Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 4/1 maq. 20-24
  • Morero oa Molimo ka Hore ba Bang ba “Tsoaloe Bocha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morero oa Molimo ka Hore ba Bang ba “Tsoaloe Bocha”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MORERO OA MOLIMO KA LEFATŠE LE MOTHO
  • KAMOO MORERO OA MATHOMO OA MOLIMO O TLA PHETHAHALA
  • LEBAKA LEO BA BANG BA ‘TSOALOANG BOCHA’
  • BATHO BA LEBITSO LA HAE
  • MORERO OA MOLIMO OA MATHOMO HA O-OA FETOHA
  • POLOKO E LE ’NGOE—TŠEPO E HABELI
  • Ho “Tsoaloa Bocha”—Karolo ea Motho le Karolo ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Ke Bo-mang ba ‘Tsoetsoeng Hape’?
    Tsoha!—1988
  • Ho Tsoaloa la Bobeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lebaka leo ka Lona ba Bang ba Tsoetsoeng Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 4/1 maq. 20-24

Morero oa Molimo ka Hore ba Bang ba “Tsoaloe Bocha”

“Kannete-nete, kea u bolella, ha motho a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, a ke ke a kena ’Musong oa Molimo. U se ke ua makala ha ke itse ho uena: E ka khona le tsoaloe bocha.”—Johanne 3:5, 7, phet. e ncha.

1, 2. (a) Re lokela ho utloisisa eng le ho e ananela pele morero oa Molimo oa hore ba bang ba “tsoaloe bocha” o ka hlalosoa ka mokhoa o khotsofatsang? (b) Lentsoe la Molimo le fana ka bopaki bofe ka toka ea oona, empa leha ho le joalo toka ea oona ha e mo hloke hore a etse joang?

PELE re hlalosa ka mokhoa o khotsofatsang morero oa Molimo oa hore ba bang ba “tsoaloe bocha,” hoa hlokahala hore re utloisise le ho ananela ho hong ka litšoaneleho tse ka sehloohong tsa Jehova Molimo le merero ea hae ka lefatše le motho.

2 Bopaki ba Lentsoe la Molimo ha bo re siee lipelaelong ka hore e ’ngoe ea litšoaneleho tse totobetseng tsa Molimo ke toka. Hape, ho loka ke oona motheo oa terone ea hae. (Deuternoma 32:4; Pesaleme ea 89:14) Hore o na le toka o bile o lokile, leha ho le joalo, ha ho mo tlame hore a bontše tšekamelo e tšoanang ho libopuoa tsohle tsa hae tse bohlale. Ka mohlala, o bōpile libopuoa tse ling e le tsa moea, mangeloi, e le a phahametseng batho hole. Leha e le hore o putsa libopuoa tsohle tsa hae tse tšepahalang tse lefatšeng ka tsela e tšoanang. Ke kahoo Jesu a ileng a bua tjena ka Johanne Mokolobetsi hore “e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mattheu 11:11) Ke hantle ha re ka hopola lintlha tsena ha re hlahloba taba ena ea ‘ho tsoaloa bocha.’

MORERO OA MOLIMO KA LEFATŠE LE MOTHO

3. Ke tebello efe e thabisang e neng e le ka pel’a Adama le Eva ha ba bōptjoa?

3 Ho ananela morero oa Molimo ka hore batho ba bang ba “tsoaloe bocha,” hoa hlokahala ho utloisisa maemo a ileng a etsa Molimo hore o batle hore ba bang ba “tsoaloe bocha.” Ha re khutlela morao ho batsoali ba rōna ba pele, re fumana hore Molimo o ile oa ba nea molao: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse . . . tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Gen. 1:28) Phethehong ea bona Adama le Eva e ne e le bana ba Molimo. Kaha Molimo o ne o ba beile serapeng se setle sa lifate le lipalesa, se tlatsitsoeng ka liphoofolo tsa mefuta eohle e metle le lipalesa le litholoana tse monate, ruri kabelo ea bona e ne e le e thabileng. Ha ba tsoela pele ho busa lefatše le ho le tlatsa ka ba tšoanang le bona, lefatše lohle le ne le tla qetella e le paradeise e tlatsitsoeng ka batho ba phethahetseng, joalokaha Adama le Eva ba ne ba phethahetse. Ba ne ba lebelletse se thabisang hakaakang!

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha batsoali ba rōna ba pele ba ile ba hlōleha ho sebeletsa morero oa Molimo oa ho ba bōpa? (b) Kahoo Jehova a lokisetsa hore morero oa hae ka lefatše le motho o phethahatsoe ke mang?

4 Leha ho le joalo, batsoali ba rōna ba pele ba haelloa ke kananelo bakeng sa litokisetso tsohle tsa Molimo bakeng sa bona ’me ba tlōla molao oa hae. Eaba joale Molimo o ba leleka lelapeng la oona la bara ’me oa ba ahlolela lefu. Ka baka leo, bana bohle ba bona ba tsoetsoe e le baetsalibe ba tsuong ea lefu. (Genese 3:19; Ba-Roma 5:12) Leha e le batsoali ba rōna ba pele kapa leha e le bafe ho bona ha baa tseba ho phethahatsa molao oa Molimo oa mathomo ho lelapa lohle la motho. Na hona ho bolela hore merero ea Molimo ka lefatše le motho ha ho mohla e tla phethahala? Le hanyenyane, hobane Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore ha ho mohla Lentsoe la hae le oelang fatše.—Esaia 46:10, 11; 55:10, 11.

5 Ke joang, he, morero oa mathomo oa Molimo ka lefatše le motho o tlang ho phethahatsoa? Ka Peō, joalokaha Molimo o hlile oa bolela tšimong ea Edene hape le joalokaha a ile a tšepisa Abrahama. Peō eo moapostola Pauluse o bontša e ka sehloohong e le Jesu Kreste.—Genese 3:15; 22:17, 18; Ba-Galata 3:16, 29.

KAMOO MORERO OA MATHOMO OA MOLIMO O TLA PHETHAHALA

6. Ke ka eng Molimo o ileng oa phetla tsela ea hore bana ba Adama ba khutlisetsoe lelapeng la Molimo?

6 Jesu Kreste o ne a tla etsa hore morero oa mathomo oa Molimo o phethahale joang? Pele ho tsohle, ka ho tlosa thohako e holim’a lelapa la motho ka baka la bofetoheli ba Adama. Jesu Kreste o bile le hona ho etsa sena hobane o ile a tsoaloa e le motho ea phethahetseng, Jehova Molimo—e seng monna oa Maria Josefa—e le eena Ntate oa hae. Jesu o hlile a finyella ho tlosoa hona ha thohako ka ho shoa sefateng sa kahlolo e le sehlabelo. Ha e le hantle, le leng la mabaka a hae a ka sehloohong a ho tla lefatšeng e ne e le ho fana ka bophelo ba hae e le topollo. Kahoo a phetla tsela bakeng sa bana ba Adama hore ba khutlisetsoe lelapeng le amohelehang la Jehova.—Mattheu 20:28.

7. Jesu o tsositsoe motheong oa eng bafung e le sebopuoa sa moea?

7 Leha ho le joalo, Molopolli ea shoeleng o ne a ke ke a fumantša moloko oa motho molemo. Ka baka leo, Jehova Molimo a tsosa Jesu Kreste ka letsatsi la boraro, a mo etsa ea ‘phelang moeeng.’ (1 Petrose 3:18) Jehova o entse sena motheong oa se etsahetseng Jordane ha Jesu a kolobetsoa. Moo, ka moea o halalelang oa hae, Molimo o ne o hlahisitse Jesu e le Mora ea tsoetsoeng ka moea. Johanne Mokolobetsi o ne a sa bona feela moea oa Molimo o theohela holim’a Jesu ka sebopeho sa leeba empa hape a utloa lentsoe la Molimo le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.”—Mattheu 3:16, 17; Ba-Heberu 10:5-10.

8. Ho phaella ho ‘tsoaloeng bocha’ Jordane, Jesu a boela a tlotsetsoa le ho khetheloa eng?

8 Kahoo Jesu ha a ka a fetoha Mora oa Molimo oa moea feela empa hape le Messia, Kreste kapa Ea tlotselitsoeng ho ba morena oa ’muso oa Molimo. Hape, ka nako eona eo a tlotsetsoa ho ba moprista e moholo lebitsong la batho ba shoang, e le hore a ka tlosa tšitiso ea sebe. (Ba-Heberu 7:26) Ho feta moo, mantsoe a Esaia 61:1, 2 joale a sebetsa ho eena: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ’na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo; o nthomile ho folisa ba robehileng lipelo, ho bolella ba tlamiloeng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona.” Jesu o ne a tsoetsoe ka moea, a ‘tsoetsoe bocha.’ Joaloka Mora ea tlotsitsoeng ka moea oa Molimo a tsoela pele ka botšepehi ho fihlela lefung, ho sa tsotellehe sohle seo Satane Diabolose a ileng a leka ho se etsa hore Jesu a se ke a tšepahala. Eaba joale Molimo o mo tsosa bafung.

9. Ka baka la ho tšepahala ha Jesu ho fihlela lefung, Molimo oa mo hlomella ka ho feletseng joang le ka morero ofe?

9 Kahoo “Molimo o mo phahamisitse ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” (Ba-Filippi 2:9-11) ’Nete ea hore Jesu o ile a tsoha bafung e ile ea tiisoa ke lipaki tse makholo. Nakoana pele a khutlela ho Ntate oa hae maholimong, a re ho barutuoa ba hae: “Ke neiloe borena [kapa, matla] bohle leholimong le lefatšeng.” (Mattheu 28:18) Joale o ne a hlomelletsoe ka ho feletseng ka tokelo ea ho tsosolosa batho, ka matla a lefu la hae la sehlabelo, hape le ka matla a hore a etse joalo, ka baka la tsoho ea hae le ho nyolohela ha hae letsohong le letona la Molimo leholimong. (Luka 22:69) Kahoo Jesu Kreste joale o boemong ba ho etsa hore morero oa Molimo oa mathomo ka lefatše le motho o phethahale. Ho eena, ka baka leo, ho sebetsa boprofeta bohle ba Messia.—Bona Pesaleme ea 72; Esaia 9:6, 7; 11:1-10.

LEBAKA LEO BA BANG BA ‘TSOALOANG BOCHA’

10, 11. (a) Ke bopaki bofe ba Mangolo bo bontšang hore Jesu o na le ba tla busa le eena ’musong oa hae? (b) Ke ba bakae ba tla kopanela tokelo ee, ’me re tseba joang hore lenane le fanoeng le ka nkoa le le joalo?

10 Na Jesu Kreste o tla finyella lintho tsee tsohle a le mong feela? Che. Na o tla busa le mangeloi ’musong oa hae? Che. Ba tla kopanela le eena phethahatsong ea boprofeta bo buang ka Messia e tla ba bang bao e bileng batho lefatšeng, joalokaha ho bile joalo ka eena. Empa pele ba ka kopanela pusong ea ’muso oa Kreste, joaloka eena, ba tlameha ho ‘tsoaloa bocha’ lefatšeng ha ba sa le hona teng. Moea oa Jehova o sebetsang holim’a bona o ba tsoala e le bara ba moea ka tebello ea bophelo bo sa feleng maholimong. E le ba joalo ba na le kamano e haufi ka ho khethehileng le Molimo, “Moea oa ba beoang bana, oo [ba] bitsang Abba! Ntate! ka oona.” (Ba-Roma 8:15) Jesu o ile a bolela tšepo ena ka ho e pheta-pheta ho baapostola ba hae. (Luka 22:28-30; Johanne 14:2, 3) Ka ho tšoanang, baapostola ba ile ba bolela tšepo ena—Ba-Roma 8:17; 1 Ba-Korinthe 15:52, 53; 1 Johanne 3:2.

11 Ke ba bakae ba tla fumana boemo ba leholimo? Ho latela mangolo ’ohle a buang ka taba ba ‘tsoaloang bocha’ ba tla ba banyenyane ka palo ha ho bapisoa. Ke sona seo re neng re ka se lebella, kaha ona ke moputso o khethehileng haholo, boemo bo nang le tokelo e fetisisang. Ke kahoo Jesu a itseng ka bona: “mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Hantle-ntle ba tla ba bakae? Moapostola Johanne o bolela a bone ba 144 000 ba Baiseraele ba moea ba tiisitsoeng liphatleng tsa bona, hape le ka ba 144 000 ba emeng Thabeng ea Sione le Konyana Jesu kreste. Hore re lokela ho nka palo ena e le joalokaha e le joalo ho totobala tabeng e bolelang hape ka “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala.”—Tšenolo 7:3, 4, 9; 14:1, 3; 20:4, 6.

BATHO BA LEBITSO LA HAE

12, 13. Morero oa Jehova oa hona joale bakeng sa metsoalle ena ea nakong e tlang ea ’Muso ke ofe?

12 Leha ho le joalo, Jehova Molimo o rerile mosebetsi bakeng sa bana bao e tlang ho ba marena le baprista ha ba sa le nameng e le batho. Ke ofe? Joalokaha Jesu a ile a tlotsetsoa ho “bolella ba malimabe litaba tse molemo,” kahoo bana ba tlotselitsoe ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo. (Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-21; Liketso 8:4, 12) Ke kahoo Jesu eitseng ha a arohana le barutuoa ba hae ba pele a ileng a arohana le bona ka ho ba khothalletsa “le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse.” (Mattheu 28:19, 20) ’Me pelenyana Jesu a nyolohela leholimong, a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 hore e tla ba ‘lipaki tsa hae ho isa pheletsong ea lefatše.’—Liketso 1:8.

13 O mong oa merero e ka sehloohong oa hore Molimo o etse hore “litaba tse molemo” li boleloe lichabeng tsohle ke ‘ho ikhethela sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.’ (Liketso 15:14) Kaha lebitso la Molimo ke Jehova, bana ba tsejoa e le Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Hase hore balateli bana ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste ke bona feela ba ka bolelang “litaba tse molemo” ho ba malimabe, ho etsa barutuoa le ho pakela Jehova Molimo. Ho e-na le hoo, joalokaha mehleng ea Iseraele ea boholo-holo melao ea Jehova e ne e sebetsa le ho bajaki ba har’a bona, kahoo melao e filoeng Baiseraele ba moea e sebetsa le ho metsoalle ea bona, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.”—Johanne 10:16; Tšenolo 7:9.

14. Ke tlameho efe hape e beiloeng ho balateli bana ba mehato ea Jesu Kreste?

14 Tlamo e ’ngoe e beiloeng ho balateli ba tlotsitsoeng ba mehato ea Jesu Kreste ke hore ba bee tholoana ea moea oa Molimo, e leng, ‘lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi, bonolo, boitšoaro.’ (Ba-Galata 5:22, 23) Jesu o boletse hore balateli ba hae ba ’nete ba tla khetholloa ka lerato leo ba tla le bontša e mong ho e mong. (Johanne 13:34, 35) Ke ka baka leo moapostola Pauluse a ba eletsang: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale, ea bolisoang ke litakatso tse thetsang . . . le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa lona, le ho apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.” Ho bontšang hore na tlameho ena ke ea bohlokoa hakae bakeng sa Bakreste ke mantsoe a tšoelang pele a moapostola: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” (Ba-Efese 4:22-24; 1 Ba-Korinthe 9:27) Ke feela ka ho ipaka ba tšepahala ho isa lefung batlotsuoa ba ka bang le tšepo ea ho amohela “moqhaka oa bophelo.”—Tšenolo 2:10.

MORERO OA MOLIMO OA MATHOMO HA O-OA FETOHA

15. (a) Ke phoso efe e entsoeng ke ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ka morero oa Molimo? (b) Hona ke ka baka la ho ata ho etsetsoang tšepo efe e ka Mangolong a Bakreste a Segerike?

15 Ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba etsa phoso ka hore ba hlokomoloha morero oa mathomo oa Jehova ka lefatše le motho. Lentsoe la hae le hore na e ne e le ofe le hore na e sa le ofe, ’me o re tiisetsa hore ha a fetohe. (Genese 1:28; Esaia 45:18; Malakia 3:6) Leha ho le joalo, Mangolo a Bakreste a Segerike a etelletsa pele morero o tsoelang pele oa Jehova, o ileng oa boleloa hoba motho a oele sebeng, oa ho khetha batho ba ’maloa, motheong oa sehlabelo sa Jesu, hore e be ba tla busa le Mora oa hae ’musong oa leholimo. (Genese 3:15; 2 Timothea 4:7, 8, 18) Bana kaofela ruri ho ne ho tla hlokahala hore ba “tsoaloe bocha,” joalokaha ho bile joalo ka Jesu Kreste. (Johanne 3:3) Leha ho le joalo, tokisetso ea Molimo bakeng sa poloko motheong oa sehlabelo sa Kreste ha e-ea lekanyetsoa ha ba tšepileng leholimo. Hona ho hlakisoa le ka Mangolong a Bakreste a Segerike.

POLOKO E LE ’NGOE—TŠEPO E HABELI

16, 17. Ke mangolo afe a bontšang hore melemo ea sehlabelo sa Kreste ha e-ea lekanyetsoa ho ba nang le tšepo ea leholimo?

16 Jesu a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong ho bolela hore ho tlameha ho be le batho ba lokileng ba phelang lefatšeng, bao ho hlileng ha boleloa ka bona: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa ona, . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Hona ho ne ho ke ke ha bua ka leholimo, hobane, ha ho mohla ho kileng ha e-ba le ho bokolla, masoabi, bohloko kapa lefu teng.—Tšenolo 21:3, 4.

17 Ho bontšang hore ho na le lihlopha tse peli tsa batho tse tla fumana molemo ka litokisetso tse khabane tsa Molimo ke mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho Ba-Roma 8:19-21: “Hobane tse bōpiloeng [sehlopha se seng] kaofela li lebeletse ponahalo ea bana [sehlopha se seng] ba Molimo ka hlolohelo e kholo. Hobane tse bōpiloeng li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ea li beileng ka tlas’a oona, tšepo e ntse e le teng ea hore le tsona tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” Kahoo qetellong bohle ba fumanang molemo ka baka la tumelo ea bona sehlabelong sa Kreste ba tla thabela bophelo e le bana ba Molimo—ba 144 000 ba “lopolotsoeng lefatšeng” ho ba leholimong le ba bang ba bangata ba likete tsa limillione ba tla thabela bophelo paradeising ea lefatšeng.—Tšenolo 7:4, 9; 14:3; Mattheu 25:31-34.

18, 19. (a) Ke eng se bontšang hore ho phethahala ha morero oa Molimo ka lefatše le motho ho haufi? (b) Ke batho bafe ba bōpang ’muso oa Molimo le ‘peō ea Abrahama’? (c) Ke potso efe e saletseng hore e hlahlojoe?

18 Ka sena ho hlakile hore morero oa mathomo oa Molimo ka lefatše le batho o sa ntsane o tla phethahala. ’Me ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, bo kang bo fumanoang ho Mattheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13, Luka khaolo ea 21, 2 Timothea 3:1-5 le Tšenolo 6:1-8, ho bontša hore nako eo e haufi! Ka baka la borabele ba Satane le ho se mamele ha Adama le Eva, Jehova a lokisetsa moputso oa leholimo bakeng sa sehlotšoana se filoeng tokelo, seo a tla se sebelisetsa ho phetha merero ea hae ea mathomo. Ke bana feela ba ‘tsoaloang bocha.’ Bona hammoho le Morena le Monghali oa bona Jesu Kreste, ba thea ’muso oo ka oona Jesu a rutileng balateli ba hae hore ba o rapelle. Ba bōpa ‘peō ea Abrahama’ bakeng sa ho hlohonolofatsa “lichaba tsohle tsa lefatše.”—Genese 22:18; Ba-Galata 3:29.

19 Re hlahlobile hore na ke hobane’ng ha Mora oa Molimo le ba tlatsanang le eena ’Musong ba tlamehang ho ‘tsoaloa bocha,’ le hore lenane la bona le lekae le tlameho ea bona hona joale. Leha ho le joalo, lipotso tsena li sa saletse: Hantle karolo ea Molimo le karolo ea motho ho ‘tšoaloeng bocha’ ke efe? Motho a ka bolela joang hore Jehova Molimo o mo khethetse ho ‘tsoaloa bocha’?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ha a kolobetsoa, Jesu a fetoha morena ea tlotsitsoeng oa ’muso oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Jesu o boleletse barutuoa ba hae ba tšepahalang hore e tla ba ‘lipaki tsa hae le ho isa pheletsong tsa lefatše’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela