Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 5/15 maq. 10-14
  • “Morena, Tutubolla Mahlo a Morena oa England

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Morena, Tutubolla Mahlo a Morena oa England
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qaleho ea Bophelo ba Tyndale
  • Phetolelo ea Hae e Thulana le Khanyetso
  • Mangolo a Seheberu
  • Keko, Nyeoe le Lefu
  • Thapelo ea hae ea Arabeloa
  • Na Mahlo a Hao a Tutubolotsoe?
  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ba ne ba Rata Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 5/15 maq. 10-14

“Morena, Tutubolla Mahlo a Morena oa England

A AHLOLELOA hore ke mokhelohi ka Phato 1536. A ema ho fihlela ka Mphalane hona selemong seo hore a leketle sefateng. A sothoa molala pele ’me setopo sa hae sa chesoa, mantsoe a ho qetela ao a ileng a a bua ka lentsoe le phahameng ke hore: “Morena, tutubolla mahlo a Morena oa England.”

Ke William Tyndale. Ke hobane’ng ha a ile a ahloleloa hore ke mokhelohi ’me setopo sa hae sa chesoa sefateng? Ke eng eo morena oa England a neng a sitiloe ho e bona? Hona na re ka ithuta ntho ea bohlokoa ho se ileng sa etsahalla Tyndale? Bakeng sa likarabo, a re hlahlobeng pele qaleho ea Tyndale.

Qaleho ea Bophelo ba Tyndale

Tyndale o hlahetse Gloucestershire, England, hoo e ka bang ka 1494. A kena univesithing ea Oxford moo a ileng a fumana lengolo la “Master of Arts” ka 1515. Nakoana kamorao ho moo, a qeta nako a le univesithing ea Cambridge.

Ka 1522 Tyndale a khutlela Gloucestershire, e le tichere ea bana ba Sir John Walsh. A sebelisa Mangolo ho tšehetsa maikutlo a hae, a phakisa a qabana le baruti ba K’hatholike ba tsebisahalang le lingaka tse neng li etela lelapa leo la barui. Lady Walsh a ameha, a mo botsa hore na ke hobane’ng “ha re ka u kholoa ho feta banna ba baholo, ba rutehileng le ba phahameng hakana.”

Ho sa le tjena, Tyndale a rera ho fetolela ka Senyesemaneng The Manual of a Christian Soldier, buka ea seithuti Desiderius Erasmus. E ne e nyatsa mekhoa le lithuto tse ngata tse neng li le teng ka nako eo tsa bolumeli. Ka mohlala, Erasmus a ngola hore: “Kea hlolloa kamehla hore na ke hobane’ng ha bo-mopapa le babishopo ka booatla ba rata ho bitsoa marena le benghali ha Kreste a hanetse barutuoa ba Hae ho bitsoa joalo. . . . Mantsoe baapostola, balisa, babishopo, ke mantsoe a hlalosang setulo kapa tšebeletso, e seng bolaoli kapa puso.” Bukeng ena Erasmus a boela a khothalletsa hore ho baloe Bibele haholo.

Kapele, bahanyetsi ba halefileng ba Tyndale ba mo nqosa ka bokhelohi. Le hoja a ne a hlokomela kotsi eo a leng ho eona, a kholiseha haholo hore tsela feela ea ho felisa ho hloka tsebo ke ka ho fetolela Bibele ka Senyesemaneng sa nakong ea hae, kahoo a etsa hore e fumanoe le ke batho feela hore e baloe.

Kamorao ho nakoana a kena khanyetsanong le moruti ea ileng a qetella ka hore: “Ho ka ba molemo ha re ka hloka molao oa Molimo ho e-na le oa mopapa.” A tšositsoe ke sena, Tyndale a arabela: “Ke nyelisa mopapa le melao eohle ea hae. . . . Haeba Molimo o ka mpoloka ke phela, haufinyane ke tla etsa hore le molisana ea tšoarang mohoma a tsebe haholo ka mangolo le ho u feta.” Tyndale o ne a tla phelela bonnete ba polelo ea hae. A ikemiselitse hore ʻmoshemane ea tšoarang mohoma’ a utloisise Bibele, a leba London ka 1523, ho ea batla Mobishopo oa K’hatholike Cuthbert Tunstall, hobane o ne a ikutloa hore motsoalle enoa oa Erasmus o tla mo thusa.

Phetolelo ea Hae e Thulana le Khanyetso

Leha ho le joalo, Tunstall o ne a ke ke a leka ho thusa mosebetsi o hanyetsoang ke Kereke hakaalo. Empa Tyndale a iphumanela botsoalle ba mohoebi oa morui, Humphrey Monmouth, eo a ileng a lula le eena likhoeli tse itseng. A hlokomela likotsi tse ntseng li phahellana holim’a hae, kapele Tyndale a fihlela qeto ea hore hase feela hore ho hang “ha ho sebaka sa ho fetolela Testamente e Ncha ka tlung ea morena oa ka oa London, empa hape hore ha ho sebaka sa ho etsa joalo England eohle.” Joale ka thuso ea Monmouth Tyndale a leba Jeremane ka sekepe ka 1524. Moo a qalisa ho fetolela Mangolo a Bakreste a Segerike (ao ka tloaelo a bitsoang Testamente e Ncha), a sa a fetolele ho tloha Selatineng, joaloka mofetoleli oa Bibele John Wycliffe, empa ho tloha Segerikeng sa pele.

Le hoja khatiso e qaliloe ka lekunutu le leholo, ea fumanoa ke Johann Dobneck (Cochlaeus), ea ileng a hlalosoa e le “sera se sebe ka ho fetisisa sa hore Lentsoe la Molimo le fetoleloe malemeng a mang, se kileng sa phefumuloha.” Dobneck a sisinya ba boholong, ’me Tyndale a tlameha ho balehela motseng oa Worms ka maqephe a 10 kapa ho feta moo ao a neng a a qetile. Ka 1526 khatiso ea likopi tse ka bang 3 000 bonyane ea atleha hore e phethoe le ho kenngoa ka lekunutu England ho ba neng ba tsejoa e le ʻNew Testamenters’ ba bahoebi. Kotsi e neng e kenella ho li rekeng ea phahama ha Mobishopo Tunstall le baruti ba bang ba qala ho li tsoma le ho li chesa Sefapanong sa Mohalaleli Pauluse London.

Ka 1527 William Warham, mobishopo e moholo oa Canterbury, a fumana tsela ea ho reka phetolelo ea Tyndale pele e fihla ho batho. Tunstall le eena a ameha leanong le joalo, ’me ka tsela ena ha senngoa meqolo e mengata. Empa phello ea sebele ea e-ba efe? Tyndale a re: “Ke tla fumana chelete hore ke tsoe melatong, ’me lefatše lohle le tla hoa le loantša ho chesoa ha Lentsoe la Molimo, ’me chelete e tla sala e tla etsa hore ke ikemisetse ho feta leha e le neng ho lokisa hoo ho thoeng ke Testamente e Ncha.” Kahoo a qetella a na le chelete e ngata hore a hatise Libibele tse ling le ho sebetsana le khatiso e phetoang. Ha ho letho leo baruti ba neng ba le etsa le neng le ka thibela hore ho jaloe Lentsoe la Molimo!

Empa ke hobane’ng ha mahlo a baruti le oona a morena oa England, Henry VIII, a ne a tutubaletse ho fetoleloa ha Bibele ho kang ha Tyndale? Seithuti se tsebisahalang sa K’hatholike Erasmus se fane ka le leng la mabaka: “Libakeng tse ngata ka meqolong e halalelang limpe tsa baruti le mahosana lia nyatsuoa, ’me haeba batho ba ka bala ka tsona, ba ka korotla ka ba ba okametseng.” Leha ho le joalo, hase feela maikutlo a ho fetolela [Bibele] ka puong e ’ngoe a neng a tsosa khanyetso ea bona. Morena o ne a hanyetsa litlhaloso tse khopisang tse kathoko ho leqephe phetolelong ea Tyndale. Baruti le bona ba ne ba hanyetsa litlhaloso tse entsoeng kathoko ho leqephe, tseo ba neng ba nka hore li kunyula tumelo ea K’hatholike. Leha ho le joalo khanyetso ea bona e ne e tutubolla mahlo a motho ’neteng ea Lentsoe la Molimo.

Phetolelong ea hae, Tyndale a ipaka hore o na le ’nete polelong ea hae, a sebelisa mantsoe ao le ʻmoshemane ea tšoereng mohoma’ a tla a utloisisa: “moholo” bakeng sa “moprista,” “phutheho” bakeng sa “kereke.” Empa ho sebelisa mantsoe a joalo ho e-na le mantsoe a khale a baruti e ne e le bokhelohi mahlong a Mak’hatholike a thata a kang Sir Thomas More.

Ho sa le joalo, Tyndale a ngola libuka tse ling tse ngata tse hanyetsang baruti. Ka mohlala, Obedience of a Christian Man ea hae e ne e qholotsa matla a mopapa, e nyatsa letlotlo la baruti le ho pepesa lintho tse ling tse sebelisoang hampe le mekhoa e mebe. Ho eona a bua ho latelang ho sireletsa phetolelo ea Bibele ka Senyesemaneng. “Ba bolela hore e ke ke ea fetoleloa ka puong ea rōna hobane ha e itlhomphe. Hase hore ha e itlhomphe ha e se feela hore ke mahata a leshano. . . . Ho tšosa batho le ho ba hanela ho bala mangolo hase ka lebaka la ho rata meea ea lōna . . . kaha ba le lumella . . . hore le bale Robin Hood, . . . le litšomo tsa marato le manyala . . . a litšila ho feta kamoo pelo e ka nahanang, ho silafatsa mehopolo ea bacha.”

Kahoo Tyndale a nkoa e le mokhelohi ’me phetolelo ea hae ea Mangolo a Bakreste a Segerike e le buka ea bokhelohi.

Mangolo a Seheberu

Hape Tyndale o ne a ntse a ithuta Seheberu, hang feela ha a fumana sebaka, a qala ho fetolela Mangolo a Seheberu ka Senyesemaneng. A qala ka ho fetolela libuka tse hlano tsa pele ’me a kena sekepeng Antwerp, Belgium ho leba Hamburg Jeremane ho ea a hatisa. Empa sekepe sa robeha ka eena tseleng lebopong la Madache, a senyeheloa ke libuka tsa hae kaofela. Qetellong a fihla Hamburg ka 1529, a kopana le motsoalle oa khale, Miles Coverdale, enoa a mo thusa ho fetolela libuka tse hlano kaofela tsa pele. Qetellong tsa hatisoa ka 1530. Leha ho le joalo, mahlo a baruti le a morena a ne a ntse a tutubala ho ea pele phetolelong ena!

Litlhaloso tsa Tyndale tsa ka thōko ho leqephe ka libuka tse hlano tsa pele li ne li khopisa ho feta litlhaloso tsa hae ka Mangolo a Bakreste a Segerike. A ipha sebaka ho hatisa hore na o ikutloa joang ka phapang pakeng tsa mekhoa e meng ea Kereke le melao ea Molimo. Hlokomela mehlala e latelang: Numere 23:8, “ʻNa nka rohaka joang eo Molimo o sa kang oa mo rohaka’ [tlhaloso: Mopapa a ka bolela hore na joang]”? Deuteronoma 23:18, “‘U se ke ua hlahisa ka tlung ea Jehova, Molimo oa hao, moputso oa seotsoa, leha e le theko ea ntja’ [tlhaloso: Mopapa le mobishopo ba amohela nyehelo ea bona, ’me ba rata ho lula le batho ba joalo]”; Deuteronoma 11:19, “‘U bue ka oona (mantsoe a ka) ha u lutse tlung ea hao’ [tlhaloso: baruti ba rōna ba re re bue ka robynhood].”

Ho tsamaisoa ha Libibele le mangolo a Tyndale le Lutere England ho ne ho phahame hoo ka Motšeanong 1530 Morena Henry VIII a ileng a tlameha ho bitsa phutheho ea babishopo le baruti ba baholo ba 30, ho akarelletsa More le Tunstall. Ka baka leo, ha nyatsuoa libuka tsena mohoong oa Morena. Tsa hlalosoa e le “libuka tsa Senyesemane tse nyefolang le tse silafatsang” le tse sothang tumelo le ho tsosa bokoenehi.

Ho tloha ka nako eo ho ea pele ho ne ho sa chesoe libuka feela. Ka lilemo tse latelang tse peli ha chesoa “bakhelohi” ba 10 sefateng, ba bang ho bona ba tsejoa ke Tyndale. Ba bang ba ipolela hore ba na le libuka tsa hae, ba koeneha ’me ba lefisoa feela.

Ka 1533 Tyndale a khutlela Antwerp. Moo a hlahloba bocha phetolelo ea hae ea Mangolo a Bakreste a Segerike ’me a sebetsa karolo e ’ngoe hape ea Mangolo a Seheberu, a phetha karolo ea Joshua ho ea ho Likronike tsa Bobeli a li ngotse ka letsoho feela.

Keko, Nyeoe le Lefu

Ho ne ho entsoe boiteko bo matla ho tloha England ho fumana le ho tšoara Tyndale, empa bo hlōlehile kaofela ho fihlela ka Motšeanong 1535. Ha a ntse a ja le bahoebi Antwerp, Tyndale a tloaelana le Henry Phillips. A sa hlokomela hore kotsi e teng, Tyndale a mo memela tlung ea hae moo a neng a lula teng, le hoja mong a ntlo, Thomas Poyntz, a ne a ho belaela ka matla. Ha Tyndale a se a mo tšepa, Phillips a bolella ba boholong. Empa molao o ne o sa lumele hore Tyndale a tšoaroe ka tlung. Eaba Phillips o mo memela ho ba moeti tlung ha hae lijong. Ba tsoa hammoho ka tlung ’me ba tsamaea ka tsela e tšesaane, ka Phillips a setse Tyndale morao. Ha ba hlahella kantle, ha suptjoa Tyndale ’me ba boholong ba mo tšoara.

Tyndale a kenngoa chankaneng Vilvorde Castle, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 9, 6 ho tloha Brussels, ’me a lula moo ka likhoeli tse 16. Ho botsoa ha hae ke komisi e khethehileng ha mo nea monyetla oa ho pakela seo a se lumelang, a tšehetsoa haholo ke Mangolo. Ha hlaha khang e matla har’a baruti ba bolumeli univesithing e haufi le moo ea K’hatholike ea Louvain. Qetellong a ahloleloa hore ke mokhelohi, ’me pelenyana a sothoa molala le ho chesoa a bua mantsoe ana, “Morena, tutubolla mahlo a Morena oa England.”

Thapelo ea hae ea Arabeloa

Tyndale o ne a sa tsebe hore na thapelo ea hae ea lefung e tla tloha e arabeloa kapele hakaakang, ’me ho etsoa hore Bibele e fumanoe ke batho feela hore ba e bale. Hape, mahlo a batho ba bangata a ne a tla tutubulohela linnete tse ka ho eona.

Selemo pele ho lefu la Tyndale ho ile ha hatisoa Bibele ea pele e feletseng ke Miles Coverdale, eo karolo ea eona e neng e theiloe mosebetsing oa Tyndale. Leqepheng le ka ntle ho na le setšoantšo se khabisitsoeng ka lepolanka seo ho boleloang hore ke mosebetsi oa Hans Holbein oa Lejeremane, se nang le lebitso Jehova ka mongolo oa litlhaku tse ’ne oa Seheberu kaholimo. Ke Tyndale ea qalileng ho kenya lebitso “Jehova” ka puong ea Senyesemane, phetolelong ea hae ea libuka tsa pele tse hlano ho Exoda 6:3.

Tlhahlobo e tsoetseng pele ea John Rogers, a sebelisa lebitso Thomas Matthew (’me kahoo e tsejoa e le Bibele ea Mattheu), ea beoa ka pele ho Morena Henry VIII ka 1537 ’me ea neoa tumello ea borena. Empa, ho makatsang, Bibele ena boholo ba eona e ne e le phetolelo ea Tyndale, ebile e kenyellelitse libuka tsa hae ho fihlela ho Likronike tsa Bobeli. Qetellong ea Malakia ho hlaha litlhaku tse emelang lebitso, “W.T.” “Kahoo [Mobishopo e moholo] Cranmer ke eena ea ileng a etsa hore ho amoheloe liphetolelo, tse hatisitsoeng li se li bokelletsoe le ka lebitso le ipatileng, tseo ha li ne li hlahisoa ka bonngoe, li ileng tsa nyatsuoa ke phutheho; kahoo Morena a lumella libuka tseo ka mehoo ea hae ea nakong e fetileng a neng a li nyatsitse.”—History of the Church of England, ea R. W. Dixon, Moqolo 1, Leqephe 521.

Selemo hamorao, taelo ea ntšoa ke Thomas Cromwell, mookameli-kakaretso a laela baruti ho fana ka Bibele e le ’ngoe e khōlō kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe molemong oa litho tsa parishe, e fasitsoe ka thata ka ketane, le hore “ka matla ba susumelletse, ba khannele le ho phehella motho e mong le e mong ho e bala, joalokaha e le lona Lentsoe la Molimo le phelang.” Batho ba nka bohato bo matla ka hona hoo ka 1539 khoeletso e ’ngoe e ileng ea tsoa ho thibela batho ho bala Bibele ka lentsoe le phahamileng ka kerekeng ha litšebeletso li tsoela pele. Ka ho totobetseng baruti ba ne ba ferekanngoa ke ho fumana hore lipolelo tsa bona lia hlokomolohuoa ha ba bangata ba ikhethela ho bala Bibele!

Na Mahlo a Hao a Tutubolotsoe?

Kamoo e neng e amana le hore Bibele e fumanoe ke batho feela hore ba e bale, thapelo ea lefung ea Tyndale ea arabeloa. Kajeno teng?

Ba bangata ba ka ’na ba re: ʻke na le Bibele.’ Empa na ke phetho se amehang hore mahlo a motho a tutubolohe? Tabeng ea batho ba hae ba Juda ea boholoholo Molimo oa re ka ona ha ba se ba sa tšepahale: ‘Ba na le mahlo empa ha ba bone.’ (Jeremia 5:21) Kahoo ‘ho bona’ ho ka ’na ha supa pono ea tšoantšetso, ho lemoha ka kelello. Le hoja e le ’nete hore batho ba baloang ka limillione ba na le Bibele malapeng a bona, mabakeng a mangata e tloheloa feela seluloaneng, e bokella lerōle. Na u ka re mahlo a batho ba joalo a hlile a tutubolohile ho lemoha ’nete ea Bibele?

Ba bang ba ka ’na ba arabela ka hore: ‘Empa ke bala Bibele ea ka.’ Empa na ho bala Bibele feela ho bolela hore mahlo a hao a tutubolohile? E seng hakaalo. Ba bangata ba balang Bibele ba e talima feela e le libuka tse monate. Empa Mangolo a re bolella hore ho hlokahala hore ho ‘tutubolloe mahlo a lipelo tsa rōna.’ (Ba-Efese 1:18) Hore mahlo a rōna a hle a tutubolohe, re tlameha ho utloisisa seo re se balang Bibeleng re se tebise pelong le ho se sebelisa bophelong ba rōna.

Uena? Na mahlo a hao a hlile a tutubolohile? Na u khotsoe hore se ka Bibeleng se lokeloa ke ho baloa le ho sebelisoa bophelong ba hao? Haeba u rata ho thusoa ho etsa joalo, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho etsa joalo.

Hang ha mahlo a hao a tutubolohile, u a tlohele a tutubolohile. Joalokaha e bua tjena bukeng ea Bibele ea Liproverbia: “Mora oa ka, mamelisisa taba tsa ka, u sekehele lipolelo tsa ka tsebe. Li se ke tsa tloha pela mahlo a hao, u ’ne u li boloke ka pelong.”—Liproverbia 4:20, 21.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

WILLIAM TYNDALE

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Tyndale a fetolela Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho sothoa molala le ho chesoa ha Tyndale

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela