Ho Nyarela ka Litabeng
Moitlami o Eletsa ba Papali ea Chelete
● Ho fanoa ka puo ka sehlooho se reng “Kamoo u ka Bapalang Papapli ea Chelete—Haeba u Tlameha” nako le nako ke moitlami oa mosali oa K’hatholike lihlopheng tsa boithabiso sebakeng sa San Francisco Bay California. Moitlami enoa o na le lengolo la univesithi la “mathematics” hape ke setsebi sa bonohe. Ho latela koranta ea “The Oregonian,” o eletsa le ho “thipa” lihlopha tse lokisetsang ho nka maeto a papali ea chelete ho ea Nevada. Ho boleloa hore litlhahiso tsa hae li ka tsela ena: “U tsebe papali. U tsebe menyetla e ka ’nang ea hlaha.” Hape o eletsa hore na ho ka bapaloa lipapaling life le hore na ho qojoe lipapali life.
Ha a botsoa hore na ke sebe ho bapala papali ea chelete, moitlami a arabela ka hore: “Che, ha ke kholoe.” A phaella ka hore: “Bophelo ke papali ka bobona. Ke lumela hore ha ho fihloa libeng, papali ea chelete ha e na sebaka.” Litlhaloso tsa hae li mpa li hlalosa maikutlo a kereke ea hae. “Thuto ea K’hatholike ka boeona e nka papali ea chelete e le e sa reng letho boitšoarong ba botho,” kamoo ho bolelang “Catholic Encyclopedia for School and Home.”—Moq. 4, leq. 506.
Leha ho le joalo, ho seng ho etsahetse ho bontša hore ha chelete e becheloa, meharo le eona e monyakong. Ba bangata ba seng ba becha ka tlameho ba qalile hanyenyane ‘ho ithabisa feela.’ Kahoo, ho e-na le ho leka ho “tseba papali le menyetla e ka ’nang ea hlaha,” ho tšoareha mesebetsing eo ho tsebisahalang hore e phahamisa “mesebetsi ea nama,” na ha ho bohlale hore Bakreste ba tšoarehe mesebetsing e hlahisang “tholoana ea moea”?—Ba-Gal. 5:19-23.
Mekete ea Bohetene ‘e Apesoa Bokreste?’
● Ho besoa ha litetema tsa mello lebopong le ka bochabela ho Spain le linaheng tse ngata tsa Europe ka shoalane ka la 24 Phuptjoane, letsatsi le bitsoang la “Mohalaleli Johanne Mokolobetsi” almanakeng ea K’hatholike. Tetema ea mollo e amana kae le Johanne Mokolobetsi? Koranta ea Barcelona e tsoang ka letsatsi “La Vanguardia” e lumela hore mokete ona kaofela o “emela ho apesoa Bokreste ha ho tsoa tlung ha letsatsi.” Ketsahalo ena ea bolepi ba linaleli, ha ho bonahala letsatsi le eme sebakeng se le seng leetong la lona la ho leba leboea kapa boroa, e ne susumelletsa thabo ea mekete le bolokolohi ba boitšoaro har’a bahetene ba boholo-holo.
Mokete o mong o moholo oa ho kena tlung ha letsatsi o ‘apesitsoeng Bokreste’ ke la 25 Tšitoe. Hoo e ka bang nakong eo letšehare le qala ho lelefala hape, ’me Baroma ba rapelang letsatsi ba ne ba keteka ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng ke letho. Lekholong la bone la lilemo C.E., hona ha fetoloa hore ho ketekoe ho tsoaloa ha Mora oa Molimo. Le sefate sa “fir” se sebelisoang ke meloko ea bahetene ea Majeremane meketeng ea bona ea mariha ea ho kena tlung ha letsatsi ho ile ha hapelloa hamorao ka sefateng sa “Keresemese.”
Ho e-na le ho ‘apesa liketsahalo tse joalo tsa bohetene ka Bokreste,’ moapostola Pauluse a beela Bakreste ba ’nete tsela e nepahetseng ka ho botsa: “Leseli le na le kopano efe le lefifi?” Joale a eletsa: “Tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ’na ke tla le amohela.”—2 Ba-Kor. 6:14-17.
Matlotlo a sa Khotsofatseng
● Barekisi Tokyo, Japane, ka karolelano ba nka hora le halofo ho ea le ho khutla mosebetsing. Ka ha ba bangata ba sebetsa lihora tse kaholimo letsatsi le leng le le leng, ho tloaelehile hore ba be sieo hae ka lihora tse 13 kapa ho feta. Ba tloha lapeng pele ho hora ea bosupa hoseng, ho tloaelehile hore ba fihle kamorao ho hora ea borobeli bosiu.
Bongata ba basebetsi bana bo phela matlong a manyenyane litšeng tse nyenyane, kaha litša li fumanoa ka ho lefelloa. Haeba re etsa mohlala ka setša sa limithara tse 15 bophara ka bolelele ba limithara tse 30, ntlo ea bona ka karolelano ke halofo ea seo. Tokyo ka boeona, li bile li nyenyane le ho feta moo. Ka mosebetsi oa bona o boima, ke ba fokolang ka palo ba bonang monyetla oa ho ntlafatsa boemo ba bona.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tse fetang 64 000 li tsamaisa lithuto tsa Bibele le batho ba fetang 90 000 malapeng a bona, ba ba bontša ka Bibele tšepo ea sebele ea bophelo bo khotsofatsang haholo paradeiseng ea “lefatše le lecha.” (2 Pet. 3:13) Taolong eo e ncha e entsoeng ke Molimo, batho ba tla phela ka khotso, khotsofalo le nala ea ’nete ea lintho tse bonahalang, ba lokolohile maimeng a kajeno, joalokaha moprofeta Esaia a hlile a bolela: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate.”—Esa. 65:21, 22; Pes. 37:11.