le mong . . . E nka hore kaofela ha eona e fumane tsebo ea eona ea ’nete hona Joale ka ho toba libukeng tsa Watch Tower Bible and Tract Society, kapa ka mokhoa o sa tobang ka ba fumaneng leseli la bona ka mocha ona. Tumellanong le hoo e thabela ho sebelisana e le ‘basebetsi hammoho’ le mosebetsi oa Mokhatlo, ba lumela hore ka ho etsa joalo ba latela ketello-pelo ea Mohau oa Molimo, hammoho le litaelo tsa Lentsoe la Molimo.”
17. (a) Ke joang, pele le hona joale, ba bang ba theolang ’nete? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re sa “sisinyehe” ho kopaneleng le “mohlanka”?
17 Joale, ka lira tseo tsa ’ne te, The Watch Tower ea re:
“Ba batla ho tlosa likelello tsa ba leseling ba li lebisa ka tsela e ’ngoe ka ho ba bolella hore ‘e mong le e mong o lokela ho iphatela, letlotlong la ’nete ea Molimo ka boeena; hore libuka tsa Mokhatlo li mpa li ba file tsela eo joale ba lokelang ho e ntlafatsa, hoo e leng hore qetellong thuto ea oona e tla qheleloa morao.’ ‘Bahlanka hammoho’ bana ba sa tšepahaleng bana ba fana ka maikutlo a hore ho na le kotsi ea ho rapela Mokhatlo le hore ho qoba hoo hoa hlokahala ho o qhela kapa ho o furalla. Ba re, Re be le thuto ea Bibele, empa re tlose libuka tsa Mokhatlo!”
Hoo ho ngotsoe lilemong tse fetileng tse 72, ’me le kajeno ho sa ntsane ho ena le ba ’maloa ba lekang ho nyefola ’nete eo Jehova a ’nileng a e haha ka ho tsoelang pele a sebelisa mocha o le mong oa hae. Ha leseli la ’nete le ntse le hōla le khanya haholoanyane, re thabile haholo ho lula re sa “sisinyehe” kamanong ea rōna le ‘mohlanka ea tšepahalang’ oa Morena.—Ba-Kol. 1:21-23.
“LE ’NE LE EKETSE KA MEHLA HO SEBELETSA MORENA”
18. (a) Re ka ipoloka re phela moeeng ka ho etsa joang, ’me Liproverbia e bontša see joang? (b) Mecha e meng ea ho ‘sebeletsa haholo mosebetsing oa Morena’ ke efe?
18 E, le ‘be le ho hongata’ mosebetsing oa Morena Jesu Kreste, e seng ‘mesebetsing ea motho.’ Taba ea ho ipoloka re phela moeeng e lutse hona moo. Ho ba botsoa moeeng ho isa lipelaelong. Hoa bolaea, joalokaha Liproverbia 19:15 e bontša: “Botsoa bo lihela motho bolibeng ba boroko, ’me moea oa mokokorohi o tla lapa.” Tabeng ea ho qophella botsoa ba moea, ho ee ho hlahe tlala ea moea le lefu. Ka baka leo re be mafolo-folo—re bolela ka mehla ka ntlo le ntlo (le libakeng tse sa amoheleng) ha monyetla o mong le o mong o hlaha re paka ka mokhoa o sa rereloang, re etsa maeto a ho boela ho batho ba kang linku le ho ba tšoarela lithuto tsa kamehla tsa malapa tsa Bibele ka e ’ngoe ea libuka tsa Mokhatlo. Ba bang ho rōna ba ka sebeletsa e le “bo-pula-maliboho” kapa baboleli ba nako e tletseng ba ‘Muso, mosebetsing ona oa Morena Jesu, eo ka sebele e leng, “pulamaliboho” oa tumelo ea rōna.—Ba-Heb. 12:2, Moffatt; Esa. 6:8-10.
19. Bohle re ka bontša moea ofe, empa ba bang ba ka kopanela haholoanyane joang mosebetsing?
19 Le haeba re ngolisitse re le bo-pula-maliboho kapa che, kaofela re ka etsa ‘tšebeletso e halalelang ea rōna ka thabo, ka moea oa ’nete oa bopula-maliboho. Hona ho ka etsa hore bongata ba rōna re etse “bopula-maliboho bo thusang” mosebetsi oa nako le nako, ’me haeba thabo e fumanoang ka khothatso ena e ka susumelletsa ba bang ho rōna bopula-malibohong ba ka mehla, kabelo ea rōna ‘mosebetsing oa Morena’ e tla ba khōlō hakaakang!—Ba-Roma 12:1, 2.
20. (a) Re na le tokelo ea ho sebetsa hammoho le bo-mang? (b) Re tla fetela sepheong ka tiiso efe? (c) Qetellong, ke mantsoe afe a Pauluse ao re batlang ha e le a rōna, hona hobane’ng?
20 Mosebetsi ona oa Morena Jesu, ho hata moo a hatileng, hape ke ‘mosebetsi oa Jehova.’ (1 Ba-Kor. 16:10; Joh. 5:17) Re na le tokelo e kaakang ea ho sebetsa le Morena ’Musi Jehova, Morena Jesu Kreste le mangeloi a leholimo bofelong ba tsamaiso ea lintho’! (1 Ba-Kor. 3:9; Matt. 25:31-33; 28:19, 20) Hobane re tseba hore mosebetsi oa rōna “e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.” Leha re fihla Taolong e Ncha ka tsoho kapa ka ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ e se eka re ka tseba hore re re ka mantsoe a moapostola Pauluse ea tšepahalang, ho 1 Ba-Korinthe 15:57, “A re leboheng Molimo o re neileng ho hlōla ka Morena oa rōna Jesu Kreste”! E, ho hlōla lefu, ho isang mahlohonolong a maholo a bophelo bo sa feleng!
Na u ananela lintlha tsee?
◼ Hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ka linako tsohle tšepo ea tsoho e phele ka ho feletseng
◼ Hore na ke khothatso efe eo tšepo ea tsoho e e neang bana babo rōna ba talimaneng le lefu letsatsi ka letsatsi
◼ Hore na ke hobane’ng ha ba tloaelaneng le babelaeli kapa ba nahanang ka mokhoa oa bokoenehi ba lokelang ‘ho hlabisoa lihlong’
◼ Hore na ke hobane’ng ha tšoaneleho ea ho se sisinyehe e tlameha ho ba ea bohlokoa ho kena taolong e ncha ea Jehova
◼ Hore na polelo e entsoeng ka “mocha o le mong” ho “The Watch Tower” lilemong tse fetang 70 tse fetileng ke e molemo hakaakang
◼ Hore na ho bula maliboho kapa ‘ho ba le mosebetsi o mongata Moreneng’ ho ka re sireletsa joang
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Balebeli ba bang ba sa tšabeng ba sebeletsa ‘kotsing ka nako eohle’
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Mekhoa e metle ea ho ba teng libokeng le tšebeletso ea tšimo li re thusa ho ba mafolo-folo bakeng sa ’muso oa Molimo