Leshano la Pele—Ho Tlosa Liphello Tsa Lona
HASE bohle ba ileng ba latela Satane kapa hona ho amohela liphetoho tsa hae tsa bolumeli. Ka mohlala, Abrahama a ’na a rapela Molimo oa ’nete. A kholoa hore ha e le hantle bophelo bo itšetlehile ka ho utloa Molimo. Kahoo, Jehova a mo hlohonolofatsa a re: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Genese 22:18) Hona ho ne ho bolela eng? Hore ka ho hlakileng “peō” e tšepisitsoeng khale Edeneng e tla hlaha har’a bana ba Abrahama.—Ba-Galata 3:16.
Hamorao, ba tšepahalang ba ’nile ba senoleloa lintlha tse ling tse qaqileng ka “peō.” O ne a tla hlaha lelokong la Juda hore e be ngoana oa Morena Davida. O ne a tla belehoa ke moroetsana, motseng oa Bethlehema. (Genese 49:10; 2 Samuele 7:16; Esaia 7:14; Mikea 5:2) Ka nako ea teng, “peō” e neng e tšepisitsoe ea hlahela sebakeng se nepahetseng hantle le lelapeng le nepahetseng. E ne e le Jesu, eo hamorao a ileng a reoa Kreste.—Luka 2:8-11.
Lefatše la Satane le ne le le lefifing le letšo la bolumeli nakong eo Jesu a hlahileng ka eona. Tlas’a puso ea Roma, eo e neng e le ’muso o matla ka ho fetisisa oa lefatše ka nako eo, bolumeli ba Babylona bo ne bo atlehile ka mefuta e mengata. Bana ba bangata ba Abrahama ea tšepahalang, Baiseraele, ba ne ba khelohile borapeli ba ’nete. Baeta-pele ba bona ba bolumeli e ne e le baitokafatsi le baikhohomosi. Ba bang ba ineetse lithutong tsa Babylona. Mongoli oa lipale oa Mojode Josephus o bolela hore Bafarisi (sehlopha sa bolumeli se neng se tsebisahala) ba ne ba lumela hore “meea e na le matla a sa boleng ka ho eona” le hore “meea ea batho ba babe e tsuong ea kotlo.”
Jesu a khona ho tsosolosa ba bangata borapeling bo hloekileng. A ruta balateli ba hae hore ‘e se be karolo’ ea tsamaiso ea lintho ea Satane, leha e le bolumeling kapa lipolotiking. (Johanne 15:19) O ne a phekola ba kulang, a tsosa bafu ’me a bontša hore o qenehela baikokobetsi haholo. Bana ba ne ba rata Jesu, empa baprista ba bangata ba ne ba mo hloile hobane o ne a pepesa litsela tsa bona tse hatellang le lithuto tsa bona tsa bohata. Kahoo, qetellong ba etsa hore a bolaoe.
Ho shoa ha Jesu ha bonahala e le ho hlōla ha Satane. Empa le haeba ho bile joalo, ebile ha nakoana. Molimo oa phakisa oa tsosa Jesu ho mo isa bophelong ba moea. ’Me ka lefu la Jesu le tsoho, Molimo oa nka bohato bo boholo bo lebisang ho tloseng liphello tse mpe ka ho fetisisa ka leshano la Satane. A nolofaletsa ba lakatsang ho latela tsela ea ’nete hore ba boele ba fumane bophelo boo Adama, ka ho se mamele ha hae a ileng a bo lahla. Moapostola Pauluse o itse: “Joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:22-26.
Bokreste le Bokoenehi
Joale ho ne ho le bonolo hore motho a fumane pholoho sebeng le lefung. Paradeise e ne e tla tsosolosoa ka ’muso oa Molimo, oo morena oa oona e neng e tla ba Jesu Kreste ea tsositsoeng. Batho ba bang ba ne ba bile ba tla ba le tokelo ea ho kopanela pusong eo ea ’Muso. Molaetsa ona o matla, o neng o boleloa lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, oa sisinya lipelo tsa batho ba bangata. Phutheho ea balateli ba Kreste eo hamorao e ileng ea bitsoa Bakreste—ea theoa Jerusalema, ’me ka potlako ea baloa ka ba likete.
Satane a hlasela ka baka la khalefo. Kapele, Bakreste ba be ba shoela tumelo ea bona Jerusalema. Mahloriso a lelekela ba bangata hole le motse, empa ba ea le ‘litaba tse molemo.’ Pele ha kolobelletsoa Basamaria Bokresteng, ha nto latela Balichaba. Ka lilemo tse mashome a seng makae molaetsa oa be o tletse lefatšeng le neng le tsejoa nakong eo. Eo e ne e le mehla ea lietsahala!—Liketso 17:6; Ba-Kolosse 1:23.
Qetellong, mehleng ea Morena ea khopo Nero, matla a ’Muso oa Roma a tlamolleloa Bakreste. Litopo tse chang tsa Bakreste e le tsona tse bonesang mabala a lipapali meketeng ea Baroma. Ba nehelloa libatana tse hlaha ka mabaleng a lipapali. Leha ho le joalo, Bokreste ba ’na ba ata. Empa Satane o ne a e-na le mamena a mang.
Tšilafatso ka Hare
Moapostola Pauluse o ne a ile a lemosa Bakreste ba Kolosse hore: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela.” (Ba-Kolosse 2:8) A itse ho baholo ba Efese: ‘‘Kea tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lōna liphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape; le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:29, 30) Temoso ea hae joale ea qala ho phethahala. Mekha ea bathetsi ea qala ho kenella ho silafatsa liphutheho ’me, ka likhang tse masene le tsa boikhantšo, ba ’na ba kunyula butle-butle cheseho ea litho tse ngata.
Kamorao ho makholo a lilemo a seng makae ho ne ho hlahile mofuta o mocha oa Bokreste o neng o rateha o neng o silafetse ka ho phethahetseng ke lithuto tseo e seng tsa Mangolo. Thuto ea Babylona ea moea o sa shoeng e metse ka metso. Ho rapeloa boraro-bo-bong bo tšoanang le melimo ea boraro-bo-bong e neng e kile ea rapeloa Babylona. Thuto ea mollo oa lihele le ea pelekatori hamorao, tsa rutoa. Ha etsoa lithapelo tse eang ho “ ’Mè oa Molimo.” Mehleng ea Morena oa Roma Constantine, Bokreste bona ba bokoenehi bo sa ikarolang ho hang lefatšeng, ea e-ba bona bolumeli ba naha ba ’muso.
Jesu o ne a profetile hore kamorao ho lefu la baapostola peō ea Bokreste ba bohata e tla kenngoa lefatšeng, le hore ho fihlela “ktoulo” Bakreste ba bohata le ba ’nete ba ne ba tla ba teng ka nako e tšoanang. (Mattheu 13:24-30, 36-43) Hona joale ho ne ho etsahala. Ha Bokreste ba bohata bo ntse bo tiea, ba hlasela ka matla ba neng ba sa latela tsela ea bona. Ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba chesoa ba ntse ba phela ka baka la tumelo ea bona, empa ka lekhetlo lena litopo tsa bona tse chang tsa bonesa lifahleho tsa bamonke le baprista ba shebelletseng.
Ka makholo-kholo a lilemo, leseli le tsoang Bibeleng la khanyetsa tlase haholo. Lentsoe la Molimo la khurumetsoa ka Selatine, puo e neng e se e sa sebelisoe, ’me ba neng ba le fetolela lipuong tse tloaelehileng ba hlorisoa ntle ho mohau. Empa Bibele ea pholoha. Ho bile joalo le ka Bokreste ba ’nete, kamoo Jesu a itseng ho tla etsahala. Li sa le teng ka bobeli le kajeno.
Paradeise e Tsosolositsoeng
Leshano leo le le leng le boletsoeng lilemong tse fetileng tse likete tšimong ea Edene, ruri e bile kotsi bakeng sa lelapa la motho. La isa mahlomoleng a se nang palo. Ka thabo, batho ha ba sa tla mamella liphello tse mpe tsa lona halelele.
“Peō” e neng e tla felisa Satane le mano a hae ea hlaha e le Jesu. Jesu kamorao ho lefu la hae a tsosetsoa bophelong ba moea ’me a nyolohela leholimong, “a lebeletse ho sa ntseng ho tla etsahala, e leng hore bao e leng lira ho eena ba beoe bonamelo ba maoto a hae.” (Ba-Heberu 10:13) Bopaki bo bontša hore nako ena ea ho lebella e fetile. Boprofeta le tatelano ea nako ea Bibele li supa selemo sa 1914 e le nako eo ka eona Jesu a ‘tlileng ka khanya ea hae’ ho busa e le morena oa leholimo.—Bona Mattheu 24, 25; Mareka 13: Luka 21.
Hona ho bolela hore Satane, moqapi oa leshano, o saletsoe ke nako e khutšoanyne haholo. (Tšenolo 12:12) Pefo e lefatšeng lohle eo batho ba e tsebileng ho tloha ka 1914 ke bopaki ba khalefo ea hae e khōlō ka lebaka la ’nete ena. Haufinyane o tla timetsoa ka ho sa feleng le litsamaiso tse hatellang tsa bopolotiki le bolumeli tse qalileng ka baka la leshano la hae.—Daniele 2:44; Tšenolo 18:4-8.
Hoo e tla ba topollo e kaakang bakeng sa batho. Khotso, botle le thabo tsa tšimo ea pele ea Molimo li tla tsosolosoa qetellong, ’me paradeise e tla atolosetsoa lefatšeng lohle. (Tšenolo 21:3, 4) Na u rata ho bona hoo? Thato ea Molimo ke hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ke hobane’ng ha u sa iphumantše molemo ka mosa oa Jehova Molimo oo a o fetiselitseng ho uena? Nena mashano a Satane ’me u batle ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Joale u tla ba paki ea ha qetellong ho etsolloa ka ho phethahetseng liphello tse kotsi tsa leshano leo la pele la bodemona.