Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 8/1 maq. 6-7
  • Ba ho Etsa—Ka Botšepehi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba ho Etsa—Ka Botšepehi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na o Ne a tla Qhekella Lebitsong la Mohiri?
  • Lesholu le Hlometseng Lea Fetoha
  • Ha a sa Utsoa, ha e sa le Lesholu
  • Bophelo bo nang le Bokamoso
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na Botšepehi Boa Putsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Molemo oa ho Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 8/1 maq. 6-7

Ba ho Etsa—Ka Botšepehi

EKABA ho babatsehang hakaakang ho sia lemati la hao u sa le koala ’me u sa tšoha hore u tla utsoetsoa! E ne e tla ba monyaka o mokaakang bophelong le matla ho tšepa e mong le e mong le ho tšeptjoa e le uena!

Empa sena sohle se qala ho motho ka mong, na ha ho joalo? Boiteko ba rōna ba botho bo tla pele.

Nahana ka mehlala e seng mekae ea batho ba ileng ba hlōla litšekamelo tsa bona tse mpe ’me ba loanela ho itokolla hobane ba ne ba batla ho etsa joalo.

Na o Ne a tla Qhekella Lebitsong la Mohiri?

Rio de Janeiro, Brazil, monna e mong o ne a talimane le ho lahleheloa ke mosebetsi oa hae ntle leha a ka tsoela pele ho qhekella ba rekang. O iphumane a le boemong bona molato? Kamor’a hore a phethe taelo ea mong a hae ntle ho letsoalo, a qala ho ithuta melao ea Molimo ka Bibeleng. Joale o ne a tla etsa joang? Ka bokhabane a etse se boleloang ke Bibele? Le hanyenyane. A ikela ka tsela e bonolo; a khaotsa ho ithuta Bibele. A ’na a ba mosebetsing oa hae ka nakoana. Empa taba ha e-ea fella moo.

Letsoalo la hae le ne le sa phomole eaba joale o itokolla mosebetsing. (Ba-Roma 2:14, 15) E tlameha e be lithapelo tsa hae ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle li ne li arabetsoe, hobane o ile a batla e mong oa Lipaki tsa Jehova ea phelang haufi le eena hore a tsoelepele ka thuto ea hae ea Lentsoe la Molimo. Ho khahlisang, kamorao ho nakoana mong a hae a boela a mo bitsa hape. Hobane’ng? O ne a batla hore a khutle. Monna ea neng a hiriloe bakeng sa hae e ne e se molotsana ho bareki feela empa hape le ho mong a hae. Ho sa le joalo, a tiile boikemisetsong ba hae ba ho tšepahala, seithuti sa Bibele sa bolela hore se nahana ho khutla, empa e le ha feela se lumelloa ho etsa ka tsela ea sona—se tšepahala tlas’a maemo ’ohle. Ntlha ena ea lumeloa. Ho tšepahala tlas’a maemo ’ohle. Ntlha ena ea lumeloa. Ho tšepahala ha hlōla, ’me monna enoa ke Mokreste ea kolobelitsoeng hona joale.

Lesholu le Hlometseng Lea Fetoha

Na lesholu le hlomelang le ka fetola tsela eo le phelang ka eona? Brazil e ka boroa mocha ea lilemo li 19 e ne e le oa sehlopha se neng se thuha matlo. Ha a le teronkong a kopana le libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke Watch Tower Society. Seo a ithutileng sona sa mo nyarosa. Lintho tseo Jehova a li hlokang ho Mokreste li ne li fapane hole le tsela eo a phelang ka eona, le hoja a ne a ipolela hore ke Moroma K’hatholike.

A ’na a tsoela pele butle-butle. Kananelo ea hae ea hōla ha lipelaelo li ntse li tsoa. Kajeno o ithuta Bibele ka boeena le batlamuoa ba bang, ’me o tsebisahala ho baokameli ba teronkong, babuelli ba molao le baahloli ka phetoho ea hae e tsotehang. Ba boholong ba khahliloe haholo ke boitšoaro ba hae bo fetohileng hoo ba lumellang thuto ea Bibele ea sehlopha hore e tšoaroe beke le beke ho le teng ba 40.

Ha a sa Utsoa, ha e sa le Lesholu

London, England, mocha a utloa a tennoe ke tsamaiso e mo potileng hoo e bileng lerabele pepenene. A se na mosebetsi o tiileng ’me a sa batle le ho sebetsa, a fumana hore tšusumetso ea hore a utsoe e matla. E le moshemane ea tsamaisang lintho tsa mosebetsi o ne a inkela tse ling ’me a utsoa le lipompong mabenkeleng. A phakisa a ikopanya le sehlopha se thuhang, empa a tšoaroa, a qosoa a ba a ahloloa. A le lilemo li 16 feela, a rōmeloa sekolong sa khalemelo sa Manyesemane se bitsoang Borstal. A lokoloha kamorao ho lilemo tse peli, ka nakoana a lula a sa khathatse, a tšaba hore o tla koalloa hape.

Na sekolo se ne se mo lokisitse? E seng hakaalo. Kamorao ho selemo o ne a khutletse ho “lalla” hape. E le ea lefisang beseng a ipha monyetla oa linako tsa ha batho ba le bangata hore a nke chelete ho e-na le ho ntša litekete. A boela a lahleheloa ke mosebetsi. Ho sa le joalo, a nyala, empa qalehong ea litaba feela ha hlaha mathata a tebileng ka baka la ho tahoa ha hae le ho bōka.

Ntlheng ena, likhoeli tse peli hoba ba nyalane, banyalani ba kopana le Bibele. Ba lumela hore ba rutoe Bibele. Na ho ile ha ba etsetsa phetoho ea mohlolo ka potlako? Ka ho utloahalang, ha hoa ba joalo. Bolotsana bo ne bo metse ka metso. Ha a ka a hlola a kopanela thutong. Leha ho le joalo, peō e ne e jetsoe.

Ha a hopola, o lumela hore botebong o ne a tseba hore seo a se utloileng ka libeke tse seng kae thutong ea Bibele e ne e le ’nete ’me ke oona mokhoa feela oa hore a ka loka. Pelo ea hae e ne e ho batla, empa a se na matla. Ka letsatsi le leng a loana le lepolesa. A tšoareloa ho khanna koloi e sa sireletsoang ka molao a bile a tahiloe. Eare ha a icheba ka seiponeng hoseng ka le latelang ’me a bona hempe ea hae e tšoeu e koahetsoe ke mali, a inahana ka botebo ka boemo ba hae.

O re, “Ke ne ke bulehetsoe ke litsela tse peli feela. Ke epeloe ‘six feet’ kapa ke hloekise mekhoa ea ka; ke khethe. Ka rapela Jehova hore a rōmele Paki eitseng. Ea fela ea fihla ’me ka e kōpa hore e ithute Bibele le ’na. E ne e le ka Pulungoana 1973. Ka Tlhakubele 1974 ka kolobetsoa.”

Na ho bile bonolo ho eo eo e neng e le lesholu? O arabela a re, “Che.” Mathata a bile teng, ka boikutlo ka ’na ka khutlela morao. Ntle ho thuso ea Jehova nka be ke sa tsoa moraheng oo ke neng ke le ho oona.”

O tseba hore thabo e itšetlehile ka ho sebelisa molao oa Molimo oa lerato. “Lelapa la ka le kopane Holong ea ’Muso. ’Me ke leka ho hōlisa bana ba ka ka tsela ea Molimo. Ke masoabi hore batsoali ba ka ha baa tseba seo ke se tsebang ’me kahoo ba sitiloe ho nthusa.”

Bophelo bo nang le Bokamoso

Lefatšeng lena le tsoetseng pele, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha monyetla o le teng lesholu le teng. Empa le bao e neng e le masholu pele baa bona hore bophelo ba botšepehi bo na le ho hongata.

Hobane’ng? Hobane bo fella ka bokhabane, letsoalo le letle, ho tšepahala ’me, ho feta tsohle, ho khahlisa Molimo. Ke tlhokahalo e khōlō bakeng sa bophelo taolong e ncha ea Molimo e haufi hakana, ha ho utsoa le bolotsana li ke ke tsa hlola li e-ba teng.

Lerato e tla ba lebaka le laolang bophelo bo khotsofatsang haholo le bo feletseng lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea lilemo tse sekete ea Kreste Jesu. Ho tšepahala ho tla rena ka hohle. Ke hobane’ng ha u sa ithute ho hongata ka tšepo ee e tšoanelehang hona joale? Lipaki tsa Jehova tse motseng oa heno li tla thabela ho u thusa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela