Bacha ba Thabileng Lefatšeng le Silafetseng
Sehlooho sena se ngoletsoe bacha ka ho khetheha. Kahoo re mema bacha hore e be bona ba etellang pele ha ho buisanoa ka sona Holong ea ’Muso.
“U hopole ’Mōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moeklesia 12:1.
1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba nahana hore ena hase nako e ntle ho ba mocha?
KE NAKO e ntle hakaakang ho ba monyenyane! Na hoo ho utloahala e le mohlolo ho uena? Bacha ba bangata ba ka supa maemo a mabe ao ba a bonang—bonokoane bo literateng, boitšoaro bo bobe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kemaro ea bacha, ho ntšoa ha limpa le mafu a litšila a tšoaetšanoang. Ba ka supa kotsi ea ntoa ea athomiki kapa tšilafatso e senyang lefatše. Ba ka botsa hore na ke joang ena e ka bang nako e ntle ho ba monyenyane, u talimane le bokamoso.
2. (a) Ke hobane’ng ha ee e le nako e ntle ea ho phela? (b) ’Nete eo e lokela ho ba le phello efe ho uena?
2 Bacha ba bang ba tseba hore boprofeta ba Bibele bo bolela hore Molimo o ke ke oa lumella batho hore ba senye lefatše. Bibele e tšepisa hore Molimo o tla fetola lintho—hore o tla kenella ’me o tlise maemo a ho loka le khotso. (Pesaleme ea 37:10, 11; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4; 11:18) Na u kholoa litšepiso tseo? Haeba ho joalo, li lokela ho ba le phello e khōlō bophelong ba hao, hobane li bolela hore u na le bokamoso bo khanyang.
3. Ke hobane’ng ha ho se ea lokelang ho ameha ka hore o monyenyane hore a ka sebeletsa Molimo?
3 Mohlomong u-ua nahana: ‘Oho, ke monyenyane haholo bakeng sa seo sohle.’ Empa na ho joalo? Bibele e phehella bacha—bashemane le banana hore ba sebeletse Molimo (Pesaleme ea 148:12, 13) E bolela ka ngoanana e monyenyane oa Moheberu ea ileng a etella pele molaoli oa makhotla a Syria, Naamane hore e be e mong oa barapeli ba Jehova. (2 Marena 5:2, 3, 15-17) E bolela hore bana ba ile ba hooa Jesu ho mo roka, le hore ha baeta pele ba bolumeli ba khoboheloa, Jesu a ba botsa: “Na ha le e-so ho ka le bala taba e reng: U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang.” (Mattheu 21:15, 16) Jesu o ne a bontša ho thahasella bana ka boeena. A re ba tloheloe ba tle ho eena. ’Me liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li hlile li thahasella bacha kajeno—le lintho tse ntle tseo ba li etsang ho sebeletsa Molimo.—Mattheu 19:14.
Melao-Motheo ea ho Phela ka Thabo
4. Bibele e ka u thusa ho phela bophelo bo thabileng haholo joang?
4 U-ua tseba hore batsoali ba hao ba batla ha u thabile. Ho joalo le ka Ntate oa hao oa leholimo, Jehova Molimo. Lentsoe la hae, Bibele, le fana ka temoso e ka u ntšang likhathatsong tse ngata. Ha le u bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u lokelang ho e etsa, empa, mabakeng a mangata, le bolela melao-motheo feela. Tsena ke linnete tse u neang motheo oo u ka etsang liqeto ka lintho ka oona, kahoo boahloli ba hao bo botle bo tla u bolella se nepahetseng. Ka mohlala, molao-motheo ke ona o boletsoeng sehloohong se fetileng le oo mohlomong u atisang ho o utloa ka makhetlo a mangata ha ho boleloa ka oona: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:33.
5. (a) Tse ling tsa litsela tseo “litloaelano tse mpe” li ka bolisang mekhoa e metle ka tsona ke life? (b) Mangolo a qotsitsoeng serapeng see a bontša eng ka (1) puo e mpe, (2) lipale tse litšila, (3) boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali?
5 Hoo ho bolela eng? Ho bolela hore re susumetsoa ke batho ba re potolohileng. Ha u qeta nako e telele u na le batho ba sebelisang puo e litšila kapa ba phetang lipale tse litšila, u ka ’na ua latela mohlala oa bona. Ha u tloaelane le batho bao maikutlo a bona ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo a fapaneng le ao u tsebang hore a hlokoa ke Molimo, u tla fihla ntlheng eo ho eona u sa nyarosoeng ke lintho tseo. U ka tloaelana le batho ba joalo u sa ho hlokomele. Ha u bala libuka kapa u shebella libaesekopo kapa thelevishene, u kenya mohopolo oa mongoli ka kelellong ea hao. Haeba maikutlo ana a le mabe, a ka silafatsa kelello ea hao. Bibele e re ho se ke ha thabeloa lintho tse joalo, empa li qojoe. (Ba-Efese 5:3, 4; bapisa 1 Ba-Korinthe 6:18.) Hape e re: “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
6. (a) Ke mathata afe ao batho ba bileng le oona ka baka la ho hlokomoloha keletso ea Bibele ka litloaelano tse mpe? (b) Re lokela ho hopola eng ka likelello tsa rōna, ’me ke hokae moo re ka fumanang litloaelano tse ntle?
6 Re susumetsoa ke batho ba re potolohileng. Joalokaha The Living Bible e ngola 1 Ba-Korinthe 15:33: “Ha u ba mamela u tla ba etsisa.” Bacha ba ’nile ba kena molekong oa hore ba tsube, ba sebelise lithethefatsi hampe, ba utsoe le ho etsa lintho tsa mefuta eohle tse se nang boitšoaro hobane metsoalle ea bona e etsa lintho tsena kapa e ba soma ha ba sa li etse. Na u nahana hore batho ba u somang ha u etsa hantle ke metsoalle e metle? Ke habohlokoa ho hopola hore kelello ea hao e tšoana le computer. Ha u e fepela litaba tse fosahetseng, ho eona u tla fumana liqeto tse fosahetseng. Kahoo ke bohlale ho tloaelana le batho ba barapeli—le ba tlang Holong ea ’Muso le ba sebelisang seo ba ithutang sona moo.—Liproverbia 18:24.
7. (a) Na e mong le e mong ea tlang libōkeng tsa Bokreste o sebelisa metheo ea bomolimo? (b) Ke mohlala ofe oa mehleng ea Samuele o bontšang hore hona ha ho hocha? (c) Samuele a etsa joang, hona ka liphello life?
7 Joale u tla etsa joang haeba motho ea neng a lokela ho bea mohlala o motle a sa ho etse? Hona ho etsahetse ka makhetlo mehleng ea Bibele. Samuele e monyenyane o bile le tokelo ea ho sebeletsa sebakeng sa Jehova sa borapeli empa bara ba moprista e moholo Eli ba bea mohlala o mobe haholo. E ne e le maoatla a tlōlang molao oa Jehova ba bile ba e-ba le likamano tsa boitšoaro bo bobe le basali ba neng ba sebeletsa moo ho rapeloang Jehova. Empa Samuele e monyenyane o ne a tseba se nepahetseng. Ha a ka a latela mohlala oa bona o mobe. Bibele e re: “Ha e le mohlankana Samuele, o na a ntse a hola, a ntse a khahlisa Jehova le batho.” (1 Samuele 2:12-17, 22-26) Molimo oa hlohonolofatsa Samuele haholo. A hōlela ho ba moprofeta, ’me a sebelisetsoa ho ngola libuka tsa Bibele tsa Baahloli le Ruthe le karolo ea buka ea Samuele oa pele, e nang le lebitso la hae. Ke mohlala oa polelo e entsoeng ho Liproverbia 20:11: “Esita le moshanyana o itsebahatsa ka liketso tsa hae, ha metsamao ea hae e tla ba metle, e loke.” Ka ho totobetseng, ha u bona motho e mong a etsa hampe u rata ho tšoana le Samuele e monyenyane e seng bara ba Eli, ba neng ba tseba tsela ea Jehova empa ba sa batle ho e latela.
Letsoalo la hao la Bokreste
8. Letsoalo la Mokreste e monyenyane le rutiloeng ka Bibele le ka mo thibela ho etsa joang?
8 Joaloka Mokreste ea tšepahalang e monyenyane, u-ua tseba hore ho na le lintho tseo letsoalo la hao le rutiloeng ke Bibele le sa tlo u lumella ho li etsa. Ka mohlala, u-ua tseba hore matsatsi a mangata a phomolo a qalehile boheteneng. A tsoa mekhoeng ea bolumeli ba bohata. Kahoo letsoalo la hao le ke ke la u lumella ho a keteka. Hape u-ua tseba hore likolo li na le mananeo a bosechaba kapa mekete e phahamisang lichaba tsa habo tsona holim’a tse ling, ’me kahoo ha e tumellanong le maikutlo a hao a theiloeng Bibeleng a hore “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang.” (Liketso 17:26) Hape, u-ua tseba hore likolo li fetelletsa lipapali tsa litlhōlisano, li phehella liithuti ho senya nako e ngata lipapaling tse joalo—e seng feela lebitsong la boithabiso empa e le ka matla a ho hlōla hoo ka linako tse ling ho fellang ka lintoa.a
9, 10. Bakreste ba bang ba bacha ba sebelitse mathata a joalo joang?
9 Na ho latela melao e phaha-phahameng hoa u thatafalla? Paki e ’ngoe e nyenyane e ile ea hlalosa hore: “Mathata a rōna ha a be mangata ka matsoalo a rōna a Bokreste ha feela re tsebisa tichere boemo ba rōna pele ho nako—pele bothata bo hlaha.” Bacha bao ka mofuthu le ka hlompho ba hlalosang lebaka la maikutlo a itseng a theiloeng letsoalong la bona la Bokreste—’me hona ba ho etsa pele tichere e ema ka pele ho sehlopha le pele taba e phahamisa maikutlo—ba fumana ba e-na le mathata a fokolang ntlheng ena.
10 Mocha ea neng a rata ’mino ’me a batla ho kopanela sehlopheng sa liletsa sa sekolo a re: “Ka hlalosetsa tichere ha likolo li buloa hore ke rata ho kena sehlopheng sa liletsa, empa hore ho na le ’mino oo nke keng ka kopanela ho oona, ’me ka e tsebisa hore na hobane’ng.” Ha ho tla ’mino o joalo, tichere e tseba e sa le pele hore seithuti sena se tla lula se khutsitse se sa bapale. Ha e le hantle ho tsejoa ka matichere a ileng a hlophisa lenaneo kahosele ho lumellana le letsoalo le joalo la Bokreste. Bonneteng, joalokaha bacha ba totobatsa, hoa thusa ha u e-na le botumo bo botle litabeng tse ling tsohle tsa sekolo—ha matichere a tseba hore u hlile u phelela bolumeli ba hao le hore u iteka ka matla lithutong.
Lipheo tse Molemo
11. (a) Lipheo li ka ba molemo joang ho bacha? (b) Lipheo tse ling tsa bohlokoa ke life?
11 Litokisetso tsa hao tsa nako e tlang ke life? Na u-ua hlokomela hore batho ba bangata baa li hloka? Ha ba na lipheo, kahoo ke seoelo ba atlehang. Ba nka eng le eng e hlahang empa ba finyella ho fokolang. Sepheo se seng e ka ba ho ithuta ho fihlela sehlopheng se itseng. Se seng e ka ba ho ithuta mosebetsi o itseng oa matsoho hore u tle u tsebe ho iphelisa.
12. Lipheo tse ling tsa bohlokoa haholo ke life?
12 Empa Bibele e bontša hore re hloka le lipheo tsa moea—lintho tseo re lokelang ho li finyella tšebeletsong ea Molimo. E bolela hore motho ea “phehellang ho loka” o tla ratoa ke Jehova le hore o tla “fumana bophelo, le ho loka, le khanya.” (Liproverbia 15:9; 21:21) Jesu o itse: ‘Ho tloha mehleng ea Johanne Mokolobetsi . . . ’muso oa maholimo ke pakane eo batho ba e hahamallang.’ Pauluse o itse: “Ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le eena a nkhapetseng sona . . . ke hahamalla . . . pheo.” (Mattheu 11:12, NW; Ba-Filippi 3:12-14) Kahoo, ho hotle ho ba le lipheo tse molemo.
13. Tsebo e nepahetseng ke ea bohlokoa hakae?
13 Kaha u le mocha kajeno, na u phehella tsebo? Bacha ba bangata ha ba ho etse. Empa ho tseba ka Jehova ke habohlokoa haholo. Thapelong ho Ntate oa hae, Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notsi oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo rōmileng.” (Johanne 17:3) E be lebaka la bohlokoa ho feta leo e ka ba lefe?
14. Ke tsoelopele efe e tlang bohato ka bohato e ka u thusang ho tseba Jehova le ho utloisisa Lentsoe la hae?
14 Na u fumana Lentsoe la Molimo le libuka tsa Watch Tower Society tse le hlalosang li khahlisa, kapa u nahana hore ho thata ho li utloisisa? Haeba u fumana ho le thata ho li utloisisa, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e tla u thusa ho fumana pale eohle ea Bibele ka tatelano e nepahetseng. E tla u thusa ho kolokisa lintho hantle le ho li utloisisa habonolo haholo. Joale, buka Bocha ba Hao-ho Fumana se Molemohali ho bona e tla u thusa ho utloisisa metheo ea Bibele e tla eketsa thabo bophelong ba hao. Ha u ithuta haholo, ho ithuta ho tla ba bonolo ho uena, ’me u tla rata ho lokisetsa litaba tse tebileng haholoanyane, ho akarelletsa thuto ea Molula-qhooa, taba ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo le ho baloa ha Bibele ha beke le beke. Hona hohle u ke ke ua ho etsa ka letsatsi le le leng, empa u ka hōla moeeng haeba u ipeela lipheo ’me u tsoela pele bohato ka bohato ho ea tsebong le bohlaleng.—Liproverbia 1:5; 2:10-12.
15. Ke lipheo life hape tseo u ka ipeelang tsona?
15 Na u phehella litokelo tsa tšebeletso ea Bokreste? Na u na le sepheo sa botho sa ho finyella nako eitseng mosebetsing oa ho ruta oa ntlo le ntlo ka beke kapa ka khoeli? Na u khothalletsa bacha ba bang ho tsoa le uena? Na u na le sepheo sa ho ba le tsebo e eketsehileng ea ho ruta maetong a ho boela le lithutong tsa mahae tsa Bibele? Bacha ba bang ba na le sepheo sa selemo le selemo sa ho ba bo-pula-maliboho (baboleli ba ithaopileng ba nako e tletseng) ha likolo li phomotse.
16. Ke lipheo life tsa nako e telele tse ka nahanoang?
16 Lipheo tsa nako e telele tsona? U rata ho finyella eng ka nako ee selemong se tlang? Kapa lilemong tse hlano tse tlang, haeba bofelo ba tsamaiso ee bo sa tla? Na u na le sepheo sa nako e telele sa ho ba ’moleli oa pula-maliboho kapa ho thabela litokelo tse ling, tse kang ho ba setho sa lelapa la Bethele le fanang ka libuka tsa Bibele bakeng sa karolo eo u leng ho eona ea lefatše? Ho bea lipheo, le ho li haba, ke tsela ea ho lebisa bophelo ba hao tseleng e molemo haholoanyane.
17. (a) Ke hokae moo u ka fumanang mehlala ea batho ba ileng ba hōlisa tsebo e joalo le matla bocheng? (b) Na u tseba ka mehlala e lokelang tlhaloso ee?
17 Nahana ka baholo ba lerato phuthehong eo u leng ho eona le ka balebeli ba hao ba potoloho le ba setereke. E kile ea e-ba bacha joaloka uena. Empa lilemong tse fetileng ba finyella ho hōla tsebong le bohlaleng le ho sebeletseng Molimo le bana babo bona. Na mohlala oa bona o u khothalletsa ho sebelisa nako ea hao hamolemo eo u nang le eona bocheng? Haeba ho joalo, u ka tšoana le mopesalema ea ileng a ngola hore: “Molimo, u nthutile e sa le le bocheng ba ka, ’me ke ntse ke tumisa mehlolo ea hao ho fihlela la kajeno.”—Pesaleme ea 71:17.
Nahana ka Timothea
18. Timothea e bile mohlala o totobetseng joang oa seo re ntseng re buisana ka sona?
18 Timothea e bile mohlala o totobetseng oa sena. Pauluse a re ho eena: “Le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste.” (2 Timothea 3:15) Timothea o ne a ithutile ’nete e sa le ngoana, ’me o ne a tseba hore ke ea bohlokoa haholo. A hōla tumelong le tsebong. ’Nete eo ha e ka ea ipatela batho, hobane Mangolo a re “o na a rorisoa ke baena.” A neoa tokelo e babatsehang ea ho ba ea sebetsang le ho tsamaea le moapostola Pauluse ha moapostola eo a thea liphutheho lefatšeng leo e seng la Bajode.—Liketso 16:2-5.
19. Timothea o ne a tla thibela batho ho nyatsa bonyenyane ba hae joang?
19 U ka tšoana le Timothea. Tiea ’neteng. Sebelisa nako e eketsehileng eo u nang le eona hona joale, ha u sa lokolohile boikarabelong bo jang nako ba lelapa le likabelo tse khōlō ka phuthehong. Ithute, eketsa tsebo le bohlale. Bacha ba bangata ba hopola hore Pauluse o boleletse Timothea hore: “Ho se ke ha e-ba ea nyatsang bocha ba hao.” Empa ke habohlokoa ho hopola hore na hoo Timothea o ne a tla ho etsa joang. Pauluse a re: “E be uena u etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko.” (1 Timothea 4:12) Hape, a re ho Timothea: “U ke u balehele litakatso tsa bocha, ’me u phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.” (2 Timothea 2:22) Ha u phehella lintho tsena kannete, u tla fumana hore ruri ena ke nako e babatsehang ho phela ho eona!
20. Boikutlo ba hao ke bofe, ha u bona lefatše lena la khale le talimane le bofelo ba lona?
20 Lefatše la khale le talimane le ho fela ka koluoa, empa ka ho latela mehlala ea Samuele, Timothea le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo u ka lebella lintho tse molemo. Batla mohau oa Molimo. Loanela ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea khale le ho phela ho kenela maemong a ho loka a haufi haholo. E, ela hloko keletso ea Pauluse ea ho “hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lipuisano tse ntle tsa litaba tsena, bona ’Nete e isang Bophelong bo sa Feleng, maqephe 146-149; Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, khaolo 16.
BACHA, LE HOPOLA LINTLHA LIFE KA HO BATLA THABO EA ’NETE?
◻ Ke hobane’ng ha hona joale e le nako e ntle ea ho ba mocha?
◻ Bana ba bang ba ileng ba sebeletsa Molimo mehleng ea Bibele ke bafe?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba Iitloaelano tse mpe?
◻ U ka qoba mathata joang sekolong?
◻ Ke hobane’ng ha lipheo e lokela ho ba tsa bohlokoa ho uena?
◻ Ke lipheo life tse ntle tseo u ka bang le tsona hona joale?
◻ U ka phehella lipheo life tsa nako e telele?
◻ Ke sepheo sefe se seholo seo u ka se loanelang, hona joang?