Ke Nako ea ho Bolela Lentsoe
“Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ʼohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste,”—Liketso 5:42.
1, 2. (a) Ke liphello life tsa boboleli ba ’Muso ba lekholong la pele la lilemo tseo re nang le tlaleho ea tsona ka Bibeleng? (b) Jesu o bontšitse joang ho Mattheu 28:19, 20 le Liketso 1:8 hore ho bolela e tla ba mosebetsi oa balateli ba hae?
HOBA ho tšolloe moea o halalelang ka Pentekonta, balateli ba Jesu Kreste ba susumetsoa ka matla le sebete hore ba tsoelepele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo tse buang ka Jesu Kreste. Liphello ebile life lekholong leo la pele la lilemo? Re bolelloa hore ba bangata ba ileng ba mamela polelo ea balateli ba Jesu ebile balumeli. Ha e le hantle, ha lumela banna ba ka bang 5 000. (Liketso 4:4) Ka lekhetlo le leng tlaleho ea Bibele e bolela hore ba lumelang ho Morena ba ʼnile ba eketsoa ka matšoele a banna le basali.—Liketso 5:14.
2 Nakoana feela kamorao ho Pentekonta balumeli ba hlile ba baloa ka likete ka baka la hore balateli ba Jesu ba ʼne ba tsoelepele ba sa khaotse ho ruta litaba tse molemo tse buang ka Kreste. Ke ho hlollang ho bala ka se ileng sa phethoa ke ba neng ba kopanela ho boleleng ‘litaba tse molemo’ lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna hore ba finyelle mosebetsi o babatsehang hakaalo nakoana kamor’a hore Jesu a shoe le ho tsoha le hore ho tšolloe moea o halalaleng. Baena ba rōna le likhaitseli ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo ruri e ne e le basebetsi, basebetsi ba sebetsang ka thata, ba etsang hoo ba ho abetsoeng ke Morena Jesu Kreste.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8.
3, 4. (a) Ke neng, mehleng ea kajeno ho ileng ha lokisoa sethalla bakeng sa ho tsosolosa mosebetsi oa bobeleli? (b) Ke joang, ho sa tsotellehe ho sitisa ha Bojakane mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso, Jehova a entseng hore mosebetsi oa hae o phethoe, ka phello efe mehleng e likhathatso haholo paleng ea motho?
3 Ebe lekholong lee la lilemo la bo20 ho ka tlase ho moo? A re ke re hlahlobeng linnete. Hopola hona ka lekholo la pele la lilemo le ho qaleha ha Bokreste: Ho qalile motho a le mong, Morena Jesu Kreste. Ba hōla ho isa moo ka nakoana ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng bahanyetsi ba hae ba bolumeli ba ileng ba re: “Bonang, lefatše lohle le mo setse morao.” (Johanne 12:19) Mehleng ea rōna, haholo-holo ho ea qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, nako e ne e atametse ea hore mosebetsi o moholo oa Jehova Molimo oa ho kotula ka Kreste Jesu o qalehe. (Mattheu 13:24-30, 36-43) Bojakane bo ne bo bile teng ka makholo a lilemo, empa ho e-na le ho ntšetsa pele leseli la ʼnete mabapi le litaba tse molemo tse buang ka Kreste Jesu le ʼmuso oo Bakreste ba neng ba o rapella le ho o lebella, bo ile ba pata leseli leo ka lithuto le mekhoa ea bona e mengata ea bohata. Leha ho le joalo, Jehova o ne a ke ke a sitisoa ha nako e atametse ea hore Mora oa hae a nke matla a ʼMuso. Ka sehlopha sa Liithuti tse tiileng tsa Bibele moea o halalelang oa Jehova oa qala ho fana ka temohisiso ho ba ratang ho loka le ba tšepahalang ba batlang ho etsa thato ea hae le mosebetsi. Liphello ebile tse hlollang ho tloha nakong eo e qalang, joalokaha ho bile joalo lekholong la pele la lilemo. Ho hakanngoa hore lilemong tsa pele ho qaleha lekholo la bo20 la lilemo ho ne ho le teng ba 4 000 ba neng ba kopanela ho boleleng tšepo ea bona phatlalatsa.
4 Ho feta ha lilemo tse ka bang 80 ho tloha ho qaleheng ha selemo sa 1900, re fumana hore nakong e likhathatso ka ho fetisisa paleng ea motho Jehova o tsoetse pele ho eketsa baboleli ba bolelang litaba tse molemo tse buang ka Kreste le ʼMuso oa hae. (Bapisa Liketso 16:5.) Selemo sa tšebeletso sa 1981 sa Lipaki tsa Jehova se bile le mahlohonolo a mangata ho baboleli ba ʼMuso lefatšeng ka bophara.
Ho ʼNileng ha Etsahala
5. (a) Ke thahasello efe ka 1981 e bontšitsoeng ho ikhopotseng Sejo sa Morena sa Mantsiboea ke Lipaki tsa Jehova le batho ba thahasellang? (b) Ho ba bileng teng, ke ba bakae ba bileng le karolo ho boleleng phatlalatsa ka ʼMuso selemong seo?
5 Ha re qala ka ho lebisa tlhokomelo ea rōna letsatsing la bohlokoa haholo almanakeng ea Bokreste, la ho ketekoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea ho ikhopotsa lefu la Kreste, liphutheho tse 43 870 lefatšeng lohle ka 1981 ho ile ha bokana ba 5 987 893 ka Sontaha sa la 19 ʼMesa (14 Nisane, almanakeng ea Sejode), bakeng sa mokete ona. Bana ba limillione ba ile ba utloa ha ho boleloa ka ʼnete le ka tlhaloso e nepahetseng ea lefu la Jesu joalokaha e rutoa ka Bibeleng. Palong eo e neng e le teng lefatšeng lohle ka selemo sa tšebeletso sa 1981, ke ba 2 247 486 ba neng ba kopanela kamehla ho boleleng le ho ruteng litaba tse molemo tsa ʼMuso linaheng tse 206 le lihleke-hleke. ʼMe tlhoro ea Lipaki ebile 2 361 896 tseo ka nako e ʼngoe ka selemo seo e ileng ea kopanela boboleling bona bo abiloeng ke Molimo. Ba finyelletse eng? Molaetsa oa bona o bile molemo hakae ho thusa batho? A re boneng.
Ho Jala Lentsoe
6. (a) Ke lithuto tsa bafe tsa bolumeli tse ileng tsa busa Amerika e hare le e ka boroa ka makholo a lilemo, ho fella ka boemo bofe? (b) Leha ho le joalo, ke phetoho efe e etsahetseng linaheng tsee?
6 Ka makholo a lilemo Boroma K’hatholike bo busitse monahano oa Amerika e Hare le e Boroa, ho fella ka hore matšoele a batho a ananele hanyenyane thuto ea ʼnete ea Bibele. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka lebaka leo, ntle ho ho tseba Kreste Jesu le litaba tse molemo tsa ʼMuso, batho ba lapile ʼme ba lahlehile, boemo bo tšoanang le boo Jesu a ileng a bo bona har’a Bajode ba mehleng ea hae ba neng ba le tlas’a khatello ea bangoli le Bafarisi. (Mattheu 9:36) Leha ho le joalo, ka lebaka la tlhohonolofatso ea Molimo mosebetsing oa bobobeli oa lekholong la bo20 la lilemo oa Lipaki tsa Jehova linaheng tsena tsa Selatine, ho etsahala phetoho e khōlō. Ha leseli le ntse le khanya har’a lefifi la moea le koahetseng lefatše, batho ba likete ba lipelo li tšepahalang ba ʼnile ba bokelloa ka phuthehong ea Jehova.—Esaia 60:1, 2, 8.
7. Thathamisa phihlelo e ntle ea ngoanana ea lilemo li 12 oa Argentina?
7 ʼNete ea Bibele e sebetsa ka matla ho batho ba lilemo tsohle, e ba thusa hore ba emele ʼmuso oa Jehova. (Pesaleme ea 119:129, 130) Mohoeletsi ea lilemo li 12 Argentina, ea e-song ho kolobetsoe, o bolela ka thabo e khōlō ea ho tsamaisa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse robeli. O-oa ngola: “Haholo nakong ea phomolo ke sebelisa nako e ngata kamoo nka khonang mosebetsing oa ntlo-le-ntlo, maetong a ho boela le thutong ea Bibele. Mosebetsi ona kaofela o etsa hore ke ikutloe ke thabile haholo ʼme ke na le tokelo e khōlō hore ebe ke sebelisoa ke Jehova ke le kofuto e matsohong a hae ho thusa batho ba bangata ba ratang ho tseba ka eena e le Molimo oa ʼnete. Ke rapela hore eke kamehla nka ba le tokelo ena.” O lokisetsa ho kolobetsoa haufinyane le ho tsoela pele sepheong sa hae e le pulamaliboho. Hona ho etsoa ke ngoanana ea lilemo li 12! Re na le matla a makaakang a ho nahana ka tsela e nepahetseng a tsoang Lentsoeng la Molimo!
8. Ke katoloho efe e babatsehang baboleling ba ʼMuso e etsahetseng Amerika e hare le e ka boroa ho tloha ka 1945?
8 Ka 1945, qetellong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, e neng e sentse lefatše, ho ne ho e-na le batho ba 4 720 ba neng ba kopanela boboleling ba litaba tse molemo tsa ʼMuso Amerika e hare le e ka boroa, ho akarelletsa le Mexico. Selemong sa tšebeletso sa 1981 hona linaheng tseo ‘litaba tse molemo’ li ne li boleloa ka tlhoro ea bahoeletsi ba 373 919. Kannete metsi a ʼnete a ʼnile a fumantšoa linaha tseo tse omeletseng ʼme ba nyoriloeng ba arabela ka tsela e babatsehang.—Bapisa Johanne 7:37, 38.
9. Boemo ba baboleli ba ʼMuso ebile bofe Europe ho tloha qalehong ea lekholo la bo20 la lilemo?
9 Litaba tse molemo tsa ʼMuso li metse ka metso linaheng tse ngata tsa Europe. Ho tloha qalehong ea lekholo la bo20 la lilemo le pele ho moo linaheng tse ling, lipaki tsa Jehova, ka nako eo li tsejoa e le Liithuti tsa Lichaba tsohle tsa Bibele, li ne li jala litaba tse molemo tsa ʼMuso har’a batho. Ka mohlala, tlaleho ea pele ea bopaki bo entsoeng Jeremane e qala qalehong ea lekholo la lilemo. Mookameli oa pele oa Watch Tower Society, Charles T. Russell, a etela Jeremane ka 1891, ʼme kamorao ho moo ha etsoa litokisetso tsa ho hatisa libuka tse ling le lipampitšana ka puo ea Sejeremane. Liphutheho tsa Majeremane tsa theoa ka lekhetlo la pele nakoana kamorao ho 1901 Jeremane.
10. Ke phihlelo efe e tsoang Jeremane e bontšang molemo o tsoelang pele oa boboleli ba ntlo-le-ntlo?
10 Ho tla fihlela kajeno batho ba Jehova ba Jeremane ba fumana mosebetsi oa ntlo-le-ntlo e le tsela e molemo haholo ea ho jala litaba tsena tse molemo tsa ʼmuso oa Jehova har’a batho. (Luka 9:1-6) Ka lebaka la ho pakela banyalani ba bang bao ho kopanoeng le bona mosebetsing oa ntlo-le-ntlo, kamorao ho moo batho ba 12 ho ea ho 14 ba kopanela thutong ea lehae ea Bibele e ileng ea qalisoa. Hamorao lelapa la fallela Australia, ʼme moo lelapa kaofela, ntle ho morali a le mong ea nyetsoeng, le ntse le ithuta le Lipaki tsa Jehova. ʼMè le ntate ba se ba kolobelitsoe.
11. Paki ea Jehova e hōlileng ebile e holofetse ea Berlin Bophirima e ikutloa joang ka boboleli ba eona?
11 Tlhaloso e tsoang ho khaitseli ea lilemo li 84 oa Berlin Bophirima eo, le hoja a holofetse haholo, a nang le hona ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang, e tla re lemosa ka kananelo ea hae ʼneteng le bohlokoa ba ho bolela Lentsoe la Molimo hona joale. O re: “Ke rata Jehova haholo hoo ke tlamehang ho kopanela tšebeletsong le ho ba teng libokeng e le ho mo pakela sena.”—Bapisa Pesaleme ea 122:1.
12. (a) Ke ho isa kae Italy e amohetseng litaba tse molemo tsa ʼMuso haholo-holo ho tloha ka 1945? (b) Ke boitsebiso bofe bo khothatsang boo re nang le bona ka mosebetsi oa ʼMuso linaheng tsa Italy, Portugal le Spain?
12 Italy, moo Kereke ea Roma e K’hatholike ka makholo a lilemo e ʼnileng ea laola bophelo ba batho ba bolumeli, liketsahalo tsa lilemo tsa morao tjena li etellelitse pele mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ho feta leha e le neng pele. Ho qalile ka 1945 ka batho ba sehlotšoana ba ka bang 90, phutheho ea Lipaki tsa Jehova e hōlile ho ba ea bobeli e khōlō ea bolumeli Italy. (Esaia 60:22) Bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1981 lekala la moo le tlaleha tlhoro ea bahoeletsi ba ʼMuso ba 90 553. Hona joale ho feta leha e le neng pele nako e loketse boboleli ba litaba tse molemo tsa ʼMuso Italy le linaheng tse ling tsa Selatine tsa Europe. Italy, ka 1945 joalokaha ho boletsoe, ho ne ho le teng bahoeletsi ba ka bang 90, empa Spain le Portugal ha ho tlaleho ea Lipaki tsa Jehova tse neng li bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso ka selemo seo. Leha ho le joalo, ka 1981 kakaretso ea linaha tsena tse tharo e fihlile ho bahoeletsi ba 159 972. Joalokaha Jesu a itse: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.”—Mattheu 9:37.
Ho Kotula Libakeng tse Ling
13. (a) Litlaleho li supa eng ka ho jaloa ha ‘litaba tse molemo’ lefatšeng la Afrika? (b) Phihlelo e bontšang hore ke nako e loketseng ho kotula barati ba bangata ba ho loka ke efe?
13 Likarolong tse ngata tsa Afrika, ba baloang ka likete ba arabetse molaetsa oa ʼnete joalokaha o boleloa moo ke lipaki tse tšepahalang tsa Jehova lekholong la bo20 la lilemo. Libakeng tse ling, tse kang Nigeria, Afrika Boroa, Zambia, Zimbabwe le Malawi, lipeō tsa ʼnete li ile tsa jaloa khale hoo e ka bang ka 1923 ho ea ho 1927, ha linaheng tse ling, tse kang Mali, Mauritania, Upper Volta le Rwanda, molaetsa o sa ka oa hlahisa baboleli ba ʼMuso ho fihlela pakeng tsa 1962 le 1970. Ruri nako e-ea tšoaneleha bakeng sa ho etsa eng kapa eng e ka khonehang ho thusa ba nyoriloeng hore ba tle metsing a ʼnete pele Jehova a re mosebetsi o lekane. Zambia pula-maliboho ea khethehileng a etela ramotse ea neng a bontša ho thahasella molaetsa oa ʼMuso haholo. Ramotse a memela ba bang puisanong hoo ka kakaretso batho ba 18 ba ileng ba mamela molaetsa oa pula-maliboho ea khethehileng ʼme ha fella ka hore ho qalisoe lenane le itseng la lithuto tsa Bibele. Kamorao ho nako phutheho ea moo bahoeletsi ba eona ba eketseha ho tloha ho 65 ho ea ho 86. Kajeno ho na le libaka tse fokolang ka palo lefatšeng la Afrika moo ho seng Lipaki tsa Jehova tse bolelang ‘litaba tse molemo.’
14. Ke phihlelo efe e thabisang haholo e tlalehoang e etsahetse lihleke-hlekeng tsa Torres Straits?
14 Litlaleho tse tsoang likarolong tse ling tsa lefatše selemong sena se fetileng li paka mahlohonolo le tsoelopele. Karolong e ka leboea haholo ea Australia ho na le lihleke-hleke tsa Torres Straits. Moo ho na le sehlopha sa lihleke-hleke tse 100, ʼme tse 20 ho tsona li na le baahi. Se seng ho lihleke-hleke tsena, Thursday Island, se na le phutheho e hōlang ea Lipaki tsa Jehova. Molebeli oa potoloho le baena ba babeli ba Thursday Island ba etela sehleke-hleke se seng se bitsoang Sue, moo ba ileng ba amoheloa ka mofuthu. Molula-setulo oa sehlekehleke kamoo a bitsoang kateng, o ne a memme baena hore ba tle kaha a thahasella ʼnete ea Bibele le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, a na le libuka tsa Lipaki tsa Jehova. Baena ba makala haholo ho fumana hore molula-setulo enoa o hata ka matla haholo litabeng tsa bohloeki le makhethe har’a batho ba sehleke-hleke hammoho le boitšoaro ba bona. Kamehla o lokisetsa hore batho ba be le botsoalle bo itseng ba moea. Nakong ea boeti ba baena, ba mamela lipina tse ileng tsa binoa nakong ea pokano e ʼngoe, tseo mantsoe a tsona a neng a nkiloe ho tse ling tsa libuka tsa Watch Tower Society. Ba bile le hona ho fana ka puo ho batho ba ka bang 40, le ho ba khothatsa boithutong ba bona ba Bibele ka hore ba sebelise libuka tsa Mokhatlo.
Bopaki Lefatšeng Lohle
15. Ka baka leo, ke eng e tsoelang pele e le boikarabelo ba baboleli ba Jehova ba ʼMuso?
15 Ke hangata hakaakang re ʼnileng ra qotsa mantsoe a Jesu ho Mattheu 24:14 hore “Evangeli ena ea ʼMuso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle, ʼme e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Bopaki ba ʼMuso bo fanoa ka polelo le ka ketso ke bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ha ho fanoe ka bopaki bo lekaneng—e leng ho ka boleloang feela ke Jehova Molimo—bofelo bo tla tla. Seo re se abetsoeng ho ea pele, ke ho fana ka bopaki ka ketsahalo e khōlō eo lefatše le tla e bona, ho tla ha ʼmuso oa Jehova matsohong a morena oa hae ea busang, Morena oa rōna Jesu Kreste.
16. (a) Ke lipalo life tse teng tse bontšang hore Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore joale ke nako ea ho bolela Lentsoe? (b) Ke potso efe ea botho eo joale e botsoang ka e mong le e mong ho rōna?
16 Linaheng tse 206 le lihleke-hleke lefatšeng selemong se fetileng ho sebelitsoe lihora tse 358 581 547 ke bahoeletsi ba litaba tse molemo tsa ʼMuso ba 2 361 896 ho jala molaetsa o thabisang. Ba tsamaisa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 1 475 177 hammoho le ho tsamaisa libuka le libukana tse 31 444 062 le limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 234 163 921 lefatšeng ka bophara. Hoo, ha ho phaelloa bopaking bo boholo bo fanoeng ka lilemo tsena tse ngata lekholong la lilemo la bo20, ho fana ka bopaki bo bongata ba takatso ea batho ba Jehova ho tsoela pele ho seo ba se rōmiloeng ho ‘bolela litaba tse molemo ho ba pelo li robehileng, ba tlamiloeng, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona, ho bolela ngoaha ea mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna, le ho tšelisa ba llang kaofela.’ (Esaia 61:1, 2) Na HONA JOALE u kopanela ho boleleng Lentsoe la Molimo le ʼmuso oo a o tšepisitseng?
17. Ke bopaki bofe bo bong ba tlhohonolofatso ea Jehova boo joale re nahanang ka bona?
17 Ka selemo sa tšebeletso sa 1981 batho ba 119 836 ba ikopantse le ba seng ba neetse bophelo ba bona ho Jehova le ho tšoantšetsa ho joalo ka kolobetso ea metsing. Bana bohle re ba amohela boeneng ba Bokreste. Ha u hlahloba chate e makasineng ena, e thathamisang mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso oa Lipaki tsa Jehova ka selemo sa tšebeletso sa 1981, u tla bona hore ho tloha Bochabela ho ea Bophirima ba likete-kete ba ʼnile ba tla fumana metsi a bophelo le ʼnete e fanoang Lentsoeng la Molimo, ʼme ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ʼMuso.
18. Kaha tsatsi le leng le le leng nako e saletseng e ntse e qepha, hona ho bolela eng ka bohlokoa ba mosebetsi oa rōna oa ho bolela, kahoo re lokela ho etsa qeto efe?.
18 Tsatsi le leng le le leng, nako e saletseng tsamaiso ena e khopo ea lintho e ntse e qepha, ho bolelang hore monyetla oa rōna oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ e ntse e ba oa bohlokoa haholo. E se eka letsatsi le leng le le leng le ka re fumana re ntse re iteka ho ipaka re le balateli ba tšepahalang ba Jesu, ba batlang ho etsisa tsela eo a phetseng ka eona e le mophahamisi oa borapeli bo hloekileng. Joaloka Davida ea tšepahalang, e se eka cheseho bakeng sa ntlo ea Jehova, borapeli ba hae bo hloekileng le bo se nang letheba, e ka re etsa hore re eme re tiile botšepehing ba rōna le ho tsoela pele har’a baboleli ba ʼMuso ho fihlela Jehova a re mosebetsi o phethehile.—Pesaleme ea 69:9.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Keketseho ea baboleli ba Lentsoe AMERIKA HARE le BOROA—
1945 . . . 4 720 bahoeletsi
1981 . . . 373 919 bahoeletsi
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]
Keketseho ea baboleli SPAIN, PORTUGAL le ITALY—
1945 . . . 90 bahoeletsi
1981 . . . 159 972 bahoeletsi
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
Keketseho ea Lipaki AFRIKA—
1945 . . . 19 083 bahoeletsi
1981 . . . 300 989 bahoeletsi
[Chate e leqepheng la 26-29]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1981 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)