Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 8/1 maq. 12-17
  • Ho Hōlisa Bana ba Thabileng Lefatšeng le Tšoenyehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Bana ba Thabileng Lefatšeng le Tšoenyehileng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea Bibele
  • Litloaelano tse Mpe
  • Mathata a Lelapa
  • Tsebo le Thuto
  • Sepheo se Phahameng
  • Ho Hōlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 8/1 maq. 12-17

Ho Hōlisa Bana ba Thabileng Lefatšeng le Tšoenyehileng

Sena ke sa pele ho lihlooho tse tla ithutoa tse peli. Sena ke sa batsoali le bana, ha se latelang e le sa bacha ka bobona.

“Oho! hoja ba ka ba le pelo e joalo ka mehla, ea ho ntšaba, le ea ho boloka litaelo tsa ka tsohle ka mehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona, ka ho sa feleng!”—Deuteronoma 5:29.

1. Ke hobane’ng ha taba ea thuto ena e lokela ho ba ea bohlokoa hakana ho rōna?

“LETSIBOLOANA la ka!” Ke mantsoe a thabo e kaakang a ’mè ea kopileng phahloana eo e nyenyane e mofuthu sefubeng ho eena! Bibele e bua ka bonolo ba mosali ea anyesang, e bo sebelisa e le mohlala oa lerato le lokelang ho ba teng ka phuthehong ea Bokreste. Le batho ba sa lokang ba rata bana ba bona ’me ba ba nea lintho tse molemo. Ho lokela ho be joalo haholoanyane hakaakang ka rōna ba ratang ho loka hore re amehe ka bana ba rōna, le ka ho ba koetlisetsa bophelo lefatšeng la kajeno!—1 Ba-Thessalonika 2:7; Pesaleme ea 127:3-5; Mattheu 7:11.

2. Mohloli o moholo oa keletso le tataiso ke ofe mabapi le ho hōlisa bana? Hobane’ng?

2 Empa motsoali e mocha kapele o hlokomela hore ho hōlisa bana ke boikarabelo bo boima. U ka fumana tataiso e utloahalang le keletso hokae? Ke eng ha u sa lebe ho ’Mōpi? O lokiselitse hore ho tsoaloe bana. (Genese 1:28) O bone ngoana e mong le e mong ea kileng a tsoaloa, le phello ea se entsoeng ke batsoali. Ea hae e ka ba taeo e molemo ka ho fetisisa. E ngotsoe ka Bibeleng—hammoho le mehlala ea batho ba ileng ba latela metheo ea hae le ba sa kang ba e latela.—Liproverbia 3:5, 6.

3. (a) Tse ling tsa lintho tse hlokoang ke bana ba rōna ke life? (b) Ke hobane’ng ha hona ho sa lokela ho re nyahamisa?

3 Buka ee e babatsehang e re ruta eng ka ho hōlisa bana? E re bontša lintho tse ngata tseo litsebi tsa kajeno li nahanang hore li iphumanetse tsona ka botsona. Har’a lintho tse ling, e bontša bohlokoa ba ngoana ba lerato le tšireletseho. Ba lokela ho rutoa ka Molimo le Lentsoe la oona. Ba hloka thuto e ntle, liphihlelo tse hahang, mehlala e metle le metsoalle e nepahetseng. Ba lokela ho ithuta ho mamela le ho hlompha ba boholong. Ba lokela ho rutoa ka boitšoaro le lenyalo, hore na ba batle monna kapa mosali oa mofuta ofe le hore na le bona e be banna le basali ba mofuta ofe, le hore na e be batsoali ba molemo joang. Hoo ho ka utloahala eka ke mosebetsi o moholo bakeng sa hao u le motsoali. Empa hopola, Bibele e ka fana ka bohlale. E ka “hlalefisa sethoto,” ’me ho mocha “tsebo le kelello.” A re ke re hlahlobeng tse ling tsa lintho tseo e re bolellang tsona ka ho hōlisa bana.—Liproverbia 1:4.

Mehlala ea Bibele

4. (a) Bana ba batsoali ba tšabang Molimo ba ne ba ithuta eng? (b) Thuto ena e ne e etsoa ke mang hona joang?

4 Bibele e bontša hore bana ba batsoali ba tšabang Molimo ba ne ba hōlisetsoa tšireletsehong, ka malapa a neng a amehile ka mefokolo ea bona le ho hloka ha bona tšireletso. (Genese 33:14, 43:8) Bana ba ne ba rutoa mokhoa oa ho iphelisa—Davida e ne e le molisana, ’me Jesu e le ’metli. (1 Samuele 16:11; Mareka 6:3) Hape ba ithuta ho hong habohlokoa haholo—litsela tse hlollang tsa Molimo o moholo JEHOVA. Thuto ena e ne e sa fanoe lihlopheng tsa katekisema kapa likolong tsa Sontaha, e ne e etsoa ke batho ba thahasellang bana ka ho fetisisa—batsoali ba bona. Jehova o ne a lebelletse Baiseraele hore ba tsebise bara le barali ba bona litsela tsa hae. (Deuteronoma 4:9, 10) Batsoali ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona ka linako tsohle—lapeng kapa tseleng, ha ba robala kapa ha ba tsoha. Ba ne ba lokela ho ruta ka polelo le ka mohlala, ba fetisetsa linnete tse babatsehang melokong e tlang.—Deuteronoma 11:18-21.

5. Buka e hlalosang mantsoe e tumileng ea Bibele e re’ng ka ho ruta bana?

5 Dictionnaire de la Bible ea Sefora e tsebisahalang e bolela hore hang feela ha ngoana a tseba ho bua o ne a rutoa lirapa tse seng kae ka molaong oa Bibele. “’M’ae o ne a pheta temana; ha ngoana a e tseba, a mo nea e ’ngoe. Hamorao, karolo e ngotsoeng ea litemana tseo ba neng ba li pheta ka kelello bana ba ne ba etsoa hore ba e ngole. Kahoo, ba kenngoa ho baleng, ’me, ha ba hōlile, ba ne ba tsoela pele le thuto ea bona ea bolumeli ka ho bala le ho nahanisisa ka molao oa Morena.”a Buka ena ea litšupiso e tsoela pele: “Ke tšireletsehong ea lelapa le mangoleng a ntat’ae le ’m’ae moo ngoana a neng a neoa lithuto tsa hae tsa pele le tse molemo haholo tsa boitšoaro.”—Moq. II, Karolo 1596.

6. (a) Bana ba Baiseraele ba ne ba e-ba le liphihlelo life tse thabisang? (b) Na bana ba hao ba thabetse liphihlelo tse joalo, melemo e bile efe ho bona?

6 Molimo o ne o tseba hore bana ba arabela liphihlelong tse ncha le hore tsena e ka ba thuso ea ho ithuta. Ke kahoo ba neng ba tsamaea le “bana” ha ba nka maeto a malelele le a thabisang ho ea Jerusalema ho ea mamela ha ho baloa molao oa Molimo. (Deuteronoma 31:12, 13) Bana ba hao ba ka thabela mahlohonolo a joalo, moo ba ka bang teng likopanong tsa kamehla tsa potoloho le tsa setereke tsa Lipaki tsa Jehova, moo ba ka fumanang molemo ka taeo, ho kopanela e le baithaopi, le ho iphumanela metsoalle e metle e mecha. U ka fetola liketsahalo tse joalo lintlha tsa bohlokoa bophelong ba bona, joalokaha maeto a ho ea Jerusalema e ne e le liketsahalo tsa bohlokoa bakeng sa bana ba Baiseraele.

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakana ho bea mohlala o nepahetseng?

7 Molimo o ne o tseba bohlokoa ba mohlala o motle. Bana ba kopitsa seo ba se bonang. Ba ka ithuta puo—leha ho le thata hakaalo—ka ho etsisa seo ba se utloang. Molimo oa re: “Oho! hoja [batho] ba ka ba le pelo e joalo ka mehla, ea ho ntšaba, le ea ho boloka litaelo tsa ka tsohle ka mehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng.” Bibele e re: “Motho e motle o siela litloholo tsa hae lefa.” (Deuteronoma 5:29; Liproverbia 13:22) Kahoo, ho hongata ho itšetlehile ka lōna. Joaloka batsoali, re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho bea mohlala o nepahetseng, hobane ka sebele ha re batle ha bana ba rōna ba latela o mobe.

Litloaelano tse Mpe

8. Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona ka metsoalle ea bana ba rōna?

8 Molimo hape o re hlokomelisa ka kotsi ea litloaelano tse mpe. Lentsoe la hae le re: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Kahoo, ke habohlokoa hore u tsebe hore na bana ba hao ba tloaelane le bo-mang. Na kannete u tseba hore na metsoalle ea bona ke bo-mang? Na u etsa hore ba tle le metsoalle ea bona lapeng, ba kene ka tlung, e le hore u ka e tseba? Kapa na u tlohela bana ka ntle, hore ba tlohe tseleng ea hao? Na ua tseba hore na bana ba hao ba mamela puo ea mofuta ofe, le hore na boikutlo ba metsoalle ea bona ka leshano, ho utsoa le lithethefatsi ke bofe?

9. Ke mehato efe e sebetsang eo u ka e nkang ho thusa bana ba hao ho fumana metsoalle e molemo?

9 Haeba setsoalle seo se siea ho hong ho lakatsehang, e be bana ba hao ba ka fumana metsoalle e molemo hokae? Ka phuthehong ea Lipaki tsa Jehova—moo puo e litšila, leshano, ho utsoa le lithethefatsi tse sebelisoang hampe li sa mamelloeng. Na u lakatsa eka ba bang ka phuthehong ba ka tloaelana haholo le bana ba hao? Joale ho hana eng hore u ba atamele? Na u se u nkile boikhathatso? Ke’ng ha u sa memele bacha ba bang lapeng ha hao, kapa u ba kōpe ho kopanela bopaking ba Bokreste kapa ho thabela mesebetsi e meng e hahang?

10. U ka thusa bana ba hao ho ba metsoalle e molemo ea ba bang joang?

10 Haeba u lekile sena, ’me bothata ba metsoalle bo sa rarollehe, mohlomong ke hantle ha u ka ipotsa, Hobane’ng? E be u sa tsoa qalisa ho sebelisa metheo ea Bibele. Ka linako tse ling bacha ba tlang Holong ea ’Muso ha ba s’o lokise mathata a itseng, hore e be metsoalle e metle ka bobona. Mocha e mong o ile a bua tjena ka e mong: “Holong ea ’Muso ke motho e motle, empa u ke ke ua lumela seo a se etsang sekolong!” Boikutlo bo hlephileng ba ngoanana enoa ka likamano tsa botona le botšehali sekolong bo ne bo etsa hore ba bang ba se ke ba thabela hore e be baa mo tseba. U ka thusa bana ba hao ho lokisa likelello tsa bona joang litabeng tse joalo? Taeo ea hao, thuto ea Bibele ea lelapa, ho kopanela ha lelapa la hao bopaking ba Bokreste, mohlala oa hao lipolelong, boitšoarong le botšepehing, le boiteko ba hao ba ho fihla pelong ea ngoana ka metheo e nepahetseng ho ka sebetsa ho hoholo. Ha ho hlokahala, baholo ba phutheho le bona ba ka biletsoa ho fana ka thuso e lerato.—Jakobo 5:13-15.

Mathata a Lelapa

11. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tsieleha ha mehlala e mebe e le teng ka lapeng la hao?

11 Empa ho thoe’ng haeba ho hlaha mathata a tebileng hona ka lapeng la hao? Ho thoe’ng haeba molekane ea sa lumelang a phela hantle ka tsela e hananang le metheo e hahang ea Bibele? Se ka tsieleha! Tšusumetso ea hao e nepahetseng le thuso ea moea oa Molimo li ka sebetsa mehlolo. Ho na le bana ba hlōtseng ho neng ho bonahala e le mathata a ke keng a hlōloa, ba fetoha bacha ba batle. Batho ba entsoe ke Molimo, le bona bana ba banyenyane ba ka bontša matla a tsotehang ha ba tsamaisoa ka tsela e nepahetseng ke motsoalle, motho e moholoanyane ea nahanelang, kapa ke motsoali a le mong ea lumelang lelapeng le leholo le sa lumelang.

12. Mehlala ea Lota le Timothea e fana ka khothatso joang tabeng ee?

12 Nka mohlala oa Lota. Lelapa la hae le ne le phela Sodoma e khopo, ’me mosali oa hae ho bonahala a ne a batla ho sala moo. Empa Lota le barali ba hae ba baleha ’me ba pholoha ha ho timetsoa motse. (Genese 19:15-17, 23-26) Timothea e monyenyane o ne a e-na le ntate ea sa lumelang, empa ’m’ae le nkhonoa’e ba mo ruta Mangolo ’me ba bona ha a fetoha molateli ea tšepahalang oa Jesu Kreste le motsoalle ea khabane oa moapostola Pauluse. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Kahoo, le haeba molekane oa hao ha a lumela, Molimo o ka u thusa hore u kenye ka botebo lerato la ’nete le ho loka ka lipelong tsa bana ba hao.

Tsebo le Thuto

13. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba banyenyane ba lokela ho nka thuto ka botebo? (b) Mohlala oa Salomone o bontša bohlokoa ba puo e nepahetseng joang?

13 Na u khothalletsa bana ba hao ho ithuta, sekolong le ka phuthehong? Na ho ithuta ke ntho ea bohlokoa lapeng ha hao? Ho ne ho le joalo ho Baiseraele. Ea bona e ne e le tsamaiso ea barutehi. Bana ba bona ba ne ba tseba ho bala Mangolo. Ntle ho ho bala, bana ba hao ba tla bua le ba bang ka Lentsoe la Molimo. Na ba bua ho latela melao ea puo e nepahetseng? Na u lokisitse liphoso tseo u li entseng ka lilemo tse telele, e le hore bana ba hao ba utloe ha u bua ka nepo? Salomone o ile a khetha ka hloko mantsoe ao a ka rorisang Molimo ka oona. Ka tokelo, rea bala: “Moleli o ’nile a phehella ho fihlela lipapaiso tse khahlehang, ’me tse ngoliloeng ka ho loka ke taba tsa ‘nete.”—Moeklesia 12:10.

14. Re ka thusa bana ba rōna ho ithuta ho etsa liqeto tse nepahetseng joang?

14 Ka ho totobetseng re batla ha bana ba rōna e e-ba batho ba baholo ba hōlileng tsebong le ba etsang liqeto tse nepahetseng tumellanong le Lentsoe la Molimo. Kahoo, ke hantle ho qalisa pele ho ba ruta metheo e nepahetseng—e seng feela melao e mameloang empa e se na mabaka. Joale bana ba tla tseba ho iketsetsa liqeto tse nepahetseng e le bona.

15. (a) Bana ba rōna ba hloka ho tšehetsoa hofe ha bohlokoa ho rōna? (b) Ho hlokahala re be hlokolosi haholo ka eng?

15 Bana ba rōna ba talimane le lefatše le silafetseng. Ke habohlokoa hore ba bone ka ho rōna matla le kholiseho, ’me ba tsebe hore ha ba nepile, re tla ba tšehetsa, joalokaha Sara a ile a sireletsa Isaaka ho Ishmaele. (Genese 21:9, 10) Hape re tsebe hore ka ho lebella lintho tse nepahetseng re tla li fumana hangata. Paki e nyenyane ea botsa ntate oa eona, “Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha re sa u khathatse? Hobane ha u leke ho re chea ka ho re fumana re etsa liphoso—u lebelletse hore re etse botle, ’me ha ho letho le leng leo re ka le etsang.” Ke hangata hakaakang batsoali ba qosang bana ba bona ka ho fosa, e be joale ba fumana hore ho hang bana ha baa ho etsa! Ha u nqosa bana ka ho qala leshano ’me qoso e le ea bohata, ba ka nahana hore mohlomong u batla ha ba qala leshano, ’me ba ka ’na ba le qala kamoso.

16. (a) Ho etsoa litlhahiso life ka liboka tsa Bokreste? (b) Ke eng e bontšang hore liboka tsena ke tsa bohlokoa haholo ho bana? (c) Na u tseba ka mehlala e bontšang bohlokoa ba tsona ho bana ba hao?

16 Batho ba bangata ba ho fumane e le bohlale ho ea le bana ba bona libōkeng tseo ho buuoang ka Lentsoe la Molimo ba sa le banyenyane haholo, ba sa lule le bona ka ntlong esele, kapa ho ba isa kamorao (ntle leha e le ka linako tse khutšoanyane ka lebaka le utloahalang) empa ba ba ruta ho lula ka khutso, ho bontša ho hlompha libōka le ho fumana molemo linthong tse molemo tse boleloang. Kajeno, batho ba baholo, ba tiileng tumelong, ba hopola cheseho ea batsoali ba bona ba neng ba ea le bona ka mehla libakeng tse hole, mohlomong ka makoloi a tsofetseng, ho ea libokeng tse joalo. Moholo oa phutheho o hopola boprofeta bo thata boo a neng a utloa batsoali ba hae ba buisana ka bona ha ba lokisetsa thuto ea Molula-qhooa khale, ha e le ngoana a bapala fatše. Ho hang ba ne ba sa nahane hore o mametse—re se re sa re ho hopola tlhaloso kamorao ho lilemo tse fetang mashome a mahlano!

17. Ke mehlala efe ea Bibele eo u ka e qotsang ea bana ba bang teng libokeng ’me ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ka tsee?

17 Mehleng ea Esdrase bohle ba bohlale ho lekana hore ba ka mamela ba ne ba ema ho tloha hoseng ho fihlela motšehare o moholo ho mamela ha ho baloa Mangolo. (Nehemia 8:2, 3) Haeba u ne u phela ka nako eo, na bana ba hao ba ne ba tla ba teng, kapa u ne u tla nka hore ho buuoa ka taba e tebileng haholo le hore ho baloa nako e telele haholo e be u re ba eo bapala? Josefa le Maria “ba ne ba e-ea Jerusalema ka lilemo tsohle, moketeng oa paseka.” Ke ka baka leo ba bileng teng ha Jesu a le lilemo li 12. (Luka 2:41-49) Na u ne u tla tsamaea sebaka se selelele hakaalo, ka maoto kapa u palame esele, ho ba teng sebokeng seo? Ha matšoele a akarelletsang “bana,” a tla ho tla mamela Jesu, ’me ho se seo a ka se jang, ka mohlolo Jesu a ba fepa. (Mattheu 14:21; 15:38) Na bana ba hao ba ka be ba bile moo, kapa u ne u tla sala hae ho ba fepa ka lijo tseo ho bonahalang eka ke tsa bohlokoa?

18. Ke ka tsela efe e ’ngoe re ka bontšang ho ananela liboka tsa Bokreste?

18 Na bana ba hao ba tseba hore u nka liboka tsa thuto ea Bibele ka botebo? Na ba bona hore u nka liboka tsena e se tsa bohlokoa feela ho ea ho tsona empa le ho kopanela ho tsona, u fana ka litlhaloso ha li hlokahala? Ka mohlala, na u tla be u lokiselitse thuto ee le bana ba hao, ’me na lōna ka bobeli hammoho le bona le tla fana ka tlhaloso e le ’ngoe bonyane sebōkeng seo ho buuoang ka eona?

Sepheo se Phahameng

19. Ke boikutlo bofe bo botle boo re lokelang ho ba le bona ka ho hōlisa bana ba rōna bao re ba ratang?

19 Na ho na le motho ea etsang lintho tsee ka ho phethehileng? Che. Lintho tseo ho buisanoeng ka tsona mona ke lintho tseo ho ka sebeletsoang ho tsona, e seng lipheo tse seng li finyelletsoe. Mathata a tla ’ne a be teng lefatšeng lena, empa Bibele e re nea litsela tsa ho a sebetsa, ’me ha re leka ho etsa lintho ka tsela ea Molimo, o tla thusa. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha ho bonahala bana ba hae ba le matla tumelong, ntate e mong oa Mokreste a re: “Ho hang ha ke tsebe. Ha ho letho le khethehileng leo re ileng ra le etsa. Re ile ra leka ho sebelisa keletso eo re e fumaneng Bibeleng le phuthehong.”

20. (a) Tse ling tsa lintho tseo re ka li etsang ho hōlisa bana ba thabileng ke life kajeno? (b) Temana ea sehloho e qalong ea thuto ee le Liproverbia 20:7 li re thusa joang tabeng ee?

20 Ha u oela tabeng, ke hona ho hlokahalang ho hōlisa bana ba thabileng kajeno. Bea mohlala o motle. O rute bana ba hao. Nyakallela lintho tse ntle tseo ba li etsang, ’me u leke ho ba thusa ho lokisa tse ling. Thaba le bona u phele le bona. Bontša lerato. Etsa lintho ka tsela ea Molimo, ’me o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Hopola mantsoe a hlasimollang a Salomone: “Ha motho a lokile; ’me a tsamaea ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!”—Liproverbia 20:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mehleng ea Bibele, ho tšoana le kajeno, batho ba bang ba ne ba tseba ho bala empa ba bang ba sa tsebe, empa matla a ho bala mohlomong a ne a atile ho feta kamoo batho ba bang ba ka nahanang. (Bapisa Esaia 29:11, 12.) Ha e le hantle, The Encyclopedia of the Jewish Religion e re: “Ho tseba ho bala le ho ngola ho bonahala ho ne ho atile Iseraeleng ea boholo-holo.”

Melao ea Molimo e ne e lokela ho ngoloa menyakong le ho tlamelloa matsohong—liketso tse neng li tla ba molemo o fokolang ha batho ba sa tsebe ho bala. (Deuteronoma 6:8, 9; 27:8) Morena o ne a lokela ho ngola molao le ho o bala tsatsi le leng le le leng. (Deuteronoma 17:15, 18, 19) Mohlankana oa Sukkothe a ngola mabitso a mahosana ’ohle a motse oa habo.—Baahloli 8:14.

Ho bala le ho ngola ho ne ho sa lekanyetsoa feela ho sehlopha se rutehileng. Tlhalosong ea hae ka buka ea Baahloli, James D. Martin a ngola hore “bo bong ba bopaki ba rōna ba pele ba ho ngola ka alfabeta bo ne bo ngotsoe mahaheng maboteng a mahaha ke makhoba a merafo Sinai.” Amose e ne e le molisana oa linku ea tlase. Mikea e le moprofeta oa metse e ka thōko oa motse oa Moreshethe. (Amose 1:1; Mikea 1:1) Empa ka bobeli ba ngola libuka tsa Bibele.

Buka ea pale e se nang botso ea Maccabees ea Pele, eo mohlomong e ngotsoeng karolong e qetellang ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., e bontša hore batho ba ne ba e-na le moo ba ngotseng Molao ka matlung a bona. (1 Maccabees 1:55-57) Mongoli oa lipale oa Mojode Josephus a bolela maikutlo a hae a lekholong la pele la lilemo hore Molao o ne o laela hore bana “ba rutoe ho bala, le ho ngola ’me ba ithute melao le liketso tsa baholo-holo ba bona.”—Against Apion, II leq. 375 (25).

BATSOALI LE BANA, LE ARABELA LIPOTSO TSEE JOANG!

◻ Batsoali ba lokela ho batla keletso ea ho hōlisa bana hokae, hona hobane’ng?

◻ E meng ea mehlala ea Bibele ea ho hōlisa bana ka nepo ke efe?

◻ Ke ka litsela life tse sebetsang batsoali ba ka alosang metsoalle ea bana ba bona?

◻ Ho sebelisa metheo ea Bibele ho ka hlōla mathata joang lelapeng le arohaneng?

◻ Batsoali ba lokela ho nka mehato efe ho bona thuto e nepahetseng bakeng sa bana ba bona?

◻ Na batsoali le bana ba ka lebella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho phethehileng? Empa ba ka atleha joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ngoana a botsa ’m’ae: “Ak’u bone hore na ho hōlisa ngoana ke khathatso e kaakang—na u lakatsa eka nka be ke le sieo?” Kamor’a lilemo tse ngata o ne a sa ntsane a hopola ka thabo e khōlo karabo ea ’m’ae: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle e hloka nako le boiteko.”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ke hangata hakae uena, joaloka motsoali u beang mohlala oa ho se be teng feela libokeng empa le ho kopanela ho tsona liboka tseo ho buisanoang ka Lentsoe la Molimo ho tsona?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela