Lebaka la ho Tšepahala ke Lefe?
KA NEPO Bibele e hlalosa Jehova e le “Molimo oa ’nete,” e le ‘ea sa thetseng.’ (Pesaleme ea 31:5; Tite 1:2) Ho tloha nakong eo motho a bōpiloeng ka eona, Jehova ha a ka a fetoha ho hlokeng hore barapeli ba hae ba ‘nete ba tšepahale linthong tsohle.’—Zakaria 8:16, 17.
Haeba motho a tla tšepahala, ke habohlokoa hore a se ke a tataisoa ke maikutlo a batho ba motse empa ke melao ea Jehova Molimo ka boeena. Ena e tlalehiloe ka Bibeleng.
Kamoo Molimo o Sebelisaneng le Iseraele
Molaong oa hae o neng o neiloe sechaba sa Iseraele, Jehova a laela hore: “Le se ke la utsoa, ’me le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang. Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Molimo oa hao. Ke ’na Jehova.”—Levitike 19:11, 12.
Masholu a ne a sa phomelle habobebe. A ne a tlameha ho tšelisa eo ba mo utsoelitseng. ’Me haeba a se na se hlokoang ke molao, a ne a fetoha makhoba hore a lefe molato ka tšebetso ea oona.—Exoda 22:1-4.
Jehova o ne a qaqisa lintlha tsa hae e le hore ho utloisisoe hantle ’nete ea hore o nyatsa bolotsana ka mefuta eohle. A lemosa ka matla khahlanong le ‘maleme a bohata,’ mantsoe a bonolo empa e le a bolotsana, bosholu bo etsoang ka likhoka le ka lekunutu, hammoho le likala tse bolotsana bakeng sa khoebo.—Liproverbia 1:10-19; Daniele 11:32; Mikea 6:11, 12.
Tlhokahalo ea Bokreste
Na tlhokahalo ea bomolimo ea botšepehi e ile ea fetoha ha ho theoa phutheho ea Bokreste? Le hanyenyane!
Ka ho qala leshano le ka ho utsoa, Bibele e laela Bakreste hore: “Le se ke la thetsana ka mashano.” ‘Ha e le mona le se le tetse leshano, bolelang ’nete e mong le e mong ho ngoan’abo . . . Ea neng a utsoa a se hlole a utsoa, empa a sebetse ka thata, ka matsoho a hae a sebetse mosebetsi o molemo a tle a be le seo a ka se abelang ea hlokang.’ ‘Ho se ke ha e-ba e mong har’a lōna ea utloisoang bohloko ke hobane e le . . . lesholu, kapa sesinyi.’—Ba-Kolosse 3:9; Ba-Efese 4:25, 28; 1 Petrose 4:15.
“Ho teba ha taba ho hatisoa ke mantsoe ana a temoso: “Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, . . . le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa le ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ho lōna le neng le le sona.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Hlokomela hore har’a Bakreste bao ba pele ba bang e ne e le masholu le ba lakatsang leruo, empa ba fetola tsela eo ba phelang ka eona. Ka botumo ba batho ba Kreta, moapostola Pauluse a qotsa se ileng sa boleloa ke motho oa Kreta, mohlomong ke seroki Epimenides, e le ea reng: “Ba-Kreta ke mahata ka mehla, ke liphoofolo tse mpe, ke limpa tse botsoa.” (Tite 1:12) Har’a Bagerike lebitso “Kreta” e ne e le ntho e bolelang ntho e le ’ngoe le “lehata.” Empa ba bang har’a baahi ba Kreta ba fetola litsela tsa bona ’me ea e-ba Bakreste ba ’nete. Har’a bona ha e-ba le baholo ba Bakreste ba neng ba tumile ka hore ‘ha ba nyatsuoe ka letho, ha ba molato oa ho rua ka thetso, ba rata se molemo, ba lokile, ba tšepeha, ba na le boitšoaro.’—Tite 1:7, 8.
Ke Eng e Entseng Hore ba Fetohe?
Ho tseba ha bona Jehova, “Molimo oa ’nete,” le ho ithuta hore na o hloka eng ho bahlanka ba hae hore ba fetohe. Mohlala oa bona ea e-ba Jesu Kreste, ea “ba sietseng mohlala hore ba tle ba o latele haufi.’ Ka ho ithuta mokhoa oo Jesu a neng a phela ka oona, ba fumana hore ‘ho ne ho se thetso molomong oa hae.’ Ka lithuto tsa hae ba ithuta hore: “Joale ka ha le rata ho etsoa ke batho, ba etseng joalo le lōna.”—1 Petrose 2:21, 22; Luka 6:31.
Bonneteng, ho ke ke ha etsahala hore e be ba ile ba fetoha ka bosiu feela. Ke ka baka leo, ka mohlala, moapostola Pauluse a ileng a ngolla Tite hore a ’ne a “hopotse” Bakreste ba Kreta litaba tse itseng tse amanang le boitšoaro ba bomolimo. (Tite 3:1-3) Ka lekhetlo la pele mohlomong ba ile ba ikutloa hore ho apara botho bo bocha ho thata. Ha ba boetse ba boela morao mohlomong ba ne ba ikutloa ba nyahama lipelo. Empa ho ananela tokisetso e babatsehang eo Jehova a e entseng ho tšoarela libe tsa bona tsa nakong e fetileng motheong oa ho lumela sehlabelo sa Jesu Kreste ho ne ho e-na le phello e matla. ’Me ha ba ntse ba ithuta ho tšepa Jehova le ho batla thuso ea moea oa hae, ba fumana hore ba ntse ba fetoha ka liphetoho tseo ba neng ba sitoa ho li etsa ka bobona.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 6:11.
U Ho Etsa Hobane’ng?
Empa lebaka la ho loana ntoa eo ke lefe? Ke hobane’ng ha u ka phehella hore u tšepahale nthong e ’ngoe le e ’ngoe?
Re ke re qaleng ka lapeng. Phello ke efe ha balekane ba lenyalo ba iphumana hore ha ba tšepane? Ho ka ’na ha qalisa ka lintho tse nyenyane haholo, empa kapele kamano eohle e-ea senyeha. Ka lehlakoreng le leng, ho tšepahala linthong tsohle ho tiisa tlamano ea lenyalo. ’Me ke tšusumetso e matla bakeng sa botle le bophelong ba bona.
Ka ntle ho lelapa, ho tšepahala ha hao ho bontša hore na u talima batho ba bang joang. Mona kotlo ke eona e thibelang ho etsa phoso. Empa ho na le matla a tlamang haholoanyane. Moapostola Pauluse o ngolile hore: “U se ke ua utsoa, . . . u se ke ua lakatsa ntho ea e mong, leha e le melao efe le efe e sa leng teng, e akarelitsoe ke polelo ena e reng: Rata oa heno, joale ka ha u ithata.” (Ba-Roma 13:9) Hore re ratuoe re tlameha ho rata. Motho ea tšepahalang o thabela likamano tse ntle le ba bang. Hape o khotsong ka boeena. Ha ho letsoalo le tšoenyehileng le mo hlobaetsang bosiu. Ha a hetle nako le nako e le hore a se tšohe a tšoaroa.—Ba-Roma 13:3-5.
Leha ho le joalo, habohlokoa ho tsohle ke kamano ea motho le Molimo. Ke lerato le tiileng bakeng sa Jehova le takatso ea ho amoheloa ke Eena tse tla khannela motho ho loana le ho se phethahale ha hae le ho tšepahala ha ba bang ba sa tšepahale.—Pesaleme ea 15:1-5.
Na ho na le batho ba hlileng ba etsang hona kajeno? A re boneng.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
Motho ea tšepahalang o na le letsoalo le hloekileng ’me le bosiu o-oa khaleha